Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo re ka Lulang re E-na le Maikutlo a Matle

Kamoo re ka Lulang re E-na le Maikutlo a Matle

“Haeba motho a ka phela esita le lilemo tse ngata, a ke a thabe ho tsona kaofela.”—MOEK. 11:8.

1. Jehova o re tšollela mahlohonolo afe a re thabisang?

JEHOVA o batla hore re thabe, ’me o re tšollela mahlohonolo a mangata a re tlisetsang thabo. Ka mohlala, o re file bophelo. Kahoo, re ka rorisa Molimo ka bophelo ba rōna kaha o re huletse borapeling ba ’nete. (Pes. 144:15; Joh. 6:44) Jehova o re tiisetsa hore o oa re rata ’me o re thusa ho mamella tšebeletsong ea hae. (Jer. 31:3; 2 Bakor. 4:16) Re thabela Paradeise ea moea, e leng khotso ea ’nete le bonngoe moo re fumanang matletsetletse a lijo tsa moea le lerato la bara ba motho. Ho feta moo, re na le tšepo e babatsehang ea bokamoso.

2. Bahlanka ba bang ba Molimo ba tšepahalang ba loantšana le eng?

2 Le hoja ho e-na le lintho tsena tse re thabisang, bahlanka ba bang ba Molimo ba tšepahalang ba loantšana le maikutlo a nyahamisang. Ba ka ’na ba ikutloa eka Jehova ha a ba nke e le ba bohlokoa le hore tšebeletso ea bona ha e na thuso. Ho batho ba nang le maikutlo a joalo a lulang a ba tšoenya, taba ea ho thabela “lilemo tse ngata” e ka bonahala e le toro feela. Ba ka bona eka bophelo ba bona bo tletse mathata a sa feleng.—Moek. 11:8.

3. Maikutlo a nyahamisang a ka bakoa ke’ng?

3 Barab’abo rōna ba bang ba ka nyahamisoa ke ho soetseha, ho kula kapa botsofali. (Pes. 71:9; Liprov. 13:12; Moek. 7:7) Ho feta moo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho talimana le ’nete ea  hore pelo e bolotsana ’me e ka ’na ea re nyatsa le hoja Molimo a ntse a khahloa ke rōna. (Jer. 17:9; 1 Joh. 3:20) Diabolose o etselletsa bahlanka ba Molimo. Ba nang le maikutlo a kang a Satane ba ka ’na ba leka ho re tšoaetsa maikutlo a kang ao Elifaze ea se nang tumelo a neng a e-na le ’ona, a hore Molimo ha a re nke re le batho ba bohlokoa. Joalokaha maikutlo ao e ne e le leshano mehleng ea Jobo, e ntse e le leshano le kajeno.—Jobo 4:18, 19.

4. Re tla tšohla’ng sehloohong see?

4 Ka Mangolong Jehova o hlakisa hore o tla ba le ba ‘tsamaeang phuleng ea moriti o lefifi.’ (Pes. 23:4) Tsela e ’ngoe eo a bang le rōna ka eona ke ka Lentsoe la hae. Bibele e “matla ka Molimo bakeng sa ho phethola lintho tse metseng ka matla,” ho akarelletsa likhopolo le maikutlo a fosahetseng. (2 Bakor. 10:4, 5) A re hlahlobeng kamoo Bibele e ka re thusang ho hlaolela maikutlo a matle le ho lula re e-na le ’ona. Ho etsa joalo ho tla re ruisa molemo ho be ho re thuse ho fumana litsela tsa ho khothatsa ba bang.

SEBELISA BIBELE HO HLAOLELA MAIKUTLO A MATLE

5. Ke tlhahlobo efe e tla re thusa ho ba le maikutlo a matle?

5 Moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tse ling tse ka re thusang ho hlaolela maikutlo a matle. O ile a phehella phutheho ea Korinthe a re: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong.” (2 Bakor. 13:5) ‘Tumelo’ ke lithuto tsa Bokreste tse ka Bibeleng. Haeba mantsoe a rōna le liketso li lumellana le lithuto tseo, sena se bolela hore re etsa hantle ’me se bontša hore re “tumelong.” Ha e le hantle, re tlameha hore re boele re bapise tsela eo re phelang ka eona le lithuto tsohle tsa Bokreste. Re ke ke ra ikhethela hore na re batla ho latela lithuto life.—Jak. 2:10, 11.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho itlhahloba ‘hore na re tumelong’? (Sheba setšoantšo se qalong.)

6 U ka ’na ua qeaqea ho itlhahloba ka tsela eo, haholo-holo haeba u nahana hore ha u etse lintho hantle. Empa tsela eo Jehova a re talimang ka eona ke ea bohlokoa ho feta kamoo re italimang kateng ’me menahano ea hae e phahametse ea rōna. (Esa. 55:8, 9) O hlahloba barapeli ba hae ka sepheo sa ho fumana litšobotsi tse ntle ho bona, eseng ka sepheo sa ho ba ahlola. Ha u itlhahloba ka Lentsoe la Molimo ho bona ‘hore na u tumelong,’ u tla ipona ka tsela eo Molimo a u bonang ka eona. Sena se tla u thusa hore u tlose maikutlo leha e le afe a hore Molimo ha a u nke u le motho oa bohlokoa empa u tla kholiseha hore Jehova o u nka u le motho oa bohlokoa joalokaha Bibele e re tiisetsa seo. Phello ea sena e ka tšoana le ho bula likharetene e le hore khanya ea letsatsi e kene ka kamoreng e lefifi.

7. Re ka rua molemo joang mehlaleng ea batho ba tšepahalang bao Bibele e buang ka bona?

7 Tsela e molemo ea ho itlhahloba ke ho thuisa ka mohlala oa batho ba tšepahalang bao Bibele e buang ka bona. Bapisa boemo ba bona kapa maikutlo a bona le a hao ’me u bone hore na u ka be u ile ua etsa joang ha u le boemong ba bona. A re hlahlobeng mehlala ea batho ba bararo e bontšang kamoo re ka sebelisang Bibele kateng ho tiisa hore re “tumelong” ’me re hlaolele maikutlo a matle ka rōna.

MOHLOLOHALI EA FUTSANEHILENG

8, 9. (a) Mohlolohali ea futsanehileng o ne a le boemong bofe? (b) Ho ka etsahala hore ebe o ne a e-na le maikutlo afe a nyahamisang?

8 Ha Jesu a le tempeleng ea Jerusalema o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng. Mohlala oa hae o ka re thusa hore re lule re e-na le maikutlo a matle ho sa tsotellehe mefokolo ea rōna. (Bala Luka 21:1-4.) Nahana ka boemo boo mohlolohali enoa a neng a le ho bona. O ne a tlameha ho mamella bohloko ba ho shoeloa ke monna le ho ba bolumeling boo baeta-pele ba bona ba neng ba ‘harola matlo a bahlolohali’ ho e-na le ho ba thusa. (Luka 20:47) O ne a futsanehile hoo monehelo oa hae tempeleng o neng o ka lekana le moputso oo mosebetsi  a neng a ka o fumana ha a sebelitse metsotso e seng mekae feela.

9 Nahana hore na mohlolohali enoa o ne a ikutloa joang ha a fihla lebaleng la tempele a tšoere licheletana tsa tšepe tse peli. Na ebe o ne a tla nahana kamoo monehelo oa hae o leng monyenyane kateng ha o bapisoa le oo a ka beng a o ntšitse ha monna oa hae a sa ntse a phela? Na o ne a tla hlajoa ke lihlong ha a bona menehelo e tōma e neng e ntšoa ke ba ka pele ho eena, mohlomong a ipotsa hore na oa hae ke oa bohlokoa? Le haeba o ne a e-na le maikutlo a joalo, o ile a etsa seo a se khonang borapeling ba ’nete.

10. Jesu o ile a bontša joang hore mohlolohali ea futsanehileng ke motho oa bohlokoa ho Molimo?

10 Jesu o ile a bontša hore ho Jehova mohlolohali eo ke oa bohlokoa hammoho le monehelo oa hae. O ile a re “o akhetse ho fetang hoo [barui] bohle ba ho akhetseng.” Monehelo oa hae o ne o tla kopana le oa ba bang, empa Jesu o ile a mo qolla ’me a mo rorisa. Batho ba neng ba tla bala chelete letsatsing leo ba ne ba ke ke ba tseba hore na licheletana tseo hammoho le mong’a tsona ke tsa bohlokoa hakae ho Jehova. Leha ho le joalo, maikutlo a Molimo e ne e le ’ona a bohlokoa, eseng seo batho ba bang ba neng se nahana kapa tsela eo mohlolohali eo a neng a italima ka eona. Na u ka sebelisa tlaleho ee ho itlhahloba hore na u tumelong?

U ithuta’ng mohlaleng oa mohlolohali ea futsanehileng? (Sheba serapa sa 8-10)

11. U ka ithuta’ng tlalehong ea mohlolohali ea futsanehileng?

11 Maemo a hao a ka ’na a ama ka ho toba seo u ka se fang Jehova. Ba bang ba nka nako e fokolang haholo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ka lebaka la ho hōla le ho kula. Na ho tla be ho loketse hore ba ipotse hore na ba lokela ho tlaleha mosebetsi oa bona? Esita le haeba u se na mefokolo e mekaalo, u ka ’na ua nka hore mosebetsi oa hao ke karolo e nyenyane feela ea lihora tsohle tseo batho ba Molimo ba li qetang selemo le selemo tšebeletsong ea hae. Leha ho le joalo, tlalehong ena re ithuta hore Jehova o hlokomela sohle seo re mo etsetsang sona ebile oa se ananela, haholo-holo ha re se etsa tlas’a maemo a thata. Nahana  ka seo u se etselitseng Jehova selemong se fetileng. Na e ’ngoe ea lihora tseo u li sebelitseng e ile ea hloka hore u itele? Haeba ho joalo, u ka kholiseha hore o ananela seo u mo etselitseng sona horeng eo. Ha u etsisa mohlolohali ea futsanehileng ’me u etsa sohle seo u ka se khonang tšebeletsong ea Jehova, u na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore u “tumelong.”

“TLOSA MOEA OA KA”

12-14. (a) Maikutlo a nyahamisang a ile a ama Elia joang? (b) Ke hobane’ng ha Elia a ile a ikutloa ka tsela eo?

12 Moprofeta Elia o ne a tšepahala ho Jehova ’me a e-na le tumelo e matla. Empa ka nako e ’ngoe o kile a ikutloa a nyahame hoo a ileng a kōpa Jehova hore a mo bolaee, a re: “Ho lekane! Joale, Jehova, tlosa moea oa ka.” (1 Mar. 19:4) Batho ba e-s’o ka ba nyahama ka tsela eo ba ka ’na ba re thapelo ea Elia ke “puo e hlaha.” (Jobo 6:3) Leha ho le joalo, o ne a hlile a ikutloa ka tsela eo. Empa hlokomela hore ho e-na le hore Jehova a khalemele Elia ha a batla ho shoa, o ile a mo thusa.

13 Ho ne ho tlile joang hore Elia a ikutloe ka tsela eo? Pejana ho moo, o ne a ile a etsa mohlolo o ileng oa bontša hore Jehova ke Molimo oa ’nete. Ka mor’a mohlolo oo, baprofeta ba Baale ba 450 ba ile ba bolao. (1 Mar. 18:37-40) Mohlomong Elia o ne a tšepile hore batho ba Molimo ba ne ba tla khutlela borapeling bo hloekileng, empa ha se ke ha e-ba joalo. Mofumahali Jezebele ea khopo o ile a romella Elia molaetsa oa hore o rera hore a bolaoe. Elia o ile a leka ho pholosa bophelo ba hae ka hore a balehele ka boroa, ’me a feta naheng ea Juda a ea lefeelleng.—1 Mar. 19:2-4.

14 Ha Elia a ntse a le moo, o ile a nahana ka mosebetsi oa hae oa boprofeta o neng o bonahala eka ke oa lefeela. O ile a re ho Jehova: “Ha ke molemo ho feta baholo-holo ba ka.” O ne a bolela hore o ikutloa a se na thuso joaloka lerōle le masapo a baholo-holo ba hae ba shoeleng. Ha e le hantle o ne a itlhahloba ho latela maikutlo a hae ’me a entse qeto ea hore o hlōlehile ebile hase oa bohlokoa ho Jehova kapa ho motho leha e le ofe.

15. Molimo o ile a kholisa Elia joang hore o ntse a mo nka e le motho oa bohlokoa?

15 Empa Ea Matla ’Ohle o ne a sa mo nke ka tsela eo. Molimo o ile a lula a nka Elia e le motho oa bohlokoa, ’me a nka bohato ba ho mo tiisetsa seo. O ile a romela lengeloi hore le matlafatse Elia. Jehova o ile a boela a mo fa lijo le lino tseo a neng a tla li hloka leetong la hae la matsatsi a 40 ha a ea ka boroa Thabeng ea Horebe. Ho feta moo, Molimo ka mosa o ile a lokisa khopolo ea Elia e fosahetseng ea hore ha ho na Baiseraele ba ntseng ba tšepahala ho Jehova. Habohlokoa le ho feta ke hore Molimo o ile a fa Elia kabelo e ncha, ’me a e amohela. Elia o ile a rua molemo thusong ea Jehova, ’me a khutlela mosebetsing oa hae oa boprofeta a boetse a e-na le matla.—1 Mar. 19:5-8, 15-19.

16. Ke litsela life tseo e ka ’nang eaba Molimo o u thusitse ka tsona?

16 Phihlelo ea Elia e ka u thusa hore u kholisehe hore u ntse u le tumelong ’me e ka u susumelletsa hore u be le maikutlo a matle. Ntlha ea pele, nahana ka litsela tseo Jehova a ’nileng a u thusa ka tsona. Na e mong oa bahlanka ba hae, mohlomong moholo kapa Mokreste ea hōlileng moeeng, o ile a u thusa nakong eo u neng u hloka thuso? (Bagal. 6:2) Na u kile ua matlafatsoa moeeng ke Bibele, lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste le liboka tsa phutheho? Nakong e tlang ha u fumana molemo linthong tsena, nahana hore na ke mang Mohloli oa sebele oa thuso eo ’me u Mo lebohe ka thapelo.—Pes. 121:1, 2.

17. Ke eng eo Jehova a e nkang e le ea bohlokoa ho bahlanka ba hae?

17 Ntlha ea bobeli, hlokomela hore maikutlo a nyahamisang a ka u thetsa. Tsela eo Molimo a re talimang ka eona ke eona ea bohlokoa. (Bala Baroma 14:4.) Jehova o nka boinehelo ba rōna le botšepehi  e le tsa bohlokoa; eseng lintho tseo re li finyeletseng. Joaloka tabeng ea Elia, ho ka etsahala hore ebe ho Jehova u finyeletse ho hongata ho feta kamoo u nahanang kateng. Mohlomong ho na le ba bang ka phuthehong bao u ba susumelitseng ka tsela e molemo le ba bang tšimong ba tsebileng ’nete ka lebaka la boiteko ba hao.

18. Kabelo eo Jehova a u fang eona e bontša’ng?

18 Ntlha ea ho qetela, nka hore kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a u fang eona e bontša hore o na le uena. (Jer. 20:11) Joaloka Elia, u ka ’na oa nyahamisoa ke tšebeletso ea hao e bonahalang eka ha e behe litholoana kapa lipakane tsa hao tsa moea tseo ho bonahalang eka u ke ke ua li finyella. Empa u sa ntse u e-na le tlotla e khōlō ka ho fetisisa, e leng ea ho bolela litaba tse molemo le ho bitsoa ka lebitso la Molimo. Lula u tšepahala. Ha u etsa joalo, mantsoe a papisong e ’ngoe ea Jesu a reng: “Kena thabong ea mong’a hao,” a ka u tšoanela.—Mat. 25:23.

“THAPELO EA EA HLORILENG”

19. Mongoli oa Pesaleme ea 102 o ne a tobane le boemo bofe?

19 Mongoli oa Pesaleme ea 102 o ne a feletsoe ke tšepo. O ne a ‘hlorile,’ a utloa bohloko bo tebileng ’meleng le maikutlong, a bile a se na matla a ho sebetsana le mathata a hae. (Pes. 102, sehloohoana) Mantsoe a hae a re bontša hore o ne a lula a nahana ka bohloko boo a bo utloang, bolutu le maikutlo a mang ao a neng a e-ba le ’ona. (Pes. 102:3, 4, 6, 11) O ne a lumela hore Jehova o batla ho mo lahla.—Pes. 102:10.

20. Thapelo e ka thusa motho ea loanang le maikutlo a nyahamisang joang?

20 Leha ho le joalo, mopesaleme enoa o ne a ntse a ka rorisa Jehova. (Bala Pesaleme ea 102:19-21.) Joalokaha re bona Pesalemeng ea 102, le ba ntseng ba le tumelong ba ka utloa bohloko eaba ba lula ba nahana ka mathata a bona feela. Mopesaleme o ne a ikutloa “joaloka nonyana e ’notši holim’a marulelo,” joalokaha eka ha a na mang oe! (Pes. 102:7) Haeba ho etsahala hore u ikutloe joalo, tšollela pelo ea hao ho Jehova joalokaha mopesaleme a ile a etsa. Ha u hlorile, lithapelo tsa hao li ka u thusa hore u loantše maikutlo a nyahamisang. Jehova o re tšepisa hore ‘o tla retelehela thapelong ea ba nketsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me a ke ke a nyelisa thapelo ea bona.’ (Pes. 102:17) E-ba le tšepo ea hore seo se tla phethahala.

21. Motho ea loantšanang le maikutlo a nyahamisang a ka ba le maikutlo a matle joang?

21 Pesaleme ea 102 e boetse e re bontša kamoo re ka bang le maikutlo a matle kateng. Ho e-na le hore mopesaleme a lule a nahana ka mathata a hae, o ile a nahana ka kamano ea hae le Jehova. (Pes. 102:12, 27) Ho tseba hore Jehova o tla lula a tšehetsa batho ba Hae kamehla ha ba hlaheloa ke liteko ho ile ha mo tšelisa. Kahoo, haeba ka nakoana maikutlo a nyahamisang a u sitisa ho etsa seo u batlang ho se etsa tšebeletsong ea Molimo, bua le eena ka taba ena. Kōpa hore a utloe thapelo ea hao, eseng feela hore a u imolle matšoenyehong empa le ‘hore lebitso la Hae le boleloe.’—Pes. 102:20, 21.

22.  E mong le e mong oa rōna a ka khahlisa Jehova joang?

22 Ka sebele re ka sebelisa Bibele ho ikholisa hore re tumelong le hore re ba bohlokoa ho Jehova. Ke ’nete hore tsamaisong ena re ka ’na ra hlōleha ho qhelela ka thōko maikutlo ’ohle a re nyahamisang kapa a re tetebetsang. Ho ntse ho le joalo, e mong le e mong oa rōna a ka khahlisa Jehova ’me a pholoha ka hore ka botšepehi a mamelle tšebeletsong.—Mat. 24:13.