Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Le se ke la Khathala’

‘Le se ke la Khathala’

“A re se keng ra tela ho etsa se setle.”—BAGAL. 6:9.

1, 2. Ho nahanisisa ka mokhatlo oa Jehova oa bokahohleng ho ka matlafatsa kholiseho ea rōna joang?

KE NTHO e hlollang ho nahana hore re karolo ea mokhatlo o moholo oa bokahohle. Pono e tlalehiloeng ho Ezekiele khaolo ea 1 le Daniele khaolo ea 7, e hlalosa ka ho hlaka kamoo Jehova a sebetsang ka thata kateng ho phethahatsa morero oa hae. Jesu o tataisa karolo ea mokhatlo oa Jehova e lefatšeng hore e amehe haholo ka ho bolela litaba tse molemo, ho hlokomela ba etsang mosebetsi ona moeeng le ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova ba ’nete. Ruri sena se etsa hore re tšepe mokhatlo oa Jehova!—Mat. 24:45.

2 Na re tsamaisana le mokhatlo oo o babatsehang? Na mafolofolo ao re nang le ’ona ka ’nete a ntse a eketseha kapa aa fokotseha? Ha re hlahloba lipotso tse kang tseo, re ka ’na ra hlokomela hore re se re qalile ho khathala kapa mohlomong re se re feletsoe ke cheseho. Seo se ka etsahala. Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a tlameha ho khothatsa Bakreste-’moho le eena hore ba nahane ka mohlala oa Jesu oa ho bontša cheseho. Pauluse o ile a re seo se ne se tla ba thusa hore ba se ke ba ‘khathala eaba ba felloa ke matla meeeng ea bona.’ (Baheb. 12:3) Ka tsela e tšoanang, ho hlahloba ka hloko sehlooho se fetileng, se bontšang seo mokhatlo oa Jehova o se finyeletseng, ho tlameha ebe ho re thusitse haholo hore re lule re le mafolofolo re bile re e-na le mamello.

3. Ke eng e hlokahalang e le hore re se ke ra khathala, hona re tla tšohla’ng sehloohong see?

3 Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bontša hore ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa e le hore re se ke ra khathala. O ile a bontša hore re lokela ho loanela “ho etsa se setle.” (Bagal. 6:9) Kahoo, ho na le seo re lokelang ho se etsa. A re ke re tšohleng lintho tse hlano tseo re lokelang ho li etsa tse tla re thusa hore re lule re tiile le hore re lule re tsamaisana le mokhatlo oa Jehova. Ka mor’a moo, re tla iketsetsa qeto ea hore na ho na  le likarolo tseo rōna le ba malapa a rōna re lokelang ho li ela hloko.

BOKANANG BAKENG SA BORAPELI LE HO KHOTHATSANA

4. Ke hobane’ng ha re ka re ho bokana ha rōna hammoho ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna?

4 Haesale ho bokana hammoho e le ntho ea bohlokoa ho bahlanka ba Jehova. Leholimong, ka nako e nepahetseng libōpuoa tsa moea li memeloa ho ema ka pel’a Jehova. (1 Mar. 22:19; Jobo 1:6; 2:1; Dan. 7:10) Iseraeleng ea boholo-holo, sechaba se ne se lokela ho bokana ‘e le hore se mamele le hore se ithute.’ (Deut. 31:10-12) Lekholong la pele la lilemo, Bajuda ba ne ba e-na le tloaelo ea ho ea synagogeng ho ea bala Mangolo. (Luka 4:16; Lik. 15:21) Tloaelo ena ea ho bokana hammoho e ile ea tsoela pele le ha ho ne ho thehoa phutheho ea Bokreste, ’me e ntse e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna. Bakreste ba ’nete ‘baa nahanelana hore ba susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.’ Re lokela ho tsoela pele “re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha [re] bona letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela.”—Baheb. 10:24, 25.

5. Re ka khothatsana joang ha re le libokeng?

5 Tsela e ’ngoe eo re khothatsanang ka eona ke ka hore re kenye letsoho ha re le libokeng. Re ka bolela tumelo ea rōna phatlalatsa ka hore re arabe potso e ngotsoeng, ka ho bontša hore na lengolo le sebetsa joang, ka ho pheta phihlelo e khutšoanyane e bontšang hore na ke hobane’ng ha ho le bohlale hore re latele melao-motheo ea Bibele kapa ka litsela tse ling. (Pes. 22:22; 40:9) Ka sebele, u tla lumela hore ho sa tsotellehe hore na re na le lilemo tse kae re ea libokeng, re lula re khothala ha re mamela likarabo tsa bara le barali babo rōna tse tsoang botebong ba pelo—ebang ke ba baholo kapa ba banyenyane.

6. Liboka li re thusa hore re lule re le mafolofolo moeeng joang?

6 Ke mabaka afe a mang a etsang hore Molimo oa rōna a nke ho bokana ha rōna hammoho kamehla e le ntho ea bohlokoa? Liboka tsa rōna, likopano tse nyenyane le tse khōlō li re thusa hore re bue ka sebete le hore re khone ho sebetsana le khanyetso kapa ho iphapanya ha batho ha re le tšimong. (Lik. 4:23, 31) Rea matlafatsoa ebile re tiisoa tumelong ha ho tšohloa Mangolo. (Lik. 15:32; Bar. 1:11, 12) Thuto le khothatso eo re e fumanang ha re bokane hammoho bakeng sa borapeli ba rōna, li re thusa hore re be le thabo ea sebele ebile li re fa “khutso matsatsing a tlokotsi.” (Pes. 94:12, 13) Komiti ea Thuto ea Sehlopha se Busang e laola mosebetsi oa ho lokisetsa mananeo ’ohle a thuto ea lintho tsa moea e le hore ho ka rutoa bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle. Ruri re motlotlo ka litokisetso tseo re li etsetsoang e le hore re thabele thuto e molemo libokeng tsa rōna beke e ’ngoe le e ’ngoe selemo kaofela!

7, 8. (a) Morero o ka sehloohong oa liboka tsa rōna tsa phutheho ke ofe? (b) Liboka li u thusa joang moeeng?

7 Leha ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe eo e leng ea bohlokoa haholo ho feta melemo eo re e fumanang libokeng. Morero o ka sehloohong oa ho bokana ha rōna hammoho ke ho rapela Jehova. (Bala Pesaleme ea 95:6.) Ruri ke tokelo e khōlō ho rorisa Molimo oa rōna ea babatsehang! (Bakol. 3:16) Re lokela ho rapela Jehova kamehla ka hore re be teng libokeng re be re kenye letsoho ho tsona. (Tšen. 4:11) Ke ka lebaka leo re khothalletsoang hore ‘re se ke ra tlohela ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo’!—Baheb. 10:25.

8 Na re nka liboka tsa Bokreste e le tokisetso e re thusang hore re mamelle ho fihlela Jehova a nka bohato khahlanong le tsamaiso ee e khopo ea lintho? Haeba ho joalo, liboka e tla ba tse ling tsa “lintho tsa bohlokoa haholo” tseo re tla ipha nako ea tsona le hoja re phathahane. (Bafil. 1:10) Le ka mohla ha rea lokela ho lofa liboka, ntle le haeba re e-na le lebaka la bohlokoa haholo.

 BATLANG BA LIPELO LI TŠEPAHALANG

9. Re tseba joang hore mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoa?

9 Ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa boboleli le hona ho re thusa hore re lule re tsamaisana le mokhatlo oa Jehova. Jesu o ile a thakhola mosebetsi ona ha a ne a le mona lefatšeng. (Mat. 28:19, 20) Ho tloha ka nako eo, haesale mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa e le eona ntho e ka sehloohong eo mokhatlo oa Jehova o amehileng ka eona. Liphihlelo tse ngata tsa mehleng ena li fana ka bopaki ba hore mangeloi a tšehetsa mosebetsi oa rōna ebile a re tataisetsa ho batho ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48; Tšen. 14:6, 7) Morero o moholo oa karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova ke ho hlophisa le ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli. Na le rōna re etsa hore mosebetsi oa boboleli ebe eona ntho e tlang pele bophelong ba rōna?

10. (a) Bontša hore na re ka lula re chesehela ’nete joang. (b) Tšebeletso ea tšimo e u thusitse joang hore u se ke ua khathala?

10 Ha re le mafolofolo tšebeletsong, seo se tla re thusa hore re chesehele ’nete. Hlokomela se ileng sa buuoa ke Mitchel, eo esale e le moholo ka nako e telele hape e le pula-maliboho. O re: “Ke rata ho bolella batho ’nete. Ke nahana ka sehlooho se secha Molula-Qhooeng kapa Tsoheng! ebe ke hlolloa ke tsela e bontšang bohlale, temohisiso le ho leka-lekana eo se ngotsoeng ka eona. Ke batla ho ea tšebeletsong ea tšimo e le hore ke tle ke bone hore na batho ba tla mamela kapa che, le hore na nka etsa joang ho  etsa hore ba thahaselle molaetsa. Tšebeletso ea ka e nthusa hore ke lule ke tsitsitse. Ke tiisa hore ke etsa lintho tse ling pele ho nako eo ke e beheletseng ka thōko bakeng sa tšebeletso ea tšimo kapa ke li etse ka mor’a eona.” Ka ho tšoanang, haeba re lula re phathahane tšebeletsong ea rōna e halalelang, seo se tla re thusa hore re tsoele pele re tiile matsatsing ana a bofelo.—Bala 1 Bakorinthe 15:58.

RUA MOLEMO LITOKISETSONG TSA MOEA

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho rua molemo ka botlalo lijong tsa moea tseo Jehova a re fang tsona?

11 Jehova o re lokiselitse lijo tsa moea tse ngata e le hore li ka re matlafatsa. Ha ho pelaelo hore u hopola nako eo ka eona ha u ne u qeta ho bala sengoliloeng se itseng, u ileng ua re: ‘Ke sona seo ke neng ke hlile ke se hloka! Ekare Jehova o ne a se ngolletse ’na!’ Seo ha sea etsahala ka tšohanyetso. Jehova o re rupela le ho re tataisa ka litokisetso tseo. O re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Pes. 32:8) Na re loanela hore re bale lingoliloeng tsohle tseo re li fumanang re be re thuise ka seo re se balang? Ho etsa seo ho tla re thusa hore re tsoele pele re beha litholoana le hore re se ke ra pona moeeng matsatsing ana a boima a ho qetela.—Bala Pesaleme ea 1:1-3; 35:28; 119:97.

12. Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra khella litokisetso tsa moea fatše?

12 Ke hantle hore re nahane ka hore na ho sebetsoa ka thata hakae e le ho tiisa hore re fumana litokisetso tsena tsa moea kamehla. Komiti ea Bongoli ea Sehlopha se Busang e laola mosebetsi oa ho etsa lipatlisiso, ho ngola, ho bala lintho tse seng li ngotsoe e le hore ho ka lokisoa liphoso, ho khetha litšoantšo tse tla sebelisoa le ho fetolela lingoliloeng tsa rōna tse tla hatisoa hammoho le tse tla kenngoa Websaeteng ea rōna. Makala a hatisang lingoliloeng a li romela liphuthehong tse hōle le haufi. Ke hobane’ng ha ho etsoa mosebetsi oo? E le hore bahlanka ba Jehova ba ka feptjoa moeeng. (Esa. 65:13) E se eka re ka khothalla ho ithuta lingoliloeng tsohle tseo mokhatlo oa Jehova o re fang tsona.—Pes. 119:27.

TŠEHETSA LITOKISETSO TSA MOKHATLO OA JEHOVA

13, 14. Ke bo-mang ba tšehetsang litokisetso tsa Jehova leholimong, ’me re ka bontša tšehetso e tšoanang joang lefatšeng moo?

13 Ponong eo moapostola Johanne a ileng a e bontšoa, Jesu o hlaha a palame pere e tšoeu e le hore a ka hlōla batho bohle ba fetohelang Jehova. (Tšen. 19:11-15) Ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore Jesu o lateloa ke mangeloi a tšepahalang ’me o na le batlotsuoa bao e leng bahlōli ba tsoang lefatšeng, ba seng ba amohetse moputso oa bona oa ho phela leholimong! (Tšen. 2:26, 27) Ruri oo ke mohlala o babatsehang oa ho tšehetsa litokisetso tsa Jehova!

14 Ka tsela e tšoanang, bongata bo boholo bo tšehetsa ka botlalo mosebetsi oa barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng ba bileng ba etellang pele mokhatlong oa Jehova kajeno. (Bala Zakaria 8:23.) Re ka bontša joang hore re tšehetsa litokisetso tsa Jehova re le batho ka bomong? Tsela e ’ngoe ke ka hore re ikokobeletse ba etellang pele. (Baheb. 13:7, 17) Sena se qala phuthehong ea habo rōna. Na lintho tseo re li buang ka baholo li etsa hore batho ba bang ba ba hlomphe ba be ba hlomphe le mosebetsi oo ba o etsang oa bolebeli? Na re khothalletsa bana ba rōna hore ba hlomphe banna baa ba tšepahalang le hore ba kōpe keletso ea Mangolo ho bona? Ho phaella moo, na re buisana re le lelapa hore na re ka sebelisa lichelete tsa rōna joang e le hore re tšehetse mosebetsi oa lefatše lohle ka menehelo ea rōna? (Liprov. 3:9; 1 Bakor. 16:2; 2 Bakor. 8:12) Na re nka mosebetsi oa ho hlokomela Holo ea ’Muso e le tlotla? Moea oa Jehova o phalla ka bolokolohi moo ho nang le tlhompho le bonngoe bo joalo. Moea oo o tsoela pele ho re thusa hore re se ke ra khathala matsatsing ana a ho qetela.—Esa. 40:29-31.

 PHELA TUMELLANONG LE MOLAETSA OA RŌNA

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re loanela ho phela tumellanong le morero oa Jehova o phahameng?

15 Qetellong, e le hore re mamelle re be re tsamaisane le mokhatlo oa Jehova, re lokela ho phela ka tsela e lumellanang le molaetsa oo re o bolelang ka hore re “nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.” (Baef. 5:10, 11) Ka lebaka la ho se phethahale le boiteko ba Satane le lefatše la hae le khopo, re lula re loantša tšusumetso ea ho etsa se sebe bophelong ba rōna. Ba bang ba lōna bara le barali babo rōna ba ratehang le lokela ho loana ka thata letsatsi le letsatsi e le hore le lule le e-na le kamano e ntle le Jehova. Seo se etsa hore a le rate haholo. Le se ke la tela! Ha re phela ka tsela e lumellanang le morero oa Jehova, seo se tla etsa hore re khotsofale le hore re kholisehe hore borapeli ba rōna hase ba lefeela.—1 Bakor. 9:24-27.

Ikitlaelletse ho thusa batho ba bang hore ba hlokomele hore le bona e ka ba karolo ea mokhatlo oa Jehova o moholo

16, 17. (a) Re lokela ho etsa’ng haeba re entse sebe se tebileng? (b) Re ka rua molemo joang mohlaleng oa Anne?

16 Leha ho le joalo, re lokela ho etsa’ng haeba re entse sebe se tebileng? Kōpa thuso ka potlako. Ho pata sebe ho ka senya litaba le ho feta. Hopola, Davida o ile a re ha a ne a khutsitse ka sebe sa hae, ‘masapo a hae a ile a khathala ka lebaka la ho bobola ha hae letsatsi lohle.’ (Pes. 32:3) Ka sebele, ho pata libe tseo re li entseng sephiring ho tla etsa hore re khathale maikutlong hammoho le moeeng, empa “ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.”—Liprov. 28:13.

17 Hlokomela mohlala oa Anne. * Ha Anne a ne a le lilemo li ka tlaasenyana ho 20, e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla. Leha ho le joalo, o ile a qala ho phela bophelo ba boikaketsi. Sena se ile sa mo ama haholo. O re: “Letsoalo le fokolang le neng le setse le ile la etsa hore ke ikutloe ke le molato. Ke ne ke lula ke sa thaba ebile ke e-na le khatello ea maikutlo.” O ile a etsa’ng? O re ka letsatsi le leng ha a ne a le libokeng, ho ne ho tšohloa Jakobo 5:14, 15. Anne o ile a hlokomela hore o hloka thuso eaba o ea ho baholo ’me o kōpa thuso. Ha a hetla morao, o re: “Mangolo ao ke moriana oo Jehova a re fang oona e le hore re phekoloe moeeng. Ha ho bonolo ho noa moriana oo, empa oa phekola. Ke ile ka mamela keletso e hlahang mangolong ao, ’me e ile ea nthusa.” Ho se ho fetile lilemo, ’me Anne o boetse o na le matla ’me o boetse o sebeletsa Jehova ka cheseho a e-na le letsoalo le hloekileng.

18. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

18 Ruri ke tlotla e khōlō ho phela matsatsing ana a ho qetela le ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova o babatsehang! E se eka re ka ikemisetsa hore le ka mohla re ke ke ra khella fatše tlotla eo re nang le eona. Ho e-na le hoo, a re sebetseng hammoho re le malapa hore re be teng kamehla libokeng e le hore re ka rapela Molimo le liphutheho tsa habo rōna, ho ikitlaelletsa ho batla ba lipelo li tšepahalang tšebeletsong ea rōna ea tšimo le ho ananela litokisetso tsa lijo tsa moea tseo re li fumanang kamehla. E se eka re ka tšehetsa ba etellang pele ’me ra phela ka tsela e lumellanang le molaetsa oo re o bolelang. Haeba re etsa joalo, re tla tsamaisana le mokhatlo oa Jehova ebile re ke ke ra khathala ho etsa se setle!

^ ser. 17 Lebitso le fetotsoe.