Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rapela Jehova Morena oa Bosafeleng

Rapela Jehova Morena oa Bosafeleng

“Ho Morena oa bosafeleng . . . e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng.”—1 TIM. 1:17.

1, 2. (a) “Morena oa bosafeleng” ke mang, hona ke hobane’ng ha tlotla eo e loketse? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke’ng e re atametsang ho Jehova ha re tla tabeng ea bobusi ba hae?

MORENA SOBHUZA oa II o busitse Swaziland ka lilemo tse ka bang 61. Ka sebele, eo ke nako e telele mehleng ena. Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka Morena Sobhuza o busitse nako e telele, ho na le morena eo puso ea hae e sa lekanyetsoeng ke nako e khutšoanyane eo batho ba e phelang. Ha e le hantle, Bibele e re ke “Morena oa bosafeleng.” (1 Tim. 1:17) Mopesaleme o ile a tsebahatsa ’Musi eo ka lebitso ha a re: “Jehova ke Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”—Pes. 10:16.

2 Nako eo Molimo a busang ka eona e etsa hore puso ea hae e se ke ea tšoana le ea motho leha e le ofe. Empa ntho e re atametsang ho Jehova, ke tsela eo a busang ka eona. Morena e mong ea busitseng Iseraeleng ea boholo-holo ka lilemo tse 40, o ile a rorisa Molimo ka mantsoe ana: “Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. Jehova o tiisitse terone ea hae ka thata maholimong; borena ba hae bo ’nile ba ba le taolo holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” (Pes. 103:8, 19) Jehova ke Morena ebile ke Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong. Ntlha ena e phahamisa lipotso tse peli: Jehova o bontšitse joang hore ke Ntate? Jehova o busitse joang ho tloha ha borabele bo qala Edene? Likarabo tsa lipotso tsena li tla re susumelletsa hore re atamele ho Jehova le hore re mo rapele ka lipelo tsohle.

 MORENA OA BOSAFELENG O HLAHISA LELAPA LA BOKAHOHLENG

3. Ke mang ea bōpiloeng pele lelapeng la Jehova la bokahohleng, hona ke bo-mang ba ileng ba bōptjoa hore e be “bara” ba Molimo?

3 E tlameha ebe Jehova o ile a thaba hakaakang ha a bōpa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši! Molimo ha aa ka a nka Mora oa hae oa letsibolo e le mofo ea tlaasana. Ho e-na le hoo, o ile a mo rata joaloka Mora ’me a re a kopanele thabong ea ho bōpa bafo ba bang ba phethahetseng. (Bakol. 1:15-17) Ba ile ba akarelletsa limiriade tsa mangeloi. Kaha mangeloi a hlalosoa e le ‘basebeletsi ba Molimo, ba etsang thato ea hae,’ a mo sebeletsa ka thabo, ’me o a tlotla ka ho a bitsa “bara” ba hae. Ke karolo ea lelapa la Jehova la bokahohleng.—Pes. 103:20-22; Jobo 38:7.

4. Ho tlile joang hore batho e be karolo ea lelapa la Molimo la bokahohleng?

4 Ka mor’a hore Jehova a bōpe maholimo le lefatše, o ile a eketsa lelapa la hae la bokahohleng. Ha Jehova a se a entse lefatše lehae le letle le nang le bokhoni ba ho inchafatsa, o ile a bōpa motho oa pele, e leng Adama, ka setšoantšo sa Hae e le mokhabo oa mosebetsi oa hae lefatšeng. (Gen. 1:26-28) Kaha ke ’Mōpi, ka nepo Jehova o ne a ka lebella hore Adama a mo mamele. E le Ntate, Jehova o ile a fana ka litaelo tsohle tsa hae ka lerato le ka mosa. Litaelo tseo li ne li sa amohe batho bolokolohi ho sa hlokahale.—Bala Genese 2:15-17.

5. Molimo o ile a etsa tokisetso efe e le hore a tlatse lefatše ka batho?

5 Ho fapana le marena a mangata a batho, Jehova o thabela ho fa bafo ba hae boikarabelo e le litho tse ka tšeptjoang tsa lelapa la hae. Ka mohlala, o ile a fa Adama matla a ho laola lintho tse ling tse phelang, a ba a mo fa mosebetsi o thabisang le oa motonanahali oa ho reha liphoofolo mabitso. (Gen. 1:26; 2:19, 20) Molimo ha aa ka a bōpa batho ba limilione ba phethahetseng hore ba tlatse lefatše. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho etsetsa Adama motlatsi ea phethahetseng, e leng Eva. (Gen. 2:21, 22) Ka mor’a moo, a fa banyalani bao monyetla oa hore ba tlatse lefatše ka bana. Tlas’a maemo a phethahetseng, butle-butle batho ba ne ba ka atolosa meeli ea Paradeise, ho fihlela e akaretsa lefatše lohle. Bona hammoho le mangeloi a leholimong, ba ne ba ka rapela Jehova ka ho sa feleng e le karolo ea lelapa la hae la bokahohleng. Ruri eo e ne e le tebello e hlollang! E le pontšo e ikhethang ea lerato la Jehova joaloka ntate!

BARA BA MARABELE BA LAHLA BOBUSI BA MOLIMO

6. (a) Borabele bo qalile joang lelapeng la Molimo? (b) Ke hobane’ng ha borabele bo ne bo sa bolele hore Jehova ha a sa na matla a ho laola?

6 Ka masoabi, Adama le Eva ha baa ka ba khotsofalla hore Jehova e be ’Musi oa bona. Empa ba ile ba khetha ho latela mora oa Molimo oa lerabele, e leng Satane. (Gen. 3:1-6) Ha ba se ba sa busoe ke Molimo, seo se ile sa ba tlisetsa bohloko, mahlomola le lefu, bona le bana ba bona. (Gen. 3:16-19; Bar. 5:12) Molimo o ne a se a se na bafo ba mo mamelang lefatšeng. Na see se ne se bolela hore ha a sa na matla a ho laola le ho busa lefatše le baahi ba lona? Le hanyenyane! O ile a sebelisa matla a hae a bolaoli ’me a leleka monna le mosali serapeng sa Edene, kahoo e le ho ba thibela ho khutlela ho sona, a beha likerubime hore li se lebele. (Gen. 3:23, 24) Ka nako e tšoanang, Molimo o ile a bontša lerato la hae joaloka ntate ka hore a tiise hore morero oa hae oa ho ba le lelapa la bokahohleng la bara ba moea le ba nama ba mo sebeletsang o tla phethahala. O ile a tšepisa hore ho tla ba le “peō” e tla felisa Satane le ho etsolla liphello tsa sebe sa Adama.—Bala Genese 3:15.

7, 8. (a) Maemo a ne a mpefetse hakae mehleng ea Noe? (b) Jehova o ile a etsa’ng e le hore a hloekise lefatše le ho sireletsa moloko oa batho?

7 Lilemong tse makholo tse ileng tsa latela,  batho ba bang ba ile ba khetha ho tšepahala ho Jehova. Har’a bona e ne e le Abele le Enoke. Empa ba bangata ha baa ka ba amohela Jehova e le Ntate le Morena oa bona. Mehleng ea Noe, lefatše “le ne le tletse pefo.” (Gen. 6:11) Na see se ne se bolela hore Jehova ha a sa laola lintho tse etsahalang lefatšeng? Tlaleho ea histori e bontša eng?

8 Nahana ka tlaleho ea Noe. Jehova o ile a mo fa polane le litaelo tse hlakileng tsa ho haha areka e khōlō e neng e tla mo pholosa hammoho le ba lelapa la hae. Molimo o ile a boela a bontša hore o rata lelapa lohle la batho ha a ne a laela Noe hore e be “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5) Ho hlakile hore molaetsa oa Noe o ne o akarelletsa hore batho ba bake o bile o ba lemosa ka timetso e tlang, empa ha baa ka ba o ela hloko. Noe le ba lelapa la hae ba ile ba qeta lilemo tse mashome ba phela har’a batho ba mabifi le ba boitšoaro bo hlephileng. Kaha Jehova ke Ntate ea tsotellang, o ile a sireletsa batho bao ba robeli ba tšepahalang le ho ba hlohonolofatsa. Jehova o ile a tlisa Moroallo lefatšeng, ’me a bonahatsa matla a hae ho batho ba marabele le mangeloi a khopo. Ho hlakile hore Jehova o ne a laola lintho.—Gen. 7:17-24.

Haesale Jehova a sebelisa matla a hae a bolaoli (Sheba serapa sa 6, 8, 10, 12 le 17)

BOBUSI BA JEHOVA KA MOR’A MOROALLO

9. Jehova o ile a fa batho monyetla ofe ka mor’a Moroallo?

9 Ha Noe le ba lelapa la hae ba tsoela ka ntle lefatšeng le hloekisitsoeng ’me ba hema moea o hloekileng, ha ho pelaelo hore ba ile ba ananela ka botebo tsela eo Jehova a ba hlokometseng le ho ba sireletsa ka eona. Hang-hang, Noe o ile a haha aletare ’me a etsa mahlabelo e le hore a rapele Jehova. Molimo o ile a hlohonolofatsa Noe le ba lelapa la hae, ’me a ba laela hore ‘ba ate ba ngatafale ba tlale lefatše.’ (Gen. 8:20-9:1) Batho ba ile ba boela ba e-ba le monyetla oa hore ba momahane borapeling le hore ba tlatse lefatše.

10. (a) Borabele khahlanong le Jehova bo ile ba qala hokae, hona joang ka mor’a Moroallo? (b) Jehova o ile a etsa’ng ho tiisa hore thato ea hae ea phethoa?

10 Leha ho le joalo, Moroallo ha o oa ka oa tlosa ho se phethahale, kahoo, batho ba ne ba ntse ba lokela ho loantša tšusumetso e sa bonahaleng ea Satane le mangeloi a hae a marabele. Ho e-s’o ee kae, batho ba ile ba boela ba fetohela bobusi ba Jehova bo lokileng. Ka mohlala, setloholo sa Noe se bitsoang Nimrode, se ile sa hanyetsa bobusi ba Jehova ka tsela e ikhethang. Nimrode o hlalosoa e le “setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” O ile a haha metse e meholo ekang Babele, ’me a iketsa morena “naheng ea Shinare.” (Gen. 10:8-12) Morena oa bosafeleng o ile a etsa’ng ka morena eo oa lerabele le boiteko ba hae ba ho senya morero oa Molimo oa hore batho ba “tlale lefatše”? Molimo o ile a ferekanya puo ea batho, a etsa hore balateli ba Nimrode ba ferekaneng ba hasane “lefatšeng lohle.” Ba ile ba tsamaea le mekhoa ea bona ea borapeli ba bohata le tloaelo ea ho batla ho busoa ke motho.—Gen. 11:1-9.

11. Jehova o ile a bontša joang hore o tšepahalla motsoalle oa hae Abrahama?

11 Le hoja batho ba bangata ba ile ba rapela melimo ea bohata ka mor’a Moroallo, ba bang ba tšepahalang ba ile ba tsoela pele ho hlompha Jehova. E mong oa bona ke Abrahama, ea ileng a bontša kutlo ka hore a siee bophelo bo mabothobotho motseng oa habo oa Ure, ’me a qete lilemo a lula litenteng. (Gen. 11:31; Baheb. 11:8, 9) Ha a ntse a phela e le hloma-u-hlomole, o ne a atisa ho ba har’a marena, ao a mangata a ’ona a neng a lula metseng e sirelelitsoeng ka marako. Empa Jehova o ile a sireletsa Abrahama le ba lelapa la hae. Mopesaleme o ile a bua tjena mabapi le tšireletso ea botsoali ea Jehova: “[Molimo]  ha aa ka a lumella motho leha e le ofe hore a ba etsetse bolotsana, empa a khalemela marena ka lebaka la bona.” (Pes. 105:13, 14) Kaha Jehova o ne a tšepahalla motsoalle oa hae Abrahama, o ile a mo tšepisa a re: “Marena a tla tsoa ho uena.”—Gen. 17:6; Jak. 2:23.

12. Jehova o ile a sebelisa bobusi ba hae joang Egepeta, hona seo se ile sa ama batho ba hae ba khethiloeng joang?

12 Molimo o ile a boela a bolella mora oa Abrahama, Isaka le setloholo sa hae Jakobo tšepiso ea hae ea ho ba hlohonolofatsa, e neng e akarelletsa hore o tla hlahisa marena lesikeng la bona. (Gen. 26:3-5; 35:11) Leha ho le joalo, pele ba hlahisa marena, litloholo tsa Jakobo e ile ea e-ba makhoba Egepeta. Na see se ne se bolela hore Jehova a ke ke a phethahatsa tšepiso ea hae kapa hona hore o nyahlalitse bobusi ba hae lefatšeng? Che ha ho joalo! Ka nako ea hae e loketseng, Jehova o ile a bontša matla a bomolimo ’me a sebelisa bobusi ba hae khahlanong le Faro ea manganga. Baiseraele ba bokhobeng ba ile ba beha tumelo ho Jehova, ’me a ba lopolla ka tsela e hlollang ha ba le Leoatleng le Lefubelu. Ho hlakile hore Jehova e ne e ntse e le ’Musi oa Bokahohleng, ’me joaloka Ntate ea tsotellang, o ile a sebelisa matla a hae a maholo ho sireletsa batho ba hae.—Bala Exoda 14:13, 14.

JEHOVA E BA MORENA OA ISERAELE

13, 14. (a) Pina eo Baiseraele ba ileng ba e bina e ne e re’ng ka bobusi ba Jehova? (b) Molimo o ile a tšepisa Davida eng tabeng ea borena?

13 Hang ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe ka mohlolo Egepeta, ba ile ba tsanyaola pina ea tlhōlo e rorisang Jehova. Pina eo e tlalehiloeng ho Exoda khaolo ea 15, e na le mantsoe ana temaneng ea 18: “Jehova o tla busa e le morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” Ka sebele, Jehova e ile ea e ba Morena oa sechaba sena se secha. (Deut. 33:5) Empa ha sea ka sa khotsofalla ho busoa ke Jehova e le ’Musi oa sona ea sa bonahaleng. Lilemo tse ka bang 400 ka mor’a hore se tsoe Egepeta, se ile sa kōpa Molimo hore a se behele morena oa motho, joaloka baahelani ba sona ba bahetene ba na le eena. (1 Sam. 8:5) Leha ho le joalo, Jehova e ne e ntse e le Morena, e leng se ileng sa bonahala nakong ea puso ea Davida, morena oa bobeli oa Iseraele.

14 Davida o ile a tlisa areka ea selekane e halalelang Jerusalema. Ketsahalong eo e  thabisang, Balevi ba ile ba bina pina ea thoriso e nang le mantsoe a monate, a tlalehiloeng ho 1 Likronike 16:31, a reng: ‘E reng har’a lichaba, “Jehova ke morena!”’ Motho a ka ’na a ipotsa, ‘Kaha Jehova ke Morena oa bosafeleng, e bile Morena joang ka nako eo?’ Jehova e bile Morena ha a bonahatsa bobusi ba hae kapa a theha mokhatlo o tla mo emela ka nako e itseng kapa ho sebetsana le boemo bo itseng bo tobileng. Liphello tse tlisoang ke tšobotsi ena ea borena ba Jehova e tla ba tsa nako e telele. Pele Davida a shoa, Jehova o ile a mo tšepisa hore borena ba hae bo tla tsoela pele ka ho sa feleng a re: “Ke tla hlahisa peō ea hao ka mor’a hao, e tlang ho tsoa lithong tsa hao tse ka hare; ruri ke tla tiisa ’muso oa hae ka thata.” (2 Sam. 7:12, 13) “Peō” eo ea Davida e qeteletse e hlahile lilemo tse fetang 1 000 hamorao. E ipakile ho ba mang, hona e ne e tla ba Morena neng?

JEHOVA O KHETHA MORENA E MOCHA

15, 16. Jesu o ile a tlotsoa neng hore e be Morena oa ka moso, hona ha a le lefatšeng, o ile a etsa tokisetso efe bakeng sa puso ea hae?

15 Ka selemo sa 29 C.E., Johanne Mokolobetsi o ile a qala ho ruta hore “’muso oa maholimo o atametse.” (Mat. 3:2) Ha Jesu a kolobetsoa ke Johanne, Jehova o ile a mo tlotsa e le Mesia ea tšepisitsoeng le Morena oa ka moso oa ’Muso oa Molimo. Jehova o ile a bontša kamoo a ratang Jesu kateng ha a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.”—Mat. 3:17.

16 Nakong eohle ea tšebeletso ea hae, Jesu o ’nile a tlotlisa Ntate oa hae. (Joh. 17:4) O ile a mo tlotlisa ka ho ruta ka ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43) O ile a ba a ruta balateli ba hae hore ba rapelle ’Muso oo hore o tle. (Mat. 6:10) Kaha ke Morena ea Khethiloeng, Jesu o ne a ka re ho bahanyetsi ba hae: “’Muso oa Molimo o har’a lōna.” (Luka 17:21) Hamorao, mantsiboeeng a pele ho lefu la hae, Jesu o ile a hlaba ‘selekane sa ’muso’ le balateli ba hae. Ka hona, o ile a fa ba bang ba barutuoa ba hae ba tšepahalang tebello ea ho busa le eena e le marena ’Musong oa Molimo.—Bala Luka 22:28-30.

17. Jesu o ile a qala ho sebelisa matla a hae a borena joang lekholong la pele la lilemo, empa o ne a lokela ho letela eng?

17 Jesu o ne a tla qala ho busa e le Morena ’Musong oa Molimo neng? O ne a ke ke a qala hang-hang. Thapameng ea letsatsi le hlahlamang, Jesu o ile a bolaoa ’me balateli ba hae ba phasalla. (Joh. 16:32) Empa joaloka nakong e fetileng, Jehova o ne a ntse a laola lintho. O ile a tsosa Mora oa hae ka letsatsi la boraro ’me ka Pentekonta ea 33 C.E., Jesu o ile a theha ’muso o neng o tla tsamaisa phutheho ea Bokreste ea barab’abo ba tlotsitsoeng. (Bakol. 1:13) Leha ho le joalo, Jesu o ne a lokela ho letela ho nka matla a feletseng a borena holim’a lefatše e le “peō” e tšepisitsoeng. Jehova o ile a re ho Mora oa hae: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.”—Pes. 110:1.

RAPELA MORENA OA BOSAFELENG

18, 19. Re susumelletseha hore re etse’ng, hona re tla ithuta’ng sehloohong se latelang?

18 Ka lilemo tse likete, bobusi ba Jehova bo ’nile ba hanyetsoa leholimong le lefatšeng. Jehova ha a e-s’o ka a nyahlatsa bobusi ba hae; o ’nile a tsoela pele ho laola lintho. Kaha ke Ntate ea lerato, o ile a sireletsa le ho hlokomela bafo ba hae ba tšepahalang ba kang Noe, Abrahama le Davida. Na see ha se re susumelletse ho ikokobelletsa Morena oa rōna le ho atamela haufi le eena?

19 Empa joale re ka ’na ra ipotsa: Jehova e bile Morena joang mehleng ea rōna? Re ka bontša joang hore re bafo ba tšepahalang ba ’Muso oa Jehova ’me kahoo re be bara ba phethahetseng ba lelapa la hae la bokahohleng? Ho bolela’ng ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong se latelang.