Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 MOQOQO LE MOAHELANI

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?

Moqoqo o latelang ke o tloaelehileng oo e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ka bang le oona le moahelani oa hae. A re nke hore Paki e bitsoang Mampho e etetse ha ’mè ea bitsoang Seipati.

MOLIMO O IKUTLOA JOANG HA RE UTLOA BOHLOKO?

Mampho: Lumela Seipati. Ka tla ka thaba ho fumana u le teng lapeng.

Seipati: Le ’na ke thabela ho u bona.

Mampho: Nakong e fetileng, re ile ra buisana ka ho re na Molimo o ikutloa joang ha re utloa bohloko. * U ile ua re haesale u ntse u ipotsa ka taba ena, haholo-holo ka mor’a hore ’mè oa hao a lemale kotsing ea koloi. Ebe o ntse a e-ea joang?

Seipati: Ho ea ka matsatsi. Empa kajeno o betere.

Mampho: Ke litaba tse monate tseo. Ho tlameha ho le thata hore u lule u thabile boemong bo tjena.

Seipati: E, ho thata kannete. Ka linako tse ling kea ipotsa hore ebe ’Mè o tla utloa bohloko tjena ho fihlela neng.

Mampho: Ho tloaelehile ho ikutloa ka tsela eo. Haeba u hopola hantle, nakong e fetileng ha ke le mona, ke ile ka u siela potso ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore re tsoele pele ho utloa bohloko haeba a e-na le matla a ho bo felisa.

Seipati: E, kea hopola.

Mampho: Pele re tšohla hore na Bibele e re’ng, a re ke re ikhopotse lintlha tseo re ileng ra buisana ka tsona nakong e fetileng.

Seipati: Ho lokile.

Mampho: Re ile ra ithuta hore ka Bibeleng ho na le monna ea tšepahalang ea ileng a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore re utloe bohloko. Empa Molimo ha aa ka a mo halefela kapa a mo bolella feela hore o lokela ho ba le tumelo haholoanyane.

Seipati: Eo e ne e le taba eo ke neng ke sa e tsebe.

Mampho: Re ile ra boela ra ithuta hore Jehova Molimo ha a rate ho bona re utloa bohloko. Ka mohlala, Bibele e re ha batho ba hae ba ne ba le mahlomoleng “le eena o ile a hlomoha.” * Na hase ho khothatsang ho tseba hore Molimo oa ameha ha re utloa bohloko?

Seipati: Kannete hoa khothatsa.

Mampho: Qetellong re ile ra tšohla taba ea hore kaha ’Mōpi o na le matla a maholo, ka sebele o na le matla a ho felisa mahlomola neng kapa neng.

Seipati: Ke eona ntho e nkemisang hlooho eo. Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore lintho tsee tse mpe li etsahale empa a na le matla a ho li felisa?

KE MANG EA NENG A BUA ’NETE?

Mampho: E le hore re fumane karabo ea potso ea hao a re ke re shebe buka ea pele ea Bibele, e leng Genese. Akere u tseba tlaleho e buang ka Adama le Eva le tholoana eo Molimo a ileng a re ba se ke ba e ja?

Seipati: E, ke ithutile eona sekolong sa Sontaha.  Molimo o ile a re ba se ke ba ja tholoana ea sefate se itseng empa ho ntse ho le joalo, ba ile ba e ja.

Mampho: U nepile. Joale, a re ke re hlahlobe se ileng sa etsa hore Adama le Eva ba qetelle ba entse sebe. Ha re hlahloba se ileng sa etsahala ke hona re tla tseba hore na ke hobane’ng ha re utloa bohloko. Ke kōpa u bale Genese khaolo ea 3, temana ea 1 ho ea ho ea 5.

Seipati: Ho lokile. “Joale noha e ne e le seli ka ho fetisisa har’a libata tsohle tsa naha tseo Jehova Molimo a li entseng. Kahoo ea qala ho re ho mosali: ‘Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?’ Eaba mosali o re ho noha: ‘Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa, Molimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’” Eaba noha e re ho mosali: ‘Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.’”

Mampho: Kea leboha. A re ke re hlahlobe litemana tseo ka hloko. Ntlha ea pele, hlokomela hore noha e ile ea bua le Eva. Lengolo le leng la Bibele le bontša hore ha e le hantle e ne e le Satane Diabolose ea neng a bua le Eva, a etsa eka noha ea bua. * Satane o ile a botsa Eva ka taelo eo ba e filoeng ke Molimo mabapi le sefate se itseng. Na u hlokometse hore Molimo o ile a re ho tla etsahala’ng haeba Adama le Eva ba ne ba ka ja tholoana ea sefate seo?

Seipati: Ba ne ba tla shoa.

Mampho: U nepile. Joale, ha Satane a bua mantsoe ana a latelang o ile a qosa Molimo ka qoso e tebileng. Hlokomela seo a ileng a se bua: “Ka sebele le ke ke la shoa.” Satane o ne a re Molimo o leshano!

Seipati: Ena taba eona ke qala ho e utloa.

Mampho: Ha Satane a ne a re Molimo o leshano, o ile a phahamisa qoso eo ho neng ho tla hlokahala hore ho fete nako e itseng e le hore e rarolloe. Na ua bona hore ke hobane’ng?

Seipati: Hmm. Ha ke tsebe hantle.

Mampho: E-re ke u hlalosetse taba ena tjena. A re re ke bolela hore ke na le matla ho u feta. U ne u tla mpontša joang hore ke fositse?

Seipati: Mohlomong re ne re tla etsa tlhōlisano.

Mampho: Ho joalo. Mohlomong re ne re tla khetha ntho e itseng e boima e le hore re bone hore na ke mang ea ka khonang ho e phahamisa. Ha e le hantle, ho bonolo ho bona hore na ke mang ea matla ho feta e mong.

Seipati: Kea bona joale.

Mampho: Empa joale u tla re’ng haeba ke re ke tšepahala ho u feta ho e-na le hore ke re ke matla ho u feta? Eo ke taba e fapaneng, na ha ho joalo?

Seipati: E, ho bonahala joalo.

Mampho: Ho feta moo, ho tšepahala ho ke ke ha bontšoa ka ho etsa tlhōlisano joaloka ho ba matla.

Seipati: E, ke ’nete.

Mampho: ’Nete ke hore, tsela feela ea ho rarolla taba eo e ne e tla ba ho lumella hore ho fete nako e lekaneng e le hore batho ba khone ho bona hore na ke mang ea tšepahalang ho feta e mong.

Seipati: Seo sea utloahala.

Mampho: Ke kōpa o shebe hape tlaleho ena ea Genese. Na Satane o ile a re o matla ho feta Molimo?

Seipati: Che.

Mampho: Molimo o ne a tla mo bontša kapele feela hore o fositse. Ho e-na le hoo, Satane o ile a re o tšepahala ho feta Molimo. Ha e le hantle, o ile a re ho Eva, ‘Molimo oa u thetsa, ’na ke u bolella ’nete.’

Seipati: Jo!

Mampho: Kaha Molimo o bohlale o ne a tseba hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho rarolla bothata bona ke hore a lumelle hore ho fete nako. Qetellong ho ne ho tla totobala hore na ke mang ea neng a bua ’nete le hore na ke mang ea neng a bua leshano.

KHANYETSO E KHŌLŌ

Seipati: Empa hang feela ha Eva a shoa, na seo ha sea ka sa bontša hore Molimo o ne a bua ’nete?

Mampho: E, ho bonahala joalo. Empa ho ne ho  e-na le ntho e ’ngoe qosong ena ea Satane. Ke kōpa o shebe temana ea 5 hape. Na u hlokomela se seng seo Satane a ileng a se bolella Eva?

Seipati: O ile a re ha a ka ja tholoana, mahlo a hae a tla tutuboloha.

Mampho: E, le hore o tla ‘ba joaloka Molimo, a tsebe botle le bobe.’ Kahoo, Satane o ne a bolela hore ho na le ntho e molemo eo Molimo a e patelang batho.

Seipati: Kea utloisisa.

Mampho: Le eona eo e ne e le qoso e khōlō.

Seipati: U bolela’ng?

Mampho: Ka mantsoe ao, Satane o ne a bolela hore Eva—ho akarelletsa le batho bohle—ba ne ba tla phela hamolemo ha ba sa busoe ke Molimo. Le tabeng ena, Jehova o ne a tseba hore tsela e molemohali ea ho rarolla bothata bona ke hore a lumelle Satane hore a pake seo. Kahoo Molimo o lumeletse Satane hore a buse lefatše lena ka nakoana. Ke kahoo re bonang mahlomola a mangata hakana lefatšeng—hobane Satane ke eena ’musi oa lefatše, eseng Molimo. * Empa ho na le litaba tse monate.

Seipati: Ke litaba life?

Mampho: Bibele e ruta lintho tsena tse peli tse thabisang ka Molimo. Ea pele, Jehova o ameha ka rōna ha re utloa bohloko. Ka mohlala, hlokomela mantsoe a Morena Davida a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 31:7. Davida o ile a ba le mahlomola a mangata bophelong ba hae, empa hlokomela seo a se buang ha a rapela Molimo. Ke kōpa u bale temana eo.

Seipati: Ho lokile. E re: “Ke tla thaba ’me ke nyakalle ka lebaka la mosa oa hao o lerato, ka hore ebe u bone mahloreho a ka; u tsebile ka mahlomola a moea oa ka.”

Mampho: Le hoja Davida a ne a le mahlomoleng, o ile a tšelisoa ke ho tseba hore Jehova o ne a bona lintho tsohle tse neng li mo utloisa bohloko. Na seo hase u tšelise—hore Jehova o bona lintho tsohle, esita le lintho tse re utloisang bohloko maikutlong tseo batho ba bang ba sa li utloisiseng?

Seipati: E, sea tšelisa kannete.

Mampho: Taba e ’ngoe e monate ea bobeli ke hore Molimo a ke ke a lumella hore re utloe bohloko ka ho sa feleng. Bibele e re haufinyane o tla felisa puso e khopo ea Satane. Hape, Molimo o tla felisa ka ho feletseng lintho tsohle tse mpe tse etsahalang, ho akarelletsa le lintho tseo uena le ’mè oa hao le ileng la feta ho tsona. Ke kōpa ho khutla bekeng e tlang ’me re tl’o tšohla hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore haufinyane Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle. *

Seipati: Ho lokile u ka tla.

Na ho na le taba e itseng ka Bibeleng eo u eeng u ipotse eona? Na u labalabela ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa ka tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, lekhetlong le tlang ha u kopana le Paki ea Jehova, u se ke ua qeaqea ho e botsa. E tla thabela ho tšohla litaba tse kang tseo le uena.

^ ser. 7 See Sheba sehlooho se reng, “Moqoqo le Moahelani—Na Molimo oa Tsotella ha re Utloa Bohloko?” makasineng ea July 1, 2013. E boetse e fumaneha ho www.pr418.com/st.

^ ser. 61 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 9 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.pr418.com/st.