Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Re Bolelle, Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?”

“Re Bolelle, Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?”

“Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—MAT. 24:3.

1. Joaloka baapostola, re labalabela ho tseba’ng?

JESU o ne a le mothating oa ho phethela tšebeletso ea hae mona lefatšeng ’me barutuoa ba hae ba ne ba labalabela ho tseba hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Kahoo, matsatsi a seng makae pele ho lefu la hae, baapostola ba hae ba bane ba ile ba mo botsa ba re: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Mat. 24:3; Mar. 13:3) Jesu o ile a ba araba ka ho ba bolella boprofeta bo bongata bo tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 24 le ea 25. Boprofeteng boo, Jesu o ile a bolela esale pele ka liketsahalo tse ngata tsa bohlokoa. Mantsoe a hae ke a bohlokoa haholo ho rōna hobane le rōna re labalabela ho tseba hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang.

2. (a) Ha lilemo li ntse li feta re ’nile ra batla ho fumana kutloisiso e hlakileng mabapi le eng? (b) Ke lipotso life tse tharo tseo re tla li tšohla?

2 Ka nako e telele bahlanka ba Jehova ba ’nile ba ithuta boprofeta ba Jesu bo buang ka matsatsi a ho qetela ba ba ba rapela hore Molimo a ba thuse ho bo utloisisa. Ba ’nile ba batla ho fumana kutloisiso e hlakileng haholoanyane mabapi le hore na lintho tseo Jesu a buileng ka tsona li phethahala neng. E le hore re hlokomele kamoo kutloisiso ea rōna e ’nileng ea hlakisoa kateng, a re ke re tšohleng lipotso tse tharo tse mabapi le hore na lintho tseo li etsahala “neng.” “Matšoenyeho a maholo” a qala neng? Jesu o ahlola “linku” le “lipōli” neng? Jesu o “fihla” kapa o tla neng?—Mat. 24:21; 25:31-33.

MATŠOENYEHO A MAHOLO A QALA NENG?

3. Nakong e fetileng, re ne re utloisisa hore matšoenyeho a maholo a ne a tla qala neng?

3 Ka lilemo tse ngata re ’nile ra nahana hore matšoenyeho a maholo a qalile ka 1914 ha ho ne ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše, le hore Jehova o ile a ‘khutsufatsa matsatsi ao’ ka 1918 ha ntoa e ne e fela e le hore masala a ka ba le monyetla oa ho bolela litaba tse molemo lichabeng tsohle. (Mat. 24:21, 22) Ha mosebetsi oo oa boboleli o phethiloe, ’muso oa Satane o ne o tla timetsoa. Kahoo, ho ne  ho lumeloa hore matšoenyeho a maholo a na le mekhahlelo e meraro: A ne a tla qala ka (1914-1918), a ne a tla khaoletsoa (ho tloha ka 1918 ho ea pele), ’me a ne a tla qetella ka Armagedone.

4. Ke leseli lefe le entseng hore ho be le kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea boprofeta ba Jesu bo mabapi le matsatsi a ho qetela?

4 Leha ho le joalo, ha re hlahlobisisa boprofeta ba Jesu, rea hlokomela hore karolo ea boprofeta ba Jesu bo buang ka matsatsi a ho qetela e phethahala ka litsela tse peli. (Mat. 24:4-22) Bo phethahetse lekhetlo la pele Judea lekholong la pele la lilemo C.E. ’me bo ne bo tla phethahala lefatšeng lohle mehleng ea rōna. Leseli leo le entse hore ho be le lintho tse ngata tse hlakisoang. *

5. (a) Ke nako efe e boima e ileng ea qala ka 1914? (b) Nako eo ea mahlomola e tšoana le nako efe ea lekholong la pele la lilemo C.E.?

5 Hape, re ile ra hlokomela hore karolo e qalang ea mahlomola a maholo ha e ea qala ka 1914. Hobane’ng? Hobane boprofeta ba Bibele bo bontša hore mahlomola a maholo a ke ke a qala ka hore lichaba li loantšane empa a tla qala ka ho hlaseloa ha bolumeli ba bohata. Kahoo, liketsahalo tse ileng tsa qala ka 1914 e ne e se tšimoloho ea matšoenyeho a maholo empa e ne e le “tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” (Mat. 24:8) “Bohloko [bona] ba mahlomola” bo tšoana le se ileng sa etsahala Jerusalema le Judea ho tloha ka 33 C.E. ho fihlela ka 66 C.E.

6. Re tla bona ka eng ha matšoenyeho a maholo a qala?

6 Re tla bona ka eng ha matšoenyeho a maholo a qala? Jesu o ile a bolela esale pele a re: “Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi, joalokaha e boletsoe ka moprofeta Daniele, e eme sebakeng se halalelang, (’mali a ke a sebelise temoho,) joale ba leng Judea ba qale ho balehela lithabeng.” (Mat. 24:15, 16) Ha boprofeta bo ne bo phethahala ka lekhetlo la pele, ho ‘ema sebakeng se halalelang’ ho ile ha etsahala ka 66 C.E. ha mabotho a Roma (“ntho e nyonyehang”) a ne a hlasela Jerusalema le tempele ea eona (sebaka se halalelang mahlong a Bajuda). Ha boprofeta boo bo phethahala ka tsela e khōloanyane, ho ‘ema’ ho tla qala ha  Machaba a Kopaneng (“ntho e nyonyehang” ea mehleng ena) a hlasela Bokreste-’mōtoana (bo halalelang mahlong a batho ba ipolelang hore ke Bakreste) hammoho le karolo eohle e setseng ea Babylona e Moholo. Tlhaselo e tšoanang le eo e hlalositsoe ho Tšenolo 17:16-18. Ketsahalo eo e tla ba tšimoloho ea mahlomola a maholo.

7. (a) ‘Nama e ile ea pholoha’ joang lekholong la pele la lilemo? (b) Re ka lebella hore ho tla etsahala’ng nakong e tlang?

7 Jesu o ile a boela a bolela esale pele, a re: “Matsatsi ao a tla khutsufatsoa.” Ho phethahala ha boprofeta boo ka lekhetlo la pele ho ile ha etsahala ka 66 C.E. ha makhotla a Roma a ne a ‘khutsufatsa’ tlhaselo ea ’ona. Ka mor’a moo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba Jerusalema le Judea ba ile ba baleha e le hore ‘nama ea bona kapa bophelo, e ka pholoha.’ (Bala Matheu 24:22; Mal. 3:17) Kahoo, re ka lebella hore ho tla etsahala’ng nakong ea mahlomola a maholo a tlang? Jehova o tla ‘khutsufatsa’ tlhaselo ea Machaba a Kopaneng bolumeling ba bohata, e le hore bolumeli ba ’nete bo se ke ba timetsoa hammoho le ba bohata. Sena se tla tiisa hore bahlanka ba Molimo baa pholoha.

8. (a) Ke lintho life tse tla etsahala ha mokhahlelo oa pele oa mahlomola a maholo o se o fetile? (b) Kamoo ho bonahalang kateng, setho sa ho qetela sa ba 144 000 se tla fumana moputso oa sona oa ho ea phela leholimong neng? (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.)

 8 Ho tla etsahala’ng ka mor’a hore mokhahlelo oa pele oa mahlomola a maholo o fete? Mantsoe a Jesu a bontša hore ho na le nako e tla feta pele Armagedone e qala. Ke lintho life tse tla etsahala nakong eo? Karabo ea potso eo e tlalehiloe ho Ezekiele 38:14-16 le ho Matheu 24:29-31. (E bale.) * Ka mor’a moo, ntoa ea Armagedone e tla qala, e leng sehlohlolo sa mahlomola a moholo ’me ntoa eo e tšoana le ha Jerusalema e ne e timetsoa ka 70 C.E. (Mal. 4:1) Mahlomola a maholo a tlang a tla ikhetha ’me a tla fihla sehlohlolong ka Armagedone—e leng ketsahalo eo ‘e kang eona e e-s’o ka e e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše.’ (Mat. 24:21) Ha Armagedone e se e fetile, Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete e tla qala.

9. Boprofeta ba Jesu bo buang ka matšoenyeho a maholo bo ama bahlanka ba Jehova joang?

 9 Boprofeta bona bo buang ka mahlomola a maholo boa re matlafatsa. Hobane’ng? Hobane bo re tiisetsa hore ho sa tsotellehe hore na ke mathata afe ao re ka ’nang ra thulana le ’ona, bahlanka ba Jehova e le sehlopha ba tla pholoha mahlomola a maholo. (Tšen. 7:9, 14) Ka holimo ho tsohle, rea thaba hobane ka Armagedone Jehova o tla tlosa qoso bobusing ba hae ’me a halaletse lebitso la hae le halalelang.—Pes. 83:18; Ezek. 38:23.

JESU O AHLOLA LINKU LE LIPŌLI NENG?

10. Nakong e fetileng re ne re nahana hore linku le lipōli li tla ahloloa neng?

10 Joale, ak’u nahane ka karolo e ’ngoe ea boprofeta ba Jesu—e leng papiso ea ho ahloloa ha linku le lipōli. (Mat. 25:31-46) Pele re ne re nahana hore ho ahlola batho ka hore na ke linku kapa ke lipōli ho ne ho tla etsahala matsatsing a ho qetela, ho tloha ka 1914 ho ea pele. Re ne re fihletse qeto ea hore batho ba sa amoheleng molaetsa oa ’Muso ’me ba shoa pele matšoenyeho a maholo a qala, ba tla shoa e le lipōli ba se na tšepo ea tsoho.

11. Ke hobane’ng ha e ke ke eaba ho ahlola batho ka hore na ke linku kapa ke lipōli ho qalile ka 1914?

11 Hoo e ka bang ka 1995, Molula-Qhooa o ile oa boela oa hlahloba Matheu 25:31, e reng: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang.” Ho ile ha hlokomeloa hore Jesu e bile Morena oa ’Muso oa Molimo ka 1914, empa ha aa ka a “lula teroneng ea hae e khanyang” e le Moahloli oa “lichaba tsohle.” (Mat. 25:32; bapisa le Daniele 7:13.) Leha ho le joalo, papiso ea linku le lipōli e hlalosa Jesu e le Moahloli. (Bala Matheu 25:31-34, 41, 46.) Kaha Jesu e ne e-s’o ka e-ba Moahloli oa lichaba tsohle ka 1914, e ke ke eaba o ne a se a qalile ho ahlola batho ho ea ka hore na ke linku kapa ke lipōli ka selemo seo. * Joale Jesu o qala ho ahlola neng?

12. (a) Jesu e tla ba Moahloli oa lichaba tsohle ka lekhetlo la pele neng? (b) Ke liketsahalo life tseo ho buuoang ka tsona ho Matheu 24:30, 31 le Matheu 25:31-33, 46?

 12 Boprofeta ba Jesu bo buang ka matsatsi a ho qetela bo bontša hore e tla ba Moahloli oa lichaba tsohle ka lekhetlo la pele ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo timetsoe. Joalokaha ho boletsoe  serapeng sa 8, tse ling tsa lintho tse tla etsahala nakong eo li tlalehiloe ho Matheu 24:30, 31. Ha u hlahloba litemana tseo, u tla hlokomela hore Jesu o bolela esale pele ka liketsahalo tse tšoanang le tseo a buang ka tsona papisong ea linku le lipōli. Ka mohlala, Mora motho o fihla ka khanya ’me mangeloi a na le eena; batho ba meloko eohle le ba lichaba tsohle baa bokelloa; ba ahloloang ka hore ke linku ba ‘phahamisa lihlooho’ kaha ba tla fumana ‘bophelo bo sa feleng.’ * Ba ahloloang ka hore ke lipōli ba “ikotla ka lebaka la ho lla,” kaha baa hlokomela hore ba ea “phelisong e sa feleng.”—Mat. 25:31-33, 46.

13. (a) Jesu o tla ahlola batho hore na ke linku kapa ke lipōli neng? (b) Ho ba le kutloisiso eo ho ama tsela eo re talimang mosebetsi oa rōna oa boboleli ka eona joang?

13 Kahoo, joale re ka fihlela qeto efe? Jesu o tla ahlola batho ba lichaba tsohle hore ke linku kapa ke lipōli ha a tla nakong ea matšoenyeho a maholo. Joale, ka Armagedone, e leng nako eo ka eona matšoenyeho a maholo a tla be a le sehlohlolong, batho bao e kang ke lipōli ba tla ‘felisoa’ ka ho sa feleng. Ho ba le kutloisiso eo ho ama tsela eo re talimang mosebetsi oa rōna oa boboleli ka eona joang? Ho re thusa hore re hlokomele hore na mosebetsi oa rōna oa boboleli ke oa bohlokoa hakae. Pele matšoenyeho a maholo a qala, batho ba ntse ba e-na le monyetla oa ho fetola tsela eo ba nahanang ka eona ’me ba qale ho tsamaea tseleng e patisaneng e “isang bophelong.” (Mat. 7:13, 14) Ke ’nete hore hona joale batho ba ka ’na ba bonahatsa mekhoa e kang ke linku kapa ke lipōli. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore kahlolo ea ho qetela ea hore na batho ke linku kapa ke lipōli e tla etsoa nakong ea matšoenyeho  a maholo. Ka lebaka leo, re na le lebaka le utloahalang la hore re tsoele pele re fa batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng monyetla oa hore ba mamele molaetsa oa ’Muso ba be ba nke bohato ka oona.

Pele matšoenyeho a maholo a qala, batho ba ntse ba e-na le monyetla oa ho fetola tsela eo ba nahanang ka eona (Sheba serapa sa 13)

JESU O FIHLA NENG KAPA O TLA NENG?

14, 15. Ke litemana life tse buang ka ho tla ha Kreste nakong e tlang e le Moahloli?

 14 Na ho boela re hlahloba boprofeta ba Jesu ho bontša hore kutloisiso ea rōna mabapi le hore na liketsahalo tse ling tsa bohlokoa li tla etsahala neng e lokela ho lokisoa? Boprofeta boo ka bo bona bo fana ka karabo. A re ke re boneng hore na bo fana ka eona ka tsela efe.

15 Karolong ea boprofeta ba Jesu bo tlalehiloeng ho Matheu 24:29–25:46, o bua haholo ka se tla etsahala matsatsing ana a ho qetela le nakong ea matšoenyeho a maholo a tlang. Moo, Jesu o bua ka makhetlo a robeli ka ‘ho tla’ kapa ho fihla ha hae. * Mabapi le matšoenyeho a maholo o re: ‘Ba tla bona Mor’a motho a tla ka maru.’ “Ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.” “Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.” Hape, papisong ea hae ea linku le lipōli, Jesu o re: “Mor’a motho [o] fihla ka khanya ea hae.” (Mat. 24:30, 42, 44; 25:31) Litemana tsena tse ’nè tse buang ka ho tla kapa ho fihla ha Kreste, li bua ka ho tla ha hae nakong e tlang e le Moahloli. Ke hokae moo boprofeta ba Jesu bo buang ka makhetlo a mang a mane a setseng?

16. Ke litemaneng life tse ling moo ho buuoang ka ho tla ha Jesu?

16 Mabapi le lekhoba le tšepahalang le le masene, Jesu o re: “Ho thaba lekhoba leo haeba mong’a lona ha a fihla [“ha a tla,” NW, ftn.] a le fumana le etsa joalo.” Papisong ea baroetsana, Jesu o re: “Ha ba tloha ba il’o reka, monyali a fihla [“a tla,” Kingdom Interlinear].” Papisong ea litalenta, Jesu o re: “Ka mor’a nako e telele mong’a makhoba ao a fihla.” Hona papisong eo, mong’a makhoba ao o re: “Ha ke fihla [“ha ke se ke tlile,” Int] ke ne ke tla be ke amohela seo e leng sa ka.” (Mat. 24:46; 25:10, 19, 27) Liketsahalo tsee tse ’nè tsa ho tla ha Jesu li bua ka nako efe?

17. Re ’nile ra re’ng ka ho fihla hoo ho buuoang ka hona ho Matheu 24:46?

17 Nakong e fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ’nile tsa bolela hore makhetlong ana a mane ho buuoa ka ho fihla kapa ho tla ha Jesu ka 1918. Ka mohlala, nahana ka polelo ea Jesu moo a buang ka “lekhoba le  tšepahalang le le masene.” (Bala Matheu 24:45-47.) Re ne re utloisisa hore ho “fihla” hoo ho buuoang ka hona temaneng ea 46 ho ne ho amana le nako ea ha Jesu a e-tla ho tla hlahloba boemo ba moea ba batlotsuoa ka 1918, le hore ho behoa ha lekhoba leo hore le okamele lintho tsohle tsa Monghali ho etsahetse ka 1919. (Mal. 3:1) Leha ho le joalo, ha re ntse re hlahlobisisa boprofeta ba Jesu, rea hlokomela hore ho hlokahala hore tsela eo re utloisisang nako ea ho etsahala ha lintho tse ling tseo Jesu a buang ka tsona boprofeteng boo e lokisoe. Hobane’ng?

18. Ho hlahloba boprofeta ba Jesu ka kakaretso ho etsa hore re fihlele qeto efe ka ho tla ha hae?

18 Litemaneng tse etellang pele Matheu 24:46, hohle moo poleloana “ho tla” e hlahang teng e bua ka nako ea ha Jesu a tla ho tla phatlalatsa le ho liha kahlolo nakong ea matšoenyeho a maholo. (Mat. 24:30, 42, 44) Hape, joalokaha re bone  serapeng sa 12, ho “fihla” ha Jesu hoo ho buuoang ka hona ho Matheu 25:31 ho bua ka eona nako eo ea kahlolo e tlang. Kahoo, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore ho fihla ha Jesu a tlil’o beha lekhoba le tšepahalang hore le okamele lintho tsohle tsa hae hoo ho buuoang ka hona ho Matheu 24:46, 47, ho boetse ho amana le ho tla ha hae nakong e tlang, nakong ea matšoenyeho a maholo. * Ka sebele, ha re hlahloba boprofeta ba Jesu ka kakaretso hoa hlaka hore makhetlo a robeli ao ho ’ona ho buuoang ka ho tla ha hae, a bua ka nako e tlang ea kahlolo, e leng ka matšoenyeho a maholo.

19. Re tšohlile liphetoho life tse entsoeng tseleng eo re neng re utloisisa lintho ka eona, ’me ke lipotso life tseo re tla li tšohla lihloohong tse latelang?

19 Ha re ikhopotsa, re ka re re ithutile’ng? Qalong ea sehlooho sena ho ile ha botsoa lipotso tse tharo tse mabapi le hore na lintho li etsahala “neng.” Re qalile ka ho tšohla hore matšoenyeho a maholo ha aa qala ka 1914 empa a tla qala nakong eo Machaba a Kopaneng a hlaselang Babylona e Moholo. Ka mor’a moo, re ile ra hlahloba hore na ke hobane’ng ha kahlolo ea Jesu ea hore na batho ke linku kapa ke lipōli e sa qala ka 1914 empa e tla etsahala nakong ea matšoenyeho a maholo. Qetellong, re ile ra hlahloba hore na ke hobane’ng ha ho fihla ha Jesu hore a tl’o beha lekhoba le tšepahalang hore le okamele lintho tsohle tsa hae ho sa etsahala ka 1919 empa e le hona ho tla etsahala nakong ea matšoenyeho a maholo. Kahoo, lipotso tseo tse tharo kaofela tse botsang hore na lintho li etsahala “neng,” li bua ka nako e le ’ngoe eo e leng hona e tlang—e leng nako ea matšoenyeho a maholo. Kutloisiso ee e lokisitsoeng e ama tsela eo ka eona re utloisisang papiso ea lekhoba le tšepahalang joang? Hape, e ama tsela eo re utloisisang lipapiso tse ling kapa mehlala e meng eo Jesu a buileng ka eona e phethahalang mehleng ee ea bofelo joang? Lipotso tsena tsa bohlokoa li tla tšohloa lihloohong tse latelang.

 

^ ser. 4 Serapeng sa 4: E le hore u fumane boitsebiso bo batsi sheba Molula-Qhooa oa February 15, 1994, leqepheng la 8-21 le oa May 1, 1999, leqepheng la 8-20.

^ ser. 8 Serapeng sa 8: Tse ling tsa liketsahalo tseo ho buuoang ka tsona litemaneng tsena ke ho ‘bokelloa ha bakhethoa.’ (Mat. 24:31) Ka lebaka leo, ho bonahala eka batlotsuoa bohle ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng ka mor’a hore karolo ea pele ea matšoenyeho a maholo e fete ba tla nyolohela leholimong pele ntoa ea Armagedone e qala. Sena se lokisa se ileng sa boleloa mabapi le taba ena sehloohong sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa August 15, 1990, leqepheng la 30.

^ ser. 11 Serapeng sa 11: Sheba Molula-Qhooa oa October 15, 1995, leqepheng la 18-28.

^ ser. 12 Serapeng sa 12: Sheba tlaleho e tšoanang le eo ho Luka 21:28.

^ ser. 15 Serapeng sa 15: Lipoleloana “ho tla” le “ho fihla” li fetolela leetsi la Segerike e leng er′kho·mai, le hlahang ka libōpeho tse sa tšoaneng.

^ ser. 18 Serapeng sa 18: Joalokaha ho boletsoe, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ha a fihla” ho Matheu 24:46, le sebōpehong se tšoanang le sa leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le ho “tla” ho Matheu 24:30, 42, 44.