Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’?

Na U ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’?

‘Kreste Jesu, o ile a inehela bakeng sa rōna e le hore a ka itlhoekisetsa sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae, se chesehelang mesebetsi e metle.’—TITE 2:13, 14.

1, 2. Ke tlotla efe eo e leng Lipaki Tsa Jehova feela tse nang le eona, hona u ikutloa joang ka eona?

BATHO ba bangata ba nka hore ke tlotla e khōlō ha ba fuoa khau hobane ba entse ntho e itseng e ikhethang. Ka mohlala, batho ba bang ba ’nile ba fuoa Khau ea Nobel ka lebaka la ho sebetsa ka cheseho ha ba bōpa khotso pakeng tsa lihlopha tse hloeaneng kapa tse loantšanang. Empa tlotla e khōlō le ho feta, ke hore ebe re rometsoe ke Molimo hore re be manģosa kapa baemeli ba thusang batho ho bōpa khotso le ’Mōpi oa bona!

2 Kaha re Lipaki Tsa Jehova, ke rōna feela ba nang le tlotla eo. Molimo le Kreste ba laola mosebetsi oa rōna oa ho thusa batho hore ba ‘boelane le Molimo.’ (2 Bakor. 5:20) Re sebelisoa ke Jehova hore re thuse batho hore ba be le kamano e haufi le eena. Batho ba limilione linaheng tse fetang 235, ba thusitsoe ka tsela ena hore ba be le kamano e ntle le Molimo, e leng se etsang hore ba be le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. (Tite 2:11) Ka cheseho e tsoang botebong ba pelo, re mema “mang kapa mang ea lakatsang [hore] a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:17) Kaha re rata mosebetsi ona oa bohlokoa e bile re o etsa ka mafolofolo, ka nepo ho ka boleloa hore re batho ba “chesehelang mesebetsi e metle.” (Tite 2:14) Joale, a re ke re tšohleng hore na ho chesehela mesebetsi e metle ho re thusa joang hore re thuse batho hore ba be le kamano e haufi le Jehova. Tsela e ’ngoe ke ka mosebetsi oa rōna oa boboleli.

ETSISA MOHLALA OA JEHOVA LE JESU OA HO BONTŠA CHESEHO

3. “Cheseho ea Jehova” e re tiisetsa’ng?

3 Ha Esaia 9:7 e bontša hore na puso ea Mora oa Molimo e tla finyella eng, e re: “Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.” Mantsoe ao a hatisa taba ea hore Ntate oa rōna ea leholimong o batla hore batho ba pholohe. Mohlala oa Jehova oa ho bontša cheseho, o bontša ka ho hlaka hore re lokela ho etsa mosebetsi oo a re fileng oona oa ho ba baboleli ba ’Muso ka lipelo tsa rōna tsohle, ka mafolofolo le ka cheseho. Ha re e-na le takatso e matla ea ho thusa batho hore ba tsebe Molimo, re tla be re bontša cheseho joaloka Jehova. Kaha re basebetsi-’moho le Molimo, na  re ikemiselitse ho kenya letsoho ka botlalo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ho ea kamoo maemo a rōna a re lumellang kateng?—1 Bakor. 3:9.

4. Jesu o behile mohlala oa ho bontša cheseho le mamello joang mosebetsing oa boboleli?

4 Hape, nahana ka mohlala oa Jesu oa ho bontša cheseho. O behile mohlala o tsotehang oa ho lula a cheseha a bile a e-na le mamello mosebetsing oa boboleli. Ho sa tsotellehe taba ea hore o ile a hanyetsoa ka mabifi, o ile a lula a cheseha mosebetsing oa boboleli ho fihlela qetellong ea bophelo ba hae mona lefatšeng. (Joh. 18:36, 37) Ha nako ea hore Jesu a shoe lefu la sehlabelo e ntse e atamela, o ile a ikemisetsa le ho feta ho thusa batho hore ba tsebe Jehova.

5. Jesu o ile a etsa lintho ka tsela e lumellanang le papiso ea hae ea sefate sa feiga joang?

5 Ka mohlala, ka hoetla selemong sa 32 C.E., Jesu o ile a etsa papiso ea monna eo serapeng sa hae sa morara a neng a e-na le sefate sa feiga se sa kang sa beha litholoana ka lilemo tse tharo. Ka mor’a hore molemi oa morara a bolelloe hore a reme sefate seo, o ile a kōpa hore a fuoe nako ea hore a se tšele monontša. (Bala Luka 13:6-9.) E ne e le barutuoa ba seng bakae feela bao ka nako eo ho neng ho ka boleloa hore ke litholoana tsa mosebetsi oa Jesu oa boboleli. Empa joalokaha papiso ea molemi oa morara e bontša, Jesu o ile a sebelisa nako e khutšoanyane e neng e setse—e leng likhoeli tse ka bang tse tšeletseng—ho matlafatsa mosebetsi oa hae oa boboleli Judea le Perea. Matsatsi a ’maloa pele ho lefu la hae, Jesu o ile a llela batho ba habo ba ileng ba ‘utloa empa ba se ke ba arabela.’—Mat. 13:15; Luka 19:41.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli ka matla?

6 Kaha rea hlokomela hore re se re le qetellong ea mehla ea bofelo, na e ke ke ea e-ba habohlokoa hore re etse mosebetsi oa boboleli ka matla? (Bala Daniele 2:41-45.) Ruri ho ba Lipaki Tsa Jehova ke tlotla e khōlō! Ke rōna feela batho ba ka bolellang ba bang hore na mathata a batho a tla rarolloa joang. Haufinyane tjena, motho e mong ea ngollang koranta o ile a bolela hore ha ho na motho ea ka arabang potso e reng, “Ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba hlaheloa ke lintho tse mpe?” Ke boikarabelo ba rōna ba Bokreste e bile ke tlotla hore re bolelle batho ba ikemiselitseng ho re mamela likarabo tsa lipotso tseo tse fumanehang Bibeleng. Re na le mabaka a hore re ‘chesehe moeeng’ ha re ntse re phetha mosebetsi oa rōna oo re o filoeng ke Molimo. (Bar. 12:11) Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Molimo, ha re cheseha mosebetsing oa boevangeli, seo se ka thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova ba be ba mo rate.

MOEA OA BOITELO O TLOTLISA JEHOVA

7, 8. Moea oa boitelo oo re o bontšang o tlotlisa Jehova joang?

7 Joalokaha lintho tse etsahetseng ho moapostola Pauluse li bontša, boboleli ba rōna bo ka ’na ba etsa hore re “se robale bosiu” ’me re “se je ka linako tse itseng.” (2 Bakor. 6:5) Bara le barali babo rōna ba etsa boitelo bo tšoanang ha ba etsa mosebetsi oa boboleli. Bo-pula-maliboho ba talima tšebeletso ea bona e le eona ea bohlokoa haholo empa ba bangata ba ntse ba etsa mosebetsi oa boipheliso. Hape, nahana ka baromuoa ba rōna ba inehetseng hore ba ‘tšolloe joaloka nyehelo ea seno’ ho sebeletsa batho linaheng tse ling. (Bafil. 2:17) Ka linako tse ling baholo ha ba khone ho ja kapa ho robala e le hore ba tsebe ho hlokomela linku tsa Jehova. Ho boetse ho na le batho ba hōlileng le ba sa pheleng hantle empa ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba be teng libokeng tsa Bokreste le hore ba be teng tšebeletsong ea tšimo. Re khothala haholo ha re nahana ka bahlanka bana ba Molimo ba itetseng. Boiteko bo joalo bo ama tsela eo batho ba bang ba talimang mosebetsi oa rōna oa boboleli ka eona.

8 Lengolong leo motho e mong eo eseng Paki a ileng a le ngolla koranta ea Lincolnshire, United Kingdom, ea Boston Target, o ile a re: “Batho ha ba sa na tumelo bolumeling . . . Baruti baa, ba lutse ba etsa’ng letsatsi lohle? Ho hlakile hore ha ba etsise Kreste ka hore ba tsoe ba ee ho batho . . . Bolumeli bo le bong feela bo bonahalang bo tsotella batho ke Lipaki Tsa Jehova, li ea ho batho ’me li etsa mosebetsi oa ho bolela ’nete.” Lefatšeng lena  leo batho ba phelelang ho ikhotsofatsa, moea oa boitelo oo re o bontšang o tlotlisa Jehova Molimo haholo.—Bar. 12:1.

Ha u etsa mosebetsi oa boboleli seo se fana ka bopaki bo matla ho batho ba u shebileng

9. Ke eng e ka re susumelletsang hore re lule re chesehela mesebetsi e metle ha re etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli?

9 Leha ho le joalo, re ka etsa’ng haeba ho bonahala re felloa ke cheseho mosebetsing oa boboleli? E ka ba hantle hore re nahanisise ka seo Jehova a se finyellang ka mosebetsi oa boboleli. (Bala Baroma 10:13-15.) E le hore batho ba pholohe, ba lokela ho ipiletsa lebitsong la Jehova ka tumelo, empa ba ke ke ba etsa joalo haeba re sa ba bolelle litaba tse molemo. Ho hlokomela sena ho lokela ho re susumelletsa hore re lule re chesehela mesebetsi e metle le hore re ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso.

BOITŠOARO BO BOTLE BO HULELA BATHO HO MOLIMO

Batho ba bang baa hlokomela ha u tšepahala le ha u sebetsa ka thata

10. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore boitšoaro ba rōna bo botle bo hulela batho ho Jehova?

10 Le hoja cheseho e le ea bohlokoa mosebetsing oa boboleli, hase eona feela e hulelang batho ho Molimo. Karolo ea bobeli ea mesebetsi e bontšang cheseho e hulelang batho ho Molimo ke boitšoaro bo botle ba Bokreste. Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba boitšoaro ba rōna ha a ne a ngola a re: “Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa, e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato.” (2 Bakor. 6:3) Lipuo tsa rōna tse khothatsang le boitšoaro ba rōna bo botle li khabisa thuto ea Molimo, ’me seo se etsa hore batho ba bang ba batle ho rapela Jehova. (Tite 2:10) Ha e le hantle, hangata re utloa ka litholoana tse molemo tse bang teng ha batho ba lipelo li ntle ba hlokomela boitšoaro ba rōna bo kang ba Kreste.

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela ha re ntse re nahanisisa ka hore na boitšoaro ba rōna bo ka ama batho ba bang joang?

11 Le hoja re hlokomela hore liketso tsa rōna li ka susumetsa batho hantle, empa hape ho ka ’na ha etsahala hore li ba susumetse hampe. Kahoo, e-bang re mosebetsing, lapeng kapa sekolong, re leka hore re qobe ho fa motho ofe kapa ofe lebaka la ho sola mosebetsi oa rōna oa boboleli kapa boitšoaro  ba rōna. Haeba re ka etsa sebe ka boomo, re ka khola litholoana tse bosula haholo. (Baheb. 10:26, 27) Maikutlo ana a lokela ho re susumetsa hore re rapele ha re ntse re nahanisisa ka seo re se etsang le ka hore na tsela eo re phelang ka eona e etsa hore batho ba bang ba be le maikutlo afe. Ha boitšoaro ba lefatše lena bo ntse bo hlepha, batho ba lipelo li ntle ba tla lula ba ntse ba ‘bona phapang pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.’ (Mal. 3:18) Ka sebele, boitšoaro ba rōna bo botle ba Bokreste bo phetha karolo ea bohlokoa ho thusa batho hore ba boelane le Molimo.

12-14. Tsela eo re mamellang liteko tsa tumelo ka eona e ama tsela eo batho ba bang ba talimang mosebetsi oa rōna oa boboleli joang? Fana ka mohlala.

12 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakorinthe o ile a bolela hore o ile a thulana le matšoenyeho, le mathata, a otloa a ba a kenngoa chankaneng. (Bala 2 Bakorinthe 6:4, 5.) Ha re thulana le liteko tsa tumelo, mamello ea rōna e ka thusa batho ba bonang seo hore ba amohele ’nete. Ho tea mohlala: Lilemong tse ’maloa tse fetileng, ho ile ha etsoa boiteko ba ho felisa Lipaki Tsa Jehova sebakeng se seng Angola. Lipaki tse peli tse kolobelitsoeng hammoho le batho ba 30 ba thahasellang ba neng ba le libokeng, ba ile ba tšoaroa. Ka mor’a moo, batho ba sebakeng seo ba ile ba bokelloa hore ba tl’o shebella ha bahanyetsi ba shapa batho bao ba se nang molato ho fihlela ba fopha mali. Basali le bana le bona ba ile ba tšoaroa ka sehlōhō. Sepheo sa bahanyetsi bao e ne e le hore ba tšose batho e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea tla mamela Lipaki Tsa Jehova. Empa ka mor’a hore batho bao ba shapuoe phatlalatsa, batho ba bangata ba sebakeng seo ba ile ba tla ho Lipaki ’me ba kōpa ho rutoa Bibele! Ka mor’a moo, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ile oa tsoela pele, ha e-ba le keketseho e khōlō le litlhohonolofatso tse ngata.

13 Mohlala ona o bontša hore na ha re emela melao-motheo ea Bibele ka tieo seo se ka ama batho ba bang joang. Re ka ’na ra ipotsa hore na ke batho ba bakae ba ileng ba boelana le Molimo ka lebaka la sebete seo Petrose le baapostola ba bang ba ileng ba se bontša. (Lik. 5:17-29) Litho tsa malapa abo rōna, bana bao re kenang sekolo le bona kapa basebetsi-’moho, ba ka ’na ba amohela ’nete ha ba bona kamoo re emelang se nepahetseng kateng.

14 Nako le nako ho ba le barab’abo rōna ba hlorisoang. Ka mohlala, Armenia, barab’abo rōna ba ka bang 40 ba kentsoe chankaneng hobane ba sa jele paate, ’me ba bang ba bangata ba ka ’na ba kenngoa chankaneng likhoeling tse tlang. Eritrea, bahlanka ba Jehova ba 55 ba kentsoe chankaneng ’me ba bang ba bona ba lilemo li ka holimo ho 60. Korea Boroa teng ke Lipaki tse ka bang 700 tse kentsoeng chankaneng ka lebaka la tumelo ea tsona. Boemo bona bo ’nile ba tsoela pele moo ka lilemo tse ka bang 60. A re rapelleng hore botšepehi ba barab’abo rōna ba hlorisoang linaheng tse sa tšoaneng bo tlisetse Molimo thoriso ’me bo thuse batho ba ratang ho loka hore ba emele borapeli ba ’nete.—Pes. 76:8-10.

15. Bontša hore na ho phela ka tsela e bontšang botšepehi ho ka hulela batho ba bang ’neteng joang.

15 Taba ea hore rea tšepahala e ka ’na ea hulela batho ’neteng. (Bala 2 Bakorinthe 6:4, 7.) Ka mohlala, nahana ka phihlelo ena: Ha morali e mong oabo rōna a ne a le ka beseng ’me a kenya chelete ka mochineng oa litekete, motho e mong eo a tsebanang le eena o ile a mo bolella hore ha ho hlokahale hore a lefelle tekete kaha o ne a tsamaile sebaka se sekhutšoanyane. Morali eo oabo rōna o ile a hlalosetsa motho eo hore le haeba motho a tl’o theoha setopong se latelang o lokela ho lefa. Ka mor’a moo, motho eo o ile a theoha beseng. Mokhanni oa bese o ile a reteleha eaba o re ho morali’abo rōna, “U Paki ea Jehova?” Morali’abo rōna o ile a re, “E, ho joalo, ke hobane’ng ha u botsa?” Mokhanni o ile a re, “Ke hobane ke ne ke mametse ha le ntse le buisana ka ho lefella tekete ea bese, ’me kea tseba hore Lipaki Tsa Jehova li har’a batho ba ’maloa ba etsang joalo ebile li tšepahala linthong tsohle.” Likhoeli tse ’maloa hamorao, monna e mong o ile a tla ho morali’abo rōna libokeng eaba o re, “Na ua ntseba?  Ke ’na mokhanni eane oa bese ea neng a bua le uena ka ho lefella tekete. Kaha ke ile ka hlokomela boitšoaro ba hao, ke ile ka etsa qeto ea hore ke qale ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.” Botumo boo re nang le bona ba ho tšepahala boa re buella hore re baboleli ba tšepahalang.

KAMEHLA BONAHATSA LITŠOBOTSI TSE TLOTLISANG MOLIMO

16. Ke hobane’ng ha litšobotsi tse kang tiisetso, lerato le mosa li ama lipelo tsa batho? Fana ka mohlala.

16 Re boetse re hulela batho ho Jehova ha re bonahatsa litšobotsi tse kang, tiisetso, lerato le mosa. Batho ba bang ba re shebileng ba ka ’na ba ba le takatso ea ho ithuta ka Jehova, ka merero ea hae le ka bahlanka ba hae. Molimo o tlotlisoa ke maikutlo le boitšoaro ba Bakreste ba ’nete. Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba etsa eka ba na le maikutlo a matle ebile ba itšoere hantle. Empa ba thetsa balateli ba bona ebile ba ba ja chelete. Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ’nile ba rua ka ho qhekella mehlape ea bona, ba sebelisa boholo ba chelete e bokeletsoeng ho reka matlo a turu le likoloi—e mong o bile a rekela ntja ea hae ntloana e nang le sefehla moea. Ka sebele, batho ba bangata ba ipolelang hore ke balateli ba Kreste ha ba batle ho ‘fana ntle ho tefo.’ (Mat. 10:8) Ho e-na le hoo, joaloka baprista ba Iseraele ea boholo-holo ba neng ba tsoile tseleng, ba “rupela feela bakeng sa tefo”—’me boholo ba lintho tseo ba li rutang li khahlanong le Mangolo. (Mik. 3:11) Boitšoaro bo joalo ba boikaketsi ha bo boelanye motho ofe kapa ofe le Molimo.

17, 18. (a) Ho bonahatsa litšobotsi tsa Jehova bophelong ba rōna ho mo tlotlisa joang? (b) Ke eng e u susumelletsang hore u lule u chesehela mesebetsi e metle?

17 Ka lehlakoreng le leng, lipelo tsa batho li angoa ke lithuto tsa ’nete tsa Bokreste le liketso tse ntle tse etsetsoang baahisani. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha pula-maliboho e mong a ne a ntse a etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo, o ile a lelekoa ke mosali-moholo e mong oa mohlolohali. Mosali-moholo eo o ile a bolela hore ha pula-maliboho eo a kokota, o ne a hloeletse lereng a leka ho chencha tleloubu. Pula-maliboho eo o ile a re, “Ho kotsi hore u leke ho chencha tleloubu u le mong.” Ka mor’a moo, pula-maliboho o ile a chencha tleloubu eo eaba oa ikela. Ha mora oa mosali-moholo eo a utloa se etsahetseng, o ile a hlolloa haholo ’me a leka ho fumana mora eo oabo rōna e le hore a tsebe ho mo leboha. Qetellong, mora eo oa mosali-moholo o ile a amohela thuto ea Bibele.

18 Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho lula u chesehela ho etsa mesebetsi e metle? Mohlomong ke hobane u tseba hore ha re cheseha mosebetsing oa rōna oa boboleli re bile re etsa lintho ho phetha thato ea Molimo, re tlotlisa Jehova ebile re ka ’na ra thusa batho ba bang hore ba pholohe. (Bala 1 Bakorinthe 10:31-33.) Ho rata Molimo le batho ba bang ho re susumelletsa hore re chesehele mesebetsi e metle ka ho bolela litaba tse molemo le ka ho itšoara ka tsela e bontšang hore re tšaba Molimo. (Mat. 22:37-39) Haeba re chesehela mesebetsi e metle, re tla putsoa ka hore re be le thabo e khōlō hona joale re be re khotsofale. Ho feta moo, re ka lebella letsatsi leo ka lona batho bohle ba tla chesehela borapeli ba ’nete ’me ba tlotlise ’Mōpi oa rōna e leng Jehova.