Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 ATAMELA HO MOLIMO

“Moputsi oa ba mo Batlang ka Tieo”

“Moputsi oa ba mo Batlang ka Tieo”

Na Jehova o ananela boiteko boo barapeli ba hae ba bo etsang ba ho mo khahlisa? Batho ba bang ba ka ’na ba re che, ba bolela hore Molimo ha a na taba le rōna. Empa ho bua joalo ke ho senya Molimo lebitso. Lentsoe la hae Bibele, le re bolella seo e leng ’nete. Le re tiisetsa hore Jehova o ananela boiteko boo barapeli ba hae ba tšepahalang ba bo etsang. Nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho Baheberu 11:6.

Motho o lokela ho etsa’ng e le hore a khahlise Jehova? Pauluse o ile a ngola a re: ‘Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ Hlokomela hore Pauluse ha a re kantle ho tumelo ho thata ho khahlisa Molimo. Ho e-na le hoo, moapostola o re ho ke ke ha khoneha ho etsa joalo. Ka mantsoe a mang, ho ba le tumelo ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e le hore motho a khahlise Molimo.

Ke tumelo ea mofuta ofe e thabisang Jehova? Tumelo ea rōna ho Molimo e lokela ho akarelletsa lintho tse peli. Ea pele, re “lokela ho lumela hore o teng.” Liphetolelo tse ling li re re lokela “ho lumela hore ke motho oa sebele.” Re ka khahlisa Molimo joang haeba re belaela hore o teng? Leha ho le joalo, tumelo ea ’nete e akarelletsa se fetang seo, kaha le bademona baa lumela hore Jehova o teng. (Jakobo 2:19) Ho lumela hore Molimo o teng ho lokela ho bonahala ka liketso tsa rōna, seo se bolela hore re bontša tumelo ka hore re phele ka tsela e mo khahlisang.—Jakobo 2:20, 26.

Ea bobeli, re “lokela ho lumela hore” Molimo ke “moputsi.” Motho ea nang le tumelo ea ’nete o kholisehile ka ho feletseng hore boiteko ba hae ba ho phela ka tsela e khahlisang Molimo, e ke ke ea e-ba ba lefeela. (1 Bakorinthe 15:58) Re ka khahlisa Jehova joang haeba re belaela hore o na le bokhoni le takatso ea ho re putsa? (Jakobo 1:17; 1 Petrose 5:7) Ha motho a re Molimo ha a tsotelle batho, ha a na kananelo ebile o lekhonatha, motho eo ha a tsebe Molimo ea ngotseng Bibele.

Jehova o putsa batho ba joang? Pauluse o re “ba mo batlang ka tieo.” Buka e ’ngoe ea bafetoleli ba Bibele e bontša hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho ‘batla ka tieo,’ ha le bolele “ho batla ho tseba” ka Molimo, ho e-na le hoo, le bolela “borapeli” ba rōna ho Molimo. Buka e ’ngoe e re leetsi lena la Segerike le bolela ketso e matla le boiteko bo etsoang ka tieo. Ka sebele, Jehova o putsa batho bao tumelo ea bona e ba susumelletsang ho mo etsetsa borapeli ka lerato le cheseho tse tsoang botebong ba pelo.—Matheu 22:37.

Re ka khahlisa Jehova joang haeba re belaela hore o na le bokhoni le takatso ea ho re putsa?

Jehova o putsa barapeli ba hae ba tšepahalang joang? O tšepisitse ho re putsa ka bokamoso bo ke keng ba lekanngoa—bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng—e leng se bontšang lerato la hae le tebileng le ho fana ha hae ka seatla se bulehileng. (Tšenolo 21:3, 4) Esita le hona joale, batho ba batlang Jehova ka tieo ba fumana mahlohonolo a mangata. Ka thuso ea moea oa Molimo le bohlale bo fumanoang Lentsoeng la hae, ba phela bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang.—Pesaleme ea 144:15; Matheu 5:3.

Ka sebele, Jehova ke Molimo ea ananelang tšebeletso eo barapeli ba hae ba inehetseng ba e etsang ka botšepehi. Na ho tseba seo ha ho u susumelletse hore u atamele haufi le eena? Haeba ho joalo, ekaba hantle hore u ithute ka ho eketsehileng ka hore na u ka etsa joang hore u hlaolele le ho bontša tumelo e ka etsang hore Jehova a u putse ka ho enneng.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka November

Tite 1-3; Filemone 1-25; Baheberu 1-13Jakobo 1-5