Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lumella Taeo ea Jehova Hore e U Bōpe

Lumella Taeo ea Jehova Hore e U Bōpe

“U tla ntsamaisa ka keletso ea hao, ka mor’a moo u tla nkisa khanyeng.”PES. 73:24.

1, 2. (a) Ke lintho life tse tla re thusa hore re be le kamano e ntle le Jehova? (b) Re tla rua molemo joang haeba re hlahlobisisa litlaleho tse ka Mangolong tse bontšang hore na batho ba ile ba etsa’ng ha Molimo a ne a ba laea?

“HA E le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na. Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.” (Pes. 73:28) Ka mantsoe ana mopesaleme o ile a bontša hore o tšepa Molimo. Ke maemo afe a ileng a etsa hore a bue mantsoe ao a matla? Ha mopesaleme a ne a bona khotso eo batho ba khopo ba neng ba e-na le eona, qalong o ile a utloa bohloko haholo. O ile a hooa a re: “Ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.” (Pes. 73:2, 3, 13, 21) Leha ho le joalo, ha a kena ka “sehalalelong se seholo sa Molimo,” o ile a ba boemong bo ileng ba mo thusa hore a lokise tsela eo a neng a nahana ka eona e le hore a ka lula a e-na le kamano e haufi le Molimo. (Pes. 73:16-18) Boemo bona bo ile ba ruta monna eo ea tšabang Molimo thuto ea bohlokoa haholo ea hore: E le hore motho a be le kamano e haufi le Jehova, ho hlokahala hore a be har’a bahlanka ba Molimo, a amohele keletso a be a e sebelise.—Pes. 73:24.

2 Le rōna re batla ho ba le kamano e haufi le Molimo oa ’nete le ea phelang. E le hore re finyelle seo, ke habohlokoa hore re lumelle keletso ea hae kapa taeo ea hae hore e re bōpe e le hore re ka mo khahlisa! Nakong e fetileng, ka mohau Molimo o ile a fa bahlanka ba hae hammoho le lichaba monyetla oa hore ba amohele taeo ea hae. Litlaleho tse bontšang hore na ba ile ba etsa’ng ha a ba laea li tlalehiloe ka Bibeleng e le hore li ka “re laea” le hore e be “temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.” (Bar. 15:4; 1 Bakor. 10:11) Haeba re nahanisisa ka litlaleho tsena, li tla re thusa hore re utloisise botho ba Jehova le ho re bontša hore na re ka rua molemo joang ha re bōptjoa ke eena.

 KAMOO SEBŌPI SE SEBELISANG BOLAOLI KATENG

3. Ho Esaia 64:8 le ho Jeremia 18:1-6, Bibele e hlalosa bolaoli boo Jehova a nang le bona holim’a batho joang? (Sheba setšoantšo se qalong)

3 Ha Esaia 64:8 e hlalosa bolaoli boo Jehova a nang le bona holim’a batho le lichaba ka tsela ea tšoantšetso, e re: “Jehova, u Ntat’a rōna. Re letsopa, ’me u Sebōpi sa rōna; kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao.” Sebōpi se na le matla a feletseng a ho bōpa sejana sa mofuta ofe kapa ofe seo se batlang ho se bōpa. Letsopa le ke ke la bolella sebōpi hore na se bōpe eng. Ke ntho e tšoanang ka batho le Molimo. Batho ha ba na tokelo ea ho pheha khang le Molimo hore na a ba bōpe joang joalokaha letsopa le ke ke la bolella sebōpi hore na se etse pitsa kapa sejana se joang.—Bala Jeremia 18:1-6.

4. Na Molimo o qobella batho kapa lichaba ho bōptjoa ke eena? Hlalosa.

4 Jehova o bontšitse ka Iseraele ea boholo-holo hore o na le matla a ho etsa seo sebōpi se se etsang ka letsopa. Empa ho na le phapang e khōlō. Sebōpi se ka etsa sejana sa mofuta ofe kapa ofe seo se ka khonang ho se etsa ka khoabi ea letsopa. Na Jehova o qobella batho kapa lichaba ho bōpeha ka tsela e itseng ka hore a etse ba bang ba lokile ba bang ba le khopo? Bibele ha e lumellane le seo. Jehova o file batho mpho ea bohlokoa haholo—e leng mpho ea ho ikhethela. Ha a sebelise matla a hae a ho busa ka tsela e tla etsa hore mpho eo ea hae e se ke ea tsoela batho molemo. Batho ba lokela ho ikhethela ho bōptjoa ke ’Mōpi oa bona, e leng Jehova.—Bala Jeremia 18:7-10.

5. Jehova o etsa’ng ha batho ba hana ho bōptjoa ke eena?

5 Ho etsahala’ng haeba batho ba hana ho bōptjoa ke Sebōpi se Seholo? Molimo o sebelisa bolaoli ba hae joang? Nahana hore na ho etsahala’ng haeba letsopa le sa tšoanelehe ho etsa ntho eo sebōpi se batlang ho e etsa. Sebōpi se ka etsa sejana se seng se fapaneng kapa se hle se le lahle! Leha ho le joalo, hangata ha letsopa le se na thuso ke sebōpi se molato. Ha ho na mohla seo se etsahalang ka Sebōpi sa rōna. (Deut. 32:4) Ha motho a sa ikokobeletse hore a bōptjoe ke Jehova, kamehla motho eo ke eena ea molato. Jehova o fetola tsela eo a bōpang batho ka eona ho itšetlehile ka hore na ba itšoara joang ha a ba bōpa. Batho ba mo mamelang ba rua molemo. Ka mohlala, Bakreste ba tlotsitsoeng ke ‘lijana tsa mohau’ tse bōpetsoeng hore e be ‘lijana bakeng sa tšebeliso e hlomphehang.’ Ka lehlakoreng le leng, batho ba hanyetsang Molimo ka manganga ba fetoha “lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso.”—Bar. 9:19-23.

6, 7. Morena Davida le Morena Saule ba ile ba itšoara ka tsela e fapaneng joang ha Jehova a ne a ba fa keletso?

 6 Tsela e ’ngoe eo Jehova a bōpang batho ka eona ke ka ho ba fa keletso kapa taeo. Re ka hlokomela kamoo a ileng a bontša bolaoli kateng holim’a batho bao a ileng a ba bōpa ka hore re nahane ka marena a mabeli a pele a Iseraele—e leng Saule le Davida. Ha Morena Davida a ne a etsa bofebe le Bathe-sheba, lintho tseo a ileng a li etsa li ile tsa mo bakela mahlomola hammoho le batho ba bang. Le hoja Davida e ne e le morena, Jehova o ile a mo khalemela ka matla. Molimo o ile a roma moprofeta oa hae Nathane ho Davida hore a mo isetse molaetsa o matla. (2 Sam. 12:1-12) Davida o ile a etsa’ng? O ile a ikoahlaea eaba o oa baka. Molimo o ile a mo hauhela.—Bala 2 Samuele 12:13.

 7 Ho fapana le hoo, morena ea busitseng pele ho Davida, e leng Morena Saule, o ile a hana ho mamela keletso. Jehova o ile a fa Saule taelo e tobileng a sebelisa moprofeta Samuele: Timetsa Baamaleke kaofela hammoho le mehlape ea bona. Saule ha aa ka a mamela taelo eo e neng e tsoa ho Molimo. Ha aa ka a timetsa morena e leng Agage hammoho le liphoofolo tse ntlehali. Hobane’ng? Hobane o ne a batla ho itlotlisa. (1 Sam. 15:1-3, 7-9, 12) Ha Saule a ne a  eletsoa, a ka be a ile a nolofatsa pelo ea hae e le hore a bōptjoe ke Sebōpi se Seholo. Ho e-na le hoo, o ile a hana ho bōptjoa. O ile a ikemela. O ile a ikarabella ’me a re ha aa etsa phoso hobane Molimo o ne a ka etsetsoa sehlabelo ka liphoofolo tseo, kahoo, o ile a khella keletso ea Samuele fatše. Jehova o ile a lahla Saule e le morena ’me Saule ha aa ka a hlola a e-ba le kamano e ntle le Molimo oa ’nete.—Bala 1 Samuele 15:13-15, 20-23.

Saule o ile a khella keletso fatše a ba a e hana. O ile a hana ho bōptjoa! (Sheba serapa sa 7)

Davida o ile a ikoahlaea eaba o amohela keletso. O ile a lumella Molimo hore a mo bōpe. Na le uena u etsa se tšoanang? (Sheba serapa sa 6)

MOLIMO HA A LEEME

8. Re ithuta’ng tseleng eo sechaba sa Iseraele se ileng sa itšoara ka eona ha Jehova a ne a se bōpa?

8 Jehova ha a fe batho ka bomong feela monyetla oa hore ba lumele ho bōptjoa ke eena empa o boetse o fa le lichaba monyetla oo. Ka selemo sa 1513 B.C.E., bara ba Iseraele ba ile ba lopolloa botlamuoeng Egepeta, ’me ba kena selekaneng le Molimo. Iseraele e ne e le sechaba sa Molimo seo a se khethileng ’me se ne se e-na le tlotla ea ho bōptjoa ke eena joalokaha eka se bōpeloa lebiling la Sebōpi se Seholo. Leha ho le joalo, sechaba seo se ile sa tsoela pele se etsa se sebe mahlong a Jehova se bile se rapela le melimo ea lichaba tse neng li se potolohile. Nako le nako Jehova o ne a romela baprofeta ho sona hore ba se khutlisetse tseleng e nepahetseng empa sechaba seo sa Iseraele ha sea ka sa mamela. (Jer. 35:12-15) Kaha Baiseraele ba ne ba le manganga, ba ile ba lokela ho khalemeloa ka matla. Joaloka sejana se lokelang ho senngoa, ’muso o ka leboea oa Iseraele oa meloko e leshome o ile oa hlōloa ke Baassyria ntoeng ’me ’muso o ka boroa oa meloko e ’meli o ile oa hlōloa ke Bababylona. Ruri seo ke thuto e matla ho rōna! Ho bōptjoa ke Jehova ho tla re tsoela molemo hafeela re lumela hore a re bōpe.

9, 10. Baninive ba ile ba etsa’ng ha Molimo a ne a ba lemosa?

 9 Jehova o ile a boela a fa sechaba se neng se le Ninive, e leng motse-moholo oa Assyria monyetla oa hore se bake. Lentsoe la hae le ile la hlaha ho Jonase, la re: “Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse khahlanong le eona hore bobe ba bona bo nyolohetse ka pel’a ka.” Ninive e ne e lokela ho timetsoa.—Jon. 1:1, 2; 3:1-4.

10 Leha ho le joalo, ha Jonase a ba bolella hore ba tl’o timetsoa, “batho ba Ninive ba [ile] ba qala ho beha tumelo ho Molimo, eaba ba phatlalatsa hore ho itingoe lijo ’me ho aparoe lesela la mokotla, ho tloha ho e moholo ho bona esita le ho ea ho e monyenyane ho bona.” Morena oa bona o ile “a ema teroneng ea hae ’me a hlobola seaparo sa hae se khethehileng eaba o ikoahela ka lesela la mokotla ’me o lula fatše moloreng.” Baninive ba ile ba lumela ho bōptjoa ke Jehova ’me ba baka. Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a ba tlisetsa tlokotsi.—Jon. 3:5-10.

11. Ke tšobotsi efe ea Jehova e ileng ea hlahella ha a ne a sebelisana le sechaba sa Iseraele le sa Ninive?

11 Baiseraele ba ile ba khalemeloa le hoja e ne e le sechaba sa Molimo se khethehileng. Ka lehlakoreng le leng Baninive ba ne ba se selekaneng le Molimo. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a laela hore ba bolelloe molaetsa oa kahlolo ’me o ile a ba bontša mohau ha ba ne ba bontša hore ba tšoana le letsopa le bonolo matsohong a hae. Ruri mehlala ena e ’meli e bontša ka ho hlaka hore Jehova Molimo oa rōna ‘ha a tšoare le ea mong ka leeme’!—Deut. 10:17.

JEHOVA O OA NAHANELA EBILE O FETOHA LE MAEMO

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a fetola kahlolo ea hae ha batho ba lumela hore a ba bōpe? (b) Taba ea hore ebe Jehova o ile “a ikutloa a soabile” e ne e bolela’ng mabapi le Saule le mabapi le Ninive?

12 Tsela eo Molimo a ikemiselitseng ho re bōpa ka eona e bontša hore o oa nahanela ebile o fetoha le maemo. Seo se bonahala ha Jehova a ne a rerile ho nkela batho bohato bo itseng ho latela toka ea hae empa ebe o fetola monahano oa hae ha a bona ba fetola boitšoaro ba bona. Mabapi le morena oa pele oa Iseraele, Mangolo a bontša hore Jehova o ne ‘a soabile hore ebe o entse hore Saule a buse e le morena.’ (1 Sam. 15:11) Ha sechaba sa Ninive se baka ’me se furalla litsela tsa sona tse mpe, Bibele e re: “Molimo oa ’nete a ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a buile hore o tla ba bakela eona; ’me ha aa ka a e baka.”—Jon. 3:10.

13 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “a ikutloa a soabile,” ha e le hantle le bolela ho fetola maikutlo kapa boikemisetso. Le hoja Jehova a ne a kile a amohela Saule a ba a mo khetha hore e be morena, qetellong o ile a mo lahla. Sena ha sea ka sa etsahala hobane Jehova a ne a entse phoso ka ho khetha Saule, empa se ile sa etsahala hobane Saule a ile a etsa lintho ka tsela e bontšang hore ha a na tumelo ’me a se ke a mamela Jehova. Molimo oa ’nete o ile a ikutloa a soabile le ha a ne a sebetsana le Baninive; e leng hore o ile a fetola seo a neng a ikemiselitse ho se etsa ka bona. Ruri hoa khothatsa ho tseba hore Jehova, e leng Sebōpi sa rōna o oa nahanela ebile o fetoha le maemo, o mosa ebile o mohau ’me o ikemiselitse ho fetola kahlolo ea hae haeba batho ba phelang ka tsela e sa mo khahliseng ba fetoha!

A RE SE KENG RA HANA TAEO EA JEHOVA

14. (a) Jehova o re bōpa joang kajeno? (b) Re lokela ho etsa’ng ha Molimo a re bōpa?

14 Lintho tse ka sehloohong tseo Jehova a re bōpang ka tsona kajeno, ke Lentsoe la hae e leng Bibele le mokhatlo oa hae. (2 Tim. 3:16, 17) Na ha rea lokela ho amohela keletso kapa taeo efe kapa efe eo re e fumanang ka litsela tsee? Ho sa tsotellehe hore na re se re e-na le nako e kae re kolobelitsoe kapa hore na re bile le likabelo tse kae ka phuthehong, re lokela ho tsoela pele re amohela keletso ea Jehova ’me re e lumelle hore e re bōpe e le hore re ka ba lijana bakeng sa tšebeliso e hlomphehang.

15, 16. (a) Motho a ka ’na a ba le maikutlo afe a nyahamisang ha taeo eo a e fuoang e akarelletsa ho lahleheloa ke likabelo ka phuthehong? Fana ka mohlala. (b) Ke eng e ka re thusang ho sebetsana le maikutlo a nyahamisang ao motho a bang le ’ona ha a fuoe taeo?

 15 Re ka fuoa taeo ka mokhoa oa taelo kapa khalemelo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling re ka ’na ra hloka ho fuoa taeo hobane re entse ntho e fosahetseng. Taeo eo e ka ’na ea akarelletsa hore re lahleheloe ke likabelo tseo re nang le tsona ka phuthehong. Nahana ka mohlala oa Dennis * eo e neng e le moholo. O ile a etsa phoso ka lebaka la ho etsa qeto e booatla litabeng tsa khoebo ’me o ile a khalemeloa. Dennis o ile a ikutloa joang bosiung boo ho neng ho phatlalatsoa phuthehong hore ha e sa le moholo? O re: “Ke ile ka utloa ke hlōlehile haholo bophelong. Lilemong tse 30 tse fetileng, ke ne ke ile ka fumana likabelo tse ngata ka phuthehong. Ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla, ka sebeletsa Bethele, ka khethoa hore ke be mohlanka ea sebeletsang qetellong ka ba moholo. Ke ne ke boetse ke sa tsoa beha puo ea ka ea pele kopanong ea setereke. Ka ho panya ha leihlo likabelo tseo li ile tsa ea kaofela. Ntle le ho hlajoa ke lihlong le ho ikutloa ke tlotlolohile, ke ne ke utloa eka ha ho sa na karolo eo nka e phethang mokhatlong oa Jehova.”

16 Dennis o ile a tlameha ho fetola tsela eo a neng a phela ka eona ’me a furalle lintho tse mpe tseo a ileng a khalemeloa ka lebaka la tsona. Ke eng e ileng ea mo thusa hore a sebetsane le maikutlo a nyahamisang ao a neng a e-na le ’ona? O re: “Ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele ke etsa lintho tse tla etsa hore ke lule ke le matla moeeng. Tšehetso e tsoang ho bara le barali babo rōna le khothatso e tsoang ka har’a lingoliloeng tsa rōna le eona e ne e le ea bohlokoa. Sehlooho se reng, ‘Na U Kile Ua Sebeletsa? Na U ka Sebeletsa Hape?’ se Molula-Qhooeng oa August 15, 2009, e ne e ka ke lengolo leo ke le ngoletsoeng le arabelang lithapelo tsa ka. Keletso eo ke ileng ka e rata haholo ke e reng, ‘Ha u sa ntse u se na boikarabelo bo itseng ka phuthehong, tsepamisa kelello ea hao tabeng ea ho tiisa kamano ea hao le Jehova.’” Taeo eo e ruisitse Dennis molemo joang? Ka mor’a lilemo tse ’maloa o re, “Jehova o boetse o ntlhohonolofalitse ka hore ke sebeletse ke le mohlanka ea sebeletsang.”

17. Ho khaoloa ho ka thusa moetsalibe joang hore a bake? Fana ka mohlala.

17 Ho khaoloa ke tsela e ’ngoe eo Jehova a re laeang ka eona. Ho sireletsa phutheho tšusumetsong e mpe ’me ho ka thusa motho ea entseng sebe hore a bake. (1 Bakor. 5:6, 7, 11) Robert o ile a khaoloa ka lilemo tse ka bang tse 16, ’me nakong eo batsoali ba hae le bana babo ba ile ba latela tataiso e ka Lentsoeng la Molimo ka tieo le ka botšepehi ea hore ba khaotse ho itsoakanya le ho lumelisa baetsalibe. Robert o se a e-na le lilemo tse ’maloa a khutliselitsoe ka phuthehong ’me hona joale o tsoela pele hantle moeeng. Ha a botsoa hore na ke eng e mo susumelitseng hore a khutlele ho Jehova le phuthehong ea Hae, o re o ile a angoa ke hore ebe lelapa labo le ile la ema le tiile. O phaella ka ho re: “Hoja ebe lelapa leso le ile la ikopanya le ’na esita le hanyenyane feela le haeba e ne e le hore feela ba utloe hore na ke ntse ke e-ea joang, seo se ka be se ile sa nkhotsofatsa ’me mohlomong nka be ke sa ka ka susumetsoa ke letho hore ke khutlele ho Molimo.”

18. Re lokela ho ba letsopa la mofuta ofe matsohong a Sebōpi se Seholo?

18 Ho ka ’na ha se ke ha hlokahala hore re fuoe taeo e tšoanang le eo, empa re tla ba letsopa la mofuta ofe matsohong a Sebōpi se Seholo? Re tla etsa’ng ha re fuoa taeo? Na re tla tšoana le Davida kapa le Saule? Sebōpi se Seholo ke Ntate oa rōna. Le ka mohla u se ke ua lebala hore “Jehova o khalemela eo a mo ratang, feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.” Kahoo, “u se ke ua lahla taeo ea Jehova; ’me u se ke ua nyonya khalemelo ea hae.”—Liprov. 3:11, 12.

^ ser. 15 Mabitso a fetotsoe.