Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova—Mohlokomeli le Mosireletsi oa Rōna

Jehova—Mohlokomeli le Mosireletsi oa Rōna

“Kahobane o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho ’na, ke tla boela ke mo pholose. Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.”—PES. 91:14.

1, 2. Ke ho se tšoane hofe ho teng pakeng tsa litho tsa lelapa le tseleng eo re fumaneng ’nete ka eona?

JEHOVA ke eena ea entseng tokisetso ea lelapa. (Baef. 3:14, 15) Esita le haeba re litho tsa lelapa le le leng, re na le botho bo sa tšoaneng le maemo a rōna ha a tšoane. Mohlomong u hōlisitsoe ke batsoali ba hao. Ba bang bona e ka ’na eaba ba ile ba shoeloa ke batsoali, mohlomong ka lebaka la bokuli, kotsi kapa tlokotsi e itseng. Ba bang bona ha ba tsebe batsoali ba bona.

2 Le hoja re le litho tsa lelapa la Jehova, tsela eo re fumaneng ’nete ka eona ha e tšoane. Mohlomong joaloka ba bang ‘u hōletse ’neteng,’ ’me batsoali ba hao ba u rutile melao ea Molimo. (Deut. 6:6, 7) Kapa u e mong oa ba likete ba rutiloeng ’nete ke bahlanka ba Jehova ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa boboleli.—Bar. 10:13-15; 1 Tim. 2:3, 4.

3. Kaofela ha rōna re tšoana linthong life?

3 Ho sa tsotellehe maemo a sa tsoa boleloa, ho na le lintho tse ling tseo re tšoanang ho tsona. Re utloa liphello tse bohloko tsa ho se mamele ha Adama, ’me re futsitse ho se phethahale, sebe le lefu. (Bar. 5:12) Empa kaha re barapeli ba ’nete re na le tokelo  ea ho bitsa Jehova “Ntat’a rōna.” Esaia 64:8 e bua ka batho ba Molimo ba khethiloeng ba boholo-holo, ’me e re: “Jehova, u Ntat’a rōna.” Ho feta moo, Jesu o ile a qala thapelo ea hae ea mohlala ka mantsoe a reng: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”—Mat. 6:9.

4, 5. Ha re ntse re hlahloba hore na re ananela Ntate oa rōna Jehova hakae, ho tla ba molemo hore re tšohle eng?

4 Ntate oa rōna ea leholimong o re fa tlhokomelo le tšireletso tseo re li hlokang, kaha re ipiletsa lebitsong la hae ka tumelo. Ha mopesaleme a mo qotsa o re: “Kahobane [morapeli oa ’nete] o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho ’na, ke tla boela ke mo pholose. Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.” (Pes. 91:14) Ha e le hantle, ka lerato Jehova Molimo o re pholosa lireng tsa rōna le ho re sireletsa kaha re batho ba hae, e le hore re se ke ra felisoa.

5 Ho re thusa ho matlafatsa kananelo ea rōna ho Ntate oa rōna ea leholimong, a re tšohleng lintlha tsena tse tharo tsa bohlokoa: (1) Ntate oa rōna ke Mohlokomeli oa rōna. (2) Jehova ke Mosireletsi oa rōna. (3) Molimo ke Motsoalle oa rōna e moholo. Ha re ntse re tšohla lintlha tsena, ho tla ba molemo hore re thuise ka kamano ea rōna le Molimo ’me re bone kamoo re mo tlotlang kateng e le Ntate oa rōna. Ho tla boela ho re tsoele molemo ho nahana ka litlhohonolofatso tseo Jehova a li fang batho ba atamelang haufi le eena.—Jak. 4:8.

JEHOVA, MOHLOKOMELI E MOHOLO

6. Jehova o ipaka joang hore ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo”?

6 Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.” (Jak. 1:17) Bophelo ke mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova. (Pes. 36:9) Ha re etsa thato ea Molimo bophelong, seo se re tlisetsa litlhohonolofatso tse ngata hona joale le ho re fa tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha. (Liprov. 10:22; 2 Pet. 3:13) Empa see se ka etsahala joang ha re nahana ka liphello tse bohloko tse tlisitsoeng ke ho se mamele ha Adama?

7. Molimo o re buletse monyetla oa hore re be le kamano e haufi le eena joang?

7 Ka sebele, Jehova o bontša hore ke Mohlokomeli e Moholo ka litsela tse ngata. Ka mohlala, ka mosa oa hae o sa tšoanelang o oa re pholosa. Ke ’nete hore kaofela ha rōna re baetsalibe ’me re futsitse ho se phethahale ho ntate oa rōna oa pele. (Bar. 3:23) Leha ho le joalo, ka lebaka la lerato la hae, Jehova o ile a ithaopela ho re bulela monyetla oa hore re be le kamano e haufi le eena. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.”—1 Joh. 4:9, 10.

8, 9. Jehova o ile a ipaka hore ke Mohlokomeli e Moholo joang mehleng ea Abrahama le Isaka? (Sheba setšoantšo se qalong.)

8 Lekholong la bo19 la lilemo B.C.E., ho ile ha e-ba le ketsahalo e ’ngoe ea boprofeta e ileng ea bontša botebo ba tokisetso e lerato eo Jehova a e etselitseng batho ba mamelang e le hore ba phele ka ho sa feleng. Baheberu 11:17-19 e re: “Ka tumelo Abrahama, ha a lekoa, ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka, ’me monna ea neng a amohetse litšepiso ka nyakallo a leka ho nyehela mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, le hoja ho ne ho itsoe ho eena: ‘Se tla bitsoa peō ea hao se tla ba teng ka Isaka.’ Empa o ile a lekanya hore Molimo o ne a khona ho mo tsosa bafung; ’me ho tloha moo a fela a mo amohela hape ka tsela ea tšoantšetso.” Ho na le ho tšoana tabeng  ena. Jehova o ile a nyehela Mora oa hae, e leng Jesu Kreste, ho pholosa moloko oa batho.—Bala Johanne 3:16, 36.

9 E tlameha ebe Isaka o ile a thaba haholo ha a lopolloa lefung la sehlabelo! Ha ho pelaelo hore o ile a leboha Molimo ha a fane ka pheleu ea sehlabelo, e neng e tšoasitsoe moferong. (Gen. 22:10-13) Ke kahoo sebaka seo se ileng sa bitsoa “Jehova-jire,” e bolelang hore “Jehova o Tla Hlokomela.”—Gen. 22:14.

TOKISETSO BAKENG SA POELANO

10, 11. Ke bo-mang ba etellang pele ‘bosebeletsing ba poelano,’ hona ba etsa see joang?

10 Ha re ntse re thuisa kamoo Jehova e leng Mohlokomeli e Moholo kateng, re ananela karolo eo Jesu Kreste a e phethang, feela joalokaha Pauluse a ile a ngola, a re: “Sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shoela bohle; kahoo, joale, bohle ba ne ba shoele; o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.”—2 Bakor. 5:14, 15.

11 Kaha Bakreste ba pele ba ne ba rata Molimo ba bile ba ananela ka ho teba tokelo ea ho mo sebeletsa, ba ile ba amohela “bosebeletsi ba poelano” ka thabo. Mosebetsi oa bona oa boboleli le oa ho etsa batho barutuoa o ile oa bulela batho ba lipelo li ntle monyetla oa hore ba be khotsong le Molimo, e be metsoalle ea hae ’me qetellong e be bana ba hae ba moea. Kajeno, bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng le bona ba etsa bosebeletsi boo. Ho ba ha bona manģosa a Molimo le a Kreste ho nolofalletsa batho ba ratang ho loka hore ba huleloe ho Jehova ’me e be balumeli.—Bala 2 Bakorinthe 5:18-20; Joh. 6:44; Lik. 13:48.

12, 13. Re ka bontša joang hore re ananela litokisetso tse ngata tseo Jehova a re etselitseng tsona?

12 Kaha ba ananela hore Jehova ke Mohlokomeli e Moholo, Bakreste bohle ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba sebetsa le batlotsuoa mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ha re ntse re etsa mosebetsi ona, re sebelisa Bibele e leng mpho e ’ngoe e molemo e tsoang ho Molimo. (2 Tim. 3:16, 17) Ha re sebelisa Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, re fa ba bang monyetla oa hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Ho re thusa ho etsa mosebetsi ona, kaofela ha rōna re itšetlehile ka moea o halalelang, e leng e ’ngoe ea litokisetso tsa Jehova. (Zak. 4:6; Luka 11:13) Liphello tsa seo ke tse babatsehang, joalokaha re bala Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova. Ruri ke tlotla e khōlō hore ebe re na le seabo mosebetsing ona o tlotlisang Ntate le Mohlokomeli oa rōna!

13 Ha re nahana ka sohle seo Molimo a re etselitseng sona, re lokela ho ipotsa: ‘Na ke etsa sohle se matleng a ka ho bontša Jehova hore ke ananela ka botebo litokisetso tseo a fanang ka tsona? Nka etsa’ng ho ntlafatsa e le hore ke be ’moleli ea atlehang oa litaba tse molemo?’ Re ka bontša hore re ananela litokisetso tse babatsehang tseo Molimo a re etselitseng tsona ka hore re lule re etelletsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso. Ha re etsa joalo, Jehova o tla netefatsa hore re fumana lintho tseo re li hlokang. (Mat. 6:25-33) Kaha Molimo o oa re rata, ruri re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho mo khahlisa le ho thabisa pelo ea hae.—Liprov. 27:11.

14. Jehova e ’nile ea e-ba Mopholosi oa batho ba hae joang?

14 Mopesaleme Davida o ile a bina a re: “Ke hlorile ’me ke futsanehile. Jehova o nkela hloko. U thuso ea ka le Mopholosi oa ka.” (Pes. 40:17) Jehova e ’nile ea e-ba Mopholosi oa batho ba hae e le sehlopha, haholo-holo ha lira li ba hlorisa ka sehlōhō le ho ba sala morao li sa khaotse. Ruri linakong tse joalo re ananela thuso ea Molimo haholo le litokisetso tse ngata tsa moea tseo a lulang a re etsetsa tsona!

 JEHOVA O OA SIRELETSA

15. Fana ka mohlala oa kamoo ntate ea lerato a lekang ho sireletsa ngoana oa hae kateng.

15 Ntate ea lerato o hlokomela bana ba hae ebile o batla ho ba sireletsa. O leka ho ba pholosa ha ba le kotsing. Mor’abo rōna e mong o hopola se ileng sa etsahala ha a sa le monyenyane. O ne a khutlela hae, a tsoa tšimong le ntate oa hae ’me ba lokela ho tšela molatsoana. Pula ea litloebelele e neng e nele hoseng hoo e ile ea etsa hore molatsoana oo o tlale. Tsela feela ea hore ba tšele e ne e le ea hore ba qothomele majoeng a ka molatsoaneng oo. Moshanyana eo o ne a le ka pele ho ntate oa hae, ’me o ile a thella ha a hata holim’a lejoe le leng eaba o oela ka metsing ’me a qoela ka makhetlo a mabeli. O ile a thaba haholo hore ebe ntate oa hae o ile a mo qhautsa ’me a mo pholosa hore a se ke a khangoa ke metsi! Ntate oa rōna ea leholimong o re lopolla ho seo re ka ’nang ra re ke likhohola tsa lefatše lena le khopo le ho ’musi oa lona, e leng Satane. Ka sebele, Jehova ke Mosireletsi ea molemo ka ho fetisisa.—Mat. 6:13; 1 Joh. 5:19.

16, 17. Jehova o ile a thusa Baiseraele le ho ba sireletsa joang ha ba ne ba loana le Baamaleke?

16 Tšireletso e lerato eo Jehova a fanang ka eona e bonahala hantle ho se ileng sa etsahala ka mor’a hore a lopolle Baiseraele botlamuoeng Egepeta, ’me a ba sireletse ka mohlolo ha ba tšela Leoatle le Lefubelu ka 1513 B.C.E. Ka mor’a hore Baiseraele ba lelere lefeelleng ba lebile Thabeng ea Sinai ba ile ba fihla Refidime.

17 Ho ea ka boprofeta bo ho Genese 3:15 e ka ’na ea ba Satane o ne a labalabela ho fumana monyetla oa ho hlasela Baiseraele ba sitoang ho itšireletsa. O ile a sebelisa Baamaleke bao e neng e le lira tsa batho ba Molimo. (Num. 24:20) Nahana ka seo Jehova a ileng a se finyella a sebelisa banna ba bane ba tšepahalang, e leng  Joshua, Moshe, Arone le Hure. Ha Joshua a ntse a loana le Baamaleke, Moshe, Arone le Hure ba ne ba eme leralleng le leng haufi le moo. Baiseraele ba ne ba hlasela Baamaleke ka matla ha Moshe a phahamisitse matsoho. Arone le Hure ba ne ba tšehetsa matsoho a hae ha a khathala. Kahoo, ka lebaka la thuso ea Jehova le tšireletso ea hae, ‘Joshua o ile a hlōla Amaleke le sechaba sa hae.’ (Ex. 17:8-13) Moshe o ile a haha aletare moo, a e bitsa “Jehova-nisi,” e bolelang hore “Jehova ke Molamu oa ka oa Pontšo.”—Bala Exoda 17:14, 15.

BA SIRELETSOA LITLENENG TSA SATANE

18, 19. Molimo o sirelelitse bahlanka ba hae joang mehleng ee ea rōna?

18 Jehova o sireletsa batho ba mo ratang le ba mo mamelang. Feela joaloka Baiseraele ha ba le Refidime, le rōna re itšetlehile ka Molimo hore a re pholose ha lira li re hlasela. Jehova o re sirelelitse ka makhetlo re le sehlopha le ho re ntša litleneng tsa Diabolose. Nahana ka makhetlo a mangata ao ka ’ona Molimo a ’nileng a sireletsa barab’abo rōna ba neng ba sa jele paate lipolotiking. Ka mohlala, sena ke sona se ileng sa etsahala Jeremane nakong ea puso ea Manazi le linaheng tse ling lilemong tsa bo-1930 le mathoasong a bo-1940. Re tla lumela ka tieo le ho feta hore Jehova ke Mopholosi oa rōna, ha re bala re bile re thuisa ka lipale tsa bona tsa bophelo le litlaleho tsa kamoo Molimo a ileng a ba sireletsa kateng ha ba hlorisoa, tse hlahang Bukeng ea Selemo.Pes. 91:2.

Jehova a ka sebelisa balumeli-’moho le rōna ho re thusa hore re lule re tšepahala ha re tobana le mathata (Sheba serapa sa 18-20)

19 Mokhatlo oa Jehova le lingoliloeng tseo o li hlahisang, li re hopotsa ka lerato hore o oa re sireletsa. Ak’u nahane kamoo sena se re tsoetseng molemo kateng morao tjena. Ha lefatše lena le ntse le tetebela qhafutsong ea boitšoaro bo bobe le ea litšoantšo tse litšila, Jehova o fana ka temoso ho re thusa ho lemoha boitšoaro bo ka re ntšang kotsi. Ka mohlala, o re fa keletso e lerato ea hore re qobe metsoalle e mebe e fumanoang liwebsaeteng tseo ho etsoang metsoalle ho tsona. *1 Bakor. 15:33.

20. Phutheho ea Bokreste e re fa tšireletso le tataiso efe?

20 Re ka bontša joang hore re ‘rutoa ke Jehova’? Ka ho ela hloko litaelo tsa hae. (Esa. 54:13) Ka liphuthehong tsa habo rōna tse sireletsehileng, ke hona moo re fumanang tataiso le tšireletso eo re e hlokang, kaha banna ba tšepahalang ba sebeletsang ho tsona e le baholo ba fana ka thuso le likeletso tsa Mangolo. (Bagal. 6:1) Boholo ba nako, Jehova o sebelisa ‘limpho tsena tseo e leng banna’ ho re hlokomela ka lerato. (Baef. 4:7, 8) Re lokela ho itšoara joang? Molimo o tla re hlohonolofatsa ha re ikokobelletsa bona re bile re ba mamela.—Baheb. 13:17.

21. (a) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng? (b) Re tla bua ka eng sehloohong se latelang?

21 E se eka re ka ikemisetsa ho tataisoa ke moea o halalelang, ’me re amohele tataiso ea Ntate oa rōna ea leholimong. Re boetse re lokela ho nahanisisa ka bophelo ba Mora oa hae, Jesu Kreste, eo re lekang ho etsisa mohlala oa hae o ikhethang. Jesu o ile a putsoa haholo kaha o ile a mamela ho isa lefung. (Bafil. 2:5-11) Le rōna re tla hlohonolofatsoa haeba re tšepa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna. (Liprov. 3:5, 6) Kahoo, e se eka re ka lula re itšetlehile ka Jehova kaha ke Mohlokomeli le Mosireletsi ea molemo ka ho fetisisa. Ruri hoa re thabisa ebile ke tlotla ho mo sebeletsa! Re tla mo rata le ho feta ha re hlahloba ntlha ea boraro e bontšang tsela eo Ntate oa rōna a re hlokomelang ka eona—e leng botsoalle ba hae. Sehloohong se latelang re tla buisana ka hore Jehova ke Motsoalle oa rōna e moholo.

^ ser. 19 Ka mohlala, ho fanoe ka temoso sehloohong se reng “Sebelisa Inthanete ka Bohlale” Molula-Qhooeng oa August 15, 2011, leqepheng la 3-5 le se reng “Hlokomela Maraba a Diabolose!” le “Ema U Tiile ’me U Qobe Maraba a Satane!” Molula-Qhooeng oa August 15, 2012, leqepheng la 20-29.