Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho finyella Lipelo Tsa Beng ka Rōna ba sa Lumelang

Ho finyella Lipelo Tsa Beng ka Rōna ba sa Lumelang

JESU KRESTE o ile a re: “E-ea lapeng ho beng ka uena, ’me u ba tlalehele lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona le mohau oo a o bontšitseng oona.” Ka nako eo e ka ’na eaba o ne a le Gadara, e ka boroa-bochabela ho Leoatle la Galilea, ’me o ne a bua le monna ea neng a batla ho ba molateli oa hae. Mantsoe ana a Jesu a bontša hore o ne a utloisisa takatso ea tlhaho eo batho ba nang le eona—e leng ea ho bolella litho tsa malapa a bona lintho tseo ba li nkang e le tsa bohlokoa le tse ba thabisang.—Mar. 5:19.

Le kajeno tloaelo ena e atile, le hoja litsong tse ling e bonahala haholoanyane ho feta tse ling. Ke kahoo ha motho e e-ba morapeli oa Jehova, Molimo oa ’nete, a batlang ho bolella beng ka eena ka tumelo ea hae e ncha. Empa o lokela ho ba bolella joang? Ke joang a ka finyellang lipelo tsa beng ka eena ba sa lumelang? Bibele e fana ka keletso e ka thusang.

“RE FUMANE MESIA”

Lekholong la pele la lilemo, Andrease e ne e le e mong oa batho ba pele ba ho lemoha Mesia. Motho oa pele eo a ileng a mo bolella ke mang? “Pele [Andrease] enoa o ile a fumana mor’abo Simone ’me a re ho eena: ‘Re fumane Mesia’ (eo ha e fetoleloa, e bolelang, Kreste).” Andrease o ile a isa Petrose ho Jesu, eaba o fa Petrose monyetla oa hore a fetohe morutuoa oa Jesu.—Joh. 1:35-42.

Hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng hamorao ha Petrose a ne a lula Jopa, o ile a kōpuoa hore a nyolohele Cesarea ntlong ea Korneliase, eo e neng e le molaoli oa sesole. Petrose o ile a fumana bo-mang ba bokane ka tlung? “Ka ho hlakileng, Korneliase o ne a ba lebeletse [Petrose le bao a neng a tsamaea le bona] ’me o ne a bokeletse beng ka eena le  metsoalle e haufi-ufi.” Kahoo, Korneliase o ile a fa beng ka eena monyetla oa hore ba utloe seo Petrose a neng a se bua le hore ba iketsetse liqeto ka seo ba se utloileng.—Lik. 10:22-33.

Re ka ithuta eng tseleng eo Andrease le Korneliase ba ileng ba tšoara beng ka bona?

Andrease le Korneliase ha baa ka ba emela hore lintho li iketsahalle feela. Andrease o ile a isa Petrose ho Jesu, ’me Korneliase a lokisetsa hore beng ka eena ba e’o utloa ha Petrose a bua. Empa ha baa ka ba hatella beng ka bona kapa ba ba etsa hore ba fetohe balateli ba Kreste ka bolotsana. Na ho na le seo u ithutang sona ho see? Re lokela ho ba etsisa. Re ka ’na ra khona ho bolella beng ka rōna seo re se lumelang ’me ra ba bulela monyetla oa ho fumana ’nete ea Bibele le hore ba be le Bakreste-’moho le rōna. Leha ho le joalo, rea utloisisa hore ba na le tokelo ea ho iketsetsa liqeto ’me re qoba ho ba hatella ho sa hlokahale. Ho bontša kamoo re ka thusang beng ka rōna kateng, a re hlahlobeng mohlala oa Jürgen le Petra, e leng banyalani ba bang ba Jeremane.

Petra o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me ho e-s’o ee kae a kolobetsoa. Monna oa hae, Jürgen, e ne e le ofisiri ea sesole. Qalong, Jürgen o ne a sa rate qeto ea mosali oa hae. Empa ka mor’a nako o ile a hlokomela hore Lipaki li ruta ’nete ea Bibele. Eaba o inehela ho Jehova, ’me hona joale o sebeletsa e le moholo phuthehong ea habo. Hona joale o fana ka keletso efe mabapi le ho finyella lipelo tsa beng ka rōna ba sa lumeleng?

Jürgen o re: “Ha rea lokela ho qobella beng ka rōna kapa ho ba imetsa ka litaba tsa bolumeli. Sena se ka etsa hore ba be leqe le ho feta. Ho ka ba molemo hore ka bohlale re ba bolelle boitsebiso bo seng bokae nako le nako. Ho ka boela ha e-ba molemo ho etsa hore beng ka rōna ba tloaelane le barab’abo rōna bao e leng lithaka tsa bona le ba ratang lintho tseo ba li ratang. Ho etsa sena ho ka etsa hore ba rate ’nete.”

“Ha rea lokela ho qobella beng ka rōna kapa ho ba imetsa ka litaba tsa bolumeli.”—Jürgen

Moapostola Petrose le beng ka Korneliase ba ile ba amohela molaetsa oa Bibele ka potlako. Ba bang ba ileng ba utloa ’nete lekholong la pele la lilemo ba ne ba hloka nako e ngata hore ba etse qeto.

HO THOE’NG KA BARAB’ABO JESU?

Batho ba bang ba neng ba amana le Jesu ba ile ba lumela ho eena nakong ea tšebeletso ea hae. Ka mohlala, ho bonahala hore moapostola Jakobo le Johanne e ne e le banab’abo Jesu ka malapa kaha Salome le Maria e ne e le bana ba motho. Ho ka etsahala hore ebe Salome o ne a le har’a ‘basali ba bang ba bangata, ba neng ba sebeletsa Jesu le baapostola ba hae ka lintho tsa bona.’—Luka 8:1-3.

Leha ho le joalo, litho tse ling tsa lelapa labo Jesu ha lia ka tsa lumela ho eena hang-hang. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ka mor’a selemo Jesu a kolobelitsoe, matšoele a ile a bokana ntlong e ’ngoe ho tla mo mamela. “Empa ha beng ka eena ba utloa ka hona, ba tsoa ho ea mo tšoara, kaha ba ne ba re: ‘O lahlehetsoe ke kelello.’” Hamorao ha barab’abo ba ’motsa hore na o ea kae, ha aa ka a ba araba ka ho toba. Hobane’ng? Hobane “barab’abo ba ne ba sa bontše tumelo ho eena.”—Mar. 3:21; Joh. 7:5.

Re ka ithuta eng tseleng eo Jesu a neng a tšoara beng ka eena ka eona? Ha aa ka a halefa ha ba bang ba re o lahlehetsoe ke kelello. Esita le ka mor’a hore a bolaoe ’me a tsosoe, o ile a khothatsa beng  ka eena ka hore a ee ho mor’abo Jakobo. Ho bonahala sena se ile sa thusa Jakobo le barab’abo ba bang hore ba kholisehe hore Jesu e ne e hlile e le Mesia. Kahoo, ba ne ba e-na le baapostola le ba bang kamoreng e ka holimo Jerusalema ’me ba fumana moea o halalelang. Ka mor’a nako, Jakobo le Juda, bara ba bang babo Jesu ba ile ba thabela litokelo tse ikhethang.—Lik. 1:12-14; 2:1-4; 1 Bakor. 15:7.

BA BANG BA HLOKA NAKO E NGATA

“Mamello e tsoala katleho.”—Roswitha

Beng ka rōna ba bang ba hloka nako e ngata pele ba ka amohela ’nete, feela joaloka lekholong la pele la lilemo. Ka mohlala nahana ka Roswitha, eo e neng e le Mok’hatholike oa popota ha monna oa hae a kolobetsoa ka 1978. Qalong Roswitha o ne a hanyetsa monna oa hae kaha o ne a chesehela tumelo ea hae. Empa ha ’mela o ntse o puta, khanyetso ea hae e ile ea fokotseha ha a bona hore Lipaki li ruta ’nete. O ile a kolobetsoa ka 2003. Ke’ng e ileng ea etsa hore a fetohe? Ho e-na le hore monna oa hae a halefe ha Roswitha a mo hanyetsa, o ile a mo fa monyetla oa hore a fetole maikutlo a hae. O fana ka keletso efe? O re: “Mamello e tsoala katleho.”

Monika o ile a kolobetsoa ka 1974, ’me bara ba hae ba babeli bona ba kolobetsoa lilemo tse leshome hamorao. Le hoja monna oa hae Hans a ne a sa ba hanyetse, o ile a kolobetsoa hamorao ka 2006. Ke keletso efe eo lelapa la bona le fanang ka eona, ka mor’a hore le bone tseo tsohle? Le re: “Lula u tšepahala ho Jehova ’me u se ke ua sekisetsa.” Ke ’nete hore ba ne ba lokela ho lula ba kholisa Hans hore ba tla mo rata ho-ea-ho-ile. ’Me ha baa ka ba lahla tšepo ea hore o tla amohela tumelo ea bona.

HO KHATHOLLOA KE METSI A ’NETE

Jesu o kile a tšoantša molaetsa oa ’nete le metsi a fanang ka bophelo bo sa feleng. (Joh. 4:13, 14) Re batla hore beng ka rōna ba khatholloe ke metsi a ’nete a pholileng le a hloekileng. Ho hlakile hore ha re batle hore ba khangoe ke metsi hobane ba qobeletsoe hore ba a noe kapa hobane ba a noele ka potlako. Tsela eo re hlalosang tumelo ea rōna ka eona, ke eona e tla etsa hore a ba khame kapa a ba khatholle. Bibele e re, “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe” hape e re, “Pelo ea ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.” Re ka sebelisa keletso ee joang?—Liprov. 15:28; 16:23.

Mosali a ka rata ho hlalosetsa monna oa hae seo a se lumelang. Haeba a thuisa pele a araba, o tla khetha mantsoe ka hloko, a ke ke a bua a sa nahana. Ha aa lokela ho fa monna oa hae maikutlo a hore o tseba ho mo feta kapa o mo phahametse. Mantsoe ao a a nahanneng ka hloko a ka khatholla monna oa hae a ba a tlisa khotso ka lapeng. Monna oa hae o ba le nako ea ho bua le eena neng? O rata ho bala le ho bua ka eng? Na o rata saense, lipolotiki kapa lipapali? A ka etsa joang hore a rate ho bua ka Bibele ha ka nako e tšoanang a hlompha maikutlo a hae? Ho nahana ka tsela eo ho tla mo thusa hore a bue le ho etsa lintho ka temohisiso.

Ho pakela beng ka rōna bao e seng Lipaki, hase feela taba ea ho ba hlalosetsa seo re se lumelang. Ho e-na le hoo, seo re se buang se lokela ho pakeloa ke boitšoaro ba rōna bo botle.

BOITŠOARO BO BEHANG MOHLALA

Jürgen ea boletsoeng ka holimo o re, “U se ke ua khaotsa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa mong ka uena hore a hlokomele boitšoaro ba hao le hoja a ke ke a lumela habonolo.” Hans, ea kolobelitsoeng lilemo tse 30 ka mor’a mosali oa hae o lumellana le seo. O re: “Boitšoaro bo botle ba Bokreste bo molemo hobane bo ka etsa hore beng ka rōna ba lemohe liphello tse ntle tse tlisoang ke ’nete bophelong ba rōna.” Ba lokela ho lemoha hore tumelo ea rōna e etsa hore re fapane le batho ba bang ka tsela e molemo eseng e mpe.

“Boitšoaro bo botle ba Bokreste bo molemo hobane bo ka etsa hore beng ka rōna ba lemohe liphello tse ntle tse tlisoang ke ’nete bophelong ba rōna.”—Hans

Moapostola Petrose o ile a fa basali bao banna ba bona ba sa lumelang keletso ena ea bohlokoa: “Le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng. Le se ke la lumella mokhabo oa lōna hore e be oa ho lohuoa ha moriri ha ka ntle le oa ho roala mekhabiso ea khauta kapa ho apara liaparo tsa ka  ntle, empa e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.”—1 Pet. 3:1-4.

Petrose o ile a re monna a ka haptjoa ke boitšoaro bo botle ba mosali oa hae. Morali’abo rōna ea bitsoang Christa o ne a lula a hopotse tataiso eo ea Mangolo, ’me haesale a leka ho hapa pelo ea monna oa hae ka boitšoaro bo botle ho tloha ka 1972 ha a kolobetsoa. Le hoja monna oa hae a kile a ithuta le Lipaki o ntse a e-s’o ka a amohela ’nete. O ne a e-ba teng libokeng tse ling tsa Bokreste ’me a e-na le litšebelisano tse ntle le bara le barali babo rōna. Le bona ba ne ba utloisisa hore o na le tokelo ea ho ikhethela. Christa o etsa’ng hore a finyelle pelo ea hae?

O re: “Ke ikemiselitse ho tsamaea tseleng eo Jehova a batlang hore ke tsamaee ho eona. Ka nako e tšoanang ke leka ho hapa monna oa ka ‘ntle ho lentsoe,’ ka boitšoaro bo botle. Haeba ho se moo melao ea Bibele e amehang teng, ke leka kahohle kamoo nka khonang ho lumellana le eena. Ha e le hantle, ke hlompha tokelo ea hae ea ho ikhethela ebe ke tlohela lintho matsohong a Jehova.”

Mohlala oa Christa o bontša bohlokoa ba ho tenyetseha. O lula a e-na le kemiso e ntle ea lintho tsa moea e akarelletsang ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla. Leha ho le joalo, o oa utloisisa hore o tlameha ho bontša monna oa hae lerato le ho qeta nako a e-na le eena. Re tla be re bontša hore re bohlale haeba re tenyetseha le ho nahanela litho tsa lelapa tse sa lumelang. Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Sena se akarelletsa le nako eo re e qetang re e-na le litho tsa malapa a rōna, haholo-holo tse sa lumelang. Ho qeta nako hammoho ho khothalletsa puisano. Ho bonahetse hore ha ho na le puisano e ntle ka lapeng lintho tse kang ho jeoa ke bolutu, ho ikutloa u sa tsotelloe le ho boulela lia fokotseha.—Moek. 3:1.

LE KA MOHLA U SE KE UA FELLOA KE TŠEPO

Holger eo ntate oa hae a kolobelitsoeng lilemo tse 20 ka mor’a hore litho tse ling tsa lelapa la hae li kolobetsoe o re: “Ho bohlokoa hore re bontše litho tsa malapa a rōna hore rea li rata ’me re li rapelle.” Christa eena o re a ‘ke ke a felloa ke tšepo ea hore ka le leng monna oa hae o tla amohela ’nete ’me a sebeletse Jehova.’ Re lokela ho lula re e-na le maikutlo a nepahetseng ka beng ka rōna ba sa lumelang ’me re be le tšepo.

Re lokela ho ikemisetsa ho boloka malapa a rōna a momahane ’me re fe beng ka rōna monyetla oa ho lemoha ’nete ’me re ame lipelo tsa bona ka molaetsa oa Bibele. Re etse lintho tsohle ka “maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:15.