Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PALE EA BOPHELO

Ho Itšetleha ka Jehova ho re Tsoetse Molemo

Ho Itšetleha ka Jehova ho re Tsoetse Molemo

Ka linako tse ling motho a ke ke a tseba se tla mo etsahalla bophelong ’me a ka ba a hlaheloa ke lintho tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Empa Jehova o hlohonolofatsa batho ba itšetlehang ka eena, eseng ba tšepang kutloisiso ea bona. Sena ke seo ’na le mosali oa ka re se hlokometseng ka lilemo tse ngata tseo re sebelelitseng Jehova ka tsona re thabile. Ena ke pale ea bophelo ba rōna.

NTATE le ’Mè ba ile ba kopana ka 1919, kopanong ea Machaba ea Liithuti Tsa Bibele e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, U.S.A. Ba ile ba nyalana hamorao hona selemong seo. Ke hlahile ka 1922 ’me moena oa ka Paul o ile a hlaha lilemo tse peli hamorao. Mohats’aka e leng Grace, o hlahile ka 1930. Batsoali ba hae e leng Roy le Ruth Howell, ba hōlisitsoe e le Liithuti Tsa Bibele ’me nkhono oa hae le ntate-moholo oa hae le bona e ne e le Liithuti Tsa Bibele ebile e le metsoalle ea Mor’abo rōna Charles Taze Russell.

Ke ile ka kopana le Grace ka 1947, ’me ra nyalana ka la 16 July, 1949. Pele re nyalana, re ile ra buisana ka hore na ha e le hantle re batla ho etsa’ng bophelong. Re ile ra etsa qeto ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng le hore re se ke ra jara boikarabelo ba ho hōlisa bana. Ka la 1 October, 1950, re ile ra qala ho sebetsa ’moho re le bo-pula-maliboho. Ka 1952, re ile ra fuoa mosebetsi oa potoloho.

HO BA MOSEBETSING OA POTOLOHO LE HO KOETLISOA GILEADE

Bobeli ba rōna re ne re utloa re hloka thuso e le hore re tsebe ho phetha mosebetsi ona o mocha oo re o filoeng. Kaha ’na ke ne ke thusoa ke barab’abo rōna ba nang le boiphihlelo, ke ile ka batlela Grace thuso. Ke ile ka bua le Marvin Holien, eo e neng e bile motsoalle oa lelapa la rōna ka nako e telele ’me a e-na le boiphihlelo ba ho sebetsa e le molebeli ea tsamaeang. Ke ile ka re: “Grace o sa le monyenyane ’me ha a na boiphihlelo. Na ho na le motho eo u nahanang hore a ka sebetsa le eena ka nakoana e le hore a mo koetlise?” O ile a re: “E, o teng. Edna Winkle ke pula-maliboho eo e leng khale a li bona, ’me a ka mo thusa haholo.” Hamorao ha Grace a bua ka Edna o ile a re: “O ne a etsa hore ke phutholohe ha ke fihla malapeng a batho, a tseba ho bua le batho ba hanyetsang ebile o ile a nthuta ho mamela beng ba matlo e le hore ke tsebe ho bua se loketseng. O ile a mpha thuso eo ke neng ke hlile ke e hloka!”

Ho tloha ka letsohong le letšehali: Nathan Knorr, Malcolm Allen, Fred Rusk, Lyle Reusch, Andrew Wagner

’Na le Grace re ile ra sebeletsa lipotolohong tse peli Iowa, ho akarelletsa Minnesota le South Dakota. Ka mor’a moo re ile ra isoa New York Potolohong ea 1, e neng e akarelletsa toropo ea Brooklyn le ea Queens. Ha re lebale kamoo re neng re ikhalala kateng kabelong eo. Potoloho eo e ne e akarelletsa  Phutheho ea Brooklyn Heights, e neng e kopanela Holong ea ’Muso ea Bethele moo ho neng ho kopanela litho tsa lelapa la Bethele tse ngata tseo e leng khale li le tšebeletsong. Ka mor’a hore ke fane ka puo ea tšebeletso ea pele phuthehong eo, Mor’abo rōna Nathan Knorr o ile a tla ho ’na eaba o re: “Malcolm, u re file keletso ea hore na re ka lokisa hokae, ’me e ne e loketse. U hopole hore haeba u sa re thuse ka hore u re fe keletso ka mosa, u tla be u sa tsoele mokhatlo molemo oa letho. Tsoela pele ka mosebetsi o motle oo u o etsang.” Ka mor’a liboka, ke ile ka bolella Grace taba ena. Hamorao re ile ra ea kamoreng eo re neng re fihletse ho eona Bethele. Re ne re tšohile hoo re ileng ra ba ra lla.

“Haeba u sa re thuse ka hore u re fe keletso ka mosa, u tla be u sa tsoele mokhatlo molemo oa letho. Tsoela pele ka mosebetsi o motle”

Ka mor’a likhoeli tse seng kae re ile ra fumana lengolo le neng le re memela ho ba teng sehlopheng sa bo24 sa Sekolo sa Gileade, se neng se tla fuoa mangolo ka February 1955. Pele re e-ea sekolong, re ile ra bolelloa hore re ne re sa tl’o koetlisetsoa ho ba baromuoa. Ho e-na le hoo, koetliso eo e ne e tla re thusa haholo mosebetsing oa potoloho. Ho ba sekolong seo e ne e le ntho e hlollang, ebile ho ile ha re ruta hore re ikokobetse.

’Na le Grace re na le Fern le George Couch Sekolong sa Gileade, ka 1954

Ha re qeta thupelo, ke ile ka fuoa kabelo ea ho ba molebeli oa setereke. Setereke seo re neng re sebeletsa ho sona se ne se akarelletsa Indiana, Michigan le Ohio. Ka mor’a moo, ka December 1955 re ile ra makatsoa ke ho fumana lengolo le tsoang ho Mor’abo rōna Knorr le neng le re: “Le se ke la tšaba ho bolela maikutlo a lōna ’me le mpolelle ’nete feela. Mpolelleng hore na le ka thabela ho tla Bethele mona ’me le lule teng . . . kapa le batla ho tla Bethele ka nakoana ebe ka mor’a moo le il’o sebeletsa naheng e ’ngoe. Haeba le thabela mosebetsi oa potoloho le oa setereke, le teng ha ho bothata.” Re ile ra re re ka thabela ho etsa ntho leha e le efe eo re abeloang hore re e etse. Re ile ra memeloa ho tla Bethele ka ho panya ha leihlo!

LILEMO TSE THABISANG BETHELE

Har’a lintho tse ling tseo ke ileng ka li thabela lilemong tseo re bileng Bethele ka tsona, ke ho fuoa kabelo ea ho fana ka thupelo le lipuo United States eohle. Ke ile ka ba le seabo sa ho koetlisa le ho thusa barab’abo rōna ba bangata ba bacha bao hamorao ba ileng ba fuoa boikarabelo bo boholo mokhatlong oa Jehova. Qetellong, ke ile ka sebeletsa ke le mongoli oa Morab’o rōna Knorr ofising e neng e hlophisa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle.

Ha ke sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ka 1956

Ka ho khetheha ke ile ka thabela lilemo tseo ke ileng ka li qeta ke sebeletsa Lefapheng la Tšebeletso. Lefapheng leo ke ile ka sebetsa le Mor’abo rōna T. J. Sullivan (eo ha a reneketsoa a neng a bitsoa Bud). E ne e bile molebeli oa lefapha leo ka lilemo tse ngata. Ho boetse ho na le ba bang bao ke ileng ka  ithuta lintho tse ngata ho bona. E mong oa bona e ne e le Fred Rusk, ea neng a nkoetlisa. Ke hopola hantle ha ke ne ke mo botsa ke re: “Fred, ke hobane’ng ha u etsa liphetoho tse ngata hakaale mangolong a mang ao ke a ngotseng?” O ile a tšeha ’me a re: “Malcolm, ha u bolella motho ntho le shebane, u ka boela ua e hlalosa ka mantsoe a eketsehileng, empa ha u ngola, haholo-holo lengolo le tsoang mona, le lokela ho utloahala hantle le be le nepahale ka hohle kamoo ho ka khonehang.” Eaba o bua ka mosa o re: “U se ke ua tšoha—u etsa mosebetsi o tsoileng matsoho, ’me ha nako e ntse e ea, u tla etsa hantle le ho feta.”

Ka lilemo tse ngata tseo re li qetileng re le Bethele, Grace o ile a fuoa likabelo tse fapa-fapaneng, tse akarelletsang ho hloekisa likamore tsa bolulo tsa lelapa la Bethele. O ne a rata mosebetsi oa hae haholo. Ho tla fihlela kajeno, ka linako tse ling ha re kopana le barab’abo rōna ba bang ba neng ba le bacha lilemong tseo, ba hopotsa Grace ba ntse ba bososela ba re: “U ile ua nthuta ho alola bethe hantle, e leng seo ’Mè a ileng a se thabela haholo.” Grace o ile a boela a thabela ho sebetsa Lefapheng la Limakasine, Lefapheng la Ngollano le Lefapheng le Etsang Litheipi. Ho sebetsa mafapheng ao a fapa-fapaneng ho mo thusitse ho hlokomela hore ke tlotla ebile ke tlhohonolofatso ho sebeletsa mokhatlong oa Jehova, ho sa tsotellehe hore na re etsa mosebetsi ofe le hore na re sebakeng sefe. O ntse a ikutloa ka tsela eo le kajeno.

LIPHETOHO TSEO RE ILENG RA LI ETSA

Lilemong tsa bo-1975, re ile ra bona hore batsoali ba rōna ba hōlileng ba ne ba hloka tlhokomelo e eketsehileng. Qetellong, re ile ra lokela ho etsa qeto e boima. Re ne re sa batle ho tloha Bethele le ho arohana le bara le barali babo rōna bao re neng re ba rata haholo. Empa ke ne ke utloisisa hore re tlameha ho hlokomela batsoali ba rōna. Kahoo, ha nako e ntse e ea re ile ra tsoa Bethele, empa re e-na le tšepo ea hore re ka ’na ra khutla ha maemo a fetoha.

Ke ile ka sebeletsa k’hamphani ea inshorense e le hore re iphelise. Ha ke sa tla lebala seo mookameli e mong a ileng a mpolella sona ha ke ntse ke koetlisoa, o ile a re: “Mosebetsing ona re etela batho mantsiboea. Ke nako eo u ka ba fumanang ka eona. Ha ho na ntho e bohlokoa ho feta hore mantsiboea a mang le a mang u ba etele.” Ke ile ka mo araba ka re: “Ke hlompha maikutlo a hao le tsebo ea hao ea mosebetsi, empa haesale ke beha ho rapela Molimo pele bophelong ba ka, ’me ha kea ikemisetsa ho fetola seo. Ha ke na bothata ba ho etela batho mantsiboea, empa mantsiboeeng a Labobeli le Labone, ke lokela ho ea libokeng tsa bohlokoa haholo.” Ruri Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba ka ba hore ke se ke ka lofa liboka ka baka la mosebetsi.

Re ne re eme ka thōko ho bethe ea ’Mè ha a hlokahala a le lehaeng la maqheku ka July 1987. Mookameli oa baoki o ile a tla ho Grace ’me a re: “Mofumahali Allen, e-ea hae u il’o phomola. Batho bohle baa tseba hore u ne u lula u le mona ho oka matsale oa hao. U se ke ua tšoenyeha, u entse sohle se matleng a hao.”

 Ka December 1987, re ile ra etsa kōpo ea ho sebeletsa Bethele hape, e leng sebaka seo re neng re se rata. Empa matsatsi a seng makae ka mor’a moo, ho ile ha fumanoa hore Grace o na le kankere ea mala. Ka mor’a hore a buuoe le ho hlaphoheloa hantle, lingaka li ile tsa re ha a sa na kankere. Ho sa le joalo, re ile ra fumana lengolo le tsoang Bethele le neng le re khothalletsa hore re ntšetse tšebeletso ea rōna pele phuthehong eo re leng ho eona. Re ne re ikemiselitse ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa rōna oa ’Muso.

Ka mor’a nako, ke ile ka fumana mosebetsi Texas. Re ile ra nahana hore sebaka seo se futhumetseng se tla re tšoara hantle, ’me ho ile ha fela ha e-ba joalo. Ho tloha ha re fallela mona Texas lilemong tse 25 tse fetileng, re ’nile ra phela le bara le barali babo rōna ba re tsotellang, ’me le rōna re ba rata haholo.

SEO RE ITHUTILENG SONA

Grace o ’nile a loantšana le kankere ea mala le ea kolu, ’me morao tjena o na le kankere ea matsoele. Leha ho le joalo, ha ho mohla a kileng a tletleba ’me o lula a hlompha bohlooho ba ka a bile a e-na le tšebelisano-’moho. Batho ba lula ba mo botsa ba re: “Ke’ng e etsang hore lenyalo la lōna le atlehe le hore le lule le thabile?” O ba fa mabaka a mane ’me o re: “Re metsoalle ea hlooho ea khomo. Rea buisana letsatsi le letsatsi. Re rata ho qeta nako e ngata re le ’moho. Ho feta moo, ha re robale re koatelane.” Ke ’nete hore ka linako tse ling rea sitelanoa, empa rea tšoarelana re be re leballane litšito—’me mokhoa oo o sebetsa e le kannete.

“Itšetlehe ka Jehova kamehla ’me u amohele seo a lumellang hore se etsahale”

Ho na le lintho tse ngata tse ntle tseo re ithutileng tsona litekong tsohle tseo re ileng ra thulana le tsona:

  1.  Itšetlehe ka Jehova kamehla ’me u amohele seo a lumellang hore se etsahale. Le ka mohla u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.—Liprov. 3:5, 6; Jer. 17:7.

  2.  Batla tataiso Lentsoeng la Jehova ka taba leha e le efe. Ke ntho ea bohlokoa ho mamela Jehova le melao ea hae. Re ka khetha pakeng tsa lintho tse peli—ho mamela Jehova kapa ho se mo mamele.—Bar. 6:16; Baheb. 4:12.

  3.  Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ke ho iketsetsa lebitso le letle le Jehova. Etelletsa ho etsa thato ea hae pele, eseng ho batla maruo.—Liprov. 28:20; Moek. 7:1; Mat. 6:33, 34.

  4.  Rapella hore u khone ho beha litholoana tšebeletsong ea Jehova le ho cheseha ka hohle kamoo u ka khonang. Tsepamisa kelello linthong tseo u khonang ho li etsa, eseng ho tseo u sa li khoneng.—Mat. 22:37; 2 Tim. 4:2.

  5.  Hopola hore ha ho mokhatlo o mong oo Jehova a o ratang a bileng a o hlohonofatsang joaloka ona.—Joh. 6:68.

’Na le Grace re sebelelitse Jehova ka lilemo tse fetang 75 motho ka mong, ’me re mo sebelelitse tse ka bang 65 re le banyalani. Ruri ho bile monate haholo ho sebeletsa Jehova re le ’moho ka lilemo tsena tse ngata. E se eka bara le barali babo rōna kaofela ba ka inoesa ka nkho hore na bophelo bo monate hakaakang ha motho a itšetlehile ka Jehova.