Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Phelela Seo U se Buang?

Na U Phelela Seo U se Buang?

Nahana ka boemo bona: Moholo eo e leng setho sa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele o lokiselitse ho sebetsa le mor’abo rōna e mocha tšimong ka Sontaha hoseng. Hoseng hoo moholo o letsetsoa ke mor’abo rōna eo mosali oa hae a bileng kotsing ea koloi eaba o potlakisetsoa sepetlele. Mor’abo rōna o kōpa moholo hore a mo thuse ho fumana ngaka e ka sebetsang mosali oa hae ntle ho tšelo ea mali. Kaha moholo o batla ho thusa lelapa lena le talimaneng le boemo ba tšohanyetso, o bolella mocha eo hore a ke ke a khona ho sebetsa le eena tšimong.

Nahana ka boemo bo bong: Banyalani ba bang ba mema ’mè ea se nang molekane ea nang le bana ba babeli. Ha bana ba hae ba utloa sena, ba thaba haholo. Ba tatetse hore nako eo e fihle. Leha ho le joalo, letsatsi pele ba ba etela, banyalani bao ba bolella ’mè eo hore ho hlahile lebaka la tšohanyetso, kahoo ba kōpa hore a se ke a hlola a tla. Hamorao ’mè eo o oa utloa lebaka la hore na ke hobane’ng ha ba ile ba re a se ke a hlola a tla. Ka mor’a hore banyalani bana ba mo meme, metsoalle ea bona e ile ea ba mema ka letsatsi le tšoanang, eaba baa lumela.

Kaha re Bakreste, re lokela ho tšepahalla seo re se buang. Le ka mohla ha rea lokela ho re, ‘e, empa re bolela che.’ (2 Bakor. 1:18) Leha ho le joalo, joalokaha mehlala ena e ’meli e bontša, hase kamehla maemo a eeng a tšoane. Ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka ha re na boikhethelo empa re lokela ho tlohela seo re neng re rerile ho se etsa. Moapostola Pauluse o kile a iphumana a le boemong bo tšoanang.

PAULUSE O QOSOA KA HORE HA A TŠEPAHALE

Ka 55 C.E., ha Pauluse a le Efese leetong la hae la boraro la boromuoa, o ne a rerile ho tšela Leoatle la Aegean a ee Korinthe ebe ha a tloha moo o ea Macedonia. Ha a khutlela Jerusalema, o ne a rerile ho etela phutheho ea Korinthe ka lekhetlo la bobeli, mohlomong ho lata mpho eo ka mosa barab’abo rōna ba Jerusalema ba neng ba e filoe. (1 Bakor. 16:3) Sena se bonahala ka ho hlaka mantsoeng a hlahang ho 2 Bakorinthe 1:15, 16, a reng: “Kahoo, ka kholiseho ena, pele ke ne ke rera ho tla ho lōna, e le hore le ka ba le nako ea bobeli ea thabo, ’me ka mor’a ho le fapohela ke ee Macedonia, le ho khutla Macedonia ho tla ho lōna le ho felehetsoa sebaka se itseng ke lōna ho ea Judea.”

Ho bonahala eka lengolong la hae la pele, o ne a tsebisitse barab’abo rōna ba Korinthe seo a neng a se rerile. (1 Bakor. 5:9) Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore Pauluse a  ngole lengolo leo, o ile a utloa ka ba ha Kloe hore ho na le ho hloka kutloano ho tebileng ka phuthehong. (1 Bakor. 1:10, 11) Pauluse o ile a etsa qeto ea ho fetola morero oa hae, ’me a ngola lengolo leo re le tsebang e le Bakorinthe ba Pele. Lengolong leo o ile a ba eletsa a ba a ba khalemela ka lerato. O ile a boela a ba bolella hore o fetotse tsela eo a neng a tla tsamaea ka eona, a ba bolella hore o ne a tla ea Macedonia pele ebe o ea Korinthe hamorao.—1 Bakor. 16:5, 6. *

Ho bonahala eka ha barab’abo rōna ba Korinthe ba fumana lengolo la hae, “baapostola . . . ba lokileng ho tlōla” phuthehong eo ba ile ba mo qosa ka hore ha a tšepahale. Ha Pauluse a ikarabella o ile a re: “Ha e le hantle, ha ke ne ke e-na le morero o joalo, ha kea ka ka inehella mafeela leha e le afe, na ha ho joalo? Kapa lintho tseo ke li rerang, na ke li rera ho ea ka nama, e le hore ho ’na ho ka ba le ‘E, E’ le ‘Che, Che’?”—2 Bakor. 1:17; 11:5.

Re ka ’na ra botsa, na moapostola Pauluse o ne a nka taba ee habobebe? Che! Lentsoe le fetoletsoeng e le habobebe le na le moelelo oa ho se tšepahale joalokaha eka motho ha a na ’nete kapa ha a phethe litšepiso tsa hae. Potso ea Pauluse e reng, “lintho tseo ke li rerang, na ke li rera ho ea ka nama?” e ne e lokela ho hlakisetsa Bakreste ba Korinthe hore Pauluse ha aa etsa qeto ea ho fetola merero ea hae hobane a sa tšepahale.

Pauluse o ile a hana qoso eo a lomahantse meno a re: “Empa ho ka itšetlehoa ka Molimo hore puo ea rōna e lebisitsoeng ho lōna hase E, ’me leha ho le joalo e le Che.’” (2 Bakor. 1:18) Ho hlakile hore ha Pauluse a ne a fetola maoa e ne e le hobane a ne a nahanela bara le barali babo. Ha re bala 2 Bakorinthe 1:23, re fumana hore lebaka le entseng hore a se ke a hlola a e-ea Korinthe ke hobane o ne a ba qenehela. Ka sebele, o ne a ba file nako ea hore ba lokise litaba pele a kopana le bona. Feela joalokaha a ne a lebeletse hore lengolo la hae le ba susumetse, ha a le Macedonia Tite o ile a mo bolella hore lengolo leo le ile la etsa hore ba soabe ba be ba bake, ’me seo sa mo thabisa.—2 Bakor. 6:11; 7:5-7.

HA HO THOE “AMEN” HO MOLIMO

Taba ea hore Pauluse o ne a qosoa ka hore ha a tšepahale e ne e ka ’na ea bolela hore haeba ha a tšepahale bophelong ba letsatsi le letsatsi, a ke ke a tšepahala le mosebetsing oa hae oa boboleli. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a hopotsa Bakorinthe hore o ile a ba pakela ka Jesu Kreste. “Mora oa Molimo, Kreste Jesu, ea ileng a boleloa har’a lōna ka rōna, ke hore, ka ’na le Silvanase le Timothea, ha aa ka a fetoha E, ’me leha ho le joalo e le Che, empa E, e fetohile E, tabeng ea hae.” (2 Bakor. 1:19) Na Jesu Kreste ea neng a behela Pauluse mohlala o ne a sa tšepahale ka tsela leha e le efe? Che! Jesu o ne a bua ’nete bophelong ba letsatsi le letsatsi le tšebeletsong ea hae. (Joh. 14:6; 18:37) Haeba molaetsa oa Jesu e ne e le ’nete ebile o ka tšeptjoa ’me Pauluse a bolela molaetsa o tšoanang, e tlameha ebe molaetsa oa hae le oona o ne o ka tšeptjoa.

Ha ho pelaelo hore Jehova ke “Molimo oa ’nete.” (Pes. 31:5) Re bona sena mantsoeng a Pauluse a reng: “Ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka eena [Jesu].” Jesu o ile a tšepahala ka ho feletseng ha a le lefatšeng e leng se ileng sa felisa lipelaelo leha e le life mabapi le litšepiso tsa Jehova. Ha Pauluse a tsoela pele, o re: “Ka hona ka eena hape ho thoe ‘Amen’ ho Molimo hore e be khanya ka rōna.” (2 Bakor. 1:20) Jesu ke tiiso, kapa “Amen,” eo ka eona litšepiso tsohle tsa Jehova Molimo li tla phethahala!

Feela joalokaha Jehova le Jesu ba bua ’nete kamehla, Pauluse le eena o ne a lula a phelela seo a se buileng. (2 Bakor. 1:19) E ne e se motho ea sa tšepahaleng, ea etsang litšepiso  “ho ea ka nama.” (2 Bakor. 1:17) Ho e-na le hoo, o ne a ‘tsamaea ka moea.’ (Bagal. 5:16) Ha a ne a sebelisana le ba bang, o ne a ba lakaletsa se molemo. E, ea hae e ne e bolela E!

NA E EA HAO E BOLELA E?

Ho batho ba sa pheleng ka melao ea Bibele ho tloaelehile hore ba etse litšepiso ebe ha ba li phethe haeba ho hlaha bothata bo bonyenyane feela kapa ho hlaha ntho e ’ngoe e ipiletsang. Litabeng tsa khoebo, hase kamehla “e,” e bolelang “e,” esita le haeba litumellano li ngotsoe fatše. Ba bangata ha ba sa talima lenyalo, e leng tumellano pakeng tsa batho ba babeli e le tlamo ea bophelo bohle. Ho e-na le hoo, tlhalo e ntseng e hloa mekoalaba e bontša hore batho ba bangata ba nka lenyalo e le ntho e ka qhaloang habonolo feela.—2 Tim. 3:1, 2.

Ho thoe’ng ka uena? Na e, ea hao e bolela e? Ke ’nete hore joalokaha ho bontšitsoe sehloohong sena, ho ka etsahala hore u tlamehe ho tlohela seo u tšepisitseng hore u tla se etsa, eseng hobane u sa tšepahale, empa hobane u tobane le maemo a ke keng a qojoa. Empa haeba uena joaloka Mokreste u tšepisa hore u tla etsa ntho e itseng, u lokela ho etsa bonnete ba hore u ua e phetha. (Pes. 15:4; Mat. 5:37) Haeba u etsa joalo, u tla tsejoa u le motho ea tšepahalang, ea lulang ho seo a se tšepisitseng le ea buang ’nete kamehla. (Baef. 4:15, 25; Jak. 5:12) Ha batho ba hlokomela hore u motho ea tšepahalang linthong tsohle, ba ka ’na ba ikemisetsa ho u mamela ha u bua le bona ka ’nete ea ’Muso oa Molimo. Ka lebaka leo, a re etseng bonnete ba hore re phelela seo re se buang ka hore E, ea rōna e bolele E!

^ ser. 7 Nakoana ka mor’a hore Pauluse a ngole Bakorinthe ba Pele, o ile a fela a pota Troase ha a ne a ea Macedonia, moo a ileng a ngola Bakorinthe ba Bobeli. (2 Bakor. 2:12; 7:5) Hamorao o ile a etela Korinthe.