Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Bona “Ea sa Bonahaleng”?

Na U Bona “Ea sa Bonahaleng”?

“O ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.”—BAHEB. 11:27.

1, 2. (a) Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho bonahala eka Moshe o kotsing. (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke hobane’ng ha Moshe a sa ka a tšosoa ke bohale ba morena?

FARO e ne e le ’musi ea matla ebile Baegepeta ba mo nka e le molimo. Buka e bitsoang When Egypt Ruled the East e re Baegepeta ba ne ba nka hore “o phahametse libōpuoa tsohle ka bohlale le matla.” E le hore a tšose bafo ba hae, Faro o ne a roala moqhaka o nang le setšoantšo sa masumu e batlang ho hlasela, e leng se neng se hopotsa lira tsa morena hore li tla felisoa ka ho panya ha leihlo. U se u ka inahanela hore na Moshe o ile a ikutloa joang ha Jehova a re ho eena: “Tloo ke u rome ho Faro, ’me u ntše sechaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.”—Ex. 3:10.

2 Moshe o ile a ea Egepeta ho ea phatlalatsa molaetsa o tsoang ho Molimo, e leng se ileng sa halefisa Faro. Ka mor’a hore naha eo e otloe ka likotlo tse robong, Faro o ile a lemosa Moshe a re: “U se ke ua leka ho bona sefahleho sa ka hape, hobane letsatsing leo u tla bona sefahleho sa ka ka lona u tla shoa.” (Ex. 10:28) Pele Moshe a tloha ka pel’a Faro, o ile a profeta hore mora oa morena oa letsibolo o tla shoa. (Ex. 11:4-8) Qetellong, Moshe o ile a laela malapa ’ohle a Baiseraele hore a hlabe pōli kapa pheleu—e leng phoofolo e neng e halalela ho molimo oa Baegepeta o bitsoang  Ra—’me a fafatse mali a eona likoseneng tsa menyako. (Ex. 12:5-7) Faro o ne a tla etsa’ng? Seo ha sea ka sa tšosa Moshe. Hobane’ng? Kaha o ne a e-na le tumelo, o ile a mamela Jehova ‘a sa tšabe bohale ba morena, ’me a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.’—Bala Baheberu 11:27, 28.

3. Re tlil’o hlahloba eng mabapi le tumelo eo Moshe a neng a e-na le eona ho “Ea sa bonahaleng”?

3 Na tumelo ea hao e matla hoo e kang u “bona Molimo”? (Mat. 5:8) A re hlahlobeng mohlala oa Moshe ho re thusa hore re be le pono e hlakileng ea lintho tsa moea, e le hore re bone “Ea sa bonahaleng.” Tumelo ea hae ho Jehova e ile ea mo sireletsa joang hore a se ke a tšaba batho? O ile a bontša joang hore o na le tumelo litšepisong tsa Molimo? Hona, ho bona ha Moshe “Ea sa bonahaleng” ho ile ha mo matlafatsa joang ha a le kotsing hammoho le sechaba sa habo?

HA AA KA A TŠOSOA KE “BOHALE BA MORENA”

4. Ho ea ka pono ea batho, Moshe o ne a le boemong bofe ha a bapisoa le Faro?

4 Ho ea ka pono ea batho, Moshe e ne e se letho ha a bapisoa le Faro. Ho ne ho bonahala eka bophelo ba Moshe, boiketlo le bokamoso ba hae bo matsohong a Faro. Esita le eena Moshe o ile a botsa Jehova, a re: “Ke mang hore ke ee ho Faro le hore ke ntše bara ba Iseraele Egepeta?” (Ex. 3:11) Lilemong tse ka bang 40 pejana ho moo, Moshe o ne a tlohile Egepeta e le mophaphathehi. Mohlomong o ile a ipotsa a re, ‘Na ehlile ke bohlale hore ke khutlele Egepeta, moo nka ’nang ka halefisa morena?’

5, 6. Ke’ng e ileng ea thusa Moshe hore a tšabe Jehova eseng Faro?

5 Pele Moshe a khutlela Egepeta, Molimo o ile a mo ruta molao-motheo oa bohlokoa, oo hamorao Moshe a ileng a o ngola bukeng ea Jobo: “Ho tšaba Jehova—ke bohlale.” (Jobo 28:28) Jehova o ile a thusa Moshe hore a mo tšabe le hore a etse lintho ka bohlale, ka hore a mo bontše phapang pakeng tsa batho le Molimo ea Matla ’Ohle. O ile a mo botsa a re: “Ke mang ea etselitseng motho molomo kapa ea etsang ea sa khoneng ho bua kapa ea sa utloeng litsebeng kapa ea bonang ka mokhoa o hlakileng kapa ea foufetseng? Na hase ’na, Jehova?”—Ex. 4:11.

6 Re ithuta’ng mantsoeng aa? Moshe o ne a sa lokela ho tšaba. O ne a ronngoe ke Jehova, ea neng a ka mo fa ntho leha e le efe eo a e hlokang e le hore a fetisetse molaetsa oa Molimo ho Faro. Etsoe, Faro e ne e se letho ha a bapisoa le Jehova. Ebile e ne e se lekhetlo la pele bahlanka ba Molimo ba ba kotsing ka lebaka la Baegepeta. Mohlomong Moshe o ile a nahana kamoo Jehova a ’nileng a sireletsa Abrahama, Josefa, esita le eena Moshe ka boeena nakong ea puso ea marena a fetileng a Egepeta. (Gen. 12:17-19; 41:14, 39-41; Ex. 1:22–2:10) Kaha Moshe o ne a e-na le tumelo ho Jehova “Ea sa bonahaleng,” o ile a iteta sebete a ea ho Faro ’me a mo bolella mantsoe ’ohle ao Jehova a mo laetseng ’ona.

7. Tumelo ho Jehova e ile ea sireletsa morali e mong oabo rōna joang?

7 Tumelo ho Jehova e ile ea boela ea sireletsa morali’abo rōna ea bitsoang Ella hore a se ke a inehella ho tšaba batho. Ka 1949, Ella o ile a tšoaroa Estonia ke KGB, a hlobolisoa liaparo tsohle tseo a neng a li apere ka pel’a mapolesa a mo tonetseng mahlo. O re: “Ke ile ka ikutloa ke theotsoe seriti. Empa ha ke qeta ho rapela Jehova, ke ile ka ba le khotso le khutso.” Ka mor’a moo, Ella o ile a qeta matsatsi a mararo a koaletsoe a le mong ka seleng. O re: “Mapolesa a ile a kharuma a re: ‘Re tl’o etsa hore esita le lebitso Jehova le se ke la hlola le hopoloa Estonia! Uena u ea kampong, ’me ba bang ba ea Siberia!’ A ile a phaella ka ho soma a re: ‘O kae eena Jehova eo oa hao?’” Na Ella o ne a tla tšaba batho kapa o ne a tla tšepa Jehova? Ha Ella a ntse a hlongoa lipotso, o ile a re ho basomi bao: “Ke nahanisisitse ka  taba ena, ’me ke khetha ho lula teronkong ke bolokile kamano ea ka le Molimo e le ntle, ho e-na le ho lokoloha empa Molimo a sa nkamohele.” Ella o ne a nka hore Jehova ke motho oa sebele joaloka batho ba neng ba eme ka pel’a hae. Tumelo e ile ea mo thusa hore a lule a tšepahala.

8, 9. (a) Ke’ng e ka re thusang ho hlōla ho tšaba batho? (b) Ke mang eo u lokelang ho lula u nahana ka eena ha u tleloa ke boikutlo ba ho tšaba batho?

8 Tumelo ho Jehova e tla u thusa hore u hlōle tšabo. Ha babusi ba matla ba leka ho u thibela hore u se ke ua rapela Molimo, ho ka ’na ha bonahala eka bophelo, boiketlo le bokamoso ba hao bo matsohong a bona. U ka ba ua ipotsa hore na ke bohlale ho tsoela pele u sebeletsa Jehova le hoja seo se halefisa ba boholong. Hopola hore ntho e ka re thusang ho hlōla ho tšaba batho ke ho ba le tumelo ho Molimo. (Bala Liproverbia 29:25.) Jehova o re: “U mang hore u tšabe motho ea shoang ea tla shoa, le mora oa moloko oa batho ea tla etsoa hore a be joaloka joang bo botala?”—Esa. 51:12, 13.

9 Lula u nahana ka Ntate oa hao ea matla ’ohle. O bona ba hateletsoeng ke babusi ba se nang toka ’me o ba utloela bohloko ebile o nka khato ho ba thusa. (Ex. 3:7-10) Esita le haeba u lokela ho emela tumelo ea hao ka pel’a babusi ba matla, ‘u se ke ua tšoenyeha ka hore na u tla bua joang kapa eng; kaha seo u tla se bua u tla se fuoa ka hora eo.’ (Mat. 10:18-20) Babusi ba batho hase letho ha ba bapisoa le Jehova. Ha u matlafatsa tumelo ea hao hona joale, u tla bona hore Jehova ke Motho oa sebele ea labalabelang ho u thusa.

O ILE A BONTŠA TUMELO LITŠEPISONG TSA MOLIMO

10. (a) Jehova o ile a fa Baiseraele taelo efe ka Nisane 1513 B.C.E.? (b) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a mamela taelo ea Molimo?

10 Khoeling ea Nisane ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a re Moshe le Arone ba fe Baiseraele taelo ena e sa tloaelehang, ba re: Khethang pheleu kapa pōli e phetseng hantle, le e hlabe ’me le fafatse mali a eona likoseneng tsa menyako ea lōna. (Ex. 12:3-7) Moshe o ile a etsa’ng? Hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola sena ka eena: ‘Ka tumelo o ile a keteka paseka le qaphaletso ea mali, e le hore motimetsi a se ke a ama matsibolo a bona.’ (Baheb. 11:28) Moshe o ne a tseba hore Jehova o oa tšepahala, kahoo o ile a bontša tumelo tšepisong ea Jehova ea ho timetsa bara bohle ba matsibolo, Egepeta.

11. Ke hobane’ng ha Moshe a ile a lemosa Baiseraele ba bang?

11 Ho bonahala eka bara ba Moshe ba ne ba le Midiane, hōle le “motimetsi.” * (Ex. 18:1-6) Leha ho le joalo, o ile a mamela ’me a lemosa malapa a mang a Baiseraele ao matsibolo a ’ona a neng a le kotsing. Bophelo ba batho bo ne bo le kotsing, ’me Moshe o ne a rata batho ba habo. Bibele e re: “Ka potlako Moshe a bitsa banna bohle ba baholo ba Iseraele ’me a re ho bona: . . . ‘Le hlabe phofu ea paseka.’”—Ex. 12:21.

12. Jehova o re laetse hore re phatlalatse molaetsa ofe oa bohlokoa?

12 Batho ba Jehova ba phatlalatsa molaetsa ona oa bohlokoa ba tataisoa ke mangeloi, ba re: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile, kahoo le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.” (Tšen. 14:7) Hona joale ke nako ea ho phatlalatsa molaetsa oo. Re lokela ho lemosa baahelani ba rōna hore ba tsoe Babylona e Moholo, e le hore ba se ke ba “amohela karolo ea likotlo tsa hae.” (Tšen. 18:4) “Linku tse ling” li thusa Bakreste ba tlotsitsoeng ho kōpa batho ba furaletseng Molimo hore ba ‘boelane’ le eena.—Joh. 10:16; 2 Bakor. 5:20.

Ho tšepa litšepiso tsa Jehova ho tla leotsa takatso ea hao ea ho bolela litaba tse molemo (Sheba serapa sa 13)

13. Ke’ng e tla leotsa takatso ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo?

 13 Re kholisehile hore ka sebele “hora ea ho ahlola” e fihlile. Re boetse re kholisehile hore Jehova ha a fetelletse lintho ha a re re potlake ha re etsa mosebetsi oa ho bolela le ho etsa batho barutuoa. Ponong, moapostola Johanne o ile a “bona mangeloi a mane a eme likhutlong tse ’nè tsa lefatše, a tšoere ka tieo meea e mene ea lefatše.” (Tšen. 7:1) Ka tumelo, na u bona mangeloi ao a le mothating oa ho lokolla meea ea timetso ea matšoenyeho a maholo lefatšeng lee? Haeba u a bona ka mahlo a tumelo, u tla khona ho bolela litaba tse molemo ka sebete.

14. Ke’ng e re susumelletsang hore re “lemose ea khopo tseleng ea hae e khopo”?

14 Bakreste ba ’nete ba thabela ho ba metsoalle ea Jehova le ho ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Empa rea hlokomela hore re na le boikarabelo ‘ba ho lemosa ea khopo tseleng ea hae e khopo ho mo boloka a phela.’ (Bala Ezekiele 3:17-19.) Ke ’nete hore ha re bolele litaba tse molemo hore feela re qobe ho ba le molato oa mali. Re rata Jehova le baahelani ba rōna. Jesu o ile a bontša seo lerato le mohau li hlileng li se bolelang papisong ea hae ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke tšoana le Mosamaria eo, ke “susumetsoa ke khauho” hore ke fane ka bopaki?’ Ha re batle ho tšoana le moprista le Molevi bao ho e-na le ho thusa, ba ileng ba tsamaela “ka lehlakoreng le leng.” (Luka 10:25-37) Ho ba le tumelo litšepisong tsa Molimo le ho rata baahelani ho tla re susumelletsa hore re kopanele ka botlalo mosebetsing oa boboleli, ha re sa na le monyetla.

 “BA ILE BA FETA HAR’A LEOATLE LE LEFUBELU”

15. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba ikutloa ba qabeletsoe?

15 Tumelo eo Moshe a neng a e-na le eona ho “Ea sa bonahaleng” e ile ea mo thusa ha Baiseraele ba ne ba le kotsing, ka mor’a hore ba tlohe Egepeta. Bibele e re: “Bara ba Iseraele ba qala ho phahamisa mahlo ’me bonang! Baegepeta ba ne ba tla ka mor’a bona; bara ba Iseraele ba tšoha haholo eaba ba qala ho hoeletsa ho Jehova.” (Ex. 14:10-12) Na ba ne ba ba tsomelitse? Che. Jehova o ne a boletse esale pele a re: “Ke tla tlohela pelo ea Faro hore e be manganga, ka sebele o tla ba lelekisa ’me ke tla itlotlisa ka Faro le mabotho ’ohle a hae a sesole; ’me ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova.” (Ex. 14:4) Empa Baiseraele bona ba ne ba iponela feela Leoatle le Lefubelu leo ba ke keng ba khona ho le tšela, likoloi tsa ntoa tsa Faro tse ba jaheletseng le monna-moholo ea lilemo li 80 oa molisana ea ba eteletseng pele! Ba ne ba ikutloa ba qabeletsoe.

16. Tumelo e ile ea matlafatsa Moshe joang Leoatleng le Lefubelu?

16 Ho sa tsotellehe seo, Moshe ha aa ka a tlakasela. Hobane’ng? Hobane ka mahlo a tumelo, o ile a bona ho hong ho matla ho feta lebotho la sesole le leoatle. O ne a bone hore Jehova o tla boloka Baiseraele, a bile a tseba hore o tla ba loanela. (Bala Exoda 14:13, 14.) Tumelo ea Moshe e ile ea khothatsa batho ba Molimo. Bibele e re: “Ka tumelo ba ile ba feta har’a Leoatle le Lefubelu joalokaha eka ke moo ho omileng, empa ha Baegepeta ba le lekella ba ile ba metsoa.” (Baheb. 11:29) Ka mor’a moo, ‘sechaba sa qala ho tšaba Jehova le ho beha tumelo ho eena le ho mohlanka oa hae Moshe.’—Ex. 14:31.

17. Ke ketsahalo efe e tla leka tumelo ea rōna nakong e tlang?

17 Haufinyane, le rōna ho ka ’na ha bonahala eka re kotsing. Ha matšoenyeho a maholo a fihla sehlohlolong, mebuso ea lefatše e tla be e ripitlile le ho felisa mekhatlo ea bolumeli e neng e le meholo ebile e le matla ho re feta. (Tšen. 17:16) Jehova o ile a profeta hore tsela eo re sa sireletsehang ka eona e tšoana le ea motse ‘o se nang lerako, mekoallo kapa menyako.’ (Ezek. 38:10-12, 14-16) Ho ka ’na ha bonahala eka ha re na monyetla oa ho pholoha. U tla etsa joang boemong boo?

18. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ema re tiile nakong ea matšoenyeho a maholo.

18 Ha rea lokela ho tšoha. Hobane’ng? Hobane Jehova o ile a bolela esale pele hore batho ba hae ba tla hlaseloa. A ba a bolela le phello ea seo. “‘Letsatsing leo, letsatsing la ha Gogo a kena naheng ea Iseraele,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘khalefo ea ka e tla hlaha linkong tsa ka. Chesehong ea ka, mollong oa khalefo ea ka, ke tla lokela ho bua.’” (Ezek. 38:18-23) Joale Jehova o tla timetsa bohle ba batlang ho ntša bahlanka ba hae kotsi. Haeba u kholisehile hore seo ke sona se tla etsahala ka “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova,” seo se tla u thusa hore u “bone poloko ea Jehova” le hore u lule u tšepahala.—Joele 2:31, 32.

19. (a) Setsoalle sa Moshe le Jehova se ne se tiile hakae? (b) U tla fumana tlhohonolofatso efe ha u ela Jehova hloko litseleng tsohle tsa hao?

19 Itokiselletse liketsahalo tseo tse hlollang hona joale ka hore u tsoele pele ‘u tiile joalokaha eka u bona Ea sa bonahaleng’! Matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova Molimo ka hore u ithute kamehla le ho rapela. Moshe o ne a e-na le setsoalle se haufi le Jehova, ’me o ile a mo sebelisa haholo hoo Bibele e reng Jehova o ne a tseba Moshe “lifahleho li talimane.” (Deut. 34:10) Moshe e ne e le moprofeta ea ikhethang. Le uena tumelo e ka u thusa hore u tsebe Jehova joalokaha eka ehlile u oa mo bona. Haeba u mo ela hloko “litseleng tsohle tsa hao” joalokaha Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho etsa joalo, “o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liprov. 3:6.

^ ser. 11 Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a romela mangeloi ho ea phethahatsa kahlolo ho Baegepeta.—Pes. 78:49-51.