Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | MASHANO A ETSANG HORE MOLIMO A SE KE A RATEHA

’Nete e Tla U Lokolla

’Nete e Tla U Lokolla

Ka letsatsi le leng, Jesu o ne a le Jerusalema a bua ka Ntate oa hae Jehova ’me a pepesa mashano a baeta-pele ba bolumeli ba bohata ba mehleng ea hae. (Johanne 8:12-30) Seo a ileng a se bua moo, se re ruta tsela eo ka eona re ka hlahlobang lithuto tse atileng kajeno tse mabapi le Molimo. Jesu o ile a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32.

“Lula lentsoeng la ka.” Mona Jesu o re bontšitse se ka re thusang ho hlahloba hore na lithuto tsa bolumeli ke “’nete” kapa che. Ha u utloa taba e itseng ka Molimo, ipotse, ‘Na taba ee e lumellana le mantsoe a Jesu le litemana tse ling tsa Bibele?’ Etsisa mohlala oa batho ba ileng ba utloa ha moapostola Pauluse a bua ’me ba “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena [lintho tseo ba neng ba ithuta tsona] li joalo kapa che.”—Liketso 17:11.

Marco, Rosa le Raymonde, bao ho builoeng ka bona sehloohong sa pele, ba ile ba hlahloba lintho tseo ba neng ba li lumela ka hloko ka hore ba ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba ithuta’ng?

Marco: “Motho ea neng a re ruta, o ne a sebelisa Bibele ho araba lipotso tsohle tseo ’na le mosali oa ka re neng re li botsa. Re ile ra qala ho rata Jehova haholo ’me ’na le mosali oa ka re ile ra ba le kamano e haufi haholo!”

Rosa: “Qalong, ke ne ke nahana hore Bibele ke buka ea filosofi e lekang ho hlalosa hore na Molimo o joang ho latela menahano ea batho. Leha ho le joalo, butle-butle ke ile ka fumana likarabo tsa lipotso tseo ke neng ke e-na le tsona ka Bibele. Hona joale, Jehova ke motho oa sebele ho ’na. Ke Motho eo nka mo tšepang.”

Raymonde: “Ke ile ka rapela Molimo hore a nthuse hore ke ithute ka eena. Nakoana ka mor’a moo, ’na le monna oa ka re ile ra qala ho ithuta Bibele. Qetellong, re ile ra ithuta ’nete ka Jehova! Re ile ra thaba haholo ha re ithuta hore na ke Molimo ea joang.”

Bibele ha e pepese feela mashano ao batho ba a rutang ka Molimo; e senola ’nete mabapi le botho ba hae bo ratehang. Ke Lentsoe la hae le bululetsoeng ’me le re thusa hore re ‘tsebe lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo.’ (1 Bakorinthe 2:12) Ekaba hantle hore u ipalle Bibele ’me u hlokomele kamoo e tla araba lipotso tse tloaelehileng kateng empa e le tsa bohlokoa, ka Molimo, ka morero oa hae le ka bokamoso. Bala likarabo tsa tse ling tsa lipotso tsena tlas’a “Lithuto Tsa Bibele > Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” ho www.pr418.com/st. U ka boela ua kōpa thuto ea Bibele Websaeteng eo kapa ho e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Re kholisehile hore ha u ka etsa seo, u tla hlokomela hore ho bonolo ho rata Molimo ho feta kamoo u neng u nahana kateng.