Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Tumelo ea Moshe

Etsisa Tumelo ea Moshe

“Ka tumelo Moshe, ha a hōlile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro.”—BAHEB. 11:24.

1, 2. (a) Moshe o ile a etsa qeto efe ha a le lilemo li 40? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le batho ba Molimo?

MOSHE o ne a tseba bophelo bo mabothobotho ba Egepeta. O ne a bone matlo a maholo a barui ba moo. E ne e le oa lelapa la boreneng. A ‘rupetsoe ka bohlale bohle ba Baegepeta,’ mohlomong a ithutetse bonono, bolepi ba linaleli, lipalo le mafapha a mang a saense. (Lik. 7:22) O ne a e-na le monyetla oa ho rua, ho ba le matla le ho ba le litokelo tseo Baegepeta ba bang le ho lora ba neng ba sa lore ka tsona!

2 Leha ho le joalo, ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a etsa qeto eo e tlamehang ebe e ile ea makatsa lelapa la boreneng le mo hōlisitseng. Ha aa ka a khetha ho phela joaloka Baegepeta ba bang, empa o ile a khetha ho ba lekhoba! Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo. (Bala Baheberu 11:24-26.) Ka tumelo, Moshe ha aa ka a bona lintho tse mo potolohileng feela. Kaha e ne e le motho oa moea, o ile a tšepa Jehova “Ea sa bonahaleng,” ebile a kholisehile hore litšepiso tsa hae li tla phethahala.—Baheb. 11:27.

3. Ke lipotso life tse tharo tse tla arajoa sehloohong see?

3 Le rōna ha rea lokela ho bona lintho tse re potolohileng feela. Re lokela ho ba le tumelo. (Baheb. 10:38, 39) E le hore re matlafatse tumelo ea rōna, a re ke re hlahlobeng seo Baheberu 11:24-26 e se buang ka Moshe. Ha re ntse re hlahloba litemana tseo, leka ho fumana likarabo tsa lipotso tsena: Tumelo e ile ea susumetsa Moshe  joang hore a hanele litakatso tsa nama? Ha a nyelisoa, tumelo e ile ea mo thusa joang hore a ananele tlotla ea ho sebeletsa Jehova? Hona ke hobane’ng ha Moshe a “ile a talima ka hloko tefong ea moputso”?

O ILE A HANELA LITAKATSO TSA NAMA

4. Moshe o ile a hlokomela eng mabapi le ‘ho thabela sebe’?

4 Kaha Moshe o ne a e-na le tumelo, o ile a hlokomela hore ‘ho thabela sebe’ ke monate oa nakoana. Mohlomong ba bang ba ne ba nahana hore le hoja Egepeta e ne e qoetse borapeling ba litšoantšo le tšebelisanong le meea, e ne e le ’muso o matla oa lefatše, ha batho ba Jehova bona ba ne ba sotleha e le makhoba! Empa Moshe o ne a tseba hore Molimo a ka fetola boemo boo. Le hoja ho ne ho bonahala eka batho ba phelelang ho ikhotsofatsa baa atleha, Moshe o ne a lumela hore ba tla timetsoa. Ka lebaka leo, ha aa ka a lekeha hore “a thabele sebe ka nakoana.”

5. Ke’ng e tla re thusa hore re hanele ‘ho thabela sebe ka nakoana’?

5 U ka hanela teko ea ‘ho thabela sebe ka nakoana’ joang? Le ka mohla u se ke ua lebala hore thabo e tlisoang ke ho etsa sebe ke ea nakoana. Hopola hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.” (1 Joh. 2:15-17) Nahana ka se tla etsahalla baetsalibe ba sa bakeng. Ba behiloe “fatše moo ho thellang . . . ba felisitsoe ka matšabeho a tšohanyetso!” (Pes. 73:18, 19) Ha u lekeha ho etsa se fosahetseng, ipotse, ‘Ke batla bokamoso bo joang?’

6. (a) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a hana “ho bitsoa mora oa morali oa Faro”? (b) Ke hobane’ng ha u nahana hore Moshe o ile a etsa qeto e nepahetseng?

6 Tumelo e ile ea boela ea ama khetho eo Moshe a ileng a e etsa tabeng ea mosebetsi. “Ka tumelo Moshe, ha a hōlile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro.” (Baheb. 11:24) Ha aa ka a nahana hore a ka sebeletsa Molimo e ntse e le oa lelapa la boreneng ’me a sebelise maruo le boemo ba hae ho thusa Baiseraele ba habo. Ho e-na le hoo, Moshe o ne a ikemiselitse ho rata Jehova ka pelo ea hae eohle, ka moea oa hae oohle le ka matla a hae ’ohle. (Deut. 6:5) Qeto eo a ileng a e etsa, e ile ea mo qobisa masisa-pelo a mangata. Ka mor’a nakoana, Baiseraele ba ile ba nka ’ona matlotlo ao a Egepeta, ao Moshe a ileng a a tela! (Ex. 12:35, 36) Faro o ile a tlotlolloa a ba a bolaoa. (Pes. 136:15) Ka lehlakoreng le leng, Moshe o ile a sireletsoa ’me Molimo a mo sebelisetsa ho pholosa sechaba sohle. Ka sebele o ile a sebelisa bophelo ba hae ka tsela e nang le morero.

7. (a) Ho latela Matheu 6:19-21, ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka bokamoso? (b) Pheta phihlelo e bontšang phapang pakeng tsa ho ipokellela matlotlo a nama le a moea.

7 Haeba u mocha ea sebeletsang Jehova, tumelo e ka u thusa joang ho khetha mosebetsi? U lokela ho rera seo u batlang ho se etsa bophelong. Empa na tumelo litšepisong tsa Molimo e tla u susumelletsa hore u iketsetse bokamoso ba nakoana kapa ba ka ho sa feleng? (Bala Matheu 6:19-21.) Sophie ea neng a ipabola tantšing ea ballet o ile a lokela ho etsa khetho eo. O ile a tšepisoa ho lefelloa sekolo le ho fuoa maemo a phahameng lik’hamphaning tse khōlō tsa ballet ho pholletsa le United States. O re, “Ho ne ho le monate ho nkeloa holimo. Ha e le hantle, ke ne ke ikutloa ke phahametse lithaka tsa ka. Empa ke ne ke sa thaba.” Ka mor’a moo, o ile a shebella video ea Young People Ask—What Will I Do With My Life? Sophie o re: “Ke ile ka hlokomela hore le hoja lefatše le ntliselitse katleho le botumo, ke ne ke sa khone ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Ke ile ka mo rapela ka tieo. Eaba ke tlohela mosebetsi oa ho tantša.” Sophie o ikutloa joang ka qeto eo a e entseng? O re, “Ha ke hloloheloe tsela eo ke neng ke phela ka eona. Hona joale ke thabile ho feta leha e le neng pele. Ke bula maliboho le monna oa ka. Ha rea tuma ebile ha rea rua. Empa re sebeletsa Jehova, re na le lithuto tsa Bibele ebile re ipehetse lipakane tsa moea. Ha ke ikoahlaee le hanyenyane.”

8. Ke keletso efe ea Bibele e ka thusang mocha ho etsa qeto ea seo a batlang ho se etsa bophelong?

 8 Jehova o tseba se tla u tsoela molemo. Moshe o ile a re: “Jehova Molimo oa hao o batla eng ho uena haese hore u tšabe Jehova Molimo oa hao, e le hore u tsamaee litseleng tsohle tsa hae le ho mo rata le ho sebeletsa Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle; hore u boloke litaelo tsa Jehova le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo ke u laelang tsona kajeno, molemong oa hao?” (Deut. 10:12, 13) Ha u sa le mocha, khetha mosebetsi o tla u lumella ho rata Jehova le hore u mo sebeletse “ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle.” U ka kholiseha hore seo se tla ba “molemong oa hao.”

O NE A ANANELA TOKELO EA HAE EA TŠEBELETSO

9. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha mohlomong ho bile boima hore Moshe a phethe kabelo ea hae.

9 Moshe “o ile a nka nyeliso ea Kreste e le maruo a maholo ho feta matlotlo a Egepeta.” (Baheb. 11:26) O ne a laetsoe hore e be “Kreste,” kapa “Motlotsuoa,” ka kutloisiso ea hore Jehova o ne a mo khethile ho etella pele Baiseraele ha ba tsoa Egepeta. Moshe o ne a tseba hore ho phetha thōmo eo ho tla ba thata ’me e be “nyeliso.” Pejana, Moiseraele e mong o ne a ile a mo soma a re: “Ke mang ea u behileng hore u be khosana le moahloli oa rōna?” (Ex. 2:13, 14) Hamorao, Moshe o ile a botsa Jehova a re: “Faro o tla ’mamela joang?” (Ex. 6:12) E le hore Moshe a itokiselletse ho tobana le boemo boo le ho sebetsana le bona ka katleho, o ile a bolella Jehova lintho tseo a li tšabang le tseo a tšoenyehileng ka tsona. Jehova o ile a thusa Moshe joang hore a phethe kabelo ea hae e boima?

10. Jehova o ile a hlomella Moshe joang hore a phethe kabelo ea hae?

10 Jehova o ile a tiisetsa Moshe a re: “Ke tla ba le uena.” (Ex. 3:12) Ka mor’a moo, a mo hlalosetsa se boleloang ke lebitso la hae, a re: “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona.” * (Ex. 3:14) Ho feta moo, o ile a fa Moshe matla a ho etsa mehlolo e ileng ea fana ka bopaki ba hore ruri Moshe o rometsoe ke Molimo. (Ex. 4:2-5) Jehova o ile a boela a fa Moshe mosebetsi-’moho le ’muelli e leng Arone, hore a mo thuse ho phetha kabelo ea hae. (Ex. 4:14-16) Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, Moshe o ne a kholisehile hore Molimo o hlomella bahlanka ba hae hore ba phethe kabelo leha e le efe eo a ba fang eona, ’me kahoo ka kholiseho o ile a re ho mohlahlami oa hae, e leng Joshua: “Jehova ke eena ea tsamaeang ka pel’a hao. O tla tsoela pele a e-na le uena. A ke ke a u lahla kapa a u tlohela ka ho feletseng. U se ke ua tšoha kapa ua haroha letsoalo.”—Deut. 31:8.

11. Ke hobane’ng ha Moshe a ile a ananela kabelo ea hae?

11 Ka thuso ea Jehova, Moshe o ile a ananela kabelo ea hae e boima, ’me a e talima e le ea bohlokoa “ho feta matlotlo a Egepeta.” Etsoe ho sebeletsa Faro e ne e se letho ha ho bapisoa le ho sebeletsa Molimo ea Matla ’Ohle. Ho ba khosana ea Egepeta ho ne ho e-na le molemo ofe ha ho bapisoa le ho ba “Kreste,” kapa motlotsuoa oa Jehova? Moshe o ile a putsoa ka lebaka la ho ba le kananelo. O ne a e-na le kamano e haufi le Jehova, ea ileng a mo thusa hore a bonahatse matla a hlollang ha a ntse a tataisa Baiseraele ho ea Naheng e Tšepisitsoeng.—Deut. 34:10-12.

12. Re lokela ho ananela likabelo life tseo Jehova a re fileng tsona?

12 Le rōna re fuoe kabelo. Ho tšoana le moapostola Pauluse le ba bang, Jehova o re file thōmo ka Mora oa hae. (Bala 1 Timothea 1:12-14.) Kaofela ha rōna re na le tlotla ea ho phatlalatsa litaba tse molemo. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Ba bang ke basebeletsi ba nako e tletseng. Barab’abo rōna ba hōlileng  tsebong ba sebeletsa liphuthehong e le bahlanka ba sebeletsang le baholo. Leha ho le joalo, beng ka uena ba sa lumelang le batho ba bang ba ka ’na ba nka tokelo ena e se ea bohlokoa, kapa ba u soma ha u bontša moea oa boitelo. (Mat. 10:34-37) Ha ba ka atleha ho u nyahamisa, u ka ’na ua belaella hore na boikitlaetso ba hao ke ba bohlokoa le hore na ruri u ka atleha ho phetha kabelo ea hao. Haeba seo se u etsahalla, ke joang tumelo e ka u thusang hore u mamelle?

13. Jehova o re hlomella joang hore re phethe likabelo tseo a re fang tsona?

13 Kōpa Jehova hore a u thuse ’me u be le tumelo. Mo bolelle lintho tse u imelang le tse u tšoenyang. Etsoe ke Jehova ea u fileng kabelo eo ’me o tla u thusa ho e phetha. Ka tsela efe? Ka tsela eo a ileng a thusa Moshe ka eona. Ntlha ea pele, Jehova o oa u tiisetsa o re: “Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” (Esa. 41:10) Ea bobeli, o u hopotsa hore litšepiso tsa hae lia tšepahala ha a re: ‘Ke boletse morero oa ka; ke tla boela ke o tlise. Ke o entse, ke tla boela ke o phethe.’ (Esa. 46:11) Ea boraro, Jehova o u fa “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore u phethe bosebeletsi ba hao. (2 Bakor. 4:7) Tsela e ’ngoe eo Ntate oa rōna ea lerato a u thusang ka eona hore u mamelle kabelong eo a u fileng eona, ke ka ho u fa barapeli-’moho le uena ba momahaneng ka mokhatlong oa bara ba motho, ba lulang ‘ba tšelisana le ho hahana.’ (1 Bathes. 5:11) Ha Jehova a ntse a u hlomella hore u phethe kabelo ea hao, u tla mo tšepa le ho feta ’me u tla nka tokelo ea ho mo sebeletsa e le ea bohlokoa ho feta ntho leha e le efe.

“O ILE A TALIMA KA HLOKO TEFONG EA MOPUTSO”

14. Ke hobane’ng ha Moshe a ne a kholisehile hore o tla putsoa?

14 Moshe “o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.” (Baheb. 11:26) Le hoja Moshe a ne a tseba lintho tse seng kae feela ka bokamoso, o ile a itumella hore tsebo eo e susumetse tsela eo a talimang lintho ka eona. Joaloka moholo-holo oa hae Abrahama, Moshe o ne a kholisehile hore Jehova a ka tsosa bafu. (Luka 20:37, 38; Baheb. 11:17-19) Kaha Moshe o ne a lebeletse litlhohonolofatso tsa nakong e tlang, seo se ile sa mo thusa hore a se ke a nka lilemo tse 40 tseo a li qetileng e le mophaphathehi le tse 40 tseo a li qetileng lefeelleng e le tšenyo ea nako. Le hoja a ne a se na lintlha tse feletseng tsa hore na litšepiso tsa Molimo li tla phethahala joang,  o ne a kholisehile hore o tla fumana moputso oa hae.

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tsepamisa mohopolo moputsong? (b) Ke litlhohonolofatso life tseo u ka thabelang ho li latsoa pusong ea ’Muso?

15 Na le uena u “talima ka hloko tefong ea moputso”? Feela joaloka Moshe, le rōna ha re na lintlha tse feletseng mabapi le litšepiso tsa Molimo. Ka mohlala, ha re “tsebe hore na nako e behiloeng” ea matšoenyeho a maholo e neng. (Mar. 13:32, 33) Empa rōna re tseba ho hongata ka Paradeise ho feta Moshe. Le hoja re sa tsebe lintlha kaofela, re na le tsebo e lekaneng ea kamoo Molimo a tšepisang hore bophelo bo tla ba kateng ’Musong oa hae hoo re ka talimang “ka hloko” ho oona. Ha re e-na le setšoantšo se hlakileng sa lefatše le lecha likelellong, seo se tla re susumelletsa ho batla ’Muso pele. Joang? Nahana ka sena: Na u ka reka ntlo haeba u e-na le boitsebiso bo fokolang ka eona? Ho hlakile hore u ke ke ua e reka! Ka ho tšoanang, re ke ke ra beha tšepo ea rōna linthong tse sa hlakang. Ka tumelo, re lokela ho bona ka ho hlaka hore na bophelo bo tla ba joang ha re se re phela pusong ea ’Muso.

Ruri e tla ba ntho e thabisang ho bua le bahlanka ba tšepahalang ba kang Moshe! (Sheba serapa sa 16)

16 E le hore u be le setšoantšo se hlakileng sa hore na bophelo bo tla ba joang ’Musong oa Molimo, nahana ka Paradeise. Thuisa ka taba ena. Ka mohlala, ha u bala ka Bibeleng litlaleho tsa batho ba phetseng pele ho mehla ea Bokreste, nahana hore na u ka rata ho ba botsa’ng ha ba se ba tsositsoe. Kapa hore na bona ba ka ’na ba u botsa’ng mabapi le seo u neng u se etsa matsatsing a ho qetela. Ak’u nahane kamoo u tla thaba kateng ha u bona baholo-holo ba hao ba hlokahetseng lilemong tse makholo tse fetileng, ’me u ba ruta ka lintho tsohle tseo Molimo a ba etselitseng tsona. Inahanele kamoo u tla nyakalla kateng ha u bona liphoofolo tse ngata tse hlaha li se li phela ka khotso. Nahana hore na u tla ikutloa u le haufi le Jehova hakaakang ha u ntse u khutlela phethehong.

17. Ho ba le setšoantšo se hlakileng sa moputso ho re thusa joang kajeno?

17 Ho ba le setšoantšo se hlakileng sa moputso oo re o lebeletseng ho re thusa ho mamella, ho ba le thabo le ho etsa liqeto re tseba hore re tl’o phela ka ho sa feleng. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng a re: “Haeba re e-ba le tšepo bakeng sa seo re sa se boneng, re tsoela pele ho se letela ka mamello.” (Bar. 8:25) Molao-motheo oo o sebetsa le ho Bakreste bohle ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Le hoja re e-s’o fumane moputso, tumelo ea rōna e matla hoo re ntseng re letetse ka mamello ‘tefo ea moputso.’ Joaloka Moshe, ha re nke lilemo tseo re li qetileng re sebeletsa Jehova e le tšenyo ea nako. Ho e-na le hoo, re kholisehile hore “lintho tse bonoang ke tsa nakoana, empa lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.”—Bala 2 Bakorinthe 4:16-18.

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho sireletsa tumelo ea rōna? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?

18 Tumelo e re thusa hore re lemohe “bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheb. 11:1) Motho oa nama ha a bone bohlokoa ba ho sebeletsa Jehova. Motho ea joalo o nka hore matlotlo a moea ke “booatla.” (1 Bakor. 2:14) Empa rōna re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng le ea ho bona bafu ba tsosoa mabitleng, e leng taba eo batho ba lefatše ba sa e utloisiseng. Joaloka bo-rafilosofi ba mehleng ea Pauluse ba neng ba mo bitsa “mobeberi” ea hlokang tsebo, batho ba bangata kajeno ba nahana hore tšepo eo re rutang batho ka eona ke bosaoana.—Lik. 17:18.

19 Kaha re pota-potiloe ke batho ba se nang tumelo, re lokela ho loanela ho sireletsa tumelo ea rōna. Kōpa Jehova hore a u thuse hore “tumelo ea hao e se ke ea fela.” (Luka 22:32) Ela hloko liphello tsa sebe, ’me u lule u hopola molemo o tlisoang ke ho sebeletsa Jehova le oa ho ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Ho feta moo, tumelo e ile ea thusa Moshe hore a lemohe ntlha e ’ngoe. Sehloohong se latelang, re tla tšohla hore na e ile ea mo thusa joang hore a bone “Ea sa bonahaleng.”—Baheb. 11:27.

^ ser. 10 Ha setsebi se seng sa Bibele se bua ka mantsoe a Molimo a ho Exoda 3:14, se ile sa re: “Ha ho letho le ka mo sitisang ho phetha thato ea hae . . . Lebitso lena [Jehova] e ne e le qhobosheane ho Baiseraele, mohloli oa tšepo le matšeliso ho bona.”