Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | KE MANG EA TSEBANG BOKAMOSO?

Tse Ling li Ile Tsa Phethahala Empa Tse Ngata li Ile Tsa Hlōleha

Tse Ling li Ile Tsa Phethahala Empa Tse Ngata li Ile Tsa Hlōleha

Na u ka rata ho tseba bokamoso ba hao? Batho ba bangata ba ka rata ho tseba ka bokamoso ba bona. Ba bangata ba bolela liketsahalo esale pele ’me li phethahala ka litsela tse fapaneng: Nahana ka tse latelang:

  • BO-RASAENSE: Ba sebelisa thepa e rarahaneng le chelete e ngata ho bolela esale pele lintho tse kang kamoo qetellong tšilafalo e tla ama lefatše kateng le ho bolela boemo ba leholimo esale pele.

  • LITSEBI TSA MORUO LE LIPOLOTIKI: Li bolela esale pele liphetoho tse tla ba teng khoebong le lipolotiking. Warren Buffett, e mong oa batho ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, o ile a khona ho bolela ka katleho liphetoho tse tla ba teng khoebong hoo ba bang ba ileng ba mo bitsa moprofeta. Nate Silver, eo e leng setsebi o ile a bolela lipalo-palo tse ileng tsa mo thusa ho bolela esale pele ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho tloha ho litaba tsa lipolotiki tsa United States ho ea ho litaba tse amanang le likhau tsa lifilimi tsa Hollywood.

  • LIBUKA TSA KHALE: Ho ’nile ha boleloa hore li profeta lintho tse tla etsahala. Batho ba bang ba bona lintho tse itseng tse phethahalang mehleng ena, tse tsoang libukeng tsa Michel de Notredame (Nostradamus) tsa lilemong tsa bo-1500. Batho ba bangata ba ile ba bolela hore ha k’halendara ea Maya e fela ka la 21 December, 2012, ho ne ho tla ba le tlokotsi e khōlō lefatšeng.

  • BAETA-PELE BA BOLUMELI: Ka linako tse ling ba bolela liketsahalo tse bohloko esale pele e le hore ba lemose batho le ho ipokellela balateli. Harold Camping le balateli ba hae ba ile ba phatlalatsa hore lefatše le ne le tla felisoa ka 2011. Leha ho le joalo, lefatše le ntse le le teng.

  • LINOHE: Li bolela hore li na le bokhoni bo khethehileng ba ho profeta bokamoso. Tse ling tsa liketsahalo tse ileng tsa profetoa ke Edgar Cayce le Jeane Dixon lilemong tsa bo-1900, li ile tsa phethahala. Leha ho le joalo, ka bobeli ba bona ba ile ba hlōleha hangata ho profeta se nepahetseng. Ka mohlala, Dixon o ile a profeta hore ho tla ba le Ntoa ea Boraro ea Lefatše ka 1958 ’me Cayce a profeta hore bohareng ba 1970, New York e ne e tla qoela ka har’a leoatle.

Na ka sebele ho na le mokhoa o ka tšeptjoang oa ho tseba bokamoso? Ke habohlokoa hore re botse potso ena. Haeba u ne u ka khona ho tseba lintho tse tlang ho etsahala, seo se ne se tla ama tsela eo u phelang ka eona.