Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Ntoa e Ileng ea Fetola Lefatše

Ntoa e Ileng ea Fetola Lefatše

Lilemo tse lekholo tse fetileng, bahlankana ba limilione ba ile ba tloha malapeng a bo bona a sireletsehileng ’me ba ea ntoeng. Ba ile ba ea ntoeng ba cheseha, ba susumelitsoe ke ho rata linaha tsa habo bona. Ka 1914, moithaopi oa Leamerika o ile a ngola a re: “Ke thabile haholo ka lebaka la se larileng ka pele.”

Leha ho le joalo, ka ho panya ha leihlo thabo ea bona e ile ea fetoha masoabi. Ha ho na motho ea neng a nahana hore mabotho ao a maholo a sesole a ne a tla nka lilemo a hula ka thata ha a le Belgium le Fora. Ka nako eo, batho ba ile ba re ntoa eo ke “Ntoa e Khōlō.” Kajeno re e tseba e le ntoa ea pele ea lefatše.

Ntoa ea pele ea lefatše e ile ea e-ba e khōlō ka lebaka la palo ea batho ba ileng ba shoa. Ho hakanngoa hore ho ile ha shoa batho ba limilione tse 10 ’me ba limilione tse 20 ba ile ba holofala. Hape liphoso tse khōlō tseo batho ba ileng ba li etsa li ile tsa baka ntoa eo. Bo-ralipolotiki ba Europe ba ile ba hlōleha ho felisa liqabang tsa machaba hoo li ileng tsa ja setsi ho fihlela li baka ntoa ea lefatše lohle. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore “Ntoa e Khōlō” e ile ea senya lefatše ka ho feletseng. E ile ea fetola lefatše ka tsela e ntseng e re ama esita le kajeno.

 LIPHOSO TSE ILENG TSA SENYA HO TŠEPANA

Ntoa ea pele ea lefatše e ile ea qhoma ka lebaka la liphoso tseo batho ba ileng ba li etsa. Buka ea The Fall of the Dynasties—The Collapse of the Old Order 1905-1922 e re “baeta-pele ba Europe ba ne ba sa tsebe hore liqeto tseo ba neng ba li etsa lehlabuleng leo la 1914, ha batho ba ne ba phela ka khotso, li ne li tla tlisetsa lefatše lohle koluoa.”

Ka libeke tse seng kae, ho bolaoa ha khosana ea Austria ho ile ha etsa hore linaha tsohle tse khōlō tsa Europe li loane ntoa eo li neng li sa e batle. Matsatsi a ’maloa ka mor’a hore ntoa e qale, tona-khōlō ea Jeremane e ile ea botsoa: “Ke’ng e bakileng ntoa ee?” E ile ea araba e soabile, ea re: “Ache, ho hang ha ke tsebe.”

Baeta-pele ba ileng ba etsa liqeto tse ileng tsa etsa hore ntoa eo e qale, ba ne ba sa tsebe hore na liphello tsa eona e tla ba life. Empa ka mor’a nakoana masole a neng a le ntoeng a ile a hlokomela hore na ho etsahala’ng. Masole ao a ile a hlokomela hore bo-ralipolotiki ba ne ba a soetsitse, baruti ba ’ona ba a thetsitse le hore balaoli ba ’ona ba ne ba a tsoile tlaase. Ka tsela efe?

Bo-ralipolotiki ba ne ba soetsitse masole, baruti ba ’ona ba a thetsitse ’me balaoli ba ’ona ba ne ba a tsoile tlaase

Bo-ralipolotiki ba ile ba tšepisa hore ntoa e ne e tla etsa hore batho ba phele hamolemo lefatšeng. Tona-khōlō ea Jeremane e ile ea re: “Re loanela khotso eo re neng re e-na le eona, setso le meetlo ea baholo-holo ba rōna le bokamoso ba rōna.” Mopresidente oa Amerika, Woodrow Wilson, o ile a kenya letsoho ho qaptjoeng ha lepetjo le reng ntoa e ka “etsa hore lefatše e be sebaka se sireletsehileng seo batho ba ka khethang ’muso oo ba nang le lentsoe ho oona.” Athe Brithani teng batho ba ne ba nahana hore e tla ba “ntoa ea makhaola-khang.” Kaofela ba ne ba fositse.

Baruti ba ile ba tšehetsa ntoa ka cheseho. Buka ea The Columbia History of the World e re: “Baruti ba neng ba tlameha ho ruta Bibele ba ile ba khothalletsa batho ho ea ntoeng. Batho bohle ba ile ba ea ntoeng ’me seo se ile sa etsa hore lehloeo le ate.” Baruti ba ile ba khothalletsa lehloeo ho e-na le ho le felisa. Buka ea A History of Christianity e re: “Baruti ba ile ba hlōleha kapa ba ne ba sa ikemisetsa ho nka tumelo ea Bokreste e le ea bohlokoa ho feta bochaba. Batho ba bangata ba ne ba amahanya Bokreste le ho rata naha. Masole a Bakreste a tsoang likerekeng tse fapaneng a ne a khothalletsoa hore a bolaeane ka lebitso la Mopholosi oa ’ona.”

Balaoli ba ile ba tšepisa masole hore ba tla hlōla ntoa kapele le habonolo, empa seo ha sea ka sa etsahala. Ho e-s’o ee kae, mabotho a ba lireng a ile a tlalloa ke naha, phalo ea ema le lesimela. Ka mor’a moo masole a limilione a ile a tobana le seo rahistori e mong a ileng a se hlalosa e le “tlokotsi e sehlōhō ka ho fetisisa eo motho a kileng a e mamella ’meleng le maikutlong.” Ho sa tsotellehe tsela eo batho ba neng ba shoa ka eona, balaoli ba ile ba ’na ba ba qobella hore ba kene khabong le hoja ho ne ho nyolosetsa. Ha ho makatse hore ebe masole a mangata a ile a koeneha.

Ntoa ea pele ea lefatše e ile ea ama batho joang? Ha buka e ’ngoe ea histori e qotsa mantsoe a lesole le leng, e re: “Ntoa . . . e ile ea senya likelello tsa batho le tsela eo ba etsang lintho ka eona.” Ka sebele, ka lebaka la ntoa eo, mebuso kaofela e ile ea nyamela. Ntoa eo e sehlōhō e ile ea e-ba eona qaleho ea tšollo e tšabehang ea mali lilemong tse lekholo, eo batho ba kileng ba e bona. Batho ba bangata ba ile ba qala ho fetohela mebuso le ho etsa literaeke.

Ke hobane’ng ha ntoa eo e ile ea ferekanya lefatše? Na e ile ea e-ba feela kotsi e khōlō ea tšohanyetso? Na ho na le ntho eo likarabo tsa lipotso tsee li e senolang ka bokamoso ba rōna?