Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hlokomela ba Hōlileng

Ho Hlokomela ba Hōlileng

“Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.”—1 JOH. 3:18.

1, 2. (a) Malapa a mangata a tobana le mathata afe, hona ho hlaha lipotso life? (b) Batsoali le bana ba ka etsa joang ha maemo a fetoha ’me ho hlaha mathata?

E KA ba ho sithabetsang ho bona ha batsoali ba hao, ba kileng ba ba le matla a ho itlhokomela, ba se ba sa khone ho itlhokomela. Mohlomong Ntate kapa ’Mè o oele ’me o robehile, o ferekane kelello ’me ha ho tsejoe moo a leng teng, kapa ho fumanehile hore o na le boloetse bo kotsi. Ka lehlakoreng le leng, batho ba hōlileng ba ka ’na ba thatafalloa ho amohela liphetoho tse etsahalang ’meleng ea bona kapa hore ha ba sa na bolokolohi boo ba neng ba e-na le bona. (Jobo 14:1) Ho ka etsoa’ng? Ba ka hlokomeloa joang?

2 Sehlooho se seng se buang ka ho hlokomela ba seng ba hōlile se itse: “Le hoja ho le thata ho bua ka taba ea botsofali, ha lelapa le buisane ka mekhoa eo le ka e sebelisang ’me le lumellane ka se tla etsoa, le ka ba malala-a-laotsoe ho sebetsana le eng kapa eng e ka hlahang.” Molemo oa lipuisano tsena o bonahala haholo ha re lumela hore mathata a ho hōla a ke ke a qojoa. Ho sa tsotellehe seo, re ka etsa liqeto esale pele hore na re tla ba hlokomela joang. Malapa a ka sebelisana joang ka lerato ho etsa liqeto tsee tse thata?

 HO LOKISETSA “MATSATSI A TLOKOTSI”

3. Malapa a lokela ho etsa’ng ha batsoali ba hōlileng ba hloka thuso e eketsehileng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Ho fihla nako eo ka eona batho ba bangata ba hōlileng ba seng ba sa khone ho itlhokomela ka ho feletseng ebe ba hloka thuso. (Bala Moeklesia 12:1-7.) Ha batho ba hōlileng ba se ba sa tsebe ho itlhokomela, bona le bana ba bona ba baholo ba lokela ho lumellana ka hore na ke thuso efe e molemo eo ba ka e khonang. Ho hotle hore lelapa le be le seboka ’me le buisane ka hore na ho tla hlokahala thuso ea mofuta ofe, e tla fanoa joang, le hore na bohle ba tla sebelisana joang. Bohle ba lokela ho ntša maikutlo a bona ka bolokolohi, haholo-holo batsoali. Ba ka ’na ba buisana ka hore na haeba ba fumana motho ea hlokomelang batsoali na ho ka ba molemo hore ba ’ne ba lule lapeng ha bona. * Kapa hore na e mong le e mong oa bona a ka etsa’ng hore a hlokomele batsoali. (Liprov. 24:6) Ka mohlala, ba bang ba ka khona ho ba hlokomela letsatsi le letsatsi athe ba bang bona ba ka thusa ka lichelete. Bohle ba lokela ho hlokomela hore e mong le e mong o na le seo a ka se etsang; leha ho le joalo seo ba se etsang se ka ’na sa fetoha ka mor’a nako e itseng ’me ba ka ’na ba buisana ka hore ba fapanyetsane boikarabelo.

4. Lelapa le ka batla thuso hokae?

4 Ha u qala ho hlokomela batsoali, etsa kahohle hore u iphe nako ea ho ithuta boemo ba bona. Haeba motsoali a tšoeroe ke boloetse bo holofatsang, fumana hore na ho tla ba joang ha nako e ntse e ea. (Liprov. 1:5) Iteanye le mekhatlo ea ’muso ea litšebeletso tsa batho ba hōlileng. Fumana hore na ke thuso efe ea lichelete eo ’muso o fanang ka eona e ka u bebofaletsang mosebetsi, le e tla u thusa ho ntlafatsa tsela eo u hlokomelang batsoali ka eona. Ha u nahana ka phetoho e ka ’nang ea e-ba teng maemong a lelapa, u ka lubeha maikutlo, ua felloa ke tšepo, ua tšoha, kapa ua ferekana. Bolella motsoalle eo u mo tšepang hore na u ikutloa joang. Empa ho ka bang molemo ka ho fetisisa ke ho bolella Jehova maikutlo a hao. A ka u imolla kelellong e le hore u khone ho sebetsana le boemo leha e le bofe.—Pes. 55:22; Liprov. 24:10; Bafil. 4:6, 7.

5. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho etsa liphuputso esale pele mabapi le ho hlokomela ba hōlileng?

5 Batho ba bang ba hōlileng le malapa a bona, ka bohlale ba entse liphuputso esale pele hore na tlhokomelo e etsoe ka litsela life—tse kang hore motsoali a lule le mora kapa morali, a isoe sebakeng sa tlhokomelo ea batho ba hōlileng, kapa ho sebelisoe menyetla e meng e fumanehang sebakeng seo. Ba bone ‘likhathatso le lintho tse kotsi’ li sa le hōle ’me ba li lokisetsa. (Pes. 90:10) Malapa a mangata ha a etse litokisetso e sa le pele, ’me hamorao ha ho hlaha maemo a tšohanyetso a iphumana a tlameha ho etsa liqeto tse boima ka lepotla-potla. Setsebi se seng se re: “Ha ho pelaelo hore nako eo ke e mpe ka ho fetisisa ea ho etsa qeto e joalo.” Nakong eo ea lehlaphahlapha, litho tsa lelapa li ka ’na tsa imeloa kelellong, ’me ha hlaha likhohlano. Ka lehlakoreng le leng, litokisetso tse etsoang esale pele li etsa hore ho be bonolo ho etsa liphetoho nakong e tlang.—Liprov. 20:18.

Lelapa le ka kopana e le hore le buisane ka seo le ka se etsang (Sheba serapa sa 6-8)

6. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore batsoali le bana ba buisane ka hore na batsoali ba tla lula hokae ha ba tsofala?

6 U ka ’na ua bona ho le thata ho bua le batsoali ba hao ka liphetoho tse lokelang ho etsoa tabeng ea bolulo ba bona. Leha ho le joalo, ba bangata ba boletse hore na lipuisano tseo e bile tsa bohlokoa hakae hamorao. Hobane’ng? Hobane li ile tsa ba bulela menyetla ea hore ba phutholohe ba be ba utloisisane ha ba etsa liqeto ka hore na ho ka etsoa eng e molemo. Ba ile ba fumana hore ho fapanyetsana maikutlo esale pele, ho entsoeng ka moea oa lerato le ka mosa, ho ile ha etsa hore ho be bonolo haholo ho etsa liqeto. Esita le haeba batsoali ba batla ho lula ba le bang le ho iketsetsa lintho halelele kamoo ba ka khonang, ho na  le melemo ea sebele ea ho buisana le bana ba bona hore na ba tla hloka tlhokomelo ea mofuta ofe ha ho hlokahala.

7, 8. Ke litaba life tseo e ka bang hantle hore malapa a buisane ka tsona, hona e le ka lebaka lefe?

7 Batsoali, nakong ea lipuisano tsena le bolelle bana seo le lakatsang hore ba se etse, le ba bolelle maemo a lōna a lichelete le hore na ke eng eo le e ratang. Sena se tla ba thusa ho etsa liqeto tse loketseng haeba neng-neng le se le sitoa ho iketsetsa liqeto. Ho ka etsahala hore ba hlomphe maikutlo a lōna le ho le tlohela hore le iketsetse liqeto moo ho khonehang. (Baef. 6:2-4) Ka mohlala, na le lebeletse hore e mong oa bana ba lōna a le kōpe hore le e’o lula ha hae, kapa ho na le ho hong hoo le ho lebeletseng? Le utloisise ’me le hlokomele hore hase bohle ba tla tšoana le lōna ka maikutlo le hore ho nka nako hore motho a lokise monahano oa hae, ebang ke motsoali kapa bana.

8 Bohle ba lokela ho hlokomela hore litokisetso le lipuisano li ka etsa hore ho qojoe mathata. (Liprov. 15:22) Lipuisano tsena li akarelletsa se hlokahalang litabeng tsa kalafo. Lintlha tse kareteng ea Advance Medical Directive e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova, li lokela ho akarelletsoa lipuisanong tsena. Motho e mong le e mong o na le tokelo ea hore a bolelloe kalafo eo a e fuoang le tokelo ea ho e hana kapa ho e amohela. Litaelo tsa kalafo tse entsoeng esale pele li hlalosa seo motho a se batlang ntlheng ena. Ho khetha motho ea tla u etsetsa liqeto litabeng tsa kalafo (moo molao oa naha o ho lumellang le moo ho amohelehang) ho ka tiisa hore motho ea tšepahalang o tla etsa liqeto tse loketseng ha ho hlokahala. E ka ba hantle hore ba amehang ba be le likopi tsa litokomane tse loketseng, haeba li ka hlokahala. Ba bang ba behile likopi tse joalo hammoho le lengolo la bona la kabo ea lefa le litokomane tse ling tsa bohlokoa tsa inshorense, tsa lichelete, mangolo a ’muso le tse ling tse joalo.

HO SEBETSANA KA KATLEHO LE MAEMO A FETOHANG

9, 10. Ke liphetoho life bophelong ba motho e moholo tse ka amang thuso eo a e fuoang?

9 Hangata, litho tsa lelapa li khetha hore batsoali ba hōlileng ba iketsetse lintho tseo ba li ratang ho fihlela moo matla a bona a ba lumellang. Ho ka etsahala hore ebe ba khona ho pheha, ho hloekisa, ho sebelisa meriana le ho itlhalosa ntle ho bothata. Kahoo, sena se tiisetsa bana ba bona hore ha baa lokela ho tšoenyeha haholo ka bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, ha batsoali ba se ba sa khone ho ea koana le koana, mohlomong ho ea mabenkeleng, kapa ba hlaseloa ke bolebali, ho ka ’na ha hlokahala hore bana ba nke khato maemong a joalo.

10 Ho hōla ho ka baka ho ferekana, ho imeloa kelellong, ho se utloe litsebeng, ho foufala, ho lahleheloa ke kelello le mathata a mang. Leha ho le joalo, haeba tse ling tsa lintho tsena li etsahala, li ka ’na tsa phekoloa ka katleho. Batlang kalafo hang ha lintho tsena li qala. Ho ka ’na ha hlokahala  hore bana ba nke khato ntlheng ena. Ho ka ba ha fihla nako eo ka eona ba lokelang ho qala ho etsetsa batsoali lintho tseo ba neng ba iketsetsa tsona. E le hore bana ba tiise hore batsoali ba bona ba hlokomeleha hantle, ba ka ’na ba ba buella, ba ba thusa ka litokomane le ho ba khannela.—Liprov. 3:27.

11. Ke eng e ka etsoang ho fokotsa mathata a bakoang ke liphetoho?

11 Haeba mathata a batsoali ba lōna a sa rarollehe, ho ka hlokahala hore ho etsoe liphetoho tseleng eo ba hlokomeloang ka eona kapa moo ba lulang teng. Ha ho entsoe liphetoho tse fokolang, ho ka ba bonolo haholo hore ba li amohele. Haeba le lula hōle le batsoali ba lōna, na ho ka hlokahala feela hore Paki e ’ngoe kapa moahelani a ba etele nako le nako ’me a tsebise e mong oa bana maemo a batsoali? Na ba hloka hore ba thusoe feela ka ho pheha le ho hloekisa? Na ho etsa liphetoho tse nyenyane ka tlung ho ka ba nolofalletsa ho tsamaea, ho hlapa le ho etsa lintho tse ling ba sireletsehile? Mohlomong sohle seo batsoali ba se hlokang hore ba iketsetse lintho ka bolokolohi, ke thuso ea nese e hlokomellang batho malapeng. Leha ho le joalo, haeba ha baa sireletseha ha ba le bang, ho ka ba molemo hore ba fumane thuso ea kamehla. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, batlisisang hore na ho na le litšebeletso life sebakeng seo ba lulang ho sona. *Bala Liproverbia 21:5.

SEO BA BANG BA SE ETSANG MAEMONG A THATA

12, 13. Bana ba baholo ba lulang hōle le batsoali ba ’nile ba hlompha batsoali ba bona joang le ho ba hlokomela?

12 Bana ba lerato ba batla hore batsoali ba bona ba phutholohe. Baa thaba ha ba tseba hore batsoali ba bona ba hlokomelehile. Leha ho le joalo, bana ba bangata ba baholo ba lula hōle le batsoali ba bona ka lebaka la boikarabelo bo itseng. Maemong a joalo, ba bang ba etela batsoali nakong ea phomolo ’me ba ba thusa ka seo ba seng ba sitoa ho iketsetsa sona. Ho bua le bona ka founo, ho ba ngolla mangolo, kapa melaetsa ea e-mail, ho tiisetsa batsoali hore bana ba bona baa ba rata.—Liprov. 23:24, 25.

13 Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, le lokela ho hlahloba tsela eo batsoali ba lōna ba hlokomeloang ka eona letsatsi le letsatsi. Haeba ke Lipaki ’me le lula hōle le bona, le ka kōpa keletso ho baholo ba phutheho ea bona. Ho feta moo, le se ke la tlohela ho kenya sena lithapelong tsa lōna. (Bala Liproverbia 11:14.) Le haeba batsoali ba lōna hase Lipaki, le batla ho ‘hlompha bo-ntat’a lōna le bo-’m’a lōna.’ (Ex. 20:12; Liprov. 23:22) Ho hlakile hore liqeto tsa malapa ha li na ho tšoana. Ba bang ba lokisetsa hore batsoali ba hōlileng ba fallele haufi le bona kapa ba tl’o lula le bona. Leha ho le joalo, ha ho be joalo kamehla. Batsoali ba bang ha ba rate ho lula le bana ba baholo le malapa a bona; ba thabela bolokolohi ba bona ’me ha ba rate ho imetsa bana. E ka ’na eaba ba bang ba na le chelete ’me ba khetha ho lefa batho ba ba hlokomelang ba ntse ba lula ha bona.—Moek. 7:12.

14. Bahlokomeli ba ka sehloohong ba ka hlaheloa ke mathata afe?

14 Malapeng a mangata, ho bonahala boholo ba boikarabelo ba tlhokomelo bo jaroa ke mora kapa morali a le mong ea lulang haufi le batsoali. Empa bahlokomeli ba ka sehloohong ba lokela ho leka-lekanya lintho hantle tabeng ea litlhoko tsa batsoali ba bona le tsa malapa a bona. Motho e mong le e mong o na le matla a lekanyelitsoeng le nako e lekanyelitsoeng. Maemo a mohlokomeli le ’ona a ka fetoha, ’me sena se ka etsa hore ho etsoe litokisetso tse ncha. Na ho ka etsahala hore ebe ke ngoana a le mong feela ea jereng ka thata? Na  bana ba bang ba ka mo thusa ka mosebetsi oa ho hlokomela batsoali?

15. Ke’ng se ka etsoang ho qoba hore motho ea hlokomelang batsoali ba hōlileng a khathale?

15 Mohlokomeli a ka khathala kapele haeba motsoali ea hōlileng a hloka ho hlokomeloa ka nako eohle. (Moek. 4:6) Bana ba lerato ba batla ho itella batsoali ba bona, empa ha motho a hlokomela batsoali ka linako tsohle a ka sithabela maikutlo. Bahlokomeli ba boemong bona ha baa lokela ho iphapanyetsa ’nete, ba ka kōpa thuso ha ho hlokahala. Mohlomong ho hlokahala feela hore mohlokomeli a thusoe khafetsa e le hore motsoali a se ke a isoa lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo.

16, 17. Bana ba ka ’na ba thulana le mathata afe ha ba hlokometse batsoali ba hōlileng, ’me ba ka atleha joang? (Sheba le lebokose le nang le sehlooho se reng, “Ho Hlokomela Batsoali ka Lerato.”)

16 Motho a ka ferekana ha a bona batsoali ba hae bao a ba ratang ba tsofala. Bahlokomeli ba bangata ba utloa bohloko, baa tšoenyeha, baa ferekana, baa halefa, ba ikutloa ba le molato, ba bile baa khopeha. Ka linako tse ling, motsoali ea hōlileng a ka ’na a bua lintho tse utloisang bohloko kapa tse bontšang ho hloka teboho. Ha seo se etsahala, u se ke ua potlakela ho khopeha. Setsebi se seng sa kelello se re: “Tsela e molemo haholo ea ho sebetsana le maikutlo a hao, haholo-holo a sa u thabiseng, ke hore u lumele hore ha ua thaba. Qoba ho latola tsela eo u ikutloang ka eona kapa hona ho ikomanya.” Bolella molekane oa hao, setho se seng sa lelapa, kapa motsoalle eo u mo tšepang hore na u ikutloa joang. Lipuisano tse joalo li ka u thusa hore u laole maikutlo a hao.

17 Ho ka fihla nako eo ka eona lelapa le felloang ke chelete kapa bokhoni ba ho hlokomella motsoali ea hōlileng lapeng. Ho ka ’na ha hlokahala hore a hlokomelloe lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo. Morali e mong oabo rōna o ne a etela ’mè oa hae kamehla lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo. Ha a bua ka lelapa labo o re: “Re ne re se re sa khone ho hlokomela ’Mè bosiu le motšehare. Ho ne ho se bonolo ho etsa qeto ea hore a hlokomelloe lehaeng le joalo. Ho ne ho re sithabetsa haholo. Leha ho le joalo, ke sona seo a neng a se hloka likhoeling tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, ’me o ile a amohela boemo.”

18. Bahlokomeli ba ka kholiseha ka eng?

18 Ho hlokomela batsoali ba lōna ha ba ntse ba hōla ho ka hloka lintho tse ngata hape e ka ba ho sithabetsang. Mathata a ho hlokomela batho ba hōlileng ha a rarolloe ka mekhoa e tšoanang. Leha ho le joalo, le ka phetha boikarabelo ba ho hlompha batsoali ba lōna ka ho rera lintho ka bohlale, ho nahanelana, puisano e ntle, ’me ka holimo ho tsohle, ka thapelo e tlohang botebong ba pelo. Ha le etsa joalo, le tla thaba ha le bona hore le ba hlokometse ka tsela eo ba e ratang. (Bala 1 Bakorinthe 13:4-8.) Sa bohlokoa le ho feta, le ka kholiseha hore le tla ba le khotso ea kelello eo Jehova a hlohonolofatsang ba hlomphang batsoali ba bona ka eona.—Bafil. 4:7.

^ ser. 3 Mekhoa ea sebaka ka seng e ka laola seo batsoali le bana ba khethang ho se etsa. Libakeng tse ling ho tloaelehile ebile ho nkoa ho loketse hore bana, batsoali le litloholo ba lule hammoho kapa ba kopane nako le nako.

^ ser. 11 Haeba motsoali oa lōna a ntse a lula lapeng, tiisang hore bahlokomeli ba tšepahalang ba na le linotlolo tsa ho kena ka tlung haeba ho hlaha maemo a tšohanyetso.