Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Matlafatsang Lenyalo la Lōna ka Hore le be le Puisano e Ntle

Matlafatsang Lenyalo la Lōna ka Hore le be le Puisano e Ntle

“Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.”—LIPROV. 25:11.

1. Puisano e ntle e ’nile ea thusa banyalani joang?

MORA e mong oabo rōna oa Canada o re: “Nka mpa ka qeta nako ke e-na le mosali oa ka ho e-na le hore ke e qete ke e-na le motho e mong. Ha ke e-na le eena, thabo ea ka e ea khaphatseha ’me bohloko boo ke bo utloang boa fokotseha.” Monna e mong oa Australia o ile a ngola a re: “Lilemo tse 11 tseo re li qetileng re le ’moho le mosali oa ka, ha ho na letsatsi le kileng la likela ke e-s’o buisane le eena. Ha ho na ntho e re tšoenyang mabapi le hore na lenyalo la rōna le tiile hakae. Ntho e ka sehloohong e re thusitseng ho finyella sena ke hore re be le puisano e ntle kamehla.” Morali e mong oabo rōna oa Costa Rica o ile a re: “Puisano e ntle ha ea matlafatsa lenyalo la rōna feela; empa e entse hore re be le kamano e haufi le Jehova, e re sirelelitse litekong, e entse hore re momahane le hore lerato la rōna le be matla le ho feta.”

2. Ke lintho life tse ka sitisang banyalani hore ba be le puisano e ntle?

2 Na uena le molekane oa hao le thabela ho buisana hamonate, kapa ho thata hore le be le puisano e ntle? Ke ho utloahalang hore ka linako tse ling mathata a ka ’na a hlaha kaha lenyalo le kopanya batho ba babeli ba sa phethahalang, ba nang le botho bo sa tšoaneng, bo akarelletsang litšobotsi tse bontšang setso sa bona le hore na ba hōlisitsoe joang. (Bar. 3:23) Ho feta moo, banyalani ba ka ’na ba ba le litsela tse sa tšoaneng tsa ho buisana. Ke ka lebaka leo John M. Gottman le Nan Silver, bao e leng bafuputsi litabeng tsa manyalo ba reng: “Ho hlokahala sebete, boikemisetso le mamello e le hore lenyalo le ka tšoarella.”

3. Banyalani ba ’nile ba thusoa ke’ng hore ba matlafatse manyalo a bona?

3 E le hore lenyalo le atlehe, ka sebele ho hlokahala hore banyalani ba sebetse ka thata. Ha ba etsa joalo, ba khola litholoana tse molemo haholo. Banyalani ba ratanang ba ka thabela ho phela hammoho e le kannete. (Moek. 9:9) Nahana ka lenyalo la Isaka le Rebeka ba neng ba ratana. (Gen. 24:67) Esita le ka mor’a hore ba phele hammoho nako e telele  e le monna le mosali, ha ho moo ho bontšoang hore lerato la bona le ile la fokotseha. Ho ka boleloa se tšoanang ka banyalani ba bangata kajeno. Lekunutu la bona ke lefe? Ba ithutile hore ba phetlelane lifuba ha ba bolellana hore na ke sefe seo ba se nahanang le hore na ba ikutloa joang, ’me ba etsa joalo ka mosa, ka hore ba loanele ho bontša temohisiso, lerato, tlhompho e tebileng le boikokobetso. Joalokaha re tla bona hona joale, ha banyalani ba bontša litšobotsi tsena tsa bohlokoa, ho tla ba bonolo hore ba lule ba buisana.

BONTŠA TEMOHISISO

4, 5. Temohisiso e ka thusa banyalani joang hore ba utloisisane hantle? Fana ka mehlala.

4 Liproverbia 16:20 e re: “Ea bontšang temohisiso tabeng o tla fumana se molemo.” Ka sebele seo ke ’nete lenyalong le bophelong ba lelapa. (Bala Liproverbia 24:3.) Lentsoe la Molimo ke lona le molemo ka ho fetisisa le ka re fang temohisiso le bohlale. Genese 2:18 e re bolella hore Molimo o ile a bōpa mosali hore e be motlatsi oa monna. Sena se bolela hore monna le mosali ha ba tšoane e le hore ba tsebe ho thusana. Karolo eo mosali a e phethang e bonahatsoa ke tsela eo a buang ka eona. ’Nete ke hore batho ha ba tšoane, empa ka kakaretso, basali ba rata ho bua ka tsela eo ba ikutloang ka eona, ka batho hammoho le likamano tsa batho. Ba rata ho ntšana se inong le batho ba bang hobane seo se ba tiisetsa hore baa ratoa. Ka lehlakoreng le leng, banna ba bangata ha ba atise ho bua ka tsela eo ba ikutloang ka eona empa ho ka etsahala hore ba rate ho bua ka lintho tseo ba li etsang, ka mathata le tharollo ea ’ona. Hape, banna ba rata ho hlomphuoa.

5 Morali e mong oabo rōna oa Brithani o ile a re, “Ho e-na le hore monna oa ka a ’mamele, o rata ho potlakela ho rarolla mathata. Sena se khathatsa matla, haholo-holo ha seo ke se batlang e le hore feela a ’mamele a be a mpontše kutloelo-bohloko.” Monna e mong o ile a ngola a re: “Ha re ne re sa tsoa nyalana, ke ne ke e-na le tloaelo ea hore ha mosali oa ka a e-ba le bothata, ke batle ho rarolla bothata boo ka potlako. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela kapele hore ha e le hantle, o ne a hloka feela hore ke mo mamele.” (Liprov. 18:13; Jak. 1:19) Monna ea nang le temohisiso o hlokomela maikutlo a mosali oa hae ’me o leka ho etsa hore tsela eo a sebetsang lintho ka eona e tsamaisane le tsela eo mosali oa hae a ikutloang ka eona. Ka nako e tšoanang, oa mo tiisetsa hore o nkela maikutlo a hae hloohong. (1 Pet. 3:7) Mosali le eena o leka ho utloisisa tsela eo monna oa hae a talimang lintho ka eona. Ha monna le mosali ba utloisisa boikarabelo ba bona ba Mangolo, ba bo ananela ba bile ba bo phethahatsa, baa thaba lenyalong. Ho feta moo, ba khona ho sebetsa ’moho ho etsa liqeto tse bohlale.

6, 7. (a) Molao-motheo o ho Moeklesia 3:7 o ka thusa banyalani joang hore ba bontše temohisiso? (b) Mosali a ka bontša joang hore o na le temoho, ’me ke boiteko bofe boo monna a lokelang ho bo etsa?

6 Banyalani ba nang le temohisiso ba boetse baa tseba hore ho na le “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moek. 3:1, 7) Morali e mong oabo rōna ea seng a e-na le lilemo tse leshome a nyetsoe o re, “Hona joale kea hlokomela hore ho na le linako tseo ka tsona ho sa hlokahaleng hore motho a bue ka taba e itseng. Haeba monna oa ka a imetsoe ke mosebetsi kapa boikarabelo bo bong, ke emela hore ho fete nako pele ke bua ka lintho tse ling. Ka lebaka leo, re khona ho buisana hantle.” Basali ba nang le temoho ba boetse ba bua ka tlhompho ’me baa hlokomela hore ha ba khetha mantsoe hantle ba bile ba a ‘bua ka nako e nepahetseng’ seo se tla khahla motho ea a mametseng ebile o tla a ananela.—Bala Liproverbia 25:11.

Lintho tse nyenyane li etsa phapang e khōlō lenyalong

7 Monna oa Mokreste o lokela ho phetha karolo ea hae ka hore a se ke a mamela feela ha mosali oa hae a bua empa a be a etse boiteko ba hore le eena a mo bolelle maikutlo a hae ka tsela e hlakileng. Moholo e mong ea seng a e-na le lilemo tse 27 a nyetse o re: “Ke loanela ho ithuta ho bolella mosali oa ka se ka pelong ea ka.” Mora e mong oabo rōna ea seng a e-na le lilemo tse 24 a nyetse o ile a re: “Ke na le ho ipipetsa ka ntho ke nahana hore ha ke sa bue ka eona e tla feta. Leha ho le joalo, ke hlokometse hore ho bontša hore na ke ikutloa joang, hase bofokoli. Ha ke thatafalloa ke ho ntša maikutlo a ka, ke rapella hore  ke fumane mantsoe a nepahetseng ao ke tla a bua le hore ke a bue ka tsela e nepahetseng. Ka mor’a moo, ke kha moea ebe ke qala ho bua.” Hape, ntho e ka thusang banyalani ke hore ba bue ha maemo a loketse, mohlomong ha ba le bang ’me ba tšohla temana ea letsatsi kapa ba bala Bibele hammoho.

8. Ke eng e ka susumetsang banyalani ba Bakreste hore ba loanele ho atlehisa manyalo a bona?

8 Ke habohlokoa hore monna le mosali ba rapele le hore ba be le takatso e matla ea hore ba ntlafatse tsela eo ba buisanang ka eona. Ke ’nete hore ho ka ba thata ho fetola mekhoa eo batho ba e tloaetseng. Empa ha banyalani ba rata Jehova, ba kōpa moea oa hae, ’me ba nka hore tlamahano ea bona ea halalela, ba ba le takatso e matla ea ho etsa se nepahetseng, eo batho ba bangata ba se nang eona. Mosali e mong ea seng a e-na le lilemo tse 26 a nyetsoe o ile a ngola a re: “’Na le monna oa ka re nka tsela eo Jehova a talimang lenyalo ka eona e le ea bohlokoa haholo, ka lebaka leo, ha re nahane le ka taba ea ho arohana feela. Sena se re thusa hore re sebetse ka thata haholo hore re rarolle mathata ka hore re buisane ka ’ona.” Ha banyalani ba tšepahala ho Molimo ka tsela eo, ba tla mo thabisa ’me o tla ba hlohonolofatsa.—Pes. 127:1.

MATLAFATSANG LERATO LA LŌNA

9, 10. Banyalani ba ka etsa’ng e le hore ba matlafatse lerato la bona?

9 Lerato, e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe,” ke tšobotsi ea bohlokoa ka ho fetisisa lenyalong. (Bakol. 3:14) Lerato la sebele lea matlafala ha banyalani ba tšepahalang ba ntse ba tsamaea hammoho tseleng ea bophelo monateng le bohlokong. Setsoalle sa bona se tiea le ho feta ha ba ntse ba thabela ho phela hammoho. Manyalo a joalo ha a matlafatsoe ke ho etsetsa motho lintho tse seng kae feela tse khōlō joalokaha ho bontšoa mecheng ea phatlalatso, empa a matlafatsoa ke liketso tse nyenyane tse ngata—tse kang ho haka, ho bua ntho e bontšang mosa, ho etsa ntho e bontšang ho nahanela, pososelo kapa ho botsa motho hore na o hlotse joang ka tsela e bontšang hore ehlile ua mo tsotella. Lintho tsena tse nyenyane, li ka etsa phapang e khōlō lenyalong. Banyalani ba bang ba nang le lilemo tse 19 ba nyalane ’me ba thabile lenyalong, baa founelana kapa ba romellana melaetsa ka selefouno motšehare. Monna o re ba etsa sena hore feela ba utloe hore na e mong o ntse a e-ea joang.

10 Lerato le boetse le susumetsa banyalani hore e mong a tsoele pele a ithuta ka e mong. (Bafil. 2:4) Tsebo eo e ba thusa hore lerato la bona le matlafale le ho feta ho sa tsotellehe taba ea hore ha baa phethahala. Lenyalo le atlehileng ha le eme nģ’a e le ’ngoe empa le tsoela pele ho matlafala ha nako e ntse e feta. Kahoo, haeba u lenyalong, ipotse: ‘Ke tseba molekane oa ka hantle hakae? Na kea utloisisa hore na o ikutloa joang kapa hore na maikutlo a hae ke afe mabapi le litaba tse itseng?  Ke nahana ka molekane oa ka hangata hakae, mohlomong ka lintho tseo a ileng a nkhahla ka tsona?’

LOANELANG HORE LE HLOMPHANE

11. Ke hobane’ng ha tlhompho e le ea bohlokoa hore lenyalo le atlehe? Fana ka mohlala.

11 Esita le manyalong ao ho ’ona batho ba thabileng ka ho fetisisa ho ntse ho e-na le ho se phethahale, ’me banyalani ba ka ’na ba se ke ba lumellana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hase kamehla Abrahama le Sara ba neng ba lumellana. (Gen. 21:9-11) Leha ho le joalo, ho se lumellane ha bona ha hoa ka ha ba qabanya. Hobane’ng? Hobane ba ne ba sielana seriti ba bile ba hlomphana. Ka mohlala, ha Abrahama a ne a bua le Sara o ile a re, “ka kōpo.” (Gen. 12:11, 13) Sara le eena o ne a hlompha Abrahama ’me o ne a mo nka e le “morena” oa hae. (Gen. 18:12) Ha banyalani ba sa hlomphane, hangata sena se bonahala ka tsela eo ba buisanang ka eona. (Liprov. 12:18) Haeba ba sa lokise bothata boo, lenyalo la bona le ka ’na la e-ba le mathata a maholo.—Bala Jakobo 3:7-10, 17, 18.

12. Ke hobane’ng ha batho ba sa tsoa nyalana ba lokela ho sebetsa ka thata le ho feta hore ba buisane ka tsela e bontšang tlhompho?

12 Batho ba sa tsoa nyalana ba lokela ho sebetsa ka thata le ho feta hore ba buisane ka mosa le ka tlhompho, e le hore ba tsebe ho buisana ka bolokolohi ’me ba phetlelane lifuba. Monna e mong o ile a re: “Le hoja batho ba thaba ha ba sa tsoa nyalana, empa lilemong tseo tse qalang ka linako tse ling ho ka ’na ha nyolosetsa. Ha u ntse u tloaela maikutlo a mosali oa hao, mekhoa ea hae le liketso tsa hae ’me le eena a ntse a tloaela tsa hao, ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo! Leha ho le joalo, lintho li tla tsamaea hantle haeba le talima lintho ka tsela e leka-lekaneng, le e-na le nako ea bosoasoi, le ikokobelitse, le e-na le mamello le bile le tšepa Jehova.” Ruri sena ke ’nete!

BONTŠA BOIKOKOBETSO E LE KANNETE

13. Ke hobane’ng ha boikokobetso e le ba bohlokoa e le hore batho ba thabe lenyalong le hore lenyalo la bona le atlehe?

13 Puisano e ntle lenyalong e tšoana le molatsoana o phallang butle le ka khutso har’a serapa. Ho ‘ikokobetsa kelellong’ ho phetha karolo ea bohlokoa ho etsa hore molatsoana oo o lule o phalla. (1 Pet. 3:8) Mora e mong oabo rōna ea seng a e-na le lilemo tse 11 a nyetse o re: “Boikokobetso bo thusa ho rarolla bothata ka potlako kaha bo susumelletsa motho hore a re, ‘Ke kōpa tšoarelo.’” Moholo e mong ea nang le lilemo tse 20 a nyetse ’me a thabile lenyalong o ile a re: “Ka linako tse ling ho re, ‘Ke kōpa tšoarelo’ ho bohlokoa le ho feta ho re  ‘Kea u rata.’” O ile a phaella ka ho re: “Ntho e ’ngoe e thusang batho kapele hore ba bontše boikokobetso ke ho rapela. Ha ’na le mosali oa ka re rapela Jehova hammoho, seo se re thusa hore re hopole hore ha rea phethahala le hore Molimo o re bontša mosa oa hae o sa re tšoanelang. Ho hopola seo ho nthusa hore ke talime lintho ka tsela e nepahetseng.”

Loanelang hore le lule le buisana hantle lenyalong la lōna

14. Boikhohomoso bo ka ama lenyalo joang?

14 Leha ho le joalo, boikhohomoso ha bo etse hore ho be le poelano. Bo sitisa batho hore ba buisane kaha bo etsa hore motho a se ke a ba le takatso le sebete sa ho kōpa tšoarelo. Ho e-na le hore ka boikokobetso motho a re, “Ke masoabi; ke kōpa u ntšoarele,” motho ea ikhohomosang oa ikemela. Ho e-na le hore a amohele bofokoli ba hae, o supa liphoso tsa motho e mong. Ha a utloile bohloko, ho e-na le hore a bōpe khotso, oa koata, mohlomong a be a iphetetse ka ho hlaba motho e mong ka mantsoe kapa a se ke a mo buisa ho hang. (Moek. 7:9) Ka sebele, boikhohomoso bo ka baka mathata a maholo lenyalong. Ke hantle ho hopola hore “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.”—Jak. 4:6.

15. Hlalosa hore na ho sebelisa molao-motheo o ho Baefese 4:26, 27 ho ka thusa banyalani joang hore ba sebetsane le ho se lumellane ho ka ’nang ha e-ba teng.

15 Ha monna le mosali ba sa lumellane, ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba rarolle bothata ho e-na le hore ba bontše boikhohomoso. Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.” (Baef. 4:26, 27) Ho se mamele Lentsoe la Molimo ho ka bakela motho mathata a mangata a sa hlokahaleng. Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ka linako tse ling ’na le monna oa ka re ne re sa sebelise se lengolong la Baefese 4:26, 27. Ka lebaka la seo, ke ne ke sa bo hlothe bosiu!” Ruri ho ka ba molemo hore batho ba buisane ka lintho li sa tloha feela, ka sepheo sa hore ba lokise litaba! Ke ’nete hore ho ka ’na ha hlokahala hore banyalani ba fanane sebaka sa hore ba theole maikutlo. Ho boetse ho loketse hore ba rapele Jehova hore a ba thuse ho talima lintho ka tsela e nepahetseng. Sena se akarelletsa hore ba be le moea oa boikokobetso, e leng se tla ba thusa hore ba tsepamise likelello bothateng boo ba tobaneng le bona eseng ho bona ka bobona kaha seo se ka mpefatsa lintho le ho feta.—Bala Bakolose 3:12, 13.

16. Boikokobetso bo ka thusa banyalani joang hore ba talime makhabane a bona ka tsela e nepahetseng?

16 Boikokobetso bo thusa motho ea lenyalong hore a tsepamise kelello makhabaneng a molekane oa hae. Ho tea mohlala: Mosali a ka ’na a ba le litalenta tse ikhethang tseo a li sebelisang molemong oa lelapa. Haeba monna oa hae a ikokobelitse, a ke ke a nka hore mosali o khella boemo ba hae fatše empa o tla mo khothalletsa hore a sebelise talenta ea hae, ’me ka tsela eo o tla be a bontša hore o mo nka e le motho oa bohlokoa ebile oa mo ananela. (Liprov. 31:10, 28; Baef. 5:28, 29) Ka nako e tšoanang, mosali ea ikokobelitseng a ke ke a ikhantša ka litsebo tsa hae kapa a nyenyefatsa monna oa hae. Etsoe, kaha ke “nama e le ’ngoe,” se utloisang molekane e mong bohloko se utloisa le e mong.—Mat. 19:4, 5.

17. Ke eng e ka thusang batho ba lenyalong kajeno hore ba thabe le hore manyalo a bona a thabise Molimo?

17 Ha ho pelaelo hore u batla hore lenyalo la hao le tšoane le la Abrahama le Sara kapa la Isaka le Rebeka—e be le thabisang e le kannete, le tšoarellang le le tlotlisang Jehova. Kahoo, tsoela pele u talima lenyalo ka tsela eo Molimo a le talimang ka eona. Batla bohlale le temohisiso Lentsoeng la hae. Loanela ho ba le lerato la ’nete—e leng “lelakabe la Jah”—ka hore u nahane ka molekane oa hao ka tsela e bontšang hore ua mo ananela. (Sefela 8:6) Loanela ho ba le boikokobetso. Hlompha molekane oa hao. Haeba u etsa lintho tsena, u tla thaba lenyalong la hao ’me lenyalo la hao le tla boela le thabise le Ntate oa hao ea leholimong. (Liprov. 27:11) Ka sebele, u ka ’na ua ba le maikutlo a kang a monna e mong ea seng a e-na le lilemo tse 27 a nyetse, ea ileng a ngola a re: “Ha ke tsebe hore na bophelo bo ka ba joang kantle ho mosali oa ka. Lenyalo la rōna le lula le ntse le matlafala letsatsi le letsatsi. Sena se etsahala hobane re rata Jehova re bile re buisana kamehla.”