Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ananela ho Fana ha Jehova le Kahlolo ea Hae e Molemo

Ananela ho Fana ha Jehova le Kahlolo ea Hae e Molemo

“Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e holim’a mesebetsi eohle ea hae.”—PES. 145:9.

1, 2. Metsoalle ea Jehova e na le monyetla ofe?

MOKRESTE e mong ea bitsoang Monika o re: “Re se re e-na le lilemo tse ka bang 35 re nyalane. ’Na le monna oa ka re tsebana hantle. Leha ho le joalo, esita le ka mor’a lilemo tsena tse ngata, ho ntse ho e-na le lintho tseo re neng re sa li tsebe ka e mong tseo re ntseng re ithuta tsona!” Ha ho pelaelo hore sena sea etsahala manyalong a mangata le ho metsoalle.

2 Re thabela ho tseba batho bao re ba ratang haholoanyane. Leha ho le joalo, setsoalleng sohle seo re ka bang le sona, ha ho na se bohlokoa ho feta setsoalle sa rōna le Jehova. Le ka mohla re ke ke ra tseba lintho tsohle ka eena. (Bar. 11:33) Re tla ba le monyetla ebile re tla thabela ho ananela litšobotsi tsa Jehova le ho feta, ka ho sa feleng.—Moek. 3:11.

3. Re tla tšohla’ng sehloohong see?

3 Sehloohong se fetileng re thusitsoe hore re ananele taba ea hore ebe Jehova o oa atameleha ebile ha a leeme. Joale, a re ke re tšohleng litšobotsi tse ling tse peli tsa Jehova tse ratehang—e leng ho fana le kahlolo e molemo. Ha re etsa seo, re tla hlokomela le ho feta hore “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e holim’a mesebetsi eohle ea hae.”—Pes. 145:9.

JEHOVA O FANA KA SEATLA SE BULEHILENG

4. Ho fana e le kannete ho bolela’ng?

4 Ho fana ka seatla se bulehileng ho bolela’ng? Re fumana karabo mantsoeng a Jesu a tlalehiloeng ho Liketso 20:35 a reng: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” Ka polelo eo e bonolo, Jesu o ile a bontša hore na ha e le hantle ho fana ha ’nete ho bolela’ng. Motho ea fanang, o fana ka nako ea hae, matla a hae le maruo a hae a sa khanane e le hore a thuse batho ba bang—’me o etsa seo a thabile. Ka sebele, hore na motho o oa fana kapa che ha hoa itšetleha ka hore na o fana ka mpho  e khōlō hakae, empa ho itšetlehile ka hore na sepheo sa hae ke sefe. (Bala 2 Bakorinthe 9:7.) Ha ho na motho ea fanang ho feta “Molimo [oa rōna] ea thabileng,” Jehova.—1 Tim. 1:11.

5. Jehova o bontša hore o oa fana ka litsela life?

5 Jehova o bontša joang hore o oa fana? O hlokomela batho bohle, ho akarelletsa le ba sa mo rapeleng. Ka sebele, “Jehova o molemo ho bohle.” O “chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Mat. 5:45) Ke ka lebaka leo ha moapostola Pauluse a ne a bua le batho bao eseng balumeli, a ileng a re Jehova “o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.” (Lik. 14:17) Ka sebele, Jehova o fana ka seatla se bulehileng ho batho bohle.—Luka 6:35.

6, 7. (a) Ke bo-mang bao haholo-holo Jehova a thabelang ho ba hlokomela? (b) Fana ka mohlala o bontšang hore na Molimo o hlokomela barapeli ba hae ba tšepahalang joang.

6 Jehova o thabela ho hlokomela haholo-holo barapeli ba hae ba tšepahalang. Morena Davida o ile a re: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.” (Pes. 37:25) Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba ’nile ba bona ha Jehova a ba hlokomela. Nahana ka mohlala ona.

7 Lilemong tse fetileng, Nancy eo e leng mosebeletsi oa nako e tletseng, o ne a e-na le bothata. O re: “Ke ne ke hloka chelete ea rente e kaalo ka R570 eo ke neng ke lokela ho e lefa letsatsing le hlahlamang. Ke ne ke sa tsebe hore na ke tla nka chelete eo hokae. Ke ile ka rapela ka taba eo ’me ka ea mosebetsing moo ke neng ke sebetsa teng ke fepa batho reschorenteng. Mantsiboeeng ao ke ne ke sa lebella ho fumana chelete e ngata eo batho ba ntebohang ka eona kaha ka tloaelo letsatsing leo la beke ho ne ho sa tle bareki ba bangata. Ho makatsang ke hore bareki ba bangata ba ile ba tla reschorenteng letsatsing leo. Ha ke chaisa ’me ke kopanya chelete eo batho ba neng ba ntebohile ka eona, e ne e le R570.” Nancy o kholisehile hore Jehova o ile a mo fa seo a neng a se hloka.—Mat. 6:33.

8. Ke mpho efe e khōlō ka ho fetisisa eo Jehova a fanang ka eona?

8 Ho na le mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Jehova a e fang motho e mong le e mong. Ke efe? Ke sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae. Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Temaneng ena, lentsoe “lefatše” le bolela batho. Ka sebele, mpho ea Jehova e khōlō ka ho fetisisa e ka fumanoa ke motho e mong le e mong ea khethang ho e amohela. Batho ba bontšang tumelo ho Jesu ba tla fumana bophelo bo sa feleng! (Joh. 10:10) Na ho na le bopaki bo fetang boo bo bontšang hore Jehova o fana ka seatla se bulehileng?

 LATELA MOHLALA OA JEHOVA OA HO FANA

Baiseraele ba ile ba khothalletsoa hore ba latele mohlala oa Jehova oa ho fana (Sheba serapa sa 9)

9. Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho fana joang?

 9 Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho fana joang? Jehova ‘o re fa lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele’; kahoo, re lokela ho ‘itokisetsa ho arolelana’ lintho tseo re nang le tsona le batho ba bang, e le hore re ba thabise. (1 Tim. 6:17-19) Re thabela ho sebelisa matlotlo a rōna e le hore re fe batho bao re ba ratang limpho le hore re thuse batho ba hlokang. (Bala Deuteronoma 15:7.) Ke eng e ka re thusang hore re hopole ho fana? Bakreste ba bang ba etsa sena: Nako le nako ha ba fuoa mpho, ba batla monyetla oa hore le bona ba fe motho e mong mpho. Phutheho ea Bokreste e na le bara le barali babo rōna ba bangata ba loanelang ho ba le moea oa ho fana.

10. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho fana ke efe?

10 E ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho fana, ke hore re sebelise nako le matla a rōna hore re thuse batho ba bang re be re ba khothatse. (Bagal. 6:10) E le hore re itlhahlobe hore na ehlile rea fana, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na kea bontša hore ke ikemiselitse ho ipha nako ea batho ba bang le ho ba mamela haeba ba e-na le mathata? Haeba motho e mong a kōpa hore ke mo thuse ka mosebetsi o itseng, na kea lumela haeba nka khona ho mo thusa? Ke qetetse neng ho babatsa setho se seng sa lelapa kapa molumeli-’moho le ’na?’ Haeba re ‘itloaetsa ho fana,’ re tla ba le kamano e haufi le Jehova hammoho le metsoalle ea rōna.—Luka 6:38; Liprov. 19:17.

11. Ke litsela life tse ling tseo ka tsona re ka fang Jehova ka seatla se bulehileng?

 11 Re ka boetse ra fa Jehova ka seatla se bulehileng. Mangolo a re: “Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa.” (Liprov. 3:9) ‘Lintho tseo tsa bohlokoa’ li akarelletsa nako ea rōna, matla a rōna le matlotlo a rōna, tseo re ka li sebelisang ka bolokolohi ha re etsa tšebeletso ea hae. Esita le bana ba banyenyane ba ka ithuta ho fa Jehova ka seatla se bulehileng. Jason o re: “Ha lelapa  la rōna le ntša monehelo Holong ea ’Muso, re fa bana ba rōna chelete hore ba e tšele ka lebokoseng la monehelo. Ba thabela seo, kaha ha ba tšela chelete eo ka lebokoseng, ‘ho na le seo ba se fang Jehova.’” Bana ba thabisoang ke ho fa Jehova ha ba sa le banyenyane, ba ka ’na ba tsoela pele ba fa Jehova ka seatla se bulehileng ha e se e le batho ba baholo.—Liprov. 22:6.

JEHOVA O NA LE KAHLOLO E MOLEMO

12. Ho ba le kahlolo e molemo ho bolela’ng?

12 E ’ngoe ea litšobotsi tsa Jehova tse ratehang ke ho ba le kahlolo e molemo. Ho ba le kahlolo e molemo ho bolela’ng? Lentsoe la Segerike leo hangata le fetoleloang e le “ho ba le kahlolo e molemo” Phetolelong ea Lefatše le Lecha, le bolela ho “tenyetseha.” (Tite 3:1, 2, NW, ftn.) Motho ea nang le kahlolo e molemo ha a tsitlelle ho seo molao o se buang kamehla, ha a thata ebile hase mohatelli. Ho e-na le hoo, o leka ho ba bonolo ha a sebelisana le batho ba bang ’me o nahanela maemo a bona. O ikemiselitse ho mamela batho ba bang ’me ha ho loketse o oa tenyetseha e le hore a etse lintho tseo ba batlang hore a li etse.

13, 14. (a) Jehova o bontša joang hore o na le kahlolo e molemo? (b) Re ka ithuta’ng ka ho ba le kahlolo e molemo mabapi le tsela eo Molimo a ileng a sebelisana le Lota ka eona?

13 Jehova o bontša joang hore o na le kahlolo e molemo? O nahanela maikutlo a bahlanka ba hae, ’me hangata o ba fa seo ba se kōpang. Ka mohlala, nahana kamoo Jehova a ileng a sebelisana le monna ea lokileng e leng Lota kateng. Ha Jehova a se a entse qeto ea ho timetsa metse ea Sodoma le Gomora, o ile a fa Lota taelo e hlakileng ea hore a balehele lithabeng. Leha ho le joalo, Lota o ile a kōpa hore a lumelloe ho balehela sebakeng se seng. Ak’u nahane feela—ha e le hantle Lota o ile a kōpa Jehova hore a fetole litaelo tsa Hae!—Bala Genese 19:17-20.

14 Ho ka ’na ha e-ba bonolo hore motho e mong a ahlole Lota ka hore tumelo ea hae e ne e fokola kapa o ne a sa mamele Molimo. Ha e le hantle, Jehova o ne a ka khona ho pholosa Lota ho sa tsotellehe hore na o hokae, kahoo Lota o ne a se na lebaka la ho tšoha. Leha ho le joalo, Lota o ne a ntse a tšohile, ’me Jehova o ile a hlompha tsela eo a neng a ikutloa ka eona. O ile a lumella Lota hore a balehele motseng oo A neng a rerile ho o timetsa. (Bala Genese 19:21, 22.) Ho hlakile hore Jehova ha a thata ebile hase mohatelli. O oa tenyetseha ebile o na le kahlolo e molemo.

15, 16. Molao oa Moshe o ne o bontša joang hore Jehova o na le kahlolo e molemo? (Sheba setšoantšo se qalong)

15 Nahana kamoo Molao oa Moshe e leng mohlala o mong o bontšang kamoo Jehova a nang le kahlolo e molemo kateng. Haeba Moiseraele e ne e le mofutsana ’me a sa khone ho etsa nyehelo ea konyana kapa pōli, o ne a ka nyehela maebana-khoroana a mabeli kapa maeba a mabeli. Empa ho ne ho etsahala’ng haeba Moiseraele a ne a futsanehile hoo a sa khoneng le ho nyehela maeba a mabeli? Boemong boo, Jehova o ne a lumella Moiseraele eo ea hlokang hore a nyehele phofo e nyenyane. Leha ho le joalo, hlokomela taba ena ea bohlokoa: E ne e sa lokela ho ba phofo feela empa e ne e lokela ho ba “phofo e thumisehileng,” e neng e sebelisoa ha ho e-na le baeti ba bohlokoa. (Gen. 18:6) Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa?—Bala Levitike 5:7, 11.

16 Ak’u nahane u le Moiseraele ’me u futsanehile haholo. Ha u fihla tabernakeleng u nkile phofo e nyenyane eo u il’o etsa nyehelo ka eona, u bona Baiseraele ba ruileng ba tlisitse liphoofolo. U ka ’na oa soabisoa ke sehlabelo sa hao se bonahalang se le senyenyane sa phofo. Joale ebe u oa hopola hore sehlabelo sa hao ke sa bohlokoa mahlong a Jehova. Hobane’ng? Hobane Jehova o ne a hloka hore phofo eo e be ea boleng bo botle. Ha e le hantle, Jehova o ne a re ho Baiseraele ba futsanehileng: ‘Kea hlokomela hore u ke ke ua khona ho fana ka nyehelo e lekanang le ea ba bang, empa ke boetse kea tseba hore seo u mphang sona ke sohle seo u ka se khonang.’ Ka sebele, Jehova o bontša hore o na le kahlolo e molemo ka  hore a nahanele maemo a bahlanka ba hae.—Pes. 103:14.

17. U ka kholiseha hore Jehova o amohela tšebeletso ea mofuta ofe?

 17 Rea khothala kaha rea tseba hore Jehova o na le kahlolo e molemo, ka lebaka leo, o amohela tšebeletso eo re mo etsetsang eona ka moea oohle. (Bakol. 3:23) Morali e mong oabo rōna ea hōlileng oa Motaliana, ea bitsoang Constance o re: “Ho buisana le ba bang ka ’Mōpi oa ka esale e le ntho eo ke e ratang haholo. Ke ka lebaka leo ke ntseng ke tsoela pele ho bolela litaba tse molemo le ho khanna lithuto tsa Bibele. Ka linako tse ling ke utloa bohloko kaha ke sitoa ho etsa ho eketsehileng ka lebaka la bophelo ba ka. Empa kea hlokomela hore Jehova o tseba moo ke fokolang teng ’me o oa nthata ebile o ananela seo ke khonang ho se etsa.”

LATELA MOHLALA OA JEHOVA OA HO BA LE KAHLOLO E MOLEMO

18. Tsela e ’ngoe eo batsoali ba ka latelang mohlala oa Jehova ka eona ke efe?

18 Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho ba le kahlolo e molemo joang? Nahana hape ka tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Lota ka eona. Jehova ke eena ea neng a e-na le matla a hore a bolelle Lota hore na a ee hokae; leha ho le joalo, ka mosa o ile a mamela Lota ha a ntša maikutlo a hae. Hape, Molimo o ile a etsa seo Lota a neng a mo kōpa sona. Haeba u motsoali, na u ka latela mohlala oa Jehova? E ka ba hantle hore u mamele ha bana ba hao ba kōpa ntho e itseng, ’me haeba ho loketse u ba fe seo ba se kōpang. Mabapi le taba ena, Molula-Qhooa oa September 1, 2007, o ile oa bontša hore batsoali ba ka ’na ba akarelletsa bana ha ba etsa melao ea lelapa. Ka mohlala, batsoali ba etsa qeto ea hore na bana ba lokela hore ba be ba fihlile lapeng ka nako mang, ’me ka sebele batsoali ba na le tokelo ea ho etsa seo. Leha ho le joalo, batsoali ba Bakreste ba lokela ho mamela bana ha ba ntša maikutlo a bona mabapi le nako e behiloeng. Ka linako tse ling, batsoali ba ka ’na ba khetha ho fetola nako eo ba e behileng hafeela melao-motheo ea Bibele e sa tlōloe. Batsoali ba ka ’na ba hlokomela hore ha ba nkela maikutlo a bana ba bona hloohong mabapi le melao ea lapeng, ho ba bonolo hore bana ba utloisise melao eo ba be ba e mamele.

19. Baholo ba ka leka hore ba latele mohlala oa Jehova oa ho ba le kahlolo e molemo joang?

19 Baholo ba phutheho ba leka ka matla hore ba latele mohlala oa Jehova oa ho ba le kahlolo e molemo ka hore ba nahanele maemo a balumeli-’moho le bona. Hopola hore Jehova o ile a ananela esita le mahlabelo a Baiseraele ba neng ba futsanehile haholo. Ka ho tšoanang, bara le barali ba bang babo rōna ha ba khone ho sebetsa nako e telele tšebeletsong ea tšimo, mohlomong ka lebaka la mathata a bophelo kapa botsofali. Ke sefe se ka etsoang haeba bara le barali bao babo rōna ba ratehang ba nyahama hobane ba sa khone ho etsa seo ba neng ba ka rata ho se etsa? Ka mosa baholo ba ka ba tiisetsa hore Jehova o oa ba rata kaha ba etsa sohle seo ba ka se khonang.—Mar. 12:41-44.

20. Na ho ba le kahlolo e molemo ho bolela ho etsetsa Molimo tšebeletso e fokolang? Hlalosa.

20 Ke ’nete hore ho ba le kahlolo e molemo ha ho bolele hore re lokela ho etsetsa Molimo tšebeletso e fokolang e le hore feela re ikhauhele. (Mat. 16:22) Ha re batle ho khoehlisa tšebeletsong ea rōna e be re ikemela ka hore re bonahatsa kahlolo e molemo. Ho e-na le hoo, kaofela ha rōna re lokela ho ‘ikitlaetsa ka matla’ ’me re tšehetse mesebetsi e amanang le ’Muso. (Luka 13:24) Ka sebele, re lokela ho leka ka matla hore re lekanyetse lintho hantle. Ka lehlakoreng le leng, re ikitlaetsa ka matla ’me ha re khoehlise tšebeletsong ea rōna. Hape, rea hopola hore ha ho mohla Jehova a batlang hore re etse lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa. Ha re etsa sohle seo re ka se khonang, re ka kholiseha hore o oa thaba. Na ha re thabele ho sebeletsa Monghali eo ea nang le kananelo hammoho le kahlolo e molemo? Sehloohong se latelang, re tla tšohla likarolo tse ling tse peli tsa botho ba Jehova bo ratehang.—Pes. 73:28.

“Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa.”—Liprov. 3:9 (Sheba serapa sa 11)

“Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle.”—Bakol. 3:23 (Sheba serapa sa 17)