Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 RUTA BANA BA HAO

Molimo o Utloa Bohloko—Re ka mo Thabisa Joang?

Molimo o Utloa Bohloko—Re ka mo Thabisa Joang?

Na u kile ua utloa bohloko hoo u ileng ua lla? * Mohlomong kaofela ha rōna re kile ra utloa bohloko. Leha ho le joalo, e ka ʼna eaba ka linako tse ling ha re utloe bohloko ’meleng. Motho e mong a ka ʼna a re u entse ntho eo u sa e etsang. Sena se ka re utloisa bohloko, na ha ho joalo?— Molimo le eena a ka utloa bohloko ha batho ba bua leshano ka eena. A re ke re bue ka taba ena ’me re bone hore na re ka thabisa Molimo joang ho e-na le ho mo utloisa bohloko.

Bibele e re batho ba bang ba neng ba re ba rata Molimo ba ile ba “mo utloisa bohloko.” Ruri ba ile ba utloisa Molimo “bohloko!” Ke ’nete hore ha ho na motho ea ka utloisang Jehova Molimo bohloko ’meleng. Hobane O Matla ’Ohle. A re ke re bone hore na ke hobane’ng ha Jehova a utloa bohloko ha re sa etse seo a reng re se etse.

Batho ba babeli ba pele bao Jehova a ileng a ba bōpa ba ile ba mo utloisa bohloko haholo. Molimo o ile a ba beha lefatšeng, Paradeiseng e neng e bitsoa ‘serapa sa Edene.’ Batho baa e ne e le bo-mang?— E, e ne e le Adama ’me hamorao ha bōptjoa Eva. A re ke re bone hore na ba ile ba etsa eng e ileng ea utloisa Jehova bohloko.

Ka mor’a hore Jehova a ba behe serapeng seo, o ile a ba bolella hore ba se hlokomele. O ile a boela a ba bolella hore ba ka ba le bana ’me ba lula le bona serapeng seo ba sa shoe. Empa pele Adama le Eva ba e-ba le bana, ho ile ha etsahala ntho e mpe haholo. Na u ua tseba hore na ntho eo ke efe?— Lengeloi le ile la etsa hore Eva a se ke a mamela Jehova ’me hamorao Adama le eena ha aa ka a mamela. A re ke re bone hore na sena se etsahetse joang.

 Lengeloi le ile la etsa hore noha e bonahale eka e ea bua. Eva o ile a thabela seo a neng a se utloa—noha e ile ea re o tla ba “joaloka Molimo.” Kahoo, o ile a etsa seo noha e ileng ea re a se etse. Na u ua tseba hore na e ile ea re a etse eng?

Eva o ile a ja tholoana ea sefate seo Jehova a ileng a bolella Adama hore ba se ke ba ja litholoana tsa sona. Pele Molimo a bōpa Eva, o ile a re ho Adama: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.”

Eva o ne a tseba molao ona. Leha ho le joalo, o ile a lula a sheba sefate ’me a bona hore “sefate se loketse ho jeoa le hore sea lakatseha mahlong . . . Kahoo a qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja.” Hamorao a fa Adama tholoana ’me le eena “a qala ho e ja.” U nahana hore ke hobane’ng ha Adama a ile a e ja?— Ke hobane o ne a rata Eva ho feta Jehova. O ile a khetha ho thabisa Eva ho e-na le ho thabisa Molimo. Empa ho mamela Jehova ke habohlokoa ho feta ho mamela motho ofe kapa ofe!

Na u hopola noha e ileng ea bua le Eva? Feela joalokaha motho a ka etsa hore popi e bonahale eka e ea bua, motho e mong o ile a etsa hore noha e bonahale eka e ea bua. Ke lentsoe la mang le neng le tsoa molomong oa noha?— E ne e le lentsoe la “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.”

Na u ua tseba hore na u ka thabisa Jehova joang?— U ka mo thabisa ka hore kamehla u leke ho mo mamela. Satane o re a ka etsa hore motho e mong le e mong a etse seo eena a se batlang. Kahoo, Jehova o re ho rōna: “Mora [kapa morali] oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” Satane o nyelisa Jehova kapa oa mo soma. O re a ka etsa hore motho e mong le e mong a se ke a sebeletsa Jehova. Kahoo, thabisa Jehova ka hore u mo mamele ’me u mo sebeletse! Na u tla leka ka matla ho etsa joalo?

^ ser. 3 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.