Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-ba Sebete—Jehova ke Mothusi oa Hao!

E-ba Sebete—Jehova ke Mothusi oa Hao!

‘E-ba sebete ’me u re: “Jehova ke mothusi oa ka.”’—BAHEB. 13:6.

1, 2. Ke mathata afe ao batho ba bangata ba tobanang le ’ona ha ba khutlela hae? (Sheba setšoantšo se qalong.)

EDUARDO * o re: “Ha ke ne ke sebetsa mose ho maoatle, ke ne ke etsa mosebetsi o hlomphehang ’me ke fumana chelete e ngata. Empa ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka hlokomela hore ke na le boikarabelo ba bohlokoa le ho feta, e leng ba ho hlokomela lelapa la ka moeeng, eseng feela nameng. Kahoo, ke ile ka khutlela hae.”—Baef. 6:4.

2 Eduardo o ne a tseba hore ka ho khutlela hae, o thabisa Jehova. Empa joaloka Marilyn, eo ho buuoeng ka eena sehloohong se fetileng, Eduardo o ile a tlameha ho sebetsa ka thata ho lokisa kamano ea hae le lelapa la hae. O ne a boetse a tlameha ho phelisa lelapa le hoja maemo a moruo a ne a le thata. Ba ne ba tla phela joang? Ke thuso ea mofuta ofe eo a neng a ka e lebella ho ba bang ka phuthehong?

TSOSOLOSA BOMOEA LE KAMANO EA LELAPA

3. Ha motsoali a sa lule lapeng, seo se ama bana joang?

3 Eduardo o re: “Ke ile ka elelloa hore ke hlokomolohile bana ba ka nakong eo ba neng ba hloka hore ke ba tataise le ho ba bontša lerato. Ke ne ke sa ka ka ba balla lipale tsa Bibele, ka rapela le bona, ka ba sika esita le ho bapala le bona.” (Deut. 6:7) Morali oa hae e moholo ea bitsoang Anna, o re: “Ke ne ke ikutloa ke sa sireletseha ha Ntate a le sieo lapeng. Ha a khutla, re ne re tseba  feela sefahleho sa hae le lentsoe la hae. Ke ne ke ikutloa ke sa phutholoha ha a nhaka.”

4. Ha monna a sa lule lapeng, seo se mo sitisa joang ho phetha boikarabelo ba hae joaloka hlooho ea lelapa?

4 Ha ntate a sa lule lapeng, seo se boetse se mo sitisa ho phetha boikarabelo ba hae joaloka hlooho ea lelapa. Mosali oa Eduardo, e leng Ruby, o re: “Ke ne ke le ’Mè ke bile ke le Ntate, ’me ke tloaetse ho etsa liqeto tse amang lelapa. Ha Eduardo a khutlela hae, ke ile ka tlameha ho ithuta se hlileng se boleloang ke ho ikokobelletsa bohlooho. Esita le hona joale, ka linako tse ling ke ntse ke tlameha ho ikhopotsa hore monna oa ka o teng.” (Baef. 5:22, 23) Eduardo o phaella ka ho re: “Bana ba rōna ba ne ba tloaetse ho kōpa lintho ho ’mè oa bona. Joaloka batsoali re ile ra hlokomela hore re tlameha ho bontša bana hore re momahane, ’me ke ile ka tlameha ho ithuta ho ba etella pele ka tsela ea Bokreste.”

5. Ntate e mong o ile a etsa’ng ho lokisa tšenyo e bakiloeng ke ho siea lelapa, hona phello e bile efe?

5 Eduardo o ne a ikemiselitse ho etsa sohle se matleng a hae ho tsosolosa kamano ea hae le lelapa la hae le ho le matlafatsa moeeng. O re: “Sepheo sa ka e ne e le ho ruta bana ba ka ’nete ka lentsoe le ka liketso—ke se ke ka re feela ke rata Jehova empa ke ba bontše seo.” (1 Joh. 3:18) Na Jehova o ile a hlohonolofatsa tsela eo Eduardo a bontšitseng tumelo ka eona? Anna o re: “Ho ile ha e-ba le phapang e khōlō ha re bona hore o leka ka matla ho ba ntate ea molemo le hore o batla ho atamelana le rōna. Re ile ra ikutloa re le motlotlo ha re bona a ikitlaetsa haholoanyane ka phuthehong. Lefatše le ne le leka ho re arohanya le Jehova. Empa ha re bona batsoali ba rōna ba tsepame ’neteng, re ile ra leka ho ba etsisa. Ntate o ile a re tšepisa hore ha a sa tla hlola a re siea, ’me o ile a feela a etsa joalo. Hoja ebe o ile a re siea, mohlomong nka be ke furaletse phutheho ea Jehova kajeno.”

AMOHELA BOIKARABELO

6. Batsoali ba bang ba ile ba hlokomela eng nakong ea ntoa?

6 Litlaleho tse ling li bontšitse hore nakong ea ntoa Linaheng tsa Balkan, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba lulang moo ba ne ba thabile ho sa tsotellehe maemo a boima ao ba neng ba phela ho ’ona. Hobane’ng? Batsoali ba neng ba sitoa ho ea mosebetsing ba ne ba lula hae, ba ithuta ba bile ba bapala le bana ’me ba buisana le bona. Re ithuta’ng tabeng ee? Hore bana ba hloka ho qeta nako ba e-na le batsoali ba bona, ho e-na le hore ba fuoe chelete kapa limpho. Ha e le hantle, joalokaha Lentsoe la Molimo le bolela, bana ba rua molemo ha batsoali ba ba bontša lerato ba bile ba ba tataisa.—Liprov. 22:6.

7, 8. (a) Batsoali ba bang ba khutlelang hae ba etsa phoso efe? (b) Batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ba bona hore ba loantše maikutlo a fosahetseng?

7 Ka masoabi, batsoali ba bang ha ba khutlela hae, ’me ba elelloa hore bana ba ba koatetse kapa ha ba ikamahanye le bona, ba re: “Ke hore ha le bone hore ke itetse tjee, hobane ke re ke itella lōna?” Empa e ka ’na eaba bana ba etsa seo hobane batsoali ba ne ba ba siile. Motsoali a ka etsa’ng ho lokisa boemo boo?

8 Kōpa Jehova hore a u thuse hore u tšoare ba lelapa la hao ka mosa. Joale, ha u buisana le bona, lumela le ho amohela hore u tlatselitse bothateng boo. Ho kōpa tšoarelo ka tieo ho ka ’na ha lokisa lintho. Ha molekane oa hao le bana ba bona hore u lula u leka ho ntlafatsa tsela eo lintho li leng ka eona, ba tla elelloa hore u tiile. Butle-butle, lelapa la hao le ka ’na la boela la qala ho u rata le ho u hlompha, haeba u phehella ebile u sa fele pelo.

‘LOKISETSA HORE HO BE LE LINTHO BAKENG SA BA LELAPA LA HAO’

9. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re lule re lelekisa maruo e le hore ‘re lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa ba malapa a rōna’?

9 Moapostola Pauluse o ile a re ha  Bakreste ba hōlileng ba sitoa ho itlhokomela, bana ba bona le litloholo ba lokela ho “lefa puseletso e loketseng ho batsoali le batsoali ba batsoali ba bona.” Empa Pauluse o ile a tsoela pele ho phehella Bakreste bohle hore ba khotsofale ha ba e-na le lintho tseo ba li hlokang letsatsi le letsatsi, ke hore lijo, liaparo le bolulo. Ha rea lokela ho lula re batla ho ntlafatsa tsela eo re phelang ka eona kapa ho tsitsa licheleteng. (Bala 1 Timothea 5:4, 8; 6:6-10.) Ha ho hlokahale hore Mokreste a batle maruo a lefatše lena le haufi le ho fela, e le hore ‘a lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa ba lelapa la hae.’ (1 Joh. 2:15-17) Ha rea lokela ho lumella “matla a thetsang a maruo” kapa “matšoenyeho a bophelo” hore a sitise malapa a rōna ho “tšoara ka tieo bophelo ba sebele” lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka!—Mar. 4:19; Luka 21:34-36; 1 Tim. 6:19.

10. Re ka bonahatsa bohlale ba bomolimo joang tabeng ea ho kena likolotong?

10 Jehova o oa tseba hore re hloka chelete. Empa chelete e ke ke ea re sireletsa le ho re boloka ka tsela eo bohlale ba bomolimo bo ka re bolokang ka eona. (Moek. 7:12; Luka 12:15) Maemong a mangata, batho ha ba elelloe litšenyehelo tse bang teng ha ba ea linaheng tse ling ka mosebetsi, ’me ha ho na bonnete ba hore ba tla fumana chelete. Ha e le hantle, ho na le likotsi tse tebileng. Batho ba bangata ba khutla ba qoetse ka har’a likoloto. Ho e-na le hore ba be le bolokolohi ba ho sebeletsa Molimo, ba qetella e le makhoba a batho bao ba ba kolotang. (Bala Liproverbia 22:7.) Tsela e bohlale ke hore motho a qobe ho kena likolotong li sa tloha feela.

11. Ho khomarela moralo oa lelapa oa tšebeliso ea chelete ho ka fokotsa mathata joang?

11 Eduardo o ne a tseba hore o lokela ho sebelisa chelete ka bohlale, e le hore qeto ea hae ea ho lula le lelapa e atlehe. Eena le mosali oa hae ba ile ba etsa moralo oa kamoo ba tla sebelisa chelete kateng ho latela lintho tseo ba li hlokang. Ho hlakile hore ba ile ba tlameha ho fokotsa lintho tse ling tseo lelapa le neng le tloaetse ho li etsa. Empa bohle ba ile ba tšoarisana ’me ba se ke ba sebelisa chelete linthong tseo e seng tsa bohlokoa. * Eduardo o re: “Ka mohlala, ke ile ka ntša bana likolong tsa praefete ka ba isa likolong tsa sechaba.” Eena le ba lelapa la hae ba ile ba rapela hore a fumane mosebetsi o neng o sa tl’o kena-kenana le kemiso ea bona ea lintho tsa moea. Jehova o ile a arabela lithapelo tsa bona joang?

12, 13. Ntate e mong o ile a etsa’ng ho hlokomela lelapa la hae, hona Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ea hae ea ho nolofatsa bophelo joang?

12 Eduardo o re: “Re qetile lilemo tsa pele tse peli re hula ka thata. Re ne re felloa ke chelete, ’me ka linako tse ling mokholo oa ka o fokolang o sa koahele litšenyehelo tsa rōna ebile ke lula ke khathetse. Empa re ne re khona ho kopanela libokeng tsohle le ho ea tšebeletsong ea tšimo hammoho.” Eduardo o ile a etsa qeto ea hore ha a na ho amohela mosebetsi leha e le ofe o tla etsa hore a qete likhoeli kapa lilemo a arohane le lelapa la hae. O re: “Ho e-na le hoo, ke ile ka ithuta ho etsa mesebetsi e sa tšoaneng e le hore ha o mong o fela, ke khone ho etsa o mong.”

Na u ka ithuta ho etsa mesebetsi e sa tšoaneng e le hore u phelise lelapa la hao? (Sheba serapa sa 12)

13 Kaha Eduardo o ne a tlameha ho lefa likoloto tsa hae hanyane ka hanyane, o ile a tlameha ho lefa tsoala e holimo cheleteng eo a e alimileng. Empa o ne a nka hore seo hase letho ha se bapisoa le hore o khona ho etsa lintho tsohle le lelapa la hae, e leng seo Jehova a batlang hore batsoali ba se etse. Eduardo o re: “Hona joale mokholo oa ka o tlaase haholo ha o bapisoa le oo ke neng ke o fumana ha ke le mose ho maoatle, empa ha ho mohla re robalang ka tlala. ‘Letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane.’ Ha e le hantle, re ile ra etsa qeto ea ho bula maliboho. Ho makatsang ke hore ka mor’a moo, mathata a rōna a lichelete a ile a fokotseha ’me ra nolofalloa ho fumana lintho tseo re li hlokang.”—Esa. 59:1.

 HO SEBETSANA LE KHATELLO EA LELAPA

14, 15. Malapa a ka etsa’ng ha a tobana le khatello ea ho lelekisa maruo ho e-na le ho hahamalla lintho tsa moea, hona phello e ka ’na ea e-ba efe haeba a beha mohlala o motle?

14 Libakeng tse ngata, batho ba nka hore ba tlamehile ho fa beng ka bona le metsoalle chelete esita le limpho. Eduardo o re, “Setsong sa rōna, re batho ba ratang ho fana,” empa o phaella ka ho re: “Ho fana ho lokela ho ba le moeli. Ke hlalosetsa beng ka ’na ka bohlale hore ke tla ba fa lintho haeba ho etsa joalo ho sa tl’o beha bomoea ba lelapa la ka kotsing le ho kena-kenana le kemiso ea rōna.”

15 Batho ba khutlelang hae le ba hanang ho siea malapa a bona ho ea sebetsa linaheng tse ling, ba atisa ho komeloa ke beng ka bona ba soetsehileng ba neng ba tšepetse ho bona. Ba bang ba re ha ba na lerato. (Liprov. 19:6, 7) Morali oa Eduardo ea bitsoang Anna, o re: “Leha ho le joalo, ha re hana ho lelekisa maruo ’me re hahamalla lintho tsa moea, seo se ka ’na sa etsa hore qetellong beng ka rōna ba bang ba lemohe hore re nka bophelo ba rōna ba Bokreste e le ba bohlokoa. Empa na re ka ba thusa haeba re lumela ho etsa seo ba reng re se etse?”—Bapisa le 1 Petrose 3:1, 2.

BONTŠA TUMELO HO MOLIMO

16. (a) Motho a ka ’na a “ithetsa ka monahano oa bohata” joang? (Jak. 1:22) (b) Jehova o hlohonolofatsa liqeto tsa mofuta ofe?

16 Morali’abo rōna e mong o ile a siea monna le bana eaba o ea naheng e ’ngoe e ruileng, ’me ha a fihla moo a re ho baholo: “Re entse boitelo bo boholo hore ke tle mona. Monna oa ka o ile a ba a tlameha ho khaotsa ho sebeletsa e le moholo. Kahoo, ke tšepa hore Jehova o tla hlohonolofatsa ho tla ha ka mona.” Kamehla Jehova o hlohonolofatsa liqeto tse bontšang ho mo tšepa, empa na a ka hlohonolofatsa qeto e khahlanong le thato ea hae, haholo-holo ha e akarelletsa ho tlohela litokelo tsa tšebeletso ho sa hlokahale?—Bala Baheberu 11:6; 1 Johanne 5:13-15.

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho kōpa tataiso ea Jehova pele re etsa liqeto, hona re ka etsa seo joang?

17 Kōpa tataiso ea Jehova pele u etsa qeto le ho itlama ka lintho tse itseng, eseng ka mor’a ho e etsa. Rapella moea o halalelang, bohlale le tataiso ea hae. (2 Tim. 1:7) Ipotse: ‘Ke ikemiselitse ho mamela Jehova maemong afe? Na ke tla mo mamela le ha ke hlorisoa?’ Haeba u tla mo mamela, na u ikemiselitse ho mo mamela le  haeba ho hlokahala hore u theole maemo a hao a bophelo? (Luka 14:33) Kōpa keletso ea Mangolo ho baholo, ’me u bontše hore u tšepa Jehova ebile u kholoa tšepiso ea hae ea hore o tla u thusa, u bontše seo ka ho latela keletso ea hae. Baholo ba ke ke ba u etsetsa qeto, empa ba ka u thusa hore u etse liqeto tse tla u thabisa ka ho sa feleng.—2 Bakor. 1:24.

18. Ke mang ea filoeng boikarabelo ba ho hlokomela lelapa, empa ke maemo afe a ka ’nang a etsa hore ba bang ba be le monyetla oa ho thusa?

18 Jehova o file hlooho ea lelapa boikarabelo ba hore e hlokomele ba lelapa letsatsi le letsatsi. Re lokela ho babatsa le ho rapella lihlooho tsa malapa tse phethang boikarabelo boo li sa siee balekane le bana, ho sa tsotellehe khatello kapa teko ea ho etsa joalo. Maemo a sa lebelloang, joaloka likoluoa kapa bokuli ba tšohanyetso, a re fa monyetla oa hore re bonahatse lerato la sebele la Bokreste le hore rea tsotellana. (Bagal. 6:2, 5; 1 Pet. 3:8) Na u ka thusa ka lichelete ha ho hlahile boemo ba tšohanyetso kapa ua thusa Mokreste-’moho le uena hore a fumane mosebetsi tikolohong ea lōna? Ha u etsa joalo, u tla mo thusa hore a se ke a ikutloa a le tlas’a khatello e khōlō ea ho siea lelapa a il’o batla mosebetsi sebakeng se seng.—Liprov. 3:27, 28; 1 Joh. 3:17.

HOPOLA HORE JEHOVA KE MOTHUSI OA HAO!

19, 20. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho khotsofatsoa ke ho tseba hore Jehova o tla ba thusa?

19 Mangolo a re: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe [Molimo] o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’ E le hore re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’” (Baheb. 13:5, 6) Re ka etsa see joang?

20 Moholo e mong eo e leng khale a li bona naheng e ’ngoe e futsanehileng, o re: “Batho ba atisa ho bolela kamoo Lipaki Tsa Jehova li thabileng kateng. Ba boetse baa elelloa hore esita le Lipaki tse futsanehileng li lula li apere ka makhethe le hore li boheha ho feta batho ba bang.” Sena se lumellana le tšepiso eo Jesu a ileng a e etsetsa batho ba batlang ’Muso pele. (Mat. 6:28-30, 33) Ha e le hantle, Ntate oa hao ea leholimong Jehova o oa u rata, ’me o batla hore uena le bana ba hao le atlehe. “Etsoe, ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likron. 16:9) O re file litaelo tse re tataisang, tse akarelletsang hore na re phele joang ka lapeng le ho fumana lintho tseo re li hlokang. Ha re li latela, re bontša hore rea mo rata ebile rea mo tšepa. “Etsoe se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Joh. 5:3.

21, 22. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho bontša hore u tšepa Jehova?

21 Eduardo o re: “Kea tseba hore nako eo ke e qetileng ke arohane le mosali oa ka le bana e ke ke ea hlola e khutla, empa ha ke lule ke nahana ka liphoso tseo ke li entseng. Batho ba bangata bao ke neng ke sebetsa le bona ke barui empa ha baa thaba. Ba na le mathata a tebileng a lelapa. Empa lelapa la rōna lona le thabile! Ke khothatsoa ke ho bona hore barab’abo rōna ba bang naheng ena e futsanehileng ba etelletsa pele lintho tsa moea bophelong ba bona. Re bona bonnete ba seo Jesu a se tšepisitseng.”—Bala Matheu 6:33.

22 E-ba sebete! Khetha ho mamela Jehova ’me u mo tšepe. E se eka lerato leo u ratang Molimo ka lona, molekane oa hao le bana le ka u susumelletsa hore u phethe boikarabelo ba ho hlokomela lelapa la hao moeeng. Ka tsela eo, u tla lemoha hore ‘Jehova ke mothusi oa hao.’

^ ser. 1 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 11 Sheba letoto la lihlooho tse reng “Kamoo U ka Sebelisang Chelete Kateng” Tsoheng! ea September 2011.