Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PALE EA BOPHELO

Lebaka Leo ka Lona Bophelo ba Rōna bo Nang le Morero oa Sebele

Lebaka Leo ka Lona Bophelo ba Rōna bo Nang le Morero oa Sebele

HANG ka mor’a hore mora oa ka Gary a hlahe ka 1958, ke ile ka hlokomela hore ho na le se phoso ka eena. Leha ho le joalo, ho ile ha nka likhoeli tse leshome hore lingaka li fumane lefu le mo tšoereng, ha boela ha nka lilemo tse hlano hore litsebi tsa lefu leo tse London li tiise hore efela e le lona. Ke ile ka utloa bohloko haholo ha morali oa ka e leng Louise, ea ileng a hlaha lilemo tse robong ka mor’a Gary, a bontša matšoao a lefu leo a mabe le ho feta a Gary.

Lingaka li ile tsa bua le ’na ka mosa tsa re, “bana ba hao ka bobeli ba na le matšoao a lefu la LMBB, * ’me ha le na pheko.” Ka nako eo, batho ba ne ba sa tsebe hakaalo ka lefu lena le sa tloaelehang leo motho a le fumanang ka lefutso. Matšoao a lona a akarelletsa ho se bone hantle ho bakang ho foufala, ho ba motenya haholo, ho ba le menoana e fetang palo, ho lieha ho hōla, ho se khone ho laola tsela eo litho tsa ’mele li tsamaisanang ka eona, lefu la tsoekere, lefu la masapo le manonyeletso hammoho le mathata a liphio. Ka lebaka leo, ho hlokomela bana ba ka ho ne ho tla nyolosetsa. Phuputso ea morao tjena e bontšitse hore ho hakanngoa hore motho a le mong ho ba 125 000 ba Brithani o na le matšoao a lefu lena, le hoja e ka ’na eaba ho na le ba bang ba nang le matšoao a lona a seng makae.

JEHOVA E BA ‘SEBAKA SA RŌNA SE PHAHAMENG SA TŠIRELETSO’

Ke ile ka buisana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ha ke sa tsoa nyaloa, ’me hang-hang ke ile ka hlokomela hore ke fumane ’nete. Leha ho le joalo, monna oa ka o ne a sa batle ho utloa letho. Ka lebaka la mosebetsi oa hae, re ne re sa lule sebakeng se le seng nako e telele, kahoo, ke ne ke sa khone ho ea libokeng. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ke bala Bibele ke bile ke rapela Jehova. Ruri ke ile ka khothala haholo ha ke ne ke bala hore “Jehova e tla ba sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa mang kapa mang ea hateletsoeng” le hore ‘ka sebele a ke ke a tlohela ba mo batlang’!—Pes. 9:9, 10.

Gary o ne a sa bone hantle, kahoo, ha a le lilemo li tšeletseng o ile a isoa sekolong se nang le bolulo se rutang bana ba nang le litlhoko tse khethehileng, se sebakeng se haufi le leoatle karolong e ka boroa ea Engelane. O ne a lula a nfounela a mpolella ka lintho tse neng li mo tšoenya, ’me ke ile ka mo thusa hore a utloisise melao-motheo ea Bibele. Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore Louise a hlahe, le ’na ke ile ka kula ka tšoaroa ke lefu la ho satalla ha mesifa le lefu la fibromyalgia (e leng ho opeloa ho sa khaotseng ha mesifa le manonyello hammoho le mokhathala o sa feleng). Ha Gary a le lilemo li 16 o ile a khutla sekolong moo a neng a lula teng. Leha ho le joalo, pono ea hae e ile ea tsoela pele ho fokola ’me ka 1975, ka molao o ile a nkoa a foufetse. Ka 1977 monna oa ka o ile a re lahla.

Nakoana ka mor’a hore Gary a khutle, re ile ra kopanela le phutheho e nang le lerato ’me ke ile ka kolobetsoa ka 1974. Ke ile ka thaba haholo ha moholo e mong a ne a thusa Gary hore a khone ho sebetsana le liphetoho tse neng li etsahala ’meleng oa hae ha a le lilemong tsa bocha. Lipaki tse ling li ne li nthusa ka mesebetsi ea lapeng ’me qetellong lefapha la boiketlo ba sechaba le ile la lefa tse hlano tsa tsona hore li re hlokomele ka molao. Ruri eo e ile ea e-ba tlhohonolofatso e khōlō!

Gary o ile a tsoela pele hantle ’neteng ’me o ile a kolobetsoa ka 1982. O ne a batla ho ba pula-maliboho ea thusang. Ka lebaka leo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke sebetse le eena mosebetsing oo ’me ke ile ka khona ho etsa seo ka lilemo tse ’maloa. Mora oa ka o ile a thaba haholo hamorao ha molebeli oa potoloho a ne a re  ho eena, “Gary, ke hobane’ng ha u sa be pula-maliboho ea kamehla?” Eo e ne e le khothatso eo Gary a neng a e hloka, ’me ka 1990 o ile a khethoa e le pula-maliboho ea kamehla.

Gary o entsoe liopereishene tse peli tsa ho kenngoa liqholo tsa maiketsetso, ea pele ka 1999 ea bobeli ka 2008, empa Louise ke eena ea neng a e-na le mathata a maholo a bophelo. O hlahile a sa bone ho hang, ’me e ile ea re ha ke bona hore o na le monoana oa botšelela leotong le leng, ke ile ka hlokomela hore le eena o na le matšoao a lefu la LMBB. Litlhahlobo tse ileng tsa etsoa li ile tsa bontša hore o ne a boetse a e-na le mathata a mangata lithong tsa hae tse ka hare. Ha lilemo li ntse li feta o ile a etsoa liopereishene tse khōlō, tse akarelletsang tse hlano tsa liphio. Joaloka Gary, le eena o na le lefu la tsoekere.

Kaha Louise oa hlokomela hore na ho ka hlaha mathata afe ha a etsoa opereishene, o buisana le lingaka, batho ba robatsang hammoho le baokameli ba sepetlele pele a etsoa opereishene ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a entse qeto ea ho phekoloa ntle ho tšebeliso ea mali. Ka lebaka leo, o na le tšebelisano e ntle le batho bana ba mo hlokomelang hantle.

HO PHELA BOPHELO BO NANG LE MORERO

Lelapeng la rōna re lula re le maphathaphathe ka mesebetsi e amanang le borapeli ba rōna ho Jehova. Pele ho e-ba le lisebelisoa tsa morao-rao tsa elektronike, ke ne ke qeta lihora tse ngata ke balla Gary le Louise. Hona joale li-CD, li-DVD le likhatiso tse ling tse rekotiloeng tse fumanehang websaeteng ea www.pr418.com, li re thusa hore beke le beke re thabele thuto ea rōna ea Bibele ka linako tse sa tšoaneng ebile re khona ho ba le seabo ka ho fana ka litlhaloso libokeng tsa Bokreste.

Ruri re thabela linnete tsa bohlokoa tse ka Lentsoeng la Jehova le bululetsoeng!

Ka linako tse ling Gary o tšoara likarabo ka hlooho ’me haeba a e-na le puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, o khona ho e fana ka mantsoe a hae. Ka 1995 o ile a khethoa ho ba mohlanka ea sebeletsang ’me kamehla o lula a phathahane Holong ea ’Muso a amohela batho ba tlileng libokeng a bile a thusa tsamaisong ea molumo.

Lipaki tse ling li tsamaea le Gary tšimong ’me hangata li mo khanna ka setulo sa hae sa batho ba nang le bokooa, seo a se sebelisang ka lebaka la lefu la hae la masapo le manonyeletso. Paki e ’ngoe e ’nile ea mo thusa hore a khanne thuto ea Bibele le motho e mong ea ratang ho ithuta. Gary o boetse o thusitse Mokreste e mong ea neng a e-na le lilemo tse 25 a khaolitse ho sebeletsa Jehova. Hona joale, batho bao ka bobeli ba tla libokeng tsa Bokreste.

Ha Louise a le lilemo li robong, nkhono oa hae o ile a mo ruta ho loha, ’na le e mong oa batho ba mo hlokomelang ra mo ruta ho khabisa masela. Kaha o rata ho loha haholo, o lohela bana le batho ba baholo ka phuthehong likobo tse mebala e metle. O boetse o etsetsa batho likarete a sebelisa litšoantšo tse nyenyane tseo a li khomaretsang. Batho bao a ba fang likarete tseo, ba li nka e le tsa bohlokoa haholo. Ha a kena lilemong tsa bocha, Louise o ile a ithuta ho thaepa. Hona joale, nako le nako o khona ho romela metsoalle ea hae melaetsa ka e-mail a sebelisa k’homphieutha e buang. Louise o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 17. Likhoeling tseo ho bang le letšolo le khethehileng la ho bolela litaba tse molemo, re thabela ho sebetsa ’moho re le bo-pula-maliboho ba thusang. Joaloka Gary, Louise le eena o tšoara mangolo ka hlooho e le hore a tsebe ho bolella batho ba bang ka litšepiso tsa Molimo tsa ho phela lefatšeng le lecha moo “mahlo a lifofu a tla tutuboloha” le moo ‘ho se nang moahi ea tla re: “Kea kula.”’—Esa. 33:24; 35:5.

Ruri re thabela linnete tsa bohlokoa tse ka Lentsoeng la Jehova le bululetsoeng! Re leboha haholo hore ebe phutheho ea habo rōna e ’nile ea re tšehetsa ka lerato, hobane ntle ho tšehetso ea eona, re ne re ke ke ra khona ho etsa mesebetsi ena e mengata eo re e etsang. Hape, ka lebaka la thuso ea Jehova, bophelo ba rōna bo na le morero.

^ ser. 5 Laurence-Moon-Bardet-Biedl ke lefu leo ngoana a le futsang ho botsoali ka bobeli, ’me le rehelletsoe ka lingaka tse ’nè tse ileng tsa hlokomela matšoao a lona. Kajeno batho ba tloaetse hore ke matšoao a lefu la Bardet-Biedl. Lefu lena ha le na pheko.