Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Na ho na le mohla tempele ea Jerusalema e ileng ea tsosolosoa ka mor’a 70 C.E.?

JESU o ile a bontša hore ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng tempeleng ea Jehova—e leng boprofeta bo ileng ba phethahala ha lebotho la Roma le neng le laoloa ke Titus le ne le timetsa Jerusalema ka 70 C.E. (Mat. 24:2) Hamorao, Moemphera Julian o ile a rera ho tsosolosa tempele.

Julian o ’nile a bitsoa moemphera oa ho qetela oa Moroma oa mohetene. Mochana enoa oa Constantine e Moholo, o ile a fumana seo ho ka boleloang hore ke thuto oa Bokreste. Leha ho joalo, ka mor’a hore ho phatlalatsoe hore ke moemphera ka 361 C.E., o ile a hana thuto eo phatlalatsa hammoho le mekhoa e litšila ea Bokreste ba mehleng ea hae eaba o amohela mekhoa ea bohetene. Ha libuka tsa histori li bua ka eena li re ke “Mokoenehi.”

Julian o ne a nyonya Bokreste. Lebaka leo e ka ’nang eaba le entse hore a bo nyonye ke hore ha a ne a le lilemo li tšeletseng, o ile a bona ha ntat’ae le beng ka eena ba bolaoa ke baemeli ba Bokreste. Ho latela bo-rahistori ba kereke, Julian o ile a khothalletsa Bajuda hore ba tsosolose tempele ea bona, a lumela hore seo se ne se tla be se bontša hore Jesu e ne e le moprofeta oa bohata. *

Kahoo, ha ho pelaelo hore Julian o ile a rera ho tsosolosa tempele. Bo-rahistori ha ba lumellane mabapi le hore na o ile a fela a qala ho tsosolosa tempele le hore na haeba o ile a e tsosolosa ke sefe se ileng sa etsa hore a khaotse mosebetsi oo. Leha ho le joalo, ho na le ntho eo re ka kholisehang ka eona. Julian o ile a bolaoa a e-na le lilemo tse ka tlaase ho tse peli a busa, ’me mosebetsi oa hae o ile oa nyopa ha a e-shoa.

Kamoo e ka ’nang eaba temple e ne e shebahala kateng mehleng ea Jesu, ha e behiloe setšeng sa kajeno

^ ser. 5 Jesu ha aa ka a re tempele e ne e ke ke ea tsosolosoa le ka mohla empa o ile a re e ne e tla timetsoa, e leng se ileng sa etsahala ka 70 C.E.