Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bopula-maliboho bo Matlafatsa Kamano ea Rōna le Molimo

Bopula-maliboho bo Matlafatsa Kamano ea Rōna le Molimo

“Ke ntho e ntle ho binela Molimo oa rōna lipina tsa thoriso.”—PES. 147:1.

1, 2. (a) Litholoana e ka ba life haeba re nahana re bile re bua ka motho eo re mo ratang? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re tla tšohla lipotso life?

HO NAHANA le ho bua ka motho eo re mo ratang ho ka matlafatsa kamano ea rōna le eena. Ho joalo le ka kamano ea rōna le Jehova Molimo. Ha Davida e ntse e le molisana o ne a qeta masiu a mangata a shebile leholimo le tletseng linaleli a bile a thuisa ka ’Mōpi oa tsona eo ho seng ea ka bapisoang le eena. O ile a ngola a re: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole, le mora oa motho oa lefatše ke’ng hore u mo hlokomele?” (Pes. 8:3, 4) Hape, ka mor’a hore moapostola Pauluse a nahane ka tsela eo morero oa Jehova mabapi le Iseraele ea moea o neng o phethahala ka tsela e hlollang ka eona, o ile a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo!”—Bar. 11:17-26, 33.

2 Ha re le tšebeletsong ea tšimo re nahana ka Jehova ebile re bua ka eena. Seo ka bosona se re tsoela molemo. Batho ba bangata ba khonang ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba hlokometse hore e ’ngoe ea litlhohonolofatso tseo ba li fumanang ka ho eketsa nako eo ba e qetang tšebeletsong ea ’Muso, ke hore lerato leo ba ratang Molimo ka lona lea eketseha. Ebang hona joale u tšebeletsong ea nako e tletseng kapa ke pakane eo u batlang ho e finyella, ak’u nahane ka sena: Tšebeletso ea nako e tletseng e ka matlafatsa kamano ea hao le Jehova joang? Haeba u pula-maliboho, ipotse, ‘Ke’ng e tla nthusa hore ke atlehe tšebeletsong ee e ikhethang?’ Haeba ha u pula-maliboho, ipotse, ‘Nka etsa liphetoho life e le hore ke be pula-maliboho?’ A re ke re tšohleng litsela tseo tšebeletso ea nako e tletseng e ka matlafatsang kamano ea rōna le Molimo ka tsona.

BOPULA-MALIBOHO BO MATLAFATSA KAMANO EA RONA LE MOLIMO JOANG?

3. Ha re le mosebetsing oa boboleli, ho bua ka litlhohonolofatso tseo ’Muso oa Molimo o tla li tlisetsa batho nakong e tlang ho re ama joang?

3 Ho bua le ba bang ka litlhohonolofatso tseo ’Muso oa  Molimo o tla li tlisa nakong e tlang ho etsa hore re be le kamano e haufi le Jehova. Ke lengolo lefe leo u ratang ho le sebelisa ha u bolela ka ntlo le ntlo? Ebe mohlomong u rata ho sebelisa Pesaleme ea 37:10, 11; Daniele 2:44; Johanne 5:28, 29; kapa Tšenolo 21:3, 4? Nako le nako ha re tšohla litšepiso tseo le batho ba bang, rea hopola hore ka sebele Molimo oa rōna ea fanang ka seatla se bulehileng ke mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” Sena se etsa hore re be le kamano e haufi haholo le eena.—Jak. 1:17.

4. Ke hobane’ng ha re ananela molemo oa Molimo le ho feta ha re bona hore na batho ba bang ba futsanehile hakae moeeng?

4 Ha re bona kamoo batho bao re ba bolellang litaba tse molemo ba futsanehileng kateng moeeng, seo se etsa hore re ananele ’nete le ho feta. Batho ba bangata lefatšeng ha ba fumane thuso eo ba e hlokang e le hore ba atlehe ba be ba thabe. Ba bangata ba bona ba tšoenyehile ka bokamoso ebile ha ba na tšepo. Ba batla hore na morero oa bophelo ke ofe. Esita le batho ba bangata ba bolumeli ba na le tsebo e fokolang feela ea Mangolo. Ba tšoana le batho ba Nineve ea boholo-holo. (Bala Jonase 4:11.) Ha re eketsa tšebeletso ea rōna, re bona ka ho hlaka phapang e teng pakeng tsa boemo ba moea ba batho bao re ba bolellang litaba tse molemo le ba bahlanka ba Jehova. (Esa. 65:13) Empa Jehova ha a hlokomele litlhoko tsa bahlanka ba hae feela. O fa motho e mong le e mong monyetla oa hore a fumane matšeliso le hore a be le tšepo ea sebele. Sena se re hopotsa hore ka sebele Jehova o molemo.—Tšen. 22:17.

5. Ho thusa batho ba bang moeeng ho etsa hore re ikutloe joang ka mathata a rōna?

5 Ho thusa batho ba bang moeeng ho re thusa hore re se ke ra imeloa haholo ke mathata a rōna. Trisha, eo e leng pula-maliboho, o ile a bona hore sena ke ’nete ha batsoali ba hae ba ne ba hlalana. O re: “Eo e ne e le e ’ngoe ea lintho tse utloisang bohloko ka ho fetisisa tseo ke ileng ka thulana le tsona.” Ka letsatsi le leng ha a ne a utloile bohloko haholo ’me a utloa ho re a se ke a ea tšimong, o ile a qetella a tsamaile ho ea khannela bana ba bang ba bararo ba neng ba e-na le mathata a mangata lapeng thuto ea Bibele. Ntate oa bona o ne a ba lahlile, ’me abuti oa bona a ba hlekefetsa. Trisha o re: “Bothata bofe kapa bofe boo ke neng ke e-na le bona kapa ntho efe kapa efe e neng e nkutloisa bohloko e ne e se letho ha e bapisoa le mathata a bona. Ha re ntse re ithuta, mahlo a bona a ne a khanya khotso ’me ba ne ba lula ba keketeha ke thabo. Bana bao e ne e le mpho e tsoang ho Jehova, haholo-holo mohlang oo.”

6, 7. (a) Tumelo ea rōna e matlafatsoa joang ha re ruta batho ba bang ’nete ea Bibele? (b) Re ikutloa joang ha re bona melao-motheo ea Mangolo e thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba ntlafatse bophelo ba bona?

6 Ho ruta batho ba bang linnete tsa Bibele ho matlafatsa tumelo ea rōna. Ha moapostola Pauluse a ne a ngola ka Bajuda ba mehleng ea hae ba neng ba sa phethe seo ba se rutang o ile a re: “Uena ea rutang e mong, ha u ithute?” (Bar. 2:21) Ruri kajeno bo-pula-maliboho ba fapane haholo! Hangata ba na le menyetla e mengata ea ho ruta batho ba bang ’nete le ho khanna lithuto tsa Bibele. E le hore ba atlehe mosebetsing ona, ba lokela ho lokisetsa thuto ka ’ngoe mohlomong ba be ba etse lipatlisiso e le hore ba khone ho araba lipotso. Pula-maliboho e mong ea bitsoang Janeen o re: “Nako le nako ha ke e-ba le monyetla oa ho ruta motho ’nete, ke utloa eka ’nete eo e ntse e hatisoa le ho feta kelellong ea ka le pelong ea ka. Ka lebaka leo, tumelo ea ka ha e ea ema nģa e le ’ngoe empa e tsoela pele ho matlafala.”

7 Ha re bona batho bao re ithutang Bibele le bona ba ntlafatsa bophelo ba bona ka hore ba sebelise melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona, seo se etsa hore re ananele bohlale ba Molimo le ho feta. (Esa. 48:17, 18) Ho feta moo, se boetse se etsa hore re ikemisetse ho sebelisa melao-motheo ena bophelong ba rōna le ho feta. Adrianna, eo le eena e leng pula-maliboho o re: “Haeba batho ba tšepa bohlale ba bona, ba ka luba thankha bophelong. Empa ha ba qala ho itšetleha ka bohlale ba Jehova, melemo ea teng e bonahala hang-hang.” Ka tsela e tšoanang, Phil o re: “U bona kamoo Jehova a khonang ho fetola bophelo ba batho  ba sa kang ba atleha ha ba ne ba leka ho fetoha ka bobona.”

8. Ho sebetsa ’moho le bara le barali ba bo rōna tšebeletsong ho ka re ama joang?

8 Ho sebetsa ’moho le bara le barali babo rōna tšimong, ho re matlafatsa moeeng. (Liprov. 13:20) Bo-pula-maliboho ba bangata ba qeta nako e ngata tšebeletsong le baboleli ba bang ba litaba tse molemo. Sena se ba fa menyetla e mengata ea hore ‘ho be le ho khothatsana har’a bona.’ (Bar. 1:12; bala Liproverbia 27:17.) Pula-maliboho e mong ea bitsoang Lisa o ile a re: “Mosebetsing hangata ho rena moea oa tlhōlisano le mōna. Letsatsi le leng le le leng motho o utloa lesebo le puo e litšila. E lutse e le masiea-sieane ka linako tsohle ho sa tsotellehe hore na seo se ka ama batho ba bang joang. Ka linako tse ling motho o oa tšehoa kapa o oa songoa ka lebaka la boitšoaro ba hae ba Bokreste. Leha ho le joalo, ho sebetsa le Bakreste-’moho tšebeletsong ho matlafatsa e le kannete. Mantsiboea ke khutlela lapeng ke khatholohile kelellong, ho sa tsotellehe hore na ke khathetse hakae ’meleng.”

9. Ha motho a bula maliboho le molekane oa hae, seo se ka ama thapo ea lenyalo e meloho e meraro joang?

9 Haeba motho a bula maliboho le molekane oa hae, seo se ka matlafatsa thapo ea lenyalo e meloho e meraro. (Moek. 4:12) Madeline, ea bulang maliboho le monna oa hae o re: “’Na le monna oa ka re khona ho qeta nako re qoqa ka hore na letsatsi la rōna le tsamaile joang tšebeletsong kapa re qoqa ka ho hong hoo re ho balileng ’malong oa rōna oa Bibele hoo re ka ho sebelisang tšebeletsong. Selemo se seng le se seng seo re se qetang re bula maliboho hammoho re ba le kamano e haufi haholo.” Ka ho tšoanang, Trisha o re: “Re lula re le hlokolosi hore re se ke ra kena likolotong e le hore re se ke ra qabanngoa ke chelete. Kemiso ea rōna ea tšebeletso ea tšimo e ea tšoana, kahoo re sebetsa ’moho ha re etsa maeto a ho boela le ha re khanna lithuto tsa Bibele, e leng se re thusang ho khema ’moho maikutlong le moeeng.”

Ho ba maphathaphathe tšebeletsong ea nako e tletseng ho etsa hore motho a khotsofale bophelong (Sheba serapa sa 9)

10. Haeba re etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele ’me re bona kamoo Jehova a re tšehetsang kateng, tšepo ea rōna ho eena e matlafala ka tsela efe?

 10 Tšepo ea rōna ho Jehova e ea matlafala ha re etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele, ha re fumana tšehetso ea Jehova le ha re bona kamoo a arabang lithapelo tsa rōna kateng. Ke ’nete hore Bakreste bohle ba tšepahalang ba tšepa Jehova. Leha ho le joalo, Bakreste ba tšebeletsong ea nako e tletseng baa hlokomela hore ho itšetleha ka Jehova ho ka ba thusa hore e be bo-pula-maliboho ho ea ho ile. (Bala Matheu 6:30-34.) Curt, eo e leng pula-maliboho e bile e le molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo, o ile a lumela ho etela phutheho eo ho nkang lihora tse peli le halofo ho fihla ho eona. Eena le mosali oa hae eo le eena e neng e le pula-maliboho, ba ne ba e-na le mafura a lekaneng ho ba isa feela ka koloing ea bona, ’me o ne a tla amohela moputso oa hae beke hamorao. Curt o re, “Ke ile ka qala ho ipotsa hore na ke ne ke entse qeto e nepahetseng.” Ka mor’a hore ba rapele, ba ile ba etsa qeto ea ho amohela kabelo eo, ba e-na le tšepo ea hore Molimo o ne a tla ba hlokomela. Ha ba le mothating oa ho tsamaea, morali’abo rōna e mong o ile a ba founela ’me a re o na le mpho eo a batlang ho ba fa eona. E ne e le eona chelete eo ba neng ba e hloka hantle hore ba phethe leeto leo. Curt o re, “Ha u etsahalloa ke lintho tse tjena khafetsa, ho bonolo hore u bone kamoo Jehova a u thusang kateng.”

11. Tse ling tsa litlhohonolofatso tseo bo-pula-maliboho ba li fumanang ke life?

11 Ka sebele, hangata bo-pula-maliboho ba ’nile ba hlokomela hore haeba ba ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea Jehova ’me ba hahamalla ho ba le kamano e haufi le eena, ba ‘fihleloa’ ke litlhohonolofatso tse sa feleng. (Deut. 28:2) Leha ho le joalo, bopula-maliboho bo na le liphephetso tsa bona. Ha ho na mohlanka oa Molimo ea ke keng a hlaheloa ke mathata a bakiloeng ke bofetoheli ba Adama. Le hoja bo-pula-maliboho ba bang ba ile ba tlameha ho khaotsa tšebeletso ea bona ka nakoana, hangata ho ka ba le tsela e molemo ea ho sebetsana le liphephetso tseo kapa ea ho li qoba. Ke’ng e ka thusang bo-pula-maliboho hore ba lule ba thabile tšebeletsong ee e ikhethang?

HO SE KHAOTSE TŠEBELETSO EA NAKO E TLETSENG

12, 13. (a) Pula-maliboho o lokela ho etsa joang haeba a sa finyelle lihora tsa hae? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore pula-maliboho a iphe nako ea hore a bale Bibele letsatsi le letsatsi, a be le thuto ea botho a be a thuise?

12 Bo-pula-maliboho ba bangata ba maphathaphathe. Kaha ho ka ba thata hore motho a khone ho etsa lintho kaofela, ke habohlokoa hore a hlophise nako ea hae hantle. (1 Bakor. 14:33, 40) Haeba pula-maliboho a sa finyelle lihora tse lebeletsoeng, ho ka ’na ha hlokahala hore a hlahlobe bocha tsela eo a sebelisang nako ka eona. (Baef. 5:15, 16) A ka ’na a ipotsa: ‘Ha e le hantle ke sebelisa nako e kae boikhathollong le boithabisong? Na ke lokela ho bontša boitšoaro haholoanyane? Na nka etsa liphethoho kemisong ea mosebetsi oa ka oa boipheliso?’ Kaha ho ka ba bonolo hore Mokreste a kenyelletse lintho tse ling kemisong ea hae; ho ka ’na ha hlokahala hore Bakreste ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba hlahlobe lintho khafetsa ’me ba be ba etse liphetoho haeba ho hlokahala.

13 Kemiso ea pula-maliboho e lokela ho akarelletsa ho bala Bibele kamehla, thuto ea botho le ho thuisa. Kahoo, ho hlokahala hore pula-maliboho a be le boitšoaro e le hore lintho tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo li se ke tsa mo jella nako ea lintho tseo tsa bohlokoa. (Bafil. 1:10) Ka mohlala, ak’u nahane a fihla hae ka mor’a ho qeta nako e telele a le tšimong. O ikemiselitse ho sebelisa nako ea mantsiboea ao ho lokisetsa liboka tse latelang. Leha ho le joalo, o qala pele ka ho bala mangolo a hae. Ka mor’a moo, o bula k’homphieutha ’me o bala li-e-mail ebile o oa li araba. Ha a ntse a kene Inthaneteng, o ea Websaeteng e ’ngoe ho sheba hore na theko ea ntho e ’ngoe eo a neng a ntse a batla ho e reka e theohile kapa che. Ha a re mahlo tloha! ho se ho fetile lihora tse peli empa ha a e-s’o qale ho ithuta seo a neng a rerile ho ithuta sona mantsiboeeng ao. Ke hobane’ng ha see  e le bothata? Haeba semathi se batla ho atleha ka nako e telele, se lokela ho itlhokomela ka hore se je hantle. Ka tsela e tšoanang, bo-pula-maliboho ba lokela ho ba le kemiso e ntle ea hore ba iphepe moeeng e le hore ba tšoarelle tšebeletsong ea nako e tletseng.—1 Tim. 4:16.

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha bo-pula-maliboho ba sa lokela ho ikimetsa ka lintho tse ngata bophelong? (b) Haeba pula-maliboho a thulana le mathata o lokela ho etsa’ng?

14 Bo-pula-maliboho ba atlehang tšebeletsong, ke ba sa ikimetseng ka lintho tse ngata bophelong. Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba be le leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe. (Mat. 6:22) Ha aa ka a ikimetsa ka lintho tse ngata e le hore a tsebe ho phetha tšebeletso ea hae a sa sitisoe ke letho. O ile a re: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Mat. 8:20) Kaha ho na le seo pula-maliboho a batlang ho ithuta sona mohlaleng oa Jesu, e ka ba hantle hore a hopole hore ha a e-na le lintho tse bonahalang tse ngata, o tla lokela ho qeta nako e ngata haholo a li lokisa le ho li hlokomela.

15 Bo-pula-maliboho baa hlokomela hore ba etsa tšebeletso e khethehileng empa seo ha se bolele hore ke ba bohlokoa ho feta batho ba bang. Ho e-na le hoo, baa tseba hore tšebeletso ea bopula-maliboho ke mpho e tsoang ho Jehova. Kahoo, e le hore motho a tsoele pele e le pula-maliboho, o lokela ho itšetleha ka Jehova. (Bafil. 4:13) Bo-pula-maliboho ba ka ’na ba thulana le mathata le liphephetso tse itseng. (Pes. 34:19) Ha seo se etsahala, ba lokela ho kōpa tataiso ho Jehova ’me ba lumele hore a ba thuse ho e-na le hore ba potlakele ho khaotsa tšebeletso. (Bala Pesaleme ea 37:5.) Ha ba bona kamoo Ntate oa bona ea leholimong a ba thusang ka lerato kateng, ba tla ba le kamano e haufi haholo le eena.—Esa. 41:10.

NA U KA BA PULA-MALIBOHO?

16. Haeba u rata ho ba pula-maliboho u lokela ho etsa’ng?

16 Haeba u ka rata ho fumana litlhohonolofatso tse kang tse fumanoang ke batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng, bolella Jehova ka taba eo. (1 Joh. 5:14, 15) Buisana le batho bao hona joale e leng bo-pula-maliboho. Iketsetse lipakane tse tla u thusa hore u qetelle u le pula-maliboho. Seo ke sona se ileng sa etsoa ke Keith le Erika. Ba ne ba sebetsa mosebetsi oa nako eohle, ’me joaloka banyalani ba bang ba lilemong tsa bona, ba ile ba reka ntlo le koloi ha ba sa tsoa nyalana. Ba re: “Re ne re nahana hore ha re e-na le lintho tseo re tla khotsofala—empa ha rea ka ra khotsofala.” Ha Keith a ne a fokotsoa mosebetsing, e ile ea e-ba pula-maliboho ea thusang. O re: “Ho bula maliboho ho ile ha nkhopotsa hore na motho o thaba hakaakang ha a le tšimong.” Keith le Erika ba ile ba ba le metsoalle ea banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba ileng ba ba thusa hore ba bone kamoo ho phela bophelo bo itekanetseng le ho bula-maliboho ho ka etsang hore ba thabe kateng. Joale Keith le Erika ba ile ba etsa’ng? “Re ile ra etsa lethathamo la lipakane tsa rōna tsa moea ’me ra le maneha forijing; ha re ne re finyella pakane re ne re e tšoaea.” Ka mor’a nako ba ile ba khona hore e be bo-pula-maliboho.

17. Ke hobane’ng ha e ka ba bohlale ho nahana ka hore u etse liphetoho kemisong ea hao kapa tseleng eo u phelang ka eona e le hore u be pula-maliboho?

17 Na u ka ba pula-maliboho? Haeba hona joale ho bonahala hore u ke ke ua khona ho ba pula-maliboho, etsa sohle se matleng a hao hore u be le kamano e haufi le Jehova ka hore u ikakhele ka setotsoana tšebeletsong. Ka mor’a ho rapela Jehova ka taba eo, u ka ’na ua hlokomela hore haeba u ka etsa liphetoho bophelong ba hao u ka ’na ua khona ho ba pula-maliboho. Haeba u ka khona ho ba pula-maliboho, thabo eo u tla e fumana e tla feta boitelo boo u bo entseng hōle. U tla khotsofala haholo ka lebaka la ho etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele. (Mat. 6:33) U tla thaba haholo ka lebaka la ho thusa batho ba bang. Ho feta moo, u tla ba le menyetla e mengata ea ho nahana le ho bua ka Jehova ’me seo se tla etsa hore u mo rate haholo ebile se tla mo thabisa.