Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phetha Mosebetsi oa Hao oa Boevangeli

Phetha Mosebetsi oa Hao oa Boevangeli

“U etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.”—2 TIM. 4:5.

1. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Jehova ke Moevangeli oa pele le ea ka sehloohong?

MOEVANGELI ke motho ea bolelang litaba tse molemo. Moevangeli oa pele le ea ka sehloohong ke Jehova Molimo. Hang-hang ka mor’a hore batsoali ba rōna ba pele ba fetohele Jehova, Jehova o ile a phatlalatsa litaba tse molemo tsa hore noha—e leng Satane Diabolose—o tla timetsoa. (Gen. 3:15) Ha makholo a lilemo a ntse a feta, Jehova o ile a bululela banna ba tšepahalang hore ba ngole boitsebiso bo neng bo tla bontša hore na lebitso la hae le tla tlosoa qoso ka tsela efe, hore na tšenyo e bakiloeng ke Satane e tla lokisoa joang le hore na batho ba tla boela ba fumane menyetla e ileng ea lahlehela Adama le Eva joang.

2. (a) Mangeloi a phetha karolo efe mabapi le mosebetsi oa boevangeli? (b) Jesu o ile a behela baevangeli mohlala ofe?

2 Mangeloi le ’ona ke baevangeli. Le ’ona a bolela litaba tse molemo ’me a thusa batho hore le bona ba li phatlalatse. (Luka 1:19; 2:10; Lik. 8:26, 27, 35; Tšen. 14:6) Ho thoe’ng ka Mikaele, e leng lengeloi le ka sehloohong? Nakong eo a neng a le lefatšeng e le Jesu, o ile a behela baevangeli ba batho mohlala. Ntho e neng e tla pele bophelong ba Jesu e ne e le ho phatlalatsa litaba tse molemo!—Luka 4:16-21.

3. (a) Ke litaba life tse molemo tseo re li phatlalatsang? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho fumana likarabo tsa tsona?

3 Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore e be baevangeli. (Mat. 28:19, 20; Lik. 1:8) Moapostola Pauluse o ile a khothatsa mosebetsi-’moho le eena e leng Timothea a re: “U etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” (2 Tim. 4:5) Ke litaba life tse molemo tseo rōna balateli ba Jesu re li phatlalatsang? Li akarelletsa ’nete e khothatsang ea hore Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova, oa re rata. (Joh. 3:16; 1 Pet. 5:7) Tsela e ka sehloohong eo Jehova Molimo a bontšang lerato la hae ka eona ke ka ’Muso oa hae. Kahoo, re thabela ho bolella batho ba bang hore bohle ba ikokobelletsang ’Muso oo, ba mamelang Molimo le ba etsang se lokileng e ka ba metsoalle ea hae ’me ba ba le kamano e haufi le eena. (Pes.  15:1, 2) Ha e le hantle, morero oa Jehova ke ho felisa mahlomola ’ohle. O tla boela a felise bohloko boo batho ba bo utloang ha ba hopola mahlomola a nakong e fetileng. Ruri tseo ke litaba tse monate! (Esa. 65:17) Kaha re baevangeli, a re ke re tšohleng likarabo tsa lipotso tse peli tsa bohlokoa: Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore batho ba utloe litaba tse molemo kajeno? Hona re ka atleha joang ho phetha mosebetsi oa rōna oa boevangeli?

KE HOBANE’NG HA BATHO BA LOKELA HO BOLELLOA LITABA TSE MOLEMO?

Lipotso tse atlehang li thusa batho hore ba nahane ka hore na ke hobane’ng ha ba lumela lintho tseo ba li lumelang

4. Ka linako tse ling batho ba bolelloa lintho life tseo e seng ’nete ka Molimo?

4 Ak’u nahane u bolelloa hore ntate oa hao o ile a u lahla a ba a lahla le ba lelapa leno. A re re batho ba reng baa mo tseba ba bolela hore o ne a sa tsotelle, a patela batho litaba a bile a le khopo. Batho ba bang ba ka ba ba etsa hore u lumele hore ha ho na thuso hore u leke ho ikopanya le ntate oa hao kaha o shoele. Ha e le hantle, batho ba bangata ba bolelloa lintho tse tšoanang ka Molimo. Ba rutoa hore Molimo ke misteri, hore ha ho na motho ea ka mo tsebang kapa hore o khopo. Ka mohlala, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba bolela hore Molimo o tla hlokofatsa batho ka ho sa feleng sebakeng sa tlhokofatso. Batho ba bang ba re Molimo ke eena ea bakang mahlomola a bang teng ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho. Le hoja liketsahalo tsena li bolaea batho ba lokileng hammoho le ba babe, ba re ke kotlo e tsoang ho Molimo.

Lipotso li re thusa ho finyella batho lipelo e le hore ba ka ikemisetsa ho nahana ka ’nete le ho e amohela

5, 6. Thuto ea ho iphetola ha lintho le lithuto tse ling tsa bohata li ’nile tsa ama batho joang?

5 Batho ba bang ba re Molimo ha a eo. Mabapi le taba ena nahana ka thuto ea ho iphetola ha lintho. Batho ba bangata ba tšehetsang thuto eo, ba bolela hore ha ho na ’Mōpi le hore lintho tse phelang ha lia bōptjoa. Ba bang ba bile ba bolela hore motho empa e le phoofolo feela, kahoo, ha rea lokela ho makala ha motho a itšoara joaloka phoofolo. Ba bolela hore ha batho ba matla ba hatella batho ba fokolang ka bokhopo, ba mpa ba latela seo ho thoeng ke melao ea tlhaho. Kahoo, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba lumela hore ho hloka toka ho tla lula ho le teng. Ka lebaka leo, batho ba lumelang thuto ea ho iphetola ha lintho ha ba na tšepo ea ’nete ka bokamoso.

6 Ha ho pelaelo hore thuto ea ho iphetola ha lintho le lithuto tse ling tsa bohata, li kentse letsoho mahlomoleng ao batho ba ’nileng ba ba ho ’ona matsatsing a ho qetela. (Bar. 1:28-31; 2 Tim. 3:1-5) Lithuto tsena tsa batho ha lia tlisa litaba tse molemo tsa sebele le tse tšoarellang. Ho e-na le hoo, joalokaha moapostola Pauluse a bolela, li entse hore batho ba be ‘lefifing likelellong, ’me ba arohe bophelong ba Molimo.’ (Baef. 4:17-19) Ho feta moo, thuto ea ho iphetola ha lintho le lithuto tsa bohata li entse hore batho ba se ke ba amohela litaba tse molemo tse tsoang ho Molimo.—Bala Baefese 2:11-13.

Lipotso li thusa batho hore ba behe mabaka ka Mangolo e le hore ba ka khona ho iketsetsa liqeto tse nepahetseng

7, 8. Ke ka tsela efe feela batho ba ka utloisisang litaba tse molemo ka botlalo?

7 E le hore batho ba boelane le Molimo, ntho ea pele, ba lokela ho kholiseha hore Jehova o teng le hore ho na le mabaka a utloahalang a hore re be le kamano e haufi le eena. Re ka ba thusa hore ba be le tsebo eo ka hore re ba khothalletse hore ba hlahlobe pōpo. Ha batho ba ikemiselitse ho ithuta ka pōpo le ho nahanisisa ka eona, ba ithuta ka bohlale ba Molimo le matla a hae. (Bar. 1:19, 20) Re ka thusa batho joang ho utloisisa hore lintho tsohle tseo Molimo a li bōpileng lia hlolla? Re ka sebelisa bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Leha ho le joalo, batho ba ithutang ka pōpo feela ba ke ke ba fumana likarabo tsa lipotso tse thata, tse kang tsena: Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore batho ba utloe bohloko? Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? Na Molimo oa ntsotella?

8 Tsela feela eo batho ba ka utloisisang litaba tse molemo tse mabapi le Molimo le morero oa hae ka eona, ke ka hore ba ithute Bibele. Ruri ke tlotla e khōlō ho thusa batho hore ba fumane likarabo tsa lipotso tseo ba ipotsang tsona! Leha ho le joalo, e le hore re finyelle lipelo tsa batho bao re buang le bona, ha rea lokela ho ba bolella lintlha feela empa  re lokela ho ba susumetsa. (2 Tim. 3:14) Re ka susumetsa batho ka hore re latele mohlala oa Jesu. Ke hobane’ng ha a ile a atleha hakaale? Lebaka le leng ke hore o ne a sebelisa lipotso ka tsela e atlehang. Re ka mo etsisa joang?

BAEVANGELI BA ATLEHANG BA BOTSA LIPOTSO KA TSELA E ATLEHANG

9. Re lokela ho etsa’ng e le hore re ka thusa batho moeeng?

9 Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa Jesu ka hore re sebelise lipotso mosebetsing oa boevangeli? Nahana ka boemo bona: Ngaka ea hao e u bolella hore e u tšoaretse litaba tse monate. E bolela hore e ka u phekola lefu le u tšoereng haeba e ka u etsa opereishene e khōlō. U ka ’na ua e kholoa. Empa na u ka e kholoa haeba e u tšepisa seo le pele e u botsa lipotso mabapi le bophelo ba hao? Ho ka etsahala hore u se ke ua e tšepa. Ho sa tsotellehe hore na ngaka eo e na le tsebo e kae, e lokela ho u botsa lipotso e be e u mamele ha u e bolella matšoao a lefu le u tšoereng pele e ka u thusa. Ka tsela e tšoanang, e le hore re thuse batho hore ba amohele litaba tse molemo tsa ’Muso, re lokela ho loanela ho ba le tsebo ea ho botsa lipotso ka tsela e atlehang. Re ka khona ho ba thusa feela ha re se re e-na le tsebo ea hore na boemo ba bona ba moea ke bofe.

E le hore re finyelle lipelo tsa batho bao re buang le bona, re lokela ho ba susumetsa

10, 11. Re ka ’na ra finyella eng ha re etsisa tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona?

10 Jesu o ne a tseba hore lipotso tse khethiloeng ka hloko ha li thuse mosuoe feela hore a tsebe seithuti empa li ka boetse tsa etsa hore seithuti se kenelle moqoqong. Ka mohlala, ha Jesu a ne a batla ho ruta barutuoa ba hae boikokobetso, o ile a qala pele ka ho ba botsa potso e neng e hloka hore ba inahane. (Mar. 9:33) Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a botsa Petrose potso, a re a khethe hore na karabo ke efe ho tse peli tseo a ileng a mo fa tsona. Sena se ile sa thusa Petrose hore a ithute thuto ea bohlokoa. (Mat. 17:24-26) Ketsahalong e ’ngoe, ha Jesu a ne a batla ho lemoha se ka lipelong tsa barutuoa ba hae, o ile a ba botsa lipotso tse ’maloa tse ileng tsa ba thusa hore ba ntše maikutlo a bona. (Bala Matheu 16:13-17.) Jesu o ne a sa bolelle batho feela hore na ba etse’ng. Tsela eo a ileng a botsa batho lipotso ka eona, e ile ea ba susumelletsa hore ba amohele litaba tse molemo ba be ba etse liphetoho bophelong ba bona.

11 Ha re etsisa Jesu ka hore re botse lipotso ka tsela e atlehang, re khona ho etsa bonyane lintho tse tharo. Re hlokomela hore na re ka thusa batho ka tsela e molemo joang, re khona ho sebetsana le batho ba ka ’nang ba khaotsa moqoqo ’me re ruta batho ba ikokobelitseng hore na ba ka itsoela molemo joang. Hlokomela maemo a mararo a bontšang kamoo re ka botsang lipotso ka tsela e atlehang kateng.

12-14. U ka thusa ngoan’a hao joang hore a be sebete ha a bolela litaba tse molemo? Fana ka mohlala.

12 Boemo ba 1: Ha u le motsoali, ke eng eo u ka e etsang haeba ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha a u bolella hore o na le bothata ba ho emela seo a se lumelang mabapi le pōpo ha a bua le ngoana eo a kenang sekolo le eena? Ho hlakile hore u tla rata ho mo thusa hore a be sebete ha a bolela litaba tse molemo. Kahoo, ho e-na le hore u mo tšoaee phoso kapa u potlakele ho mo fa keletso, e ka ba hantle hore u etsise mohlala oa Jesu ’me u mo botse lipotso tse fatang maikutlo. U ka etsa seo joang?

13 Ka mor’a hore u bale likarolo tse itseng bukaneng ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking le ngoana oa hao, u ka ’na oa mo botsa hore na ke lipotso life tse mo khahlang haholo. Mo khothalletse hore a fumane hore na ke eng e etsang hore a lumele  ho ’Mōpi le hore na ke hobane’ng ha a batla ho etsa thato ea Molimo. (Bar. 12:2) Bolella ngoan’a hao hore hase hore mabaka a hae a lokela ho tšoana le a hao hantle.

14 Mo hlalosetse hore ha a bua le ngoana eo a kenang sekolo le eena, a ka ’na a sebelisa mokhoa oo u sa tsoa mo bontša oona. Ka mantsoe a mang, ngoan’a hao a ka ’na a hlahloba lintlha tse itseng le ngoana eo a kenang sekolo le eena ebe o mo botsa lipotso tse mo tataisang kapa tse fatang maikutlo. Ka mohlala, a ka ’na a kōpa ngoana eo a kenang sekolo le eena hore a bale lebokose le leqepheng la 21 la bukana ea Origin of Life. Joale, ngoan’a hao a ka ’na a botsa potso ena, “Na hase ’nete hore mehleng ena ea lik’homphieutha ho ntse ho se na k’homphieutha e ka bolokang boitsebiso bo bongata joaloka DNA?” Ho ka ’na ha etsahala hore ngoana eo o tla re ke ’nete. Kahoo, ngoan’a hao a ka ’na a re, “Haeba seo ke ’nete, na e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho lumela hore joalokaha ho e-na le motho ea entseng k’homphieutha, ho na le ea entseng DNA?” E le hore u thuse ngoan’a hao hore a phutholohe ha a bua le bana ba bang ka seo a se lumelang, u ka lula u itlhakisa le eena. Haeba u mo koetlisa hore a botse lipotso ka tsela e atlehang, u tla mo thusa hore a phethe mosebetsi oa hae oa boevangeli.

15. Re ka botsa lipotso joang ha re leka ho thusa motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng?

15 Boemo ba 2: Mosebetsing oa rōna oa boboleli, re kopana le batho ba belaelang hore Molimo o teng. Ka mohlala, motho e mong a ka ’na a re bolella hore ha a lumele hore Molimo o teng. Ho e-na le hore re lumelle hore seo motho eo a se buang se khaotse moqoqo, ka tlhompho re ka ’na ra mo botsa hore na e se e le nako e kae a lumela hore Molimo ha a eo le hore na ke eng e entseng hore a be le maikutlo ao. Ka mor’a hore re mo mamele re be re mo babatse ka hore ebe o ’nile a nahana ka taba eo, re ka ’na ra mo botsa hore na o nahana hore e ka ba phoso haeba a ka bala boitsebiso bo fanang ka bopaki ba hore lintho tse phelang li bōpiloe. Haeba mong’a ntlo e le motho ea inahanang, a ka ’na a re ho  hana ho sheba boitsebiso bo joalo e ne e tla ba ntho e sa utloahaleng. Ka mor’a moo, re ka ’na ra mo fa bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? kapa ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Haeba ka mosa re botsa motho lipotso ka bohlale, seo se ka ’na sa mo finyella pelo eaba o amohela litaba tse molemo.

16. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khotsofalla feela hore motho eo re ithutang Bibele le eena a bale likarabo bukeng kapa bukaneng eo re ithutang eona?

16 Boemo ba 3: Ha re khanna thuto ea Bibele, re ka ’na ra re ha seithuti se araba se bale karabo bukeng kapa bukaneng eo re ithutang eona le sona. Leha ho le joalo, haeba re etsa seo, re ka ’na ra sitisa seithuti ho hōla moeeng. Hobane’ng? Hobane seithuti se balang likarabo feela se sa nahanisise ka tsona, se tla tšoana le semela seo metso ea sona e sa tebang. Ho ka ba thata hore seithuti se joalo se emele ’nete ha se hanyetsoa. (Mat. 13:20, 21) E le hore re thuse motho eo re ithutang le eena hore a se ke a ba boemong boo, re lokela ho mo botsa hore na o ikutloa joang ka seo a ithutang sona. Leka ho fumana hore na o lumellana le lintho tseo a ithutang tsona kapa che. Ntho ea bohlokoa le ho feta, mo botse hore na ke hobane’ng ha a lumellana le seo a ithutang sona kapa a hanana le sona. Ka mor’a moo, mo thuse hore a behe mabaka ka Mangolo e le hore qetellong a khone ho iketsetsa liqeto tse nepahetseng. (Baheb. 5:14) Haeba re botsa lipotso ka tsela e atlehang, batho bao re ithutang le bona ba ka ’na ba ba matla tumelong ’me ba khona ho lula ba tšepahala ha batho ba ba hanyetsa kapa ba leka ho ba khelosa. (Bakol. 2:6-8) Ke sefe hape seo re lokelang ho se etsa e le hore re phethe mosebetsi oa rōna oa boevangeli?

BAEVANGELI BA ATLEHANG BAA THUSANA

17, 18. Ha re sebetsa le motho e mong tšimong, re ka sebetsa re le ngatana-’ngoe joang?

17 Jesu o ile a romela barutuoa ba hae mosebetsing oa boboleli ba tsamaea ka bobeli. (Mar. 6:7; Luka 10:1) Hamorao, moapostola Pauluse o ile a bua ka “basebetsi-’moho” le eena ba neng ‘ba loanne ba bapile le eena ka mahlakore litabeng tse molemo.’ (Bafil. 4:3) Tumellanong le mohlala oo oa Mangolo, ka 1953, baboleli ba ’Muso ba ile ba qala lenaneo la ho koetlisetsa batho ba bang tšebeletso.

18 Ha u tsamaea le Mokreste e mong tšimong, le ka sebetsa le le ngatana-’ngoe joang? (Bala 1 Bakorinthe 3:6-9.) Phetla mangolo ao motho eo u tsamaeang le eena a a balang. Ha motho eo u tsamaeang le eena kapa mong’a ntlo a bua, mo mamele. Mamela puisano ea bona ka hloko e le hore u ka thusa motho eo u tsamaeang le eena haeba ho e-na le moo mong’a ntlo a hanyetsang. (Moek. 4:12) Leha ho le joalo, u lokela ho ela sena hloko: Qoba ho kena motho eo u tsamaeang le eena hanong nakong eo a ntseng a behela mong’a ntlo mabaka ’me a bonahala a atleha. Haeba u hlōleha ho ithiba ka lebaka la cheseho ea hao, u ka ’na ua nyahamisa motho eo u tsamaeang le eena ua ba ua ferekanya mong’a ntlo. Ka linako tse ling e ka ’na ea e-ba ho loketseng hore u kenelle moqoqong. Empa haeba ho e-na le seo u batlang ho se bua, u se ke ua ea lolololo. Ka mor’a moo, fa motho eo u tsamaeang le eena monyetla oa hore a tsoele pele.

19. E ka ba hantle hore re hopole eng, hona hobane’ng?

19 Uena le motho eo u tsamaeang le eena le ka thusana joang ha le tloha ntlong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe? E ka ba hantle hore le buisane ka hore na le ka ntlafatsa tsela eo le buisanang le beng ba matlo ka eona joang. U be hlokolosi hore u se ke ua bua lintho tse nyahamisang ka batho ba tšimong ea heno. Ka tsela e tšoanang, qoba leraba la ho lula u bua ka liphoso tsa balumeli-’moho le uena. (Liprov. 18:24) Re lokela ho hopola hore kaofela ha rōna ha rea phethahala. Jehova o re bontšitse mosa o ikhethang ka hore a re fe letlotlo la hore re bolele litaba tse molemo. (Bala 2 Bakorinthe 4:1, 7.) Kahoo, e se eka kaofela ha rōna re ka ananela letlotlo leo ka hore re etse sohle seo re ka se khonang hore re phethe mosebetsi oa rōna oa boevangeli.