Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Borapeli ba Lelapa—Na U ka Etsa Hore bo Natefele Lelapa la Hao?

Borapeli ba Lelapa—Na U ka Etsa Hore bo Natefele Lelapa la Hao?

Ntate e mong oa Brazil o re, “Haeba ke sa thibe lelapa la ka nakong ea Borapeli ba Lelapa, re bua ho fihlela bosiu haholo.” Ntate e mong oa Japane eena o re, mora oa hae ea lilemo li leshome ha a hlokomele nako hobane o batla hore borapeli ba lelapa bo se ke ba fela. Hobane’ng? Ntate oa hae o re, “Hobane o oa bo rata ebile boa mo thabisa.”

Ke ’nete hore hase bana bohle ba ratang borapeli ba lelapa, ebile ba bang ha bo ba natefele. See se bakoa ke’ng? Ntate e mong oa Togo o re, “Borapeli ba lelapa ha boa lokela ho tena.” Haeba boa tena mohlomong bothata bo tseleng eo bo tšoaroang ka eona. Malapa a mangata a hlokometse hore borapeli ba lelapa bo ka tlisa “thabo e phethehileng” feela joalokaha Esaia a ile a bua ka Sabatha.—Esa. 58:13, 14.

Bo-ntate ba Bakreste ba lokela ho utloisisa hore e le hore litho tsa malapa a bona li thabele borapeli ba lelapa li lokela ho ikutloa li lokolohile. Ralf, ea nang le barali ba bararo le mora a le mong o re borapeling ba bona ba lelapa, e mong le e mong o ikutloa a lokolohile hore a ka bua ntho leha e le efe. Ke ’nete hore ho etsa hore e mong le e mong a bo rate le hore a lule a tsepamisitse kelello boitsebisong bo tšohloang hase ntho e bonolo. ’Mè e mong o re: “Ha se kamehla ke khonang ho natefisa borapeli ba lelapa kamoo ke ratang kateng.” U ka sebetsana joang le phephetso ee?

HO TENYETSEHA LE HO ITHUTA LINTHO TSE SA TŠOANENG

Ntate e mong oa Jeremane ea nang le barali ba babeli o re, “Re lokela ho tenyetseha.” Natalia ea nang le bana ba babeli eena o re, “Ntho ea bohlokoa bakeng sa lelapa la rōna ke ho lula re ithuta lintho tse sa tšoaneng.” Malapa a mangata a arola borapeli ba bona ba lelapa likarolo tse ’maloa.  Cleiton oa Brazil e leng ntate oa bacha ba babeli o re, “Sena se etsa hore thuto e be e thahasellisang haholo le hore bohle ba nke karolo.” Haeba batsoali ba arola nako ea borapeli ba lelapa, ba ka khona ho thusa bana ho ea ka litlhoko tsa bona, haeba ba sa lekane. Batsoali ba ka thusa setho se seng le se seng sa lelapa ho ea ka litlhoko tsa sona ebile ba ka khona ho tenyetseha ha ba khetha boitsebiso le tsela eo bo tla tšohloa ka eona.

Malapa a mang a etsa’ng e le hore a ithute lintho tse fapaneng? A mang a qala borapeli ba lelapa ka ho binela Jehova. Juan oa Mexico o re, “Ho etsa hore ho rene khotso le hore likelello tsa rōna li lokele boitsebiso bo tla tšohloa.” Lelapa la hae le khetha lipina tse lumellanang le seo ba tl’o ithuta sona.

Sri Lanka

Malapa a mang a bala karolo e itseng ea Bibele hammoho. Hore a ithute lintho tse fapa-fapaneng, litho tsa lelapa li bala likarolo tse sa tšoaneng tsa batho ba hlahang ka Bibeleng. Ntate e mong oa Japane o re, “qalong ho ne ho batla ho le thata ho bala ka tsela ena.” Empa bara ba hae ba babeli ba ne ba rata ho bona batsoali ba bona ba thabisoa ke ho etsa lintho tse itseng le bona. Malapa a mang a bile a etsa litšoantšiso tsa lipale tsa Bibele. Roger oa Afrika Boroa ea nang le bara ba babeli o re “hangata bana ba bona le lintho tseo rōna re sa kang ra li hlokomela.”

Afrika Boroa

Tsela e ’ngoe ea ho ithuta lintho tse fapaneng ke ho sebetsa hammoho ho etsa lintho tse itseng, tse kang ho haha areka ea Noe kapa tempele ea Solomone. Ho etsa lintho tse joalo ho hloka hore lelapa le etse lipatlisiso tse ka le thabisang haholo. Ka mohlala lelapeng le leng koana Asia, ngoanana ea lilemo li hlano o ne a e-na le batsoali ba hae le nkhono oa hae ka kamoreng ea ho phomola. Ba ne ba etsa papali e thehiloeng maetong a boromuoa a moapostola Pauluse. Malapa a mang ’ona a entse tse thehiloeng bukeng ea Exoda. Donald oa Togo ea lilemo li 19 o re, ho ithuta lintho tse sa tšoaneng ho “entse hore lelapa la leso le borapeli ba lelapa bo be monate.” Na ho na le lintho tse ling tseo le ka li etsang tse ka natefisang borapeli ba lōna ba lelapa le ho feta?

United States of America

HO LOKISETSA KE NTHO EA BOHLOKOA

Le hoja ho ithuta lintho tse fapaneng le ho tenyetseha ho etsa hore borapeli ba lelapa bo be monate, bohle ba lokela ho lokisetsa e le hore ebe bo ruisang molemo. Ka linako tse ling bana baa khathala, kahoo bo-ntate ba lokela ho nahanisisa ka boitsebiso bo tla tšohloa ’me ba bo lokisetse hantle. Ntate e mong o re, “Ha ke lokiselitse hantle, bohle ba rua molemo borapeling ba lelapa.” Ntate e mong oa Jeremane eena o bolella lelapa la hae esale pele hore ba tla ithuta eng libekeng tse latelang. Ntate e mong oa Benin ea nang le bana ba tšeletseng ha a batla hore lelapa la hae le shebelle DVD e thehiloeng Bibeleng nakong ea borapeli ba lelapa o le fa lipotso esale pele. Kannete ho lokisetsa ho etsa hore borapeli ba lelapa e be ba boleng bo phahameng.

Ha litho tsa lelapa li tseba esale pele hore na ho tla tšohloa eng borapeling ba lelapa, li ka buisana ka boitsebiso boo har’a beke ’me seo sa etsa hore ba be le tjantjello. Ha e mong le e mong a e-na le karolo eo a tl’o e etsa borapeling ba lelapa o tla bo nka ka ho teba.

LOANELA HO BO TŠOARA KAMEHLA

Malapa a mangata a tobana le bothata ba ho tšoara borapeli ba lelapa kamehla.

Bo-ntate ba bangata ba tlameha ho sebetsa lihora tse ngata hore ba hlokomele malapa a bona. Ka mohlala ntate e mong oa Mexico o tloha hae hoseng ka hora ea botšelela e be o khutla ka hora ea borobeli bosiu. Ho feta moo, ka linako tse ling ho ka hlokahala hore Borapeli ba Lelapa bo chechisoe ka lebaka la lintho tse ling tse amanang le borapeli ba rōna.

Leha ho le joalo, re tlameha ho ikemisetsa ho tšoara borapeli ba lelapa kamehla. Mabapi le boikemisetso ba lelapa labo ba ho tšoara borapeli ba lelapa kamehla, Loïs ea lilemo li 11 oa Togo o re: “Le hoja ka linako tse ling re qala ka mor’a nako ka lebaka la ntho e itseng e hlahileng motšehare, re lula re bo tšoara kamehla.” Mohlomong u tla utloisisa hore ke hobane’ng ha malapa a mang a bo tšoara qalong ea beke. Haeba ho ka hlaha lebaka le leng le sa lebelloang ba ka bo tšoara neng-neng har’a beke.

Joalokaha poleloana e reng, “borapeli ba lelapa” e hlalosa, ke karolo ea borapeli ba lōna ho Jehova. Thusa litho tsohle tsa lelapa la hao hore li ‘nyehele lipohoana tsa melomo ea tsona’ ho Jehova beke e ’ngoe le e ’ngoe. (Hos. 14:2, NW, ftn.) E se eka ena e ka ba nako e thabisang bakeng sa litho tsohle tsa lelapa, “etsoe thabo ea Jehova ke qhobosheane ea lōna.”—Neh. 8:9, 10.