Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Lokela ‘ho Araba e Mong le e Mong’ Joang?

Re Lokela ‘ho Araba e Mong le e Mong’ Joang?

“Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, . . . e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—BAKOL. 4:6.

1, 2. (a) Pheta phihlelo e bontšang bohlokoa ba ho botsa lipotso ka tsela e bohlale. (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba ho buisana le batho ka lithuto tse thata?

LILEMONG tse ’maloa tse fetileng, morali’abo rōna e mong o ne a buisana le monna oa hae ea sa lumelang ka Bibele. O ne a kena e ’ngoe ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Ha ba ntse ba buisana, monna oa hae o ile a re o lumela Boraro-bo-bong. Ha morali’abo rōna a hlokomela hore e ka ’na eaba monna ha a lemohe hantle seo thuto ea Boraro-bo-bong e hlileng e leng sona, o ile a mo botsa ka bohlale, a re: “Na u hlile u lumela hore Molimo ke Molimo, Jesu ke Molimo le hore moea o halalelang le oona ke Molimo; leha ho le joalo, hase Melimo e meraro, empa ke Molimo a le mong feela?” Monna o ile a makala ’me a re: “Che, ha ke lumele seo!” Ka mor’a moo, ba ile ba buisana ka taba eo.

2 Phihlelo ena e bontša bohlokoa ba ho botsa lipotso ka tsela e bohlale. E boetse e totobatsa ntlha e ’ngoe ea bohlokoa: Ha rea lokela ho tšaba ho buisana le batho ka lithuto tse thata, tse joaloka Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, kapa hore ho na le ’Mōpi. Haeba re itšetleha ka Jehova le ka koetliso eo a re fang eona, hangata re ka khona ho fana ka karabo e kholisang e ka finyellang lipelo tsa bamameli ba rōna. (Bakol. 4:6) Joale a re hlahlobeng  seo baboleli ba atlehang ba se etsang ha ba buisana le batho ka lithuto tse kang tsena. Re tla tšohla kamoo (1) re ka botsang lipotso tse fatang motho maikutlo kateng, (2) re ka behang mabaka ka Mangolo le (3) ho sebelisa lipapiso ho hlakisa ntlha.

BOTSA LIPOTSO TSE FATANG BAMAMELI MAIKUTLO

3, 4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re sebelise lipotso e le hore li re thuse ho tseba seo motho a se lumelang? Fana ka mohlala.

3 Lipotso li ka re thusa hore re tsebe seo motho a se lumelang. Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa? Liproverbia 18:13 e re: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.” Ha e le hantle, re lokela ho leka ho fumana hore na ke’ng seo bamameli ba rōna ba se lumelang pele re kenella haholo tabeng ea seo Bibele e se rutang ntlheng eo. Ho seng joalo, re ka ’na ra qeta nako e ngata re hanyetsana le ntho eo ba sa lumeleng ho eona!—1 Bakor. 9:26.

4 A re nke hore u buisana le motho ka taba ea lihele. Batho ba bang ha ba lumele hore lihele ke sebaka sa sebele seo batho ba chesoang ho sona. Kahoo, mohlomong re ka re: “Kaha batho ba bangata ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka lihele, ke kōpa ho utloa hore na uena u nahana’ng ka taba ena?” Ha re se re utloile maikutlo a hae, re tla khona ho mo thusa hore a utloisise seo Bibele e se rutang tabeng ena.

5. Lipotso li ka re thusa joang ho tseba lebaka le etsang hore motho a lumele seo a se lumelang?

5 Lipotso tse botsoang ka tsela e masene li ka boetse tsa re thusa hore re tsebe hore na ke hobane’ng ha motho a lumela seo a se lumelang. Ka mohlala, re ka re’ng ha re le tšimong ’me re kopana le motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng? Mohlomong re ka nahana hore motho eo o susumelitsoe ke khopolo ea ho iphetola ha lintho. (Pes. 10:4) Empa batho ba bang ha ba lumele hore Molimo o teng ka lebaka la mathata a mangata ao ba tobaneng le ’ona. Ba ka ’na ba thatafalloa ho utloisisa hore na seo se etsahala joang empa ho na le ’Mōpi ea lerato. Kahoo, haeba mong’a ntlo a re ha a lumele hore Molimo o teng, re ka ’na ra mo botsa ra re, “Na haesale u ikutloa ka tsela ee?” Haeba a re che, re ka ’na ra mo botsa hore na ho na le ntho e entseng hore a se hlole a lumela hore Molimo o teng. Karabo ea hae e ka ’na ea re nolofalletsa hore re tsebe tsela e molemo ea ho mo thusa moeeng.—Bala Liproverbia 20:5.

6. Re lokela ho etsa’ng ha re qeta ho botsa potso?

6 Ha re qeta ho botsa potso, re lokela ho mamela ka hloko ha motho a araba ’me re ananele maikutlo a hae. Ka mohlala, e mong a ka ’na a re ho na le tlokotsi e itseng e entseng hore a se ke a lumela hore ho na le ’Mōpi ea lerato. Pele re mo fa bopaki bo bontšang hore Molimo o teng, re lokela ho mo tšelisa le ho mo bolella hore hase phoso ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha re utloa bohloko. (Hab. 1:2, 3) Ha re sa mo felle pelo ebile re bua le eena ka tsela e lerato, seo se ka ’na sa etsa hore a batle ho ithuta ka ho eketsehileng. *

BEHA MABAKA KA MANGOLO

Ho atleha ha rōna tšebeletsong, ho itšetlehile ka eng? (Sheba serapa sa 7)

7. Ho atleha ha rōna tšebeletsong ho itšetlehile ka eng?

7 Joale a re tšohleng kamoo re ka behang mabaka ka Mangolo kateng. Ke ’nete hore Bibele ke eona eo re e sebelisang haholo tšebeletsong ea rōna. E re thusa hore ‘re tšoanelehe ka botlalo, e re hlomella ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Tim. 3:16, 17) Ho atleha ha rōna tšebeletsong ha hoa itšetleha ka mangolo a mangata ao re a balang, empa ho itšetlehile ka tsela eo re a hlalosang ka eona. (Bala Liketso 17:2, 3.) Ho bontša sena, a re nahaneng ka mehlala e meraro e latelang.

8, 9. (a) Re ka ’na ra behelana mabaka joang le motho ea lumelang hore Jesu le Molimo baa lekana? (b) Ke lintlha life tse ling tseo u fumaneng li atleha ha le tšohla taba ee tšimong?

 8 Mohlala oa pele: Ha re le tšimong, re kopana le motho ea lumelang hore Jesu le Molimo baa lekana. Re ka sebelisa mangolo afe ho mo thusa? Re ka ’na ra mo kōpa hore a bale Johanne 6:38, moo Jesu a reng: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.” Ha re qeta ho bala temana eo, re ka ’na ra mo botsa, ra re: “Haeba Jesu ke Molimo, ke mang ea mo rommeng hore a theohe leholimong? Na motho ea mo rommeng ha a moholo ho eena? Etsoe, motho ea romang o moholo ho ea rongoang.”

9 Hona tabeng eo, re ka boetse ra bala Bafilipi 2:9, moo moapostola Pauluse a hlalosang seo Molimo a ileng a se etsa ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsosoe bafung. Temana eo e re: ‘Molimo o ile a phahamisetsa Jesu boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.’ E le hore re thuse motho ho utloisisa temana eo, re ka ’na ra mo botsa, ra re: “Haeba Jesu le Molimo ba ne ba lekana pele Jesu a shoa ’me hamorao Molimo a mo phahamisetsa boemong bo phahameng, na seo se ne se sa tl’o etsa hore Jesu a phahamele Molimo? Joale, na ho na le motho leha e le ofe ea phahametseng Molimo?” Ho beha mabaka ka tsela eo ho ka ’na ha mo susumelletsa hore a batle ho hlahloba taba ena ka ho eketsehileng, haeba e le motho ea hlomphang Lentsoe la Molimo le ea pelo e ntle.—Lik. 17:11.

10. (a) Re ka ’na ra behelana mabaka joang le motho ea lumelang hore batho ba chesoa liheleng? (b) Ke lintlha life tseo u fumaneng li hlakisa taba ha u buisana le batho ka taba ea lihele?

10 Mohlala oa bobeli: Mong’a ntlo ea chesehelang bolumeli o thatafalloa ho lumela hore batho ba khopo ha ba na ho hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele. Mohlomong ntho e etsang hore a lumele hore ba tla chesoa mollong oa lihele ke hobane a lakatsa hore batho ba khopo ba fuoe kotlo. Re ka thusa motho ea joalo joang? Re ka qala ka ho mo tiisetsa hore batho ba khopo ba tla fuoa kotlo. (2 Bathes. 1:9) Re ntan’o mo kōpa hore a bale Genese 2:16, 17, e bontšang hore kotlo ea sebe ke lefu. Re ka ’na ra mo hlalosetsa hore batho bohle ba tsoaloa e le baetsalibe ka lebaka la sebe sa Adama. (Bar. 5:12) Empa re ka mo hlokomelisa hore Molimo ha aa ka a bua letho ka hore ba tla cha mollong oa lihele. Kahoo, re ka mo botsa, ra re, “Haeba Adama le Eva ba ne ba le kotsing ea hore ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng, na e ne e sa tl’o ba toka ho ba lemosa ka seo?” Ka mor’a moo, re ka bala Genese 3:19, hobane moo ho boletsoe kotlo eo ba  ileng ba e fuoa ka mor’a hore ba etse sebe empa ha ho buuoe letho ka mollo oa lihele. Ho e-na le hoo, Adama o ile a bolelloa hore o tla khutlela lerōleng. Re ka mo botsa ra re, “Na e ne e tla be e le toka ho bolella Adama hore o tla khutlela lerōleng, empa ha e le hantle a ea mollong oa lihele?” Haeba e le motho ea nkang lintho ka ho teba, lipotso tse kang tsena li ka ’na tsa etsa hore a nahanisise ka taba ena.

11. (a) Re ka ’na ra behelana mabaka joang le motho ea lumelang hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong? (b) Ke lintlha life tseo u fumaneng li hlakisa taba ha u buisana le batho ka taba ea ho ea leholimong?

11 Mohlala oa boraro: Ha re le tšimong, re kopana le motho ea lumelang hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong. Seo se ka ’na sa ama tsela eo mong’a ntlo a hlalosang Bibele ka eona. Ka mohlala, a re nke hore re bua le eena ka Tšenolo 21:4. (E bale.) Motho eo a ka ’na a nka hore litlhohonolofatso tseo ho buuoang ka tsona moo li tla ba leholimong. Re ka mo thusa joang? Ho e-na le ho mo phetlela litemana tse ling tse buang ka taba e tšoanang, re ka tšohla boitsebiso bo hona temaneng eo. E re “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” Re ka ’na ra botsa mong’a ntlo hore na ha ho thoe ntho e itseng ha e sa tla hlola e e-ba teng, na hase hobane e ne e le teng. Mohlomong o tla re ke hobane e ne e le teng. Joale re ka mo bontša hore ha ho mohla lefu le kileng la e-ba teng leholimong; ke mona lefatšeng feela moo batho ba shoang. Kahoo, e tlameha ebe Tšenolo 21:4 e bua ka litlhohonolofatso tse tla ba teng mona lefatšeng.—Pes. 37:29.

SEBELISA LIPAPISO HO HLAKISA NTLHA

12. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisa lipapiso?

12 Jesu o ne a sa sebelise lipotso feela ha a le mosebetsing oa boboleli, o ne a boetse a sebelisa lipapiso. (Bala Matheu 13:34, 35.) Lipapiso tsa Jesu li ne li thusa ho senola sepheo sa bamameli ba hae. (Mat. 13:10-15) Li ne li boetse li etsa hore lithuto tsa Jesu e be tse khahlang le tse hopolehang. Re ka sebelisa lipapiso joang ha re ruta?

13. Re ka ’na ra bontša joang hore Molimo o moholo ho Jesu?

13 Ho molemo hore re sebelise lipapiso tse bonolo. Ka mohlala, ha re hlalosetsa motho hore Molimo o moholo ho Jesu, mohlomong re ka leka tsela e latelang. Re ka mo bolella hore Molimo le Jesu ba hlalosa kamano ea bona ka tsela e kang ea litho tsa lelapa. Molimo o re Jesu ke Mora oa hae, ’me Jesu eena o re Molimo ke Ntate oa hae. (Luka 3:21, 22; Joh. 14:28) Ka mor’a moo, re ka ’na ra botsa mong’a ntlo, ra re: “Haeba u batla ho ntlhalosetsa hore batho ba babeli ka lapeng baa lekana, u ka ba bitsa’ng?” Mohlomong a ka ’na a re ke mafahla. Haeba a re ke mafahla, re ka mo bontša hore ha ho thata ho hlalosa seo. Re ka ’na ra mo botsa, ra re: “Haeba re nolofalloa ho ba hlalosa ka tsela ena, na Jesu—e leng Mosuoe e Moholo—o ne a ke ke a hlalosa kamano ea hae le Ntate oa hae ka tsela e tšoanang? Ho e-na le hoo, o ile a re Molimo ke Ntate oa hae. Kahoo, Jesu o bontšitse hore Molimo o moholo ho eena ebile o matla ho mo feta.”

14. Re ka etsa papiso efe ho bontša hore ke ntho e sa utloahaleng hore Molimo a ka khetha Diabolose hore a hlokofatse batho liheleng?

14 Nahana ka mohlala ona o mong. Batho ba bang ba lumela hore Satane ke eena “ea okametseng” lihele. Re ka ’na ra thusa motsoali ka ho mo etsetsa papiso e tla mo bontša kamoo taba ea hore Molimo o lumeletse Diabolose hore a hlokofatse batho liheleng e sa utloahaleng kateng. Re ka ’na ra re: “A re nke hore ngoana oa hao e ba setlokotsebe ’me o etsa lintho tse ngata tse mpe. U ne u ka etsa’ng?” Mohlomong motsoali a ka ’na a re ke tla mo khalemela. O ne a ka ’na a leka ka makhetlo ho mo thusa hore a khaotse ho etsa lintho tse fosahetseng. (Liprov. 22:15) Mothating ona, re  ka ’na ra botsa motsoali hore na o ne a tla etsa’ng haeba ngoana a ntse a sa mamele ho sa tsotellehe boiteko bohle ba hae. Batsoali ba bangata ba tla re ba ka tlameha ho fa ngoana kotlo e itseng. Joale re ka mo botsa, ra re: “U ka etsa’ng teng haeba u fumana hore ho na le motho ea khopo ea mo susumelitseng hore e be setlokotsebe?” Ha ho pelaelo hore motsoali o tla halefela motho eo. Ho hlakisa ntlha, re ka ’na ra botsa motsoali, ra re: “Na ha u se u tseba hore ho na le motho ea khopo ea mo susumelitseng, u ka kōpa eena motho eo hore a fe ngoana oa hao kotlo?” Ha ho pelaelo hore o tla araba ka che. Joale ho hlakile hore Molimo a ke ke a sebelisa Satane ho otla batho bao a ba susumelelitseng hore ba etse lintho tse fosahetseng!

E-BA LE BOIKUTLO BO BOTLE

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lebella hore batho bohle bao re ba pakelang ba amohele molaetsa oa ’Muso? (b) Na re lokela ho ba le neo ea ho ruta e le hore re atlehe tšebeletsong? Hlalosa. (Sheba le lebokose le reng “ Lihlooho Tse Etselitsoeng ho re Thusa ho Fana ka Karabo.”)

15 Rea hlokomela hore hase motho e mong le e mong eo re mo pakelang ea tla amohela molaetsa oa ’Muso. (Mat. 10:11-14) Hase bohle ba tla o amohela esita le ha re ka botsa lipotso tse nepahetseng, ra beha mabaka ka tsela e hlakileng ra ba ra etsa lipapiso tse loketseng. Etsoe ke batho ba seng bakae feela ba ileng ba amohela lithuto tsa Jesu—le hoja e ne e le Mosuoe ea hloahloa ho feta bohle ba kileng ba phela lefatšeng!—Joh. 6:66; 7:45-48.

16 Ka lehlakoreng le leng, re ka atleha tšebeletsong esita le haeba re nka hore ha re na neo ea ho ruta. (Bala Liketso 4:13.) Lentsoe la Molimo le re fa lebaka le utloahalang la ho lumela hore ‘bohle ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ ba tla amohela litaba tse molemo. (Lik. 13:48) Kahoo, a re hlaoleleng ho ba le boikutlo bo botle ka rōna le ka batho bao re batlang ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso. E se eka re ka sebelisa hamolemo koetliso eo Jehova a re fang eona, re kholisehile hore e tla re tsoela molemo e be e tsoele molemo ba re mamelang. (1 Tim. 4:16) Jehova a ka re thusa hore re tsebe kamoo re ka ‘arabang e mong le e mong’ kateng. Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, tsela e ’ngoe eo re ka e sebelisang e le hore re atlehe ha re le tšebeletsong ke ka ho latela seo hangata se bitsoang Molao oa Khauta.

^ ser. 6 Sheba sehlooho se reng “Na Motho a ka Hlaolela Hore a be le Tumelo ho ’Mōpi?Molula-Qhooeng oa October 1, 2009.