Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebelisa Lentsoe la Molimo ho Thusa Batho ba Bang le ho Ithusa

Sebelisa Lentsoe la Molimo ho Thusa Batho ba Bang le ho Ithusa

“Ke [nkile] litaelo tsohle tsa hao mabapi le lintho tsohle e le tse nepahetseng.”—PES. 119:128.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Lentsoe la Molimo ka ho feletseng?

HA BAHOLO ba hlahloba hore na seithuti sa Bibele sea tšoaneleha ho ea tšebeletsong ea tšimo kapa che, baa ipotsa, ‘Na seo motho eo a se buang se bontša hore o lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng?’ * Motho ea batlang ho ba mohoeletsi oa ’Muso—ha e le hantle, ho bahlanka bohle ba Molimo—karabo ea potso eo e lokela ho ba e, e hlakileng. Hobane’ng? Ha re tšepa Lentsoe la Molimo re bile re khona ho le sebelisa tšebeletsong ea tšimo, seo se tla re nolofalletsa ho thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova le hore ba pholohe.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘tsoela pele linthong tseo re ileng ra ithuta tsona’?

2 Moapostola Pauluse o ile a hatisa hore Lentsoe la Molimo ke la bohlokoa ha a ne a ngolla Timothea a re: “U tsoele pele linthong tseo u ileng oa ithuta tsona le tseo u ileng oa susumelletsoa hore u li lumele.” ‘Lintho’ tseo Pauluse a buang ka tsona ke linnete tsa Bibele tse ileng tsa susumelletsa Timothea hore a be le tumelo litabeng tse molemo. Linnete tsena li re ama ka tsela e tšoanang kajeno, ’me li tsoela pele ho re thusa hore re lule re ‘hlalefile bakeng sa poloko.’ (2 Tim. 3:14, 15) Hangata re sebelisa mantsoe a latelang a Pauluse ho bontša batho ba bang hore Bibele e tsoa ho Molimo, empa ho na le molemo o mong oo re ka o fumanang mantsoeng ao a ho 2 Timothea 3:16. (E bale.) A re ke re tšohleng temana eo ka tsela e batsi. Seo se tla etsa hore re be le tšepo e matla ea hore lithuto tsohle tsa Jehova li ‘nepahetse.’—Pes. 119:128.

 “LE MOLEMO BAKENG SA HO RUTA”

3-5. (a) Letšoele le ile la etsa’ng ha le ne le mametse puo ea Petrose ka Pentekonta, hona hobane’ng? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba Thesalonika ba ile ba amohela ’nete? (c) Ke’ng e ka ’nang ea khahla batho ka tšebeletso ea rōna kajeno?

3 Jesu o ile a re ho sechaba sa Iseraele: “Ke le romela baprofeta le banna ba bohlale le barupeli ba sechaba.” (Mat. 23:34) Jesu o ne a bua ka barutuoa ba hae, bao a neng a ba rutile ho sebelisa Mangolo tšebeletsong ea bona. Ka Pentekonta ea 33 C.E., e mong oa “barupeli [bao] ba sechaba,” e leng moapostola Petrose, o ile a behela letšoele le leholo puo Jerusalema ’me o ile a qotsa litemana tse ’maloa Mangolong a Seheberu. Ha batho ba utloa ha Petrose a hlalosa mantsoe ao, ba bangata ba bona ba ile ba “hlabeha ho fihla lipelong.” Ba ile ba bakela libe tsa bona tsa nako e fetileng. Ba ka bang likete tse tharo ba ile ba kōpa tšoarelo ho Molimo ’me ea e-ba Bakreste.—Lik. 2:37-41.

4 Morupeli e mong oa sechaba, e leng moapostola Pauluse, o ile a bolela litaba tse molemo le libakeng tse hōle le Jerusalema. Ka mohlala, ha a le Thesalonika, e leng toropo ea Macedonia, o ile a bua le batho ba neng ba rapela ka synagogeng. Ka Lisabatha tse tharo, Pauluse o ile “a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung.” Litholoana tsa seo e ile ea e-ba life? “Ba bang ba bona [Bajuda] ea e-ba balumeli,” joalokaha “letšoele le leholo la Bagerike” le lona e ile ea e-ba balumeli.—Lik. 17:1-4.

5 Tsela eo bahlanka ba Molimo ba sebelisang Bibele ka eona kajeno, e khahla batho ba bangata. Ka mor’a hore motho e mong oa Switzerland a mamele ha morali e mong oabo rōna a bala lengolo la Bibele, o ile a re ho eena: “Le kena kereke efe?” Morali eo oabo rōna o ile a re: “’Na le motho eo ke tsamaeang le eena re Lipaki Tsa Jehova.” Motho eo o ile a re: “Ke tsebile. Ntle ho Lipaki Tsa Jehova, ke mang ea neng a ka tla ha ka ho tla bala Bibele?”

6, 7. (a) Batho ba rutang phutheho ba ka sebelisa Bibele ka tsela e tla tsoela batho molemo joang? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re sebelise Mangolo ka tsela e tla tsoela batho molemo ha re khanna thuto ea lehae ea Bibele?

6 Re ka sebelisa Bibele ka botlalo joang ha re ruta? Haeba u e-na le tokelo ea ho ruta phutheho, sebelisa mangolo a Bibele ka ho toba. Ho e-na le hore u bolelle batho hore na lengolo la sehlooho le re’ng kapa u bale mangolo ao u a printileng ka k’homphieutha kapa u a bale sesebelisoeng sa elektronike, phetla Bibele ’me u e bale, u be u khothalletse bamameli hore le bona ba etse se tšoanang. Hape, nka nako u hlalosa temana ka tsela e tla thusa bamameli hore ba be le kamano e haufi le Jehova. Ho e-na le hore u etse lipapiso kapa u bue ka liphihlelo tse tla qabola batho feela, nka nako u qaqisa Lentsoe la Molimo.

7 Ke eng eo re lokelang ho e hopola ha re khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele? Ha re ntse re sebelisa lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra tlōla mangolo a Bibele a bontšitsoeng. Re lokela ho khothalletsa seithuti hore se bale litemana tse bontšitsoeng ’me re se thuse hore se utloisise se boleloang ke litemana tseo. Re ka etsa seo joang? Ka hore re khothalletse seithuti hore se ntše maikutlo a sona, re se ke ra hlalosa lintho tse ngata e leng se tla etsa hore nakong ea thuto re bue lolololo. Ho e-na le hore re bolelle seithuti hore na se lokela ho lumela eng kapa hore na se lokela ho etsa eng, re ka se botsa lipotso tse tla se thusa hore se etse liqeto tse nepahetseng. *

“LE MOLEMO . . . BAKENG SA HO KHALEMELA”

8. Pauluse o ile a loana le bothata bofe bo neng bo le ka hare ho eena?

8 Hangata re nka hore baholo ba Bakreste ke bona ba lokelang ho “khalemela” batho ba bang. Ka sebele ke boikarabelo ba balebeli  ho ‘khalemela ba tloaetseng ho etsa sebe.’ (1 Tim. 5:20; Tite 1:13) Empa e boetse ke habohlokoa hore re ikhalemele. Pauluse e ne e le Mokreste ea behang mohlala o motle ea neng a e-na le letsoalo le hloekileng. (2 Tim. 1:3) Leha ho le joalo, o ile a ngola a re: “Lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe.” Ha re ithuta moelelo oa mantsoe ao, re tla utloisisa hantle hore na ke sefe seo Pauluse a ileng a tlameha ho se etsa e le hore a loane le tšekamelo ea hae ea boetsalibe.—Bala Baroma 7:21-25.

9, 10. (a) Ke mefokolo efe eo e ka ’nang eaba Pauluse o ile a loana le eona? (b) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a tsoela pele a loana le sebe joang?

9 Ke mefokolo efe eo Pauluse a ileng a loanela ho e hlōla? Le hoja a sa bolela ka ho toba hore na ke mefokolo efe, o ile a ngolla Timothea hore e ’nile ea e-ba “monna oa monyelisi.” (1 Tim. 1:13) Pele Pauluse a sokoloha, o ile a tšoara Bakreste hampe haholo. Ha a hlalosa tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka balateli ba Kreste o re: “Ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa.” (Lik. 26:11) Pauluse o ile a ithuta ho laola bohale ba hae, empa e tlameha ebe ka linako tse ling o ile a hlōleha ho laola maikutlo hammoho le mantsoe a hae. (Lik. 15:36-39) Ke eng e ileng ea mo thusa hore a atlehe?

10 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Korinthe, o ile a hlalosa mokhoa oo a ileng a o sebelisa e le hore a ikhalemele. (Bala 1 Bakorinthe 9:26, 27.) O ile a nka bohato bo matla hore a loantše bofokoli ba hae. Ho ka etsahala hore ebe o ile a sheba keletso ka Mangolong, a kōpa Jehova ka tieo hore a mo thuse hore a e sebelise, ’me a sebetsa ka thata hore a ntlafatse moo a neng a haelloa teng. * Re ka rua molemo mohlaleng oa hae kaha le rōna re loana le tšekamelo ea ho se phethahale joaloka eena.

11. Re ka lula ‘re inonya’ joang e le hore re bone hore na re ntse re tsamaea tseleng ea ’nete?

11 Le ka mohla ha rea lokela ho nka lintho habobebe borapeling ba rōna. Ho e-na le hoo, re lokela hore re ‘’ne re inonye’ e le hore re etse bonnete ba hore ka sebele re tsamaea tseleng ea ’nete. (2 Bakor. 13:5) Ha re bala mangolo a kang Bakolose 3:5-10, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke sebetsa ka thata ho bolaea tšekamelo ea ka ea boetsalibe kapa boitšoaro ba ka bo ntse bo hlepha? Ha ke sebelisa Inthanete, haeba ho hlaha Liwebsaete tse bontšang boitšoaro bo bobe, na ke tsoa ho tsona kapa ke tsoma Liwebsaete tse litšila?’ Ha re sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo ka tsela eo, seo se tla re thusa hore re ‘lule re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.’—1 Bathes. 5:6-8.

“LE MOLEMO . . . BAKENG SA HO OTLOLLA LINTHO”

12, 13. (a) Sepheo sa rōna e lokela ho ba sefe ha re “otlolla lintho,” ’me re ka latela mohlala oa Jesu joang ha re etsa seo? (b) Ke puo ea mofuta ofe eo re lokelang ho e qoba ha re “otlolla lintho” le batho ba bang?

12 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho otlolla lintho” le bolela “ho etsa se molemo, ho lokisa, ho khutlisetsa ntho boemong bo botle, boemo bo khabane.” Ka linako tse ling, re lokela ho nka bohato hore re otlolle lintho le batho ba ileng ba utloisisa lintho tseo re li buileng kapa tseo re li entseng hampe. Ka mohlala, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba tletleba ka hore Jesu o ne a tšoara “babokelli ba lekhetho le baetsalibe” ka mosa. Jesu o ile a re: “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka. Joale, e-eang, ’me le ithute hore na sena se bolela eng, ‘Ke batla mohau, eseng sehlabelo.’” (Mat. 9:11-13) O ile a hlalosetsa batho bohle Lentsoe la Molimo ka mamello le ka mosa. Ke ka lebaka leo, batho ba ikokobelitseng ba ileng ba tseba hore Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Ex. 34:6) Ka lebaka la boiteko ba Mor’a Molimo ba ho “ho otlolla lintho,” batho ba bangata ba ile ba lumela litaba tse molemo.

 13 Mohlala oa Jesu o re ruta hore na re lokela ho thusa batho ba bang joang. Motho ea utloileng bohloko a ka ’na a bua a halefile a re, ‘Ho na le taba eo ke batlang hore re e lokise.’ Empa 2 Timothea 3:16 ha e bolele hore motho a bue le motho e mong ka tsela eo. “Lengolo lohle” ha le re fe matla a ho tjolietsa batho ba bang. Joaloka “ho hlaba ha sabole,” hangata ho tšoaea batho ba bang liphoso ho ba utloisa bohloko haholo ebile hase hangata ho ba tsoelang molemo.—Liprov. 12:18.

14-16. (a) Baholo ba ka “otlolla lintho” ka tsela e tla thusa batho ba bang hore ba rarolle mathata a bona joang? (b) Ke hobane’ng ha ho “otlolla lintho” ho latela Mangolo e le habohlokoa ha motho a hōlisa bana?

14 Joale, re ka bontša mamello le mosa joang ha re “otlolla lintho”? Ha re re mohlomong banyalani ba kōpa hore moholo oa Mokreste a ba thuse ho rarolla bothata ba bona ba ho lula ba ngangisana. Moholo o ne a tla etsa joang? Ntle le hore a nke lehlakore, a ka buisana le banyalani bao ka melao-motheo ea Bibele, mohlomong a sebelisa e hlahang khaolong ea 3 ea buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ha ba ntse ba tšohla melao-motheo eo, monna le mosali ba ka ’na ba hlokomela hore na ke keletso efe eo e mong le e mong oa bona a lokelang ho e sebelisa ka botlalo. Hamorao, moholo a ka ’na a ba botsa hore na lintho li ntse li tsamaea joang lapeng ’me a boela a ba thusa haeba ho hlokahala.

 15 Batsoali ba ka “otlolla lintho” ka tsela e tla matlafatsa bana ba bona moeeng joang? A re re u batla ho thusa morali oa hao ea lilemo li ka tlaase ho 20 hore a qobe metsoalle e mebe. Taba ea pele, u lokela ho batlisisa ka metsoalle eo. Ka mor’a moo, haeba u hlokomela hore u lokela ho mo thusa, u ka bua le eena, mohlomong u sebelisa lintlha tse hlahang bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2. Matsatsing a latelang, u ka qeta nako e ngata u e-na le eena. U ka boela oa hlokomela hore na maikutlo a hae ke afe ha a le tšebeletsong ea tšimo kapa ha lelapa la lōna le le boithabisong. Haeba u bontša mamello le mosa, morali oa hao o tla hlokomela hore ua mo tsotella. Seo se tla mo thusa hore a sebelise keletso ea hao ’me a qobe ho etsa liqeto tse tla mo bakela mathata.

Ha batsoali ba bontša mosa ka hore ba sebelise Bibele ha ba ‘otlolla lintho’ le bana ba bona, ba ba thusa hore ba qobe masisa-pelo (Sheba serapa sa 15))

 16 Ka tsela eo e bontšang mamello le mosa, re ka khothatsa batho ba tšoenyehileng ka lebaka la ho kula, ba nyahameng ka mor’a hore ba felloe ke mosebetsi kapa ba ferekaneng ka lebaka la lithuto tse ling tsa Mangolo. Ho sebelisa Lentsoe la Molimo ha re “otlolla lintho” ho tsoela bahlanka ba Jehova molemo haholo.

“LE MOLEMO . . . BAKENG SA HO LAEA KA HO LOKA”

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela ho amohela taeo?

17 “Ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo.” Empa leha ho le joalo, “ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.” (Baheb. 12:11) Bakreste ba bangata ba seng ba hōlile baa lumela hore taeo eo ba e fumaneng ho batsoali ba bona ba Bakreste e ba thusitse. Hape, ho amohela taeo e tsoang ho Jehova, e fanoang ke baholo ba Bakreste, ho re thusa hore re lule tseleng e isang bophelong.—Liprov. 4:13.

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha keletso e hlahang ho Liproverbia 18:13 e le ea bohlokoa hakaale tabeng ea “ho laea ka ho loka”? (b) Ha baholo ba bontša bonolo le lerato ha ba sebetsana le bafosi, hangata litholoana e ba life?

18 Baholo le batsoali ba lokela ho ithuta ho fana ka keletso ka tsela e molemo. Jehova o boleletse Bakreste hore ba fane ka eona “ka ho loka.” (2 Tim. 3:16) Ka lebaka leo, re lokela ho tataisoa ke melao-motheo ea Bibele ha re fana ka eona. Molao-motheo o mong o hlaha ho Liproverbia 18:13 e reng: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.” Kahoo, ha baholo ba batla ho bua le motho ea qosoang ka hore o entse sebe se tebileng, ba lokela ho batlisisa taba eo ka botlalo e le hore ba ka fumana lintlha tse feletseng. (Deut. 13:14) Ka mor’a moo, ke hona ba ka fanang ka taeo ka “ka ho loka.”

19 Ho phaella moo, Lentsoe la Molimo le laea baholo ba Bakreste hore ba khalemele ba bang “ka bonolo.” (Bala 2 Timothea 2:24-26.) Ke ’nete hore motho a ka ’na a nyelisa Jehova a ba a utloisa batho ba se nang molato bohloko. Leha ho le joalo, haeba moholo a halefa ha a khalemela motho eo, a ke ke a mo thusa. Empa ha baholo ba etsisa “tšobotsi e mosa ea Molimo,” ba ka ’na ba susumetsa mofosi hore a bake.—Bar. 2:4.

20. Ke melao-motheo efe eo batsoali ba lokelang ho e sebelisa ha ba khalemela bana ba bona?

20 Batsoali ba lokela ho sebelisa melao-motheo ea Bibele e le hore ba hōlise bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Ntate o lokela ho etsa bonnete ba hore o tseba lintlha tsohle pele a fa mor’a hae kotlo. Hape, lelapeng la Bakreste ha ho na motho ea lokelang ho halefa ka tsela e mabifi. “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau,” ’me ba nang le boikarabelo ba ho khalemela bana ba lokela ho loanela ho bontša litšobotsi tse joalo.—Jak. 5:11.

MPHO EA BOHLOKOA HAHOLO EO JEHOVA A RE FILENG EONA

21, 22. Ke polelo efe e hlahang ho Pesaleme ea 119:97-104 e hlalosang hantle tsela eo u ikutloang ka eona ka Lentsoe la Jehova?

21 Monna e mong ea tšabang Molimo o kile a bolela hore na ke hobane’ng ha a rata molao oa Jehova. (Bala Pesaleme ea 119:97-104.) O ile a fumana bohlale, temohisiso le kutloisiso ka hore a ithute oona. Ho boloka keletso ea molao oo ho ile ha mo thusa hore a qobe litsela tsa bohata tse ileng tsa tlisetsa batho ba bang masisa-pelo. Ho ithuta Mangolo ho ne ho mo thabisa ebile ho mo khotsofatsa. O ne a ikemiselitse ho mamela Molimo eo litaelo tsa hae li neng li mo ruisitse molemo bophelong.

22 Na u nka “Lengolo lohle” e le la bohlokoa? Le ka u thusa hore u be le tumelo e matla ea hore Molimo o tla phethahatsa morero oa hae. Keletso ea lona e bululetsoeng e ka u thusa hore u qobe ho etsa sebe se ka u lebisang lefung. Hape, haeba u e hlalosa ka bohlale, u ka thusa batho ba bang hore ba tsamaee tseleng e isang bophelong le hore ba lule ho eona. E se e ka re ka sebelisa “Lengolo lohle” ka botlalo ha re ntse re sebeletsa Molimo oa rōna ea bohlale le ea lerato, Jehova.

^ ser. 1 Sheba buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 79.

^ ser. 7 Ha Jesu a ne a ruta, o ne a atisa ho botsa batho potso ena: “Le nahana joang?” Ebe o emela karabo.—Mat. 18:12; 21:28; 22:42.

^ ser. 10 Mangolo a Pauluse a re thusa ho bona hore na re ka hlōla tšekamelo ea boetsalibe joang. (Bar. 6:12; Bagal. 5:16-18) Hoa utloahala ho lumela hore le eena o ile a sebelisa keletso eo a neng a e fa batho ba bang.—Bar. 2:21.