Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsa Hore Likhopotso Tsa Jehova e be Thabo e Khaphatsehang Pelong ea Hao

Etsa Hore Likhopotso Tsa Jehova e be Thabo e Khaphatsehang Pelong ea Hao

“Ke nkile likhopotso tsa hao e le leruo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—PES. 119:111.

1. (a) Batho ba itšoara joang ha ba fuoa likhopotso, hona hobane’ng? (b) Boikhohomoso bo ka ama tsela eo motho a talimang taeo ka eona joang?

BATHO ba itšoara ka litsela tse sa tšoaneng ha ba fuoa tataiso. Motho a ka ’na a amohela khopotso e tsoang ho motho ea nang le matla a bolaoli ka mosa, empa a hana e tsoang ho motho ea boemong bo tlaase kapa ho thak’a hae li sa tloha feela. Tsela eo batho ba amehang ka eona maikutlong ha ba fuoa khalemelo kapa keletso le eona e fapana haholo. Batho ba bang ba ka ’na ba sareloa, ba koata kapa ba soaba, ha ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba khothetse ba bile ba batla ho ntlafatsa. Ke’ng e bakang ho se tšoane hoo? Ntho e ’ngoe e ho bakang ke boikhohomoso. Ka sebele, boikhohomoso bo ka etsa hore motho a se ke a sheba lintho hantle, e leng se ka etsang hore a hane khalemelo ’me a fetoe ke taeo ea bohlokoa.—Liprov. 16:18.

2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba ananela keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo?

2 Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba ’nete ba ananela keletso ea bohlokoa, haholo-holo ha e thehiloe Lentsoeng la Molimo. Likhopotso tsa Jehova li re fa bohlale ba sebele, lia re ruta ebile li re thusa hore re qobe maraba a kang ho rata lintho tse bonahalang, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala. (Liprov. 20:1; 2 Bakor. 7:1; 1 Bathes. 4:3-5; 1 Tim. 6:6-11) Ho feta moo, re thabela “boemo bo botle ba pelo” ka lebaka la ho mamela likhopotso tse tsoang ho Molimo.—Esa. 65:14.

3. Ke boikutlo bofe ba mopesaleme boo e ka bang hantle hore re be le bona?

3 E le hore re boloke kamano ea rōna ea bohlokoa le Ntate oa rōna ea leholimong Jehova, re lokela ho tsoela pele re sebelisa keletso ea Hae e bohlale bophelong ba rōna. Ruri e ka ba hantle hore re be le boikutlo bo kang  ba mopesaleme ea ileng a ngola a re: “Ke nkile likhopotso tsa hao e le leruo ho isa nakong e sa lekanyetsoang, etsoe ke thabo e khaphatsehang ea pelo ea ka”! (Pes. 119:111) Na le rōna re thabela litaelo tsa Jehova, kapa ka linako tse ling re li nka e le moroalo? Le haeba ka linako tse ling re tenoa ke keletso eo re e fuoang, ha rea lokela ho nyahama. Re ka loanela ho tšepa bohlale ba Molimo bo phahameng ka ho fetisisa! A re hlahlobeng litsela tse tharo tseo re ka etsang seo ka tsona.

MATLAFATSA TUMELO EA HAO KA HO RAPELA

4. Ke ntho efe e le ’ngoe eo Davida a ileng a lula a e-na le eona bophelong ba hae?

4 Morena Davida o ile a tobana le mathata a mangata bophelong, empa ho na le ntho e le ’ngoe eo a ileng a lula a e-na le eona—o ne a tšepa ’Mōpi oa hae ka ho feletseng. O ile a re: “Jehova, ke phahamisetsa moea oa ka ho uena. Molimo oa ka, ke u tšepile.” (Pes. 25:1, 2) Ke’ng e ileng ea thusa Davida hore a be le tumelo e joalo ho Ntate oa hae ea leholimong?

5, 6. Lentsoe la Molimo le re bolella’ng ka kamano eo Davida a neng a e-na le eona le Jehova?

5 Batho ba bangata ba rapela Molimo feela ha ba le mathateng. U ka ikutloa joang haeba motsoalle oa hao kapa mong ka uena a bua le uena feela ha a hloka chelete kapa a batla hore u mo etsetse ntho e itseng? Ha nako e ntse e e-ea, u ka qala ho belaella mabaka a hae a ho batla ho bua le uena. Empa Davida eena o ne a se joalo. Kamano ea hae le Jehova e ne e bontša tumelo le lerato leo a neng a e-na le lona ho Molimo bophelong bohle ba hae—mathateng le manolong.—Pes. 40:8.

6 Hlokomela mantsoe ao Davida a ileng a a bua ha a rorisa le ho leboha Jehova. O ile a re: “Jehova Morena oa rōna, lebitso la hao le hlompheha hakaakang lefatšeng lohle, uena eo ho hlompheha ha hao ho phetoang ka holim’a maholimo!” (Pes. 8:1) Na u hlokomela setsoalle se tebileng seo Davida a neng a e-na le sona le Ntate oa hae ea leholimong? Kananelo eo Davida a neng a e-na le eona ka ho tlotleha le bokhabane ba Molimo e mo susumelitse hore a rorise Jehova “letsatsi lohle.”—Pes. 35:28.

7. Re rua molemo joang ka ho atamela ho Molimo ka thapelo?

7 Joaloka Davida, re lokela ho buisana le Jehova kamehla e le hore re matlafatse kamano ea rōna le eena. Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jak. 4:8) Ho atamela ho Molimo ka thapelo ke tsela ea bohlokoa eo batho ba ka fumanang moea o halalelang ka eona.—Bala 1 Johanne 3:22.

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho pheta-pheta ntho e le ’ngoe ha re rapela?

8 Na ha u rapela u tloaetse ho pheta-pheta lipolelo kapa ho sebelisa mantsoe a tšoanang nako le nako? Haeba ho joalo, pele u rapela, iphe metsotso e seng mekae ho nahana ka seo u batlang ho se bua. Na motsoalle kapa mong ka uena o ne a ka thaba haeba u pheta-pheta mantsoe a tšoanang ha u bua le eena? A ka ’na a se ke a mamela. Ke ’nete hore Jehova a ke ke a iphapanyetsa thapelo e tsoang botebong ba pelo e etsoang ke bahlanka ba hae ba tšepahalang. Empa e ka ba hantle hore re qobe ho latela tloaelo e itseng ha re buisana le eena.

9, 10. (a) Ke lintho life tseo re lokelang ho li akarelletsa lithapelong tsa rōna? (b) Ke’ng e ka re thusang hore re etse lithapelo tse tsoang botebong ba pelo?

9 Ho hlakile hore haeba re batla ho ba le kamano e haufi le Molimo, lithapelo tsa rōna ha lia lokela ho okola ka holimo feela. Ha re tšollela lipelo tsa rōna ho Jehova, re tla atamela ho eena haholoanyane ebile re tla mo tšepa le ho feta. Leha ho le joalo, ke lintho life tseo re lokelang ho li akarelletsa lithapelong tsa rōna? Lentsoe la Molimo le re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” (Bafil. 4:6) ’Nete ke hore ho loketse ho rapella ntho leha e le efe e amang kamano ea rōna le Molimo kapa lintho tseo re thulanang le tsona re le bahlanka ba hae.

10 Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ka ho hlahloba mantsoe a banna  le basali ba tšepahalang bao lithapelo tsa bona li tlalehiloeng ka Bibeleng. (1 Sam. 1:10, 11; Lik. 4:24-31) Lipesaleme li na le pokello ea lithapelo le lipina tse tsoang botebong ba pelo tse eang ho Jehova. Lithapelo tsena le lipina li bontša maikutlo ao batho ba neng ba e-na le ’ona a akarelletsang ho utloa bohloko bo boholo le thabo e khaphatsehang. Ho hlahlobisisa mantsoe a joalo a bahlanka ba tšepahalang ho ka re thusa hore lithapelo tsa rōna ho Jehova e be tse nang le moelelo.

NAHANISISA KA LIKHOPOTSO TSA MOLIMO

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanisisa ka keletso e tsoang Bibeleng?

11 Davida o ile a re: “Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo.” (Pes. 19:7) Ka sebele, le haeba re se na phihlelo, re ka hlalefa haeba re mamela litaelo tsa Molimo. Leha ho le joalo, e le hore likeletso tse ling tsa Mangolo li re tsoele molemo ka botlalo, ho hlokahala hore re thuise ka tsona. Tse ling tsa likeletso tseo re ka thuisang ka tsona li akarelletsa ho boloka botšepehi ha re le tlas’a khatello sekolong kapa mosebetsing, ho mamela molao oa Molimo mabapi le mali, ho se nke lehlakore lipolotiking re le Bakreste le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele mabapi le tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona. Ho tseba monahano oa Molimo litabeng tse kang tsena ho ka re thusa hore re lemohe hore na ke mathata afe ao re ka ’nang ra thulana le ’ona. Joale re ka khona ho etsa qeto ea hore na ke sefe seo re tla se etsa haeba re thulana le maemo a joalo. Ho nahana le ho itokisa esale pele ka tsela eo, ho ka re qobisa masisa-pelo.—Liprov. 15:28.

12. Ke ho nahana ka eng ho ka re thusang hore re boloke likhopotso tsa Molimo?

12 Ha re ntse re emetse hore litšepiso tsa Molimo li phethahale, na tsela eo re phelang ka eona e bontša hore re lutse re falimehile moeeng? Ka mohlala, na ka sebele rea lumela hore Babylona e Moholo e tla timetsoa haufinyane? Na litlhohonolofatso tsa nakong e tlang tse kang bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise e ntse e le tsa sebele ho rōna joalokaha re ne re qala ho ithuta ka tsona? Na re ntse re chesehela mosebetsi oa boboleli kapa re lumella mabaka a rōna a botho hore e be ’ona a tlang pele bophelong ba rōna? Re ikutloa joang ka tšepo ea tsoho, ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae? Na tseo e sa ntse e le litaba tsa bohlokoa ho rōna? Ho thuisa ka lipotso tse kang tseo ho ka re thusa hore re etse joalokaha mopesaleme a boletse, re boloke ‘likhopotso tsa Molimo e le leruo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’—Pes. 119:111.

13. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba thatafalloa ke ho utloisisa lintho tse ling? Fana ka mohlala.

13 Re ka ’na ra se ke ra utloisisa lintho tse ling tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng ka botlalo, hobane nako ea Jehova ea ho etsa hore re li utloisise ha e-s’o fihle. Khafetsa Jesu o ’nile a bolella baapostola ba hae hore o ne a tla lokela ho utloisoa bohloko le ho bolaoa. (Bala Matheu 12:40; 16:21.) Empa baapostola ba ne ba sa utloisise seo a neng a se bolela. Ba ile ba qala ho utloisisa seo ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae, ha a ne a hlaha ho barutuoa ba ’maloa ka ’mele oa nama ’me a “bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.” (Luka 24:44-46; Lik. 1:3) Ka ho tšoanang, pele balateli ba Kreste ba tšolleloa moea o halalelang ka Pentekonta ea  33 C.E., ba ne ba sa utloisise hore ’Muso oa Molimo o ne o tla hlongoa leholimong.—Lik. 1:6-8.

14. Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba beha mohlala ofe o motle le hoja ho ne ho e-na le lintho tseo ba neng ba sa li utloisise mabapi le matsatsi a ho qetela?

14 Ka tsela e tšoanang, mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, Bakreste ba ’nete ba ne ba e-na le litebello tse ’maloa tse fosahetseng mabapi le ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1) Ka mohlala, ka 1914 ba bang ba ne ba nahana hore ba se ba tla nkeloa leholimong. Ha litebello tseo tsa bona li sa phethahale hang-hang, ho boela ba hlahlobisisa Mangolo ka botšepehi ho ile ha ba thusa  hore ba hlokomele hore ho ne ho sa ntse ho e-na le mosebetsi oa boboleli o mongata o lokelang ho etsoa. (Mar. 13:10) Kahoo, ka 1922, J. F. Rutherford, eo ka nako eo a neng a eteletse pele mosebetsi oa boboleli, ha a bua le batho ba neng ba le teng kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, U.S.A. o ile a re: “Bonang, Morena oa busa! Le babuelli ba hae ba phatlalatsa. Ka lebaka leo phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ho bolela “litaba tse molemo tsa ’muso” e ’nile ea e-ba letšoao le khethollang bahlanka ba Jehova ba mehleng ena.—Mat. 4:23; 24:14.

15. Re ka rua molemo joang ka ho nahanisisa ka tsela eo Molimo a ileng a sebelisana le bahlanka ba hae ka eona?

15 Ha re nahanisisa ka tsela e ntle eo Jehova a ileng a sebelisana ka eona le bahlanka ba hae ba hona joale le ba nakong e fetileng, re kholiseha le ho feta hore o tla phethahatsa thato ea hae le morero oa hae nakong e tlang. Ka nako e tšoanang, likhopotso tsa Molimo li re thusa hore re lule re hopola re bile re nahana ka boprofeta boo re emetseng hore bo phethahale. Re ka kholiseha hore ho etsa joalo ho tla re thusa hore re tšepe hore litšepiso tsa Hae li tla phethahala.

MATLAFATSA TUMELO EA HAO KA LIKETSO TSA BORAPELI

16. Re fumana litlhohonolofatso life ka ho lula re le mafolofolo mosebetsing oa boboleli?

16 Molimo oa rōna Jehova, ke Molimo ea matla, Molimo ea nkang khato. Mopesaleme o ile a botsa a re: “Ke mang ea matla joaloka uena, Jah?” Eaba o eketsa ka ho re: “Letsoho la hao le matla, letsoho la hao le letona le phahame.” (Pes. 89:8, 13) Tumellanong le seo, Jehova o oa ananela ebile o hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang ba ho etelletsa ’Muso pele. O oa hlokomela hore bahlanka ba hae—ebang ke banna kapa basali, ba banyenyane kapa ba hōlileng—ha ba je “bohobe ba botsoa.” (Liprov. 31:27) Kaha re etsisa ’Mōpi oa rōna, re lula re le maphathaphathe mesebetsing ea puso ea Molimo. Ho sebeletsa  Molimo ka pelo eohle hoa re khotsofatsa ebile Jehova o thabela ho hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna.—Bala Pesaleme ea 62:12.

17, 18. Ke hobane’ng ha re ka re liketso tse bontšang tumelo li re thusa hore re tšepe tataiso ea Jehova? Fana ka mohlala.

17 Ho etsa liketso tse bontšang tumelo ho ka re thusa joang hore re tšepe Jehova? Nahana ka tlaleho ea Mangolo ea ha Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Jehova o ne a ile a laela baprista ba neng ba jere areka ea selekane hore ba tsamaee ’me ba kene ka har’a Nōka ea Jordane. Leha ho le joalo, ha Baiseraele ba ntse ba atamela, ba ile ba hlokomela hore lipula tsa selemo li ne li entse hore nōka e je litlhokoa. Ba ne ba tla etsa’ng? Na ba ne ba tla hloma litente lebōpong la nōka, ebe ba ema libeke kapa ho feta ba emetse hore metsi a fokotsehe? Che, ba ile ba tšepa Jehova ka ho feletseng ’me ba latela litaelo tsa hae. Litholoana tsa seo e bile life? Tlaleho eo e re: “Eitse hang ha maoto a baprista a thetsa metsi, nōka ea khaotsa ho phalla, . . . ’me baprista ba ema bohareng ba nōka e ommeng haufi le Jeriko ha batho ba bang bohle ba tšela.” (Josh. 3:12-17, Contemporary English Version) Ak’u nahane hore na e ne e le ketsahalo e hlollang hakaakang ho bona nōka e neng e jele litlhokoa e khaotsa ho phalla! Ka sebele, tumelo eo Baiseraele ba neng ba e-na le eona ho Jehova e ile ea matlafala hobane ba ne ba latela tataiso ea hae.

Na u tla tšepa Jehova joaloka bahlanka ba hae ba mehleng ea Joshua? (Sheba serapa sa 17 le 18)

18 Ke ’nete hore Jehova ha a etsetse bahlanka ba hae mehlolo kajeno, empa o hlohonolofatsa liketso tsa bona tse bontšang tumelo. Matla a Molimo a sebetsang a ba thusa ho phetha mosebetsi oo ba o filoeng oa ho bolela molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle. Hape, ha Paki ea Jehova e ka sehloohong, e leng Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung a tiisetsa barutuoa ba hae hore o tla ba tšehetsa ha ba etsa mosebetsi ona oa bohlokoa o ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa . . . ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:19, 20) Lipaki tse ngata tse neng li le lihlong kapa li le boi li ka paka hore moea o halalelang oa Molimo o li file sebete sa ho buisana le batho bao li sa ba tsebeng tšebeletsong ea tšimo.—Bala Pesaleme ea 119:46; 2 Bakorinthe 4:7.

19. Ke’ng eo re ka kholisehang ka eona ho sa tsotellehe bofokoli boo re nang le bona?

19 Bara le barali babo rōna ba bang ba se ba fokola haholo ka lebaka la ho kula kapa botsofali hoo ba seng ba sa khone ho etsa lintho tse ling. Leha ho le joalo, ba ka kholiseha hore “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle” o utloisisa boemo ba Mokreste ka mong oa ’nete. (2 Bakor. 1:3) O ananela boiteko bohle boo re bo etsang ba ho etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele. Kaofela ha rōna re lokela ho lula re hopola hore tumelo ea rōna thekollong ea Kreste ke eona e bolokang moea oa rōna o phela, ha re ntse re etsa sohle seo maemo a rōna a re lumellang hore re se etse.—Baheb. 10:39.

20, 21. Ke litsela life tse ling tseo ka tsona re bontšang hore re tšepa Jehova?

20 Borapeli ba rōna bo hloka hore re sebelise nako, matla le matlotlo a rōna ka hohle kamoo re ka khonang kateng. Ka sebele, re lakatsa ka lipelo tsa rōna tsohle ho ‘etsa mosebetsi oa moevangeli.’ (2 Tim. 4:5) Ha e le hantle re thabela ho etsa mosebetsi oo, kaha o thusa batho ba bang hore “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Ho hlakile hore ho tlotlisa le ho rorisa Jehova ho re matlafatsa moeeng. (Liprov. 10:22) Ho boetse ho re thusa hore re be le kamano e matla le ’Mōpi oa rōna.—Bar. 8:35-39.

21 Joalokaha re tšohlile pejana, ho tšepa Jehova hore a re fe tataiso e bohlale ha ho itlele feela tjee; re lokela ho loanela ho mo tšepa. Kahoo, leka ka hohle hore u itšetlehe ho Jehova ka thapelo. Nahanisisa kamoo Jehova a ileng a phethahatsa thato ea hae kateng nakong e fetileng le hore na o tla e phethahatsa joang nakong e tlang. Hape, tsoela pele u loanela ho tšepa Jehova ka hore u be mafolofolo borapeling. Ka sebele, likhopotso tsa Jehova li tla ba teng ka ho sa feleng. Haeba u li ela hloko, le uena u ka phela ka ho sa feleng!