Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sireletsa Lefa la Hao ka ho Etsa Liqeto Tse Bohlale

Sireletsa Lefa la Hao ka ho Etsa Liqeto Tse Bohlale

“Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.”—BAR. 12:9.

1, 2. (a) Ke eng e u thusitseng ho etsa qeto ea ho sebeletsa Molimo? (b) Ke lipotso life tseo re ka li botsang mabapi le lefa la rōna la moea?

RE LE batho ba limilione re entse qeto e bohlale ea ho sebeletsa Jehova Molimo le ho latela mehato ea Jesu Kreste haufi-ufi. (Mat. 16:24; 1 Pet. 2:21) Re nka boinehelo ba rōna ho Molimo e le ba bohlokoa haholo. Ha rea etsa qeto ea ho inehela ho Molimo re itšetlehile ka tsebo e fokolang ea mangolo a seng makae feela, empa re e entse hobane re ithutile Lentsoe la Molimo ka botlalo. Kahoo, re ithutile lintho tse ngata tse matlafatsang tumelo ea rōna mabapi le lefa leo Jehova a le tšepisitseng batho ba ntseng ba ‘tsoela pele ba rua tsebo ka eena le ka eo a mo romileng, Jesu Kreste.’—Joh. 17:3; Bar. 12:2.

2 E le hore re lule re e-na le kamano e ntle le Ntate oa rōna ea leholimong re le Bakreste, re lokela ho etsa liqeto tse mo thabisang. Kahoo, sehloohong sena re tla tšohla lipotso tsena tsa bohlokoa: Lefa la rōna ke eng? Re lokela ho le talima ka tsela efe? Re ka tiisa joang hore re fumana lefa la rōna? Ke eng e tla re thusa ho etsa liqeto tse bohlale?

LEFA LA RŌNA KE ENG?

3. Ke lefa lefe le tla fumanoa ke (a) batlotsuoa le (b) “linku tse ling”?

3 Ke Bakreste ba fokolang ka palo ba nang le tšepo ea ho fumana ‘lefa le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng’—e leng lefa le ikhethang la ho busa le Kreste leholimong. (1 Pet. 1:3, 4) E le hore ba fumane lefa leo, ba lokela hore ba “tsoaloe hape.” (Joh. 3:1-3) “Linku tse ling” tsa Jesu tse limilione tse sebetsang le balateli ba hae ba tlotsitsoeng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, li tla fumana lefa lefe? (Joh. 10:16) Linku tse ling li tla fumana lefa leo Adama le Eva ba baetsalibe ba sa kang ba le fumana—e leng bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng moo ho tla be ho se  na bohloko, lefu kapa ho siama. (Tšen. 21:1-4) Kahoo, Jesu o ne a ka tšepisa monna eo e neng e le moetsi oa bobe ea ileng a bolaoa le eena, a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:43.

4. Ke litlhohonolofatso life tseo re seng re ntse re li fumana hona joale?

4 Esita le hona joale, re fumana likarolo tse itseng tsa lefa la rōna. Kaha re bontša tumelo ‘thekollong e lefiloeng ke Kreste Jesu,’ re na le khotso ea kelello le kamano e haufi le Molimo. (Bar. 3:23-25) Re utloisisa ka ho hlaka lintho tsa bohlokoa tseo Molimo a re tšepisitseng tsona ka Lentsoeng la hae. Ho feta moo, ho ba karolo ea mokhatlo oa machaba o lerato oa bara ba motho ho re thabisa haholo. Hape, ruri ke tlotla e khōlō hore ebe re Lipaki Tsa Jehova. Hase feela re nkang lefa la rōna e le la bohlokoa hakana!

5. Satane o ’nile a leka ho etsa’ng ho batho ba Molimo, ’me ke sefe se ka re thusang hore re eme re tiile khahlanong le maqiti a hae?

5 Leha ho le joalo, e le hore re tšoare lefa la rōna le babatsehang ka tieo, re lokela ho lula re falimehile e le hore re se ke ra tšoasoa ke maraba a Satane. Haesale Satane a leka ho susumetsa bahlanka ba Molimo hore ba etse liqeto tse neng li tla etsa hore ba lahleheloe ke lefa la bona. (Num. 25:1-3, 9) Kaha Satane oa hlokomela hore o se a le haufi le ho timetsoa, o leka ka matla ho feta neng kapa neng ho re khelosa. (Bala Tšenolo 12:12, 17.) Haeba re batla ho ‘ema re tiile khahlanong le maqiti a Diabolose,’ re lokela ho tsoela pele re nka lefa la rōna e le la bohlokoa haholo. (Baef. 6:11) Mohlala o re lemosang oa mora oa mopatriareka Isaka e leng Esau, o mabapi le taba ena o fana ka thuto eo re lokelang ho e nka ka ho teba.

LE SE KE LA TŠOANA LE ESAU

6, 7. Esau e ne e le mang, hona o ne a e-na le monyetla oa ho fumana lefa lefe?

6 Lilemo tse ka bang 4 000 tse fetileng, Isaka le Rebeka ba ile ba ba le mafahla a bitsoang Esau le Jakobo. Ha mafahla ao a ntse a hōla, a ne a e-na le litšobotsi tse fapaneng a bile a khethile ho etsa mesebetsi e fapaneng. “Esau [e ne e le] monna ea tsebang ho tsoma, monna oa naheng,” athe “Jakobo [e ne e le] monna ea sa tšoauoeng phoso, ea lulang litenteng.” (Gen. 25:27) Mofetoleli oa Bibele ea bitsoang Robert Alter o re lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “‘ea sa tšoauoeng phoso,’ le bolela ea tšepahalang kapa ea se nang molato.”

7 Ha Esau le Jakobo ba ne ba le lilemo li 15, ntate-moholo oa bona Abrahama o ile a shoa, empa Jehova ha aa ka a lebala seo a neng a mo tšepisitse sona. Hamorao, Jehova o ile a pheta tšepiso eo ho Isaka, a bontša hore lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea Abrahama. (Bala Genese 26:3-5.) Tšepiso eo e ile ea senola hore Mesia—e leng “peō” e tšepahalang eo ho buuoang ka eona ho Genese 3:15—o ne a tla tsoa lelokong la Abrahama. Kaha Esau e ne e le mora oa Isaka oa letsibolo, o ne a e-na le tokelo ea ho amohela tšepiso eo. Ruri Esau o ne a e-na le monyetla oa ho fumana lefa le babatsehang! Na o ne a le ananela?

U se ke ua beha lefa la hao la moea kotsing

8, 9. (a) Esau o ile a etsa qeto efe mabapi le lefa la hae? (b) Lilemo hamorao, Esau o ile a hlokomela’ng ka qeto ea hae, ’me o ile a etsa’ng?

8 Ka letsatsi le leng ha Esau a ne a tsoa naheng, o ile a bona Jakobo “a phehile sechu.” Esau o ile a re: “Ka kōpo, potlaka u mphe ke je bofubelu—bofubelu boo, etsoe ke khathetse!” Ha Jakobo a araba o ile a re ho Esau: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ea hao joaloka letsibolo!” Esau o ile a etsa qeto efe? Hoa makatsa hore ebe o ile a re: “Tokelo ea tsoalo e na le molemo ofe ho ’na?” Ka sebele, Esau o ile a khetha sekotlolo sa sechu ’me a tela tokelo ea hae ea ho ba letsibolo! E le ho tiisa hore Esau o ne a tla fela a mo rekisetse tokelo ea tsoalo, Jakobo o ile a mo phehella a re: “Pele  ho tsohle, ntlhapanyetse!” Esau ha aa ka a tsilatsila ho tela tokelo ea hae ea tsoalo. Ka mor’a moo, ‘Jakobo o ile a fa Esau bohobe le sechu sa lensisi, eaba oa ja oa noa. Joale a ema ’me a tsamaea. Kahoo Esau o ile a nyelisa tokelo ea tsoalo.’—Gen. 25:29-34.

9 Lilemo hamorao, ha Isaka a ne a nahana hore o se a le makhatheng a lefu, Rebeka o ile a etsa bonnete ba hore Jakobo o ne a tla fela a fumane tokelo ea tsoalo eo Esau a neng a e rekisitse. Hamorao ha Esau a hlokomela hore o ne a entse qeto e booatla o ile a kōpa Isaka ka tieo a re: “Ntlhohonolofatse le ’na, Ntate! . . . Na ha ua mpolokela tlhohonolofatso?” Ha Isaka a mo bolella hore o ne a ke ke a fetola tlhohonolofatso eo a neng a se a e file Jakobo, ‘Esau o ile a phahamisa lentsoe ’me a itšela ka meokho.’—Gen. 27:30-38.

10. Jehova o ne a e-na le maikutlo afe ka Esau le Jakobo, hona hobane’ng?

10 Tlaleho ee e re ruta’ng ka boikutlo boo Esau a neng a e-na le bona? O ile a bontša hore ho khotsofatsa litakatso tsa hae tsa nama ho ne ho le bohlokoa ho feta ho fumana mahlohonolo ao Jehova a neng a mo tšepisitse ’ona e le karolo ea lefa la hae. Esau o ne a sa nke tokelo ea hae ea tsoalo e le ea bohlokoa ’me ho hlakile hore o ne a hlile a sa rate Molimo. Ho feta moo, Esau ha aa ka a natsa hore na ketso eo ea hae e ne e tla ama litloholo tsa hae joang. Ho fapana le Esau, Jakobo o ne a ananela lefa la hae haholo. Ka mohlala, Jakobo o ile a latela keletso ea batsoali ba hae ha a ne a khetha mosali. (Gen. 27:46–28:3) Kaha Jakobo o ile a etsa qeto ena e neng e hloka hore a be le mamello a be a itele, e ile ea e-ba moholo-holo oa Mesia. Molimo o ne a e-na le maikutlo afe ka Esau le Jakobo? A sebelisa moprofeta Malakia, Jehova o ile a re: “Ke ratile Jakobo, ke hloile Esau.”—Mal. 1:2, 3.

11. (a) Ke hobane’ng ha mohlala oa Esau o re ama re le Bakreste? (b)  Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a amahanya bohlola le seo Esau a ileng a se etsa?

11 Na seo Bibele e se buang ka Esau se ama Bakreste kajeno? E, sea ba ama. Moapostola Pauluse o ile a lemosa balumeli-’moho le eena hore ba hlokomele hore “ho se ke ha e-ba le sehlola kapa leha e le mang ea sa ananeleng lintho tse halalelang, joaloka Esau, ea ileng a fana ka litokelo tsa hae joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.” (Baheb. 12:16) Temoso eo e ntse e sebetsa ho Bakreste. Re lokela ho lula re ananela lintho tse halalelang e le hore re se ke ra hlōloa ke litakatso tsa nama eaba re lahleheloa ke lefa la rōna la moea. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Pauluse a ile a amahanya bohlola le seo Esau a ileng a se etsa? Ke hobane ha re ka ra itšoara joaloka Esau ra lumella hore litakatso tsa nama li re laole, ho ka ba bonolo hore re etse sebe se kang bohlola ebe re lahleheloa ke lefa la rōna.

 LOKISA PELO EA HAO HONA JOALE

12. (a) Satane o re leka ka litsela life? (b) Fana ka mehlala e ka Mangolong e ka re thusang ha re lokela ho etsa liqeto tse boima.

12 Kaha re bahlanka ba Jehova, ho hang ha re tsome lintho tse ka ’nang tsa re susumelletsa ho etsa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. Ho e-na le hoo, re rapela Jehova Molimo hore a re thuse e le hore re se ke ra inehela ha motho e mong a re susumelletsa hore re se ke ra mamela Molimo. (Mat. 6:13) Empa Satane o lula a etsa boiteko ba ho senya kamano ea rōna le Molimo ha re ntse re leka ho lula re tšepahala lefatšeng lena le silafetseng. (Baef. 6:12) Kaha Diabolose ke molimo oa tsamaiso ena e khopo ea lintho, oa tseba hore na a ka sebelisa liteko ka tsela efe e le hore a etse hore batho ba inehele litakatsong tsa bona tse fosahetseng. (1 Bakor. 10:8, 13) Ka mohlala, ak’u nahane u le boemong boo ho bona u nang le monyetla oa ho khotsofatsa takatso e itseng ka ho etsa boitšoaro bo litšila. U ne u tla etsa qeto efe? Na u ne u tla tšoana le Esau ebe u re: ‘Potlaka! U mphe!’ Kapa u ne u tla balehela teko eo joaloka Josefa mora oa Jakobo, ea ileng a baleha ha mosali oa Potifaro a ne a mo hohela?—Bala Genese 39:10-12.

13. (a) Batho ba bangata ba ’nile ba latela mohlala oa Josefa joang kajeno, empa ba bang ba ’nile ba latela oa Esau joang? (b) Mehlala ea batho ba etsisang Esau e re hlokomelisa hore ke habohlokoa hore re etse’ng?

13 Bara le barali babo rōna ba bangata ba ’nile ba ba maemong ao ho ’ona ba neng ba lokela ho khetha hore na ba latela mohlala oa Esau kapa oa Josefa. Ba bangata ba bona ba ile ba etsa liqeto tse bohlale ’me ba thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 27:11) Leha ho joalo, ba bang ba balumeli-’moho le rōna ba ’nile ba khetha ho etsisa Esau ha ba thulana le liteko ’me ba beha lefa la bona la moea kotsing. Ha e le hantle, batho ba bangata ba khalemeloang le ba khaoloang selemo le selemo ke ba entseng boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Ruri ke habohlokoa haholo hore re lokise lipelo tsa rōna hona joale—pele re thulana le maemo a lekang botšepehi ba rōna! (Pes. 78:8) Re ka nka bonyane mehato e ’meli e tla re sireletsa khahlanong le liteko le e tla re thusa hore re etse liqeto tse bohlale.

NAHANISISA ’ME U ITOKISE

Re itšireletsa ka ho batla bohlale bo tsoang ho Jehova

14. Ke lipotso life tseo re ka nahanisisang ka tsona tse tla re thusa hore re ‘nyonye se khopo’ ’me re “khomarele se molemo”?

14 Bohato ba pele bo akarelletsa hore re nahanisise ka liphello tsa liketso tsa rōna. Ntho e tla re thusa hore re ananele lefa la rōna la moea ke hore re rate Jehova haholo, e leng eena ea fanang ka lefa leo. Etsoe, ha re rata motho re ke ke ra batla ho mo utloisa bohloko. Ho e-na le hoo, re loanela hore re mo khahlise. Kahoo, e ka ba hantle hore re nahanisise ka hore na re tla khola litholoana life haeba re inehela litakatsong tsa nama tse litšila le hore na seo se tla ama batho ba bang joang. Re lokela ho ipotsa: ‘Haeba nka etsa boitšoaro bo bontšang boithati, see se tla ama kamano ea ka le Jehova joang? Ha ke etsa ntho e mpe seo se tla ama litho tsa lelapa la ka kapa leso joang? Se tla ama bara le barali beso ka phuthehong joang? Na seo se tla khopisa batho ba bang?’ (Bafil. 1:10) Re ka boela ra ipotsa: ‘Na ke khetha ho thabela boitšoaro bo litšila ka nakoana le hoja hamorao ke tla khola litholoana tse bosula? Na ruri ke batla ho tšoana le Esau, ke lle habohloko ha ke hlokomela phoso eo ke e entseng?’ (Baheb. 12:17) Ho nahanisisa ka lipotso tse kang tseo ho tla re thusa hore re ‘nyonye se khopo’ ’me re “khomarele se molemo.” (Bar. 12:9) Ha re hlile re rata Jehova, seo se tla re susumelletsa hore re khomarele lefa la rōna.—Pes. 73:28.

15. Ke eng e tla re thusa hore re lule re itokiselitse ho hlōla liteko tse ka behang bomoea ba rōna kotsing?

15 Bohato ba bobeli bo akarelletsa hore re itokisetse ho hlōla liteko. Jehova o re etselitse litokisetso tse ngata tse ka re thusang  hore re hlōle liteko tse ka behang bomoea ba rōna kotsing. Litokisetso tseo li akarelletsa ho ithuta Bibele, liboka tsa Bokreste, tšebeletso ea tšimo le thapelo. (1 Bakor. 15:58) Nako le nako ha re tšollela Jehova maikutlo a rōna ka thapelo re bile re chesehela tšebeletso ea rōna ea Bokreste, re itšireletsa litekong. (Bala 1 Timothea 6:12, 19.) Haeba re batla ho lula re itokiselitse ho hlōla liteko, re lokela ho tsoela pele re etsa boiteko ba ho etsa lintho tse boletsoeng ka holimo. (Bagal. 6:7) Sena se totobalitsoe khaolong ea bobeli ea Liproverbia.

‘U ’NE U LI BATLE’

16, 17. Ke eng e ka re thusang hore re khone ho etsa liqeto tse bohlale?

16 Liproverbia khaolo ea 2 e re khothalletsa hore re fumane bohlale le matla a ho nahana. Litšobotsi tsena li re thusa hore re khethe pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng le hore re khone ho khetha hore na re tla bontša boitšoaro kapa re tla ikhotsofatsa. Empa hore na re tla atleha ho itšetlehile ka hore na re ikemiselitse ho etsa boiteko hakae. Ho hatisa ’nete eo ea bohlokoa, Bibele e re: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joaloka silevera, ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo. Etsoe Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.”—Liprov. 2:1-6.

17 Kahoo, ho hlakile hore e le hore re atlehe ho etsa liqeto tse bohlale, re lokela ho etsa lintho tse bontšitsoeng ho Liproverbia. Re ka atleha ho hlōla liteko haeba re itumella ho bōptjoa ke mantsoe a tsoang ho Jehova, haeba re lula re rapella tataiso ea Molimo le haeba re tsoela pele ho batla tsebo ea Molimo joalokaha eka re batla matlotlo a patiloeng.

18. U ikemiselitse ho tsoela pele u etsa’ng, hona hobane’ng?

18 Jehova o fana ka tsebo, kutloisiso, temoho le bohlale ho batho ba etsang boiteko ba ho batla litšobotsi tsena. Ha re ntse re tsoela pele ho li batla le ho li sebelisa, re tla ba le kamano e haufi le ho feta le Mofani oa tsona, e leng Jehova. Ho feta moo, ha re e-na le kamano e haufi le Jehova Molimo, seo se tla re sireletsa ha re thulana le liteko. Ho atamela haufi le Jehova le ho mo tšaba ho tla re sireletsa hore re se ke ra etsa lintho tse mpe. (Pes. 25:14; Jak. 4:8) E se e ka botsoalle boo re nang le bona le Jehova le ho sebelisa bohlale bo tsoang ho eena li ka re susumetsa kaofela ha rōna hore re tsoele pele re etsa liqeto tse bohlale tse tla thabisa pelo ea Jehova le tse tla sireletsa lefa la rōna.