Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RUTA’NG?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?

Ha ho na buka e tsebahalang ka ho fetisisa lefatšeng joaloka Bibele. Hobane’ng? Hobane ho bonolo ho e utloisisa. E na le lipale tsa ’nete tsa kamoo batho ba ileng ba sebelisana kateng le kamoo ba ileng ba sebelisana le Molimo kateng. Lipale tsena li re ruta lithuto tseo re ka li sebelisang bophelong ba rōna kaha li na le mantsoe a bonolo le a tobileng a ka fetoleloang ka lipuo tse makholo ebile li utloisisoa ke batho ba lulang libakeng tse fapa-fapaneng kapa ba phetseng mehleng e sa tšoaneng. Hape, melao-motheo ea Bibele e re tsoela molemo kamehla.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Bibele hase feela buka e buang ka Molimo empa hape e bolela hore e tsoa ho Molimo. E re tsebisa lebitso la Molimo, botho ba hae le hore morero oa hae ha a ne a bōpa lefatše le batho ha o e-s’o fetohe. Bibele e boetse e bua ka ntoa e ’nileng ea e-ba teng pakeng tsa bobe le botle: pale ea bokahohle e babatsehang e tla ba le phello e monate. Ha motho a bala Bibele ho se na lintho tseo a li belaelang ka eona, seo se tla mo thusa hore a be le tumelo le tšepo.

Ka Bibeleng re fumana boitsebiso boo re ke keng ra bo fumana bukeng leha e le efe. Ka mohlala, Bibele e re bolella seo e leng ’nete ka lihlooho tse kang tsena:

  • Moo re tsoang teng le hore na ke hobane’ng ha re sotleha

  • Seo Molimo a se entseng ho pholosa batho

  • Seo Jesu a re etselitseng sona

  • Bokamoso ba lefatše le ba batho

Ak’u ipalle ho ea pele ’me u hlahlobe hore na Bibele e bua ka’ng.