Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NALANE EA RŌNA

Morena o ne a Thabile!

Morena o ne a Thabile!

E NE e le ka August 1936. Tsena li etsahetse Lelapeng la Borena bo Boholo la Swaziland. Robert le George Nisbet ba ne ba sa tsoa letsa ’mino o rekotiloeng o ileng oa lateloa ke lipuo tsa Mor’abo rōna J. F. Rutherford, ba sebelisa koloi e nang le sebuela-hōle. Morena Sobhuza II o ne a thabile. George o re: “Re ile ra soaba haholo ha Morena a ne a batla ho reka lirekoto, mochine o bapalang lirekoto hammoho le libuela-hōle tse phatlalatsang molaetsa oa ’Muso!”

Ka masoabi Robert o ile a bolela hore thepa eo ha e rekisoe. Hobane’ng? Hobane thepa eo e ne e le ea motho e mong. Morena o ile a batla ho tseba hore na mong’a eona ke mang.

Robert o ile a re, “Ke ea Morena e mong.” Morena Sobhuza o ile a botsa hore na Morena eo ke mang. Robert o ile a re: “Ke Jesu Kreste, e leng Morena oa ’Muso oa Molimo.”

Ka tlhompho e khōlō Morena Sobhuza o ile a re, “Kea bona, eo ke Morena ea molemo. Ha ke batle ho nka letho la hae.”

Robert o ile a ngola a re: ‘Botho ba Morena [Morena Sobhuza] bo ile ba nkhahla haholo. O ne a bua Senyesemane hantle empa e se motho ea ikhohomosang, e ne e le motho oa batho. Ke ile ka lula le eena ka ofising ea hae metsotso e ka bang 45, nakong eo George a neng a ntse a letsa ’mino ka ntle.

Robert o ile a tsoela pele a re, ‘Hamorao letsatsing leo, re ile ra ea sekolong se bitsoang The Swazi National School, ’me ha re le moo ho ile ha etsahala ntho e monate haholo. Re ile ra pakela mosuoe-hlooho oa sekolo seo ea ileng a mamela ka hloko. Ha re mo bolella hore re na le mochine o bapalang lirekoto ’me re ka rata ho bapalla bana bohle ba sekolo lipuo tse rekotiloeng, o ile a phutha bana ba ka bang 100, ba ile ba lula holim’a joang ’me ba mamela. Re ile ra bolelloa hore sekolo seo se phahameng se ruta bashanyana temo, ho betla mapolanka, ho haha, Senyesemane le lipalo athe banana bona ba ne ba rutoa booki, mesebetsi ea lelapa haesita le mesebetsi e meng e neng e tla ba tsoela molemo.’ Nkhono oa Morena e Moholo e ne e le eena ea thehileng sekolo seo. *

Liithuti tsa sekolo se phahameng li mametse puo ea phatlalatsa Swaziland ka 1936

Ho tloha hoo e ka bang ka 1933, Morena Sobhuza o ne a se a ntse a thabela ho mamela bo-pula-maliboho ba neng ba etela Lelapeng la Borena bo Boholo. Ka lekhetlo le leng o ile a ba a bokella lebotho la hae la balebeli ba 100, hore ba tl’o mamela molaetsa oa ’Muso o rekotiloeng. O ile a etsa peeletso ea limakasine tsa rōna a ba a  amohela lingoliloeng. Ho e-s’o ee kae Morena Sobhuza o ne a se a e-na le libuka tsa rōna tse ngata, o ne a le haufi le ho ba le pokello eohle ea libuka tsa puso ea Molimo. Ho feta moo, o ile a boloka libuka tseo hantle ho sa tsotellehe taba ea hore libuka tsa rōna li ne li thibetsoe ke ’muso oa Manyesemane oa bokoloni, nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše.

Ka lilemo tse ngata Morena Sobhuza II o ile a tsoela pele a amohela Lipaki Lelapeng la hae la Borena bo Boholo le Lobamba, ’me o ne a ee a bitse le baruti hore ba tl’o mamela lipuo tsa Bibele tsa Lipaki. Ka lekhetlo le leng, ha Paki e ’ngoe e bitsoang Helvie Mashazi e ne e hlalosa Matheu khaolo ea 23, sehlopha sa baruti se ile sa tlakoloha ka bohale ’me sa leka ho mo qobella hore a lule fatše. Leha ho le joalo, Morena o ile a kena lipakeng, a re Mor’abo rōna Mashazi a tsoele pele. Ho feta moo, Morena o ile a bolella batho ba neng ba mametse hore ba ngole litemana tsohle tsa Bibele tse neng li hlaha puong eo!

Ka lekhetlo le leng, ka mor’a hore mora e mong oabo rōna oa pula-maliboho a fane ka puo, baruti ba bane ba neng ba mametse, ba ile ba reteletsa lik’holloro ’me ba re: “Ha re sa le baruti empa re se re le Lipaki Tsa Jehova.” Ba ile ba botsa pula-maliboho eo hore na o na le libuka tse tšoanang le tseo Morena e Moholo a neng a e-na le tsona.

Ho tloha ka bo-1930 ho fihlela ha a hlokahala ka 1982, Morena e Moholo o ile a hlompha Lipaki Tsa Jehova ’me ha aa ka a lumella hore li hlorisoe ka lebaka la ho se etse meetlo ea Seswati. Kahoo, Lipaki li ne li e-na le lebaka le utloahalang la hore li ananele Morena eo, ’me li ile tsa siama haholo ka lebaka la lefu la hae.

Mathoasong a selemo sa 2013, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba ka holimo ho 3 000 Swaziland. Kaha naha ena e na le baahi ba ka holimo ho milione o le mong feela, mohoeletsi a le mong o lokela ho pakela batho ba 384. Ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba fetang 260 ba chesehang liphuthehong tse 90, ’me batho ba fetang 7 496 ba bile teng Sehopotsong ka 2012. Ho hlakile hore ho na le monyetla o moholo oa khōlo e eketsehileng. Ka sebele, Lipaki tse ileng tsa etela Swaziland lilemong tseo tsa bo-1930, li ile tsa rala motheo o tiileng.—Nalane ea Rōna Afrika-Boroa.

^ ser. 8 The Golden Age, June 30, 1937, leqepheng la 629.