Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha e le hantle ke mang ea busang lefatše?

Haeba Molimo ke eena ea busang lefatše, na lefatše le ka be le tletse mahlomola hakaale?

Batho ba bangata ba nahana hore ke Molimo ea busang lefatše. Empa haeba seo e ne e le ’nete, na lefatše le ka be le tletse mahlomola hakaale? (Deuteronoma 32:4, 5) Bibele e bolela hore lefatše le laoloa ke motho e mong ea khopo.—Bala 1 Johanne 5:19.

Ho tlile joang hore motho eo ea khopo a laole batho? Qalong ea histori ea batho, ho ile ha e-ba le lengeloi le ileng la fetohela Molimo ’me la susumetsa banyalani ba pele hore le bona ba fetohele Molimo. (Genese 3:1-6) Banyalani bao ba ile ba khetha ho mamela lengeloi leo la lerabele, e leng Satane, eaba e e-ba ’musi oa bona. Molimo ea Matla ’Ohle ke eena feela ea lokelang ho busa batho, empa o batla hore batho ba khethe bobusi ba hae hobane ba mo rata. (Deuteronoma 6:6; 30:16, 19) Ka masoabi, batho ba bangata ba khelositsoe hore ba etse khetho e booatla joaloka banyalani ba pele.—Bala Tšenolo 12:9.

Ke mang ea tla rarolla mathata a batho?

Na Molimo o tla lumella Satane hore a tsoele pele ka puso ea hae e khopo? Che! Molimo o tla sebelisa Jesu hore a felise bokhopo boo Satane a bo bakileng.—Bala 1 Johanne 3:8.

Molimo o tla fa Jesu matla a hore a felise Satane. (Baroma 16:20) Ka mor’a moo, Molimo o tla busa batho ’me a etse hore ba phele ka tsela eo a neng a rerile ka eona ho tloha qalong, ba thabile ebile ba e-na le khotso.—Bala Tšenolo 21:3-5.