Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likahlolo Tsa Molimo—Na li Bontša Hore o Sehlōhō?

Likahlolo Tsa Molimo—Na li Bontša Hore o Sehlōhō?

HO ARABA potso ena, a re ke re tšohle ka bokhutšoaane mehlala e ’meli e buang ka likahlolo tsa Molimo ka Bibeleng—Moroallo oa mehleng ea Noe le ho timetsoa ha Bakanana.

MOROALLO OA MEHLENG EA NOE

BATHO BA BANG BA RE: “Molimo o ne a le sehlōhō ha a romela moroallo oa metsi o ileng oa timetsa batho bohle ntle ho Noe le lelapa la hae.”

BIBELE E RE: Molimo o ile a re: “Ha ke khahloe ke lefu la ea khopo, empa ke khahloa ke ha ea khopo a furalla tsela ea hae ’me a lula a phela.” (Ezekiele 33:11) Kahoo, ho hang Molimo ha aa ka a thaba ha batho ba khopo ba mehleng ea Noe ba timela. Joale ke hobane’ng ha a ile a ba timetsa?

Bibele e re nakong e fetileng ha Molimo a ne a ahlola batho ba khopo ka tsela eo, o ne a “behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla.” (2 Petrose 2:5, 6) Molimo o ile a beha mohlala ka tsela efe?

Tsela ea pele, Molimo o ne a bontša hore le hoja ho timetsa batho ho mo utloisa bohloko, o bona mahlomola a bakoang ke batho ba khopo ebile o oa hlokomela hore ba lokela ho jara boikarabelo ka liketso tsa bona. Ka nako e loketseng o tla felisa liketso tsohle tsa ho hloka toka le mahlomola.

Tsela ea bobeli, seo Molimo a ileng a se etsa nakong e fetileng se bontša hore pele a tlisa timetso o fana ka temoso ka tsela e lerato. Noe e ne le ’moleli oa ho loka, empa batho ba bangata ha baa ka ba mo mamela. Bibele e re: “Ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.”—Matheu 24:39.

Na Molimo o ile a ’na a etsa lintho ka tsela eo? Ho joalo. Ka mohlala, o ile a lemosa sechaba sa hae sa Iseraele hore haeba se fetoha ’me se e-ba khopo joaloka lichaba tse ling, o ne a tla lumella ba lireng hore ba hlasele Jerusalema, motse-moholo oa sona ’me ba e timetse, ba be ba ise sechaba seo botlamuoeng. Baiseraele ba ile ba e-ba khopo—ba ba ba etsa mahlabelo ka bana. Na Jehova o ile a nka khato? E, empa ka mor’a hore ka makhetlo-khetlo a romele baprofeta ho lemosa batho ba hae hore ba fetole litsela tsa bona e le hore ba se ke ba shoa. O ile a ba a re: “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.”—Amose 3:7.

KAMOO TABA ENA E U AMANG KATENG: Mokhoa oo Jehova a ileng a o sebelisa ha a timetsa batho ba  khopo nakong e fetileng o re fa tšepo. Re ka letela ka tjantjello nako eo ka eona Molimo a tlil’o timetsa batho ba khopo ba bakang mahlomola. Bibele e re: “Baetsi ba bobe ba tla felisoa . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:9-11) U nahana’ng ka timetso e lopollang batho mahlomoleng? Na ke ho ba sehlōhō kapa ke ho bontša mohau?

HO TIMETSOA HA BAKANANA

BATHO BA BANG BA RE: “Ho felisoa ha Bakanana e ne e le ntoa e sehlōhō le ho feta litlhaselo tsa kajeno tse reretsoeng ho timetsa merabe e meng.”

BIBELE E RE: “Litsela tsohle tsa [Molimo] ke toka. [Ke] Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka.” (Deuteronoma 32:4) Liketso tsa Molimo tsa toka li ke ke tsa bapisoa le lintoa tsa batho. Hobane’ng? Hobane ho fapana le batho, Molimo o khona ho bona se ka lipelong—e leng seo batho ba hlileng ba leng sona.

Ka mohlala, ha Molimo a ne a ahlola motse oa Sodoma le oa Gomora a bile a ikemiselitse ho e felisa, monna ea tšepahalang Abrahama o ne a tšoenyehile ka hore na Molimo o sebetsa taba eo ka toka na. O ne a sa utloisise hore Molimo oa hae ea nang le toka a ka “felisa ea lokileng le ea khopo.” Molimo o ile a mo tiisetsa a sa fele pelo hore haeba ho ne ho e-na le batho ba lokileng Sodoma, leha ba ka ba leshome, O ne a ke ke a e timetsa motse oo ka lebaka la bona. (Genese 18:20-33) Ho hlakile hore Molimo o ile a hlahloba lipelo tsa batho bao ’me a bona hore na bokhopo ba bona bo ne bo tebile hakae.—1 Likronike 28:9.

Ka tsela e tšoanang, Molimo o ile a bona kamoo Bakanana ba neng ba le khopo kateng eaba ka nepo oa ba timetsa. Bakanana ba ne ba tsebahala ka ho ba batho ba sehlōhō, ba bile ba chesa bana ba bona ba ntse ba phela mollong oa mahlabelo. * (2 Marena 16:3) Bakanana ba ne ba tseba hore Jehova o ne a laetse Baiseraele hore ba hape naha eohle. Ba ileng ba khetha ho sala e le hore ba loane, ba ne ba sa loantše Baiserale feela, empa ba ne ba loantša le Jehova ea neng a fane ka bopaki bo matla ba hore o ne a e-na le batho ba hae.

Ho feta moo, Molimo o ile a bontša mohau ho Bakanana ba ileng ba tlohela liketso tsa bona tse khopo ’me ba phela ho ea ka melao ea Jehova e phahameng ea boitšoaro. Ka mohlala, Rahaba eo neng e le letekatse la Mokanana, o ile a pholosoa hammoho le lelapa labo. Hape, ha Bakanana bao e neng e le baahi ba motse oa Gibeone ba kōpa ho bontšoa mohau, bona hammoho le bana bohle ba bona ba ile ba bolokoa ba phela.—Joshua 6:25; 9:3, 24-26.

KAMOO TABA ENA E U AMANG KATENG: Re ka ithuta ntho ea bohlokoa ka ho timetsoa ha Bakanana. Re ntse re atamela ka potlako ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo,’ le ileng la boleloa esale pele. (2 Petrose 3:7) Haeba re rata Jehova, re tla rua molemo ha a felisa mahlomola a batho ka hore a timetse ba hanang puso ea hae.

Bakanana ba ne ba tsebahala e le batho ba sehlōhō ’me ka boomo ba ne ba loantša Molimo le batho ba hae

Ka lerato Jehova o re hopotsa hore liqeto tseo batsoali ba li etsang li ama le bana ba bona. Lentsoe la Molimo le re: “Le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna, ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele.” (Deuteronoma 30:19, 20) Na ao ke mantsoe a Molimo ea sehlōhō kapa ke a Molimo ea ratang batho le ea batlang hore ba etse liqeto tse nepahetseng?

^ ser. 15 Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mesaletsa e pakang hore borapeli ba Bakanana bo ne bo akarelletsa ho etsa mahlabelo ka bana.