Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NALANE EA RŌNA

“Ho sa Ntse ho E-na le Mosebetsi o Mongata oa Kotulo o Lokelang ho Etsoa”

“Ho sa Ntse ho E-na le Mosebetsi o Mongata oa Kotulo o Lokelang ho Etsoa”

George Young o ile a fihla Rio de Janeiro ka March 1923

E NE e le ka selemo sa 1923. Holo ea likonsarete Sekolong sa Litšoantšiso le ’Mino sa São Paulo e ne e tletse tsoete! Na u utloa lentsoe le matla la George Young? Puo ea hae e ntse e tolokeloa Sepotoketsing. Batho bohle ba 585 ba neng ba le teng ba ne ba mametse ka hloko. Litemana tsa Bibele li ne li hlahisitsoe sekrineng ka Sepotoketsi. Qetellong, ho ile ha ajoa likopi tse lekholo tsa bukana ea Millions Now Living Will Never Die! ka Sepotoketsi le ka lipuo tse ling tse kang Senyesemane, Sejeremane le Setaliana. Puo eo e ile ea atleha haholo! Kaha litaba ha li robaletse, ka mor’a matsatsi a mabeli, holo e ne e boetse e tletse tsoete! bakeng sa puo e latelang. Empa ke eng e neng e lebisitse liketsahalong tsee?

Ka 1867, Sarah Bellona Ferguson o ile a tloha United States ’me a fallela Brazil le lelapa la hae. Ka 1899, Sarah o ile a elelloa hore o fumane ’nete ka mor’a hore a bale tse ling tsa lingoliloeng tsa Bibele tseo khaitseli ea hae e neng e tlile le tsona Brazil ha e tsoa United States. Kaha o ne a chesehela ho bala, o ile a etsa peeletso ea Molula-Qhooa oa Senyesemane. A thabisitsoe ke molaetsa oo oa Bibele, o ile a ngolla Mor’abo rōna C. T. Russell ’me a bua ka boemo ba hae e le “bopaki bo tiileng ba hore ha ho na batho ba ke keng ba finyelloa ka molaetsa.”

Pampitšana ea Can the Living Talk With the Dead? (ea Sepotoketsi)

Sarah Ferguson o ile a etsa sohle seo a ka se khonang hore a bolelle ba bang ’nete ea Bibele, empa hangata o ne a ipotsa hore na ke mang ea neng a tla mo thusa ka ho eketsehileng le lelapa la hae, hammoho le batho bohle ba lokileng ba Brazil. Ka 1912, Bethele ea Brooklyn e ile ea mo tsebisa hore ho na le motho ea tlang São Paulo ’me o tla le lipampitšana tse likete tsa Bafu ba Hokae? tsa Sepotoketsi. Sarah o re ka 1915 o ne a lula a makatsoa ke hore Liithuti tse ngata tsa Bibele li ne li lebeletse hore haufinyane li tla nkeloa leholimong. O ile a hlalosa maikutlo a hae tjena: “Empa joale le re’ng ka batho ba Brazil le Amerika Boroa kaofela? . . . Ha le hlokomela hore na Amerika Boroa ke karolo e khōlō hakae ea lefatše, le tla bona hore ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata  oa kotulo o lokelang ho etsoa.” Ka sebele mosebetsi o mongata oa kotulo o ne o tla etsoa!

Hoo e ka bang ka 1920, bacha ba robeli ba basesisi ba likepe ba Brazil ba ile ba tla libokeng tsa phutheho New York City ha likepe tsa bona tsa ntoa li ntse li lokisoa. Ha ba khutlela Rio de Janeiro, ba ile ba bolella ba bang ka tšepo eo ba neng ba sa tsoa ithuta ka eona Bibeleng. Nakoana ka mor’a moo, ka March 1923, George Young, ea neng a etela liphutheho kapa e le molebeli ea tsamaeang, o ile a fihla Rio de Janeiro moo a ileng a fumana batho ba thahasellang. O ile a lokisetsa hore ho fetoleloe lingoliloeng tse ’maloa ka Sepotoketsi. Hang ka mor’a moo, Mor’abo rōna Young o ile a ea motseng oa São Paulo, oo ka nako eo o neng o e-na le baahi ba 600 000. Ha a le moo, o ile a fana ka puo a ba a aba libukana tsa Millions, joalokaha ho boletsoe selelekeleng sa sehlooho sena. O ile a re: “Kaha ke ne ke le mong feela, ke ne ke lokela ho itšetleha ka ho feletseng ka ho phatlalatsa molaetsa likoranteng.” O ile a phaella ka ho re: ‘Tsena e ne e le lipuo tsa phatlalatsa tsa pele tse ileng tsa phatlalletsoa sechaba ho sebelisoa lebitso la I.B.S.A., Brazil.’ *

Litemana tsa Bibele li ne li hlaha sekrineng ha Mor’abo rōna Young a ntse a fana ka puo

Molula-Qhooa oa December 15, 1923, o ile oa fana ka tlaleho ena mabapi le Brazil: “Ha re nahana hore mosebetsi o qalile ka la 1 June le hore ka nako eo ho ne ho se na lingoliloeng, hoa hlolla ho bona kamoo Morena a hlohonolofalitseng mosebetsi kateng.” Tlaleho eo e ile ea tsoela pele ho bontša hore Mor’abo rōna Young o ile a fana ka lipuo tse peli tsa phatlalatsa São Paulo ho tse 21 tseo a ileng a li fana ho tloha ka la 1 June ho ea ho la 30 September, ’me batho ba ileng ba li mamela ba ne ba le 3 600. Molaetsa oa ’Muso o ne o ntse o ata butle-butle Rio de Janeiro. Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela, ho ne ho fanoe ka lingoliloeng tsa rōna tse fetang 7 000 tsa Sepotoketsi! Ho feta moo, khatiso ea Molula-Qhooa ea November-December 1923 ea Sepotoketsi e ne e se e qalile ho hatisoa.

Sarah Bellona Ferguson ke motho oa pele ea ileng a etsa peeletso ea Molula-Qhooa oa Senyesemane, Brazil

George Young o ile a etela Sarah Ferguson, ’me ha Molula-Qhooa o tlaleha seo o ile oa re: “Morali’abo rōna o ile a tla phaposing ea ho amohela baeti ’me ka nakoana o ile a felloa ke mantsoe. O ile a tšoara Mor’abo rōna Young ka letsoho, a mo sheba ka har’a lithaka tsa mahlo eaba qetellong o re: ‘Na ka sebele u Mopotolohi?’” Nakoana ka mor’a moo, Sarah hammoho le bana ba bang ba hae ba ile ba kolobetsoa. Ha e le hantle, o ne a qetile lilemo tse 25 a emetse hore a kolobetsoe! Molula-Qhooa oa August 1, 1924, o ile oa bolela hore batho ba 50 ba ile ba kolobetsoa Brazil, ’me boholo ba bona e ne e le ba Rio de Janeiro.

Hona joale ho se ho fetile lilemo tse ka bang 90, ’me ha ho sa hlokahala hore re botse re re: “Le re’ng ka Brazil le Amerika Boroa?” Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho 760 000 li bolela litaba tse molemo Brazil. Hona joale molaetsa oa ’Muso o boleloa ho pholletsa le Amerika Boroa ka Sepotoketsi, Sepanishe esita le ka lipuo tse ling tse ngata tse buuoang sebakeng seo. Ka 1915, Sarah Ferguson o ne a nepile ha a re, ‘Ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata oa kotulo o lokelang ho etsoa.’—Nalane ea rōna ea Brazil.

^ ser. 6 I.B.S.A. e emela International Bible Students Association [Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba].