Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U Rate Jehova Molimo oa Hao”

“U Rate Jehova Molimo oa Hao”

“U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.”—MAT. 22:37.

1. Ke’ng e ileng ea etsa hore lerato le tiee pakeng tsa Molimo le Mora oa hae?

MORA oa Jehova, e leng Jesu Kreste, o ile a re: “Ke rata Ntate.” (Joh. 14:31) Jesu o ile a boela a re: “Ntate o rata Mora.” (Joh. 5:20) Sena ha sea lokela ho re makatsa. Etsoe pele Jesu e ba motho oa nama o ne a qetile lilemo tse ngata e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo. (Liprov. 8:30) Ha Jehova le Jesu ba ntse ba sebetsa hammoho, Mora o ile a ithuta ho hongata ka litšobotsi tsa Ntate oa hae ’me a ba le mabaka a mangata haholo a ho mo rata. Ha e le hantle, ho bonahala eka nako eo ba e qetileng ba sebetsa hammoho e ile ea tiisa lerato la bona.

2. (a) Ho rata motho ho bolela’ng? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life?

2 Ho rata motho ho bolela ho ba le boikutlo bo mofuthu ka eena. Mopesaleme Davida o ile a bina, a re: “Ke tla ba le boikutlo bo mofuthu bakeng sa hao, Jehova matla a ka.” (Pes. 18:1) Ke kamoo re lokelang ho ikutloa kateng ka Molimo, kaha o oa re rata. Haeba re mamela Jehova, o tla re bontša hore o oa re rata. (Bala Deuteronoma 7:12, 13.) Empa na ka sebele re ka rata Molimo, le hoja re sa mo bone? Ho bolela’ng ho rata Jehova? Ke hobane’ng ha re lokela ho mo rata? Hona re ka bontša joang hore re rata Molimo?

 MABAKA AO KA ’ONA RE LOKELANG HO RATA MOLIMO

3, 4. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata Jehova?

3 “Molimo ke Moea”; kahoo re ke ke ra mo bona. (Joh. 4:24) Leha ho le joalo, hoa khoneha hore re rate Jehova, ’me Mangolo a re laela hore re bontše lerato leo. Ka mohlala, Moshe o ile a re ho Baiseraele: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.”—Deut. 6:5.

4 Ke hobane’ng ha re lokela ho rata Molimo ka ho tebileng? Hobane o re bōpile re e-na le tlhoko ea moea a ba a re fa bokhoni ba ho bonahatsa lerato. Ha re khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea, lerato leo re ratang Jehova ka lona le tla tiea ’me seo se tla etsa hore re thabe. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mat. 5:3) Ha buka e ’ngoe e bua ka takatso ea tlhaho eo batho ba nang le eona ea borapeli, e re: “Re lokela ho tsota le ho hlolloa ke kamoo batho ka kakaretso ba batlang ho tseba Molimo le ho lumela ho eena.”—Man Does Not Stand Alone, e ngotsoeng ke A. C. Morrison.

5. Re tseba joang hore ho batla Molimo hase ho senya nako?

5 Na ho batla Molimo ke ho senya nako? Che, kaha o batla hore re mo fumane. Moapostola Pauluse o ile a totobatsa seo ha a ne a pakela batho ba neng ba bokane Areopago. O ne a ba pakela haufi le Parthenon—e leng tempele e neng e nehetsoe ho Athena, molimotsana oa mosireletsi oa Athene ea boholo-holo. A re nke hore u ne u le teng moo ha Pauluse a bua ka “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona,” ’me ka mor’a moo a hlalosa hore Molimo “ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.” Moapostola eo o ile a phaella ka ho re, Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle, ’me o laetse linako tse behiloeng le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho, hore ba batle Molimo, haeba ba ka mo phopholetsa ’me ka sebele ba mo fumana, le hoja, ha e le hantle, a se hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Lik. 17:24-27) ’Nete ke hore batho ba ka fumana Molimo. Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse supileng le halofo li ‘mo fumane’—’me li mo rata haholo.

SE BOLELOANG KE HO RATA MOLIMO

6. Jesu o ile a re “taelo e khōlō le ea pele” ke efe?

6 Re lokela ho rata Jehova ho tsoa pelong. Jesu o ile a totobatsa sena ha Mofarisi e mong a mo botsa, a re: “Mosuoe, taelo e khōlō ke efe Molaong?” Jesu o ile a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele.”—Mat. 22:34-38.

7. Ho bolela’ng ho rata Molimo ka (a) ‘pelo eohle’? (b) ‘moea oohle’? (c) ‘kelello eohle’?

7 Jesu o ne a bolela’ng ha a re re lokela ho rata Molimo ka ‘pelo eohle’? O ne a bolela hore re lokela ho rata Jehova ka lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso, e leng se akarelletsang litakatso le maikutlo a rōna. Re boetse re lokela ho mo rata ka ‘moea oohle’ oa rōna, kapa ka ho feletseng. Ho feta moo, re lokela ho rata Molimo ka ‘kelello eohle,’ kapa matla a rōna a ho nahana. Ha e le hantle, re lokela ho rata Jehova ka ho feletseng, re sa itšiele letho.

8. Ho rata Molimo ka ho feletseng ho tla re susumelletsa ho etsa’ng?

8 Haeba re rata Molimo ka pelo eohle, moea oohle le ka kelello eohle, re tla ba liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la hae, re ikemisetse ho etsa thato ea hae le ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. (Mat. 24:14; Bar. 12:1, 2) Ha re rata Jehova e le kannete, seo se tla re atametsa ho eena le ho feta. (Jak. 4:8) Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho thathamisa mabaka ’ohle ao ka ’ona re lokelang ho rata Molimo. Empa a re ke re tšohleng a seng makae.

 LEBAKA LEO RE LOKELANG HO RATA JEHOVA KA LONA

9. Ke hobane’ng ha u rata Jehova, e leng ’Mōpi le Mohlokomeli oa rōna?

9 Jehova ke ’Mōpi le Mohlokomeli oa rōna. Pauluse o ile a re: “Ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” (Lik. 17:28) Jehova o re file lefatše e le lehae le babatsehang. (Pes. 115:16) O boetse o re fa lijo le lintho tse ling tseo re li hlokang e le hore re phele. Ke kahoo Pauluse a neng a ka re ho baahi ba Lystra ba rapelang litšoantšo, ‘Molimo ea phelang ha a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.’ (Lik. 14:15-17) Na lee hase lebaka la hore re rate ’Mōpi oa rōna e Moholo le Mohlokomeli oa rōna ea lerato?—Moek. 12:1.

10. Re lokela ho ikutloa joang ka tokisetso eo Molimo a re etselitseng eona ea ho tlosa sebe le lefu?

10 Molimo o lokiselitse hore ho tlosoe sebe le lefu tseo re li futsitseng ho Adama. (Bar. 5:12) Ha e le hantle, ‘Molimo o bueletse lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.’ (Bar. 5:8) Ha ho pelaelo hore re rata Jehova ka ho tebileng kaha o lokiselitse hore re tšoareloe libe haeba re baka ’me re bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo.—Joh. 3:16.

11, 12. Jehova o re file tšepo efe?

11 Jehova ‘o fana ka tšepo e re tlatsang thabo le khotso.’ (Bar. 15:13) Tšepo eo Molimo a re fang eona e re nolofalletsa ho mamella ha re lekoa tumelo. Batlotsuoa ‘ba tšepahalang esita le ho isa lefung, ba tla fuoa moqhaka oa bophelo.’ (Tšen. 2:10) Batho ba tšepahalang ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla fumana litlhohonolofatso tse sa feleng Paradeiseng e tšepisitsoeng. (Luka 23:43) Re lokela ho ikutloa joang ka litšepiso tsee? Na ha re ikutloe re thabile, re le khotsong re bile re rata Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng”?—Jak. 1:17.

12 Molimo o re file tšepo e babatsehang ea tsoho. (Lik. 24:15) Ke ’nete hore re utloa bohloko ka ho tebileng ha re shoeloa ke motho eo re mo ratang, empa kaha re na le tšepo ea tsoho, ‘ha re sareloe joaloka ba bang ba se nang tšepo.’ (1 Bathes. 4:13) Kaha Jehova Molimo o susumetsoa ke lerato, o labalabela ho tsosa bafu, haholo-holo ba tšepahalang joaloka Jobo ea lokileng. (Jobo 14:15) Ak’u inahanele thabo e tla ba teng ha ba phelang ba boetse ba amohela bafu ba bona mona lefatšeng. Ruri re rata Ntate oa rōna ea leholimong haholo, ea re fileng tšepo e babatsehang ea tsoho!

13. Ho na le bopaki bofe bo bontšang hore Molimo o oa re tsotella?

13 Ruri Jehova o oa re tsotella. (Bala Pesaleme ea 34:6, 18, 19; 1 Petrose 5:6, 7.) Kaha rea tseba hore Molimo oa rōna ea lerato o lula a itokiselitse ho thusa ba tšepahalang ho eena, re ikutloa re sireletsehile ka har’a ‘mohlape oa lekhulo la hae.’ (Pes. 79:13) Ho feta moo, lerato la Molimo le tla boela le totobatsoe ke seo a tla re etsetsa sona ka ’Muso oa Bomesia. Ka mor’a hore Jesu Kreste, e leng Morena eo a mo khethileng, a felise pefo, khatello le bokhopo lefatšeng, batho ba mamelang ba tla hlohonolofatsoa ka khotso le nala tsa ka ho sa feleng. (Pes. 72:7, 12-14, 16) Ruri tebello eo e re fa lebaka la ho rata Molimo oa rōna ka pelo, moea, matla le likelello tsohle tsa rōna.—Luka 10:27.

14. Molimo o re file tlotla efe e babatsehang?

14 Jehova o re tlotlile ka ho re fa tokelo e babatsehang ea ho ba Lipaki tsa hae. (Esa. 43:10-12) Re rata Molimo kaha o re file monyetla ona oa ho tšehetsa bobusi ba hae le oa ho fa batho tšepo ea sebele lefatšeng lena le tletseng likhathatso. Ho feta moo, re ka bua ka kholiseho kaha re  phatlalatsa litaba tse molemo tse ka Lentsoeng la Molimo oa ’nete, eo litšepiso tsa hae li ke keng tsa hlōleha ho phethahala. (Bala Joshua 21:45; 23:14.) Ruri re na le mabaka a mangata a ho rata Jehova, kahoo re ka bua re sa ome mathe ka litlhohonolofatso tsa hae. Empa re ka bontša joang hore rea mo rata?

KAMOO RE KA BONTŠANG HORE RE RATA MOLIMO

15. Ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa ho ka re thusa joang?

15 Re ka bontša seo ka ho khothalla ho ithuta Lentsoe la Molimo le ka ho le sebelisa. Ha re etsa seo, re bontša hore re rata Jehova ’me re batla hore lentsoe la hae e be ‘lebone maotong a rōna.’ (Pes. 119:105) Haeba re tobana le mathata, re ka tšelisoa ke mantsoe a kang ana a khothatsang: “Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.” “Jehova, mosa oa hao o lerato o ile oa ’na oa ntšehetsa. Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.” (Pes. 51:17; 94:18, 19) Jehova o qenehela ba mahlomoleng, ’me Jesu le eena o utloela batho bohloko. (Esa. 49:13; Mat. 15:32) Ho ithuta Bibele ho ka re thusa hore re elelloe hore Jehova o amehile ka rōna, e leng se tla re susumetsa hore re mo rate ka ho tebileng.

16. Ho rapela Molimo kamehla ho ka etsa hore re mo rate le ho feta joang?

16 Ka ho rapela Molimo kamehla. Ho rapela ho re atametsa haufi le “Ea Utloang thapelo.” (Pes. 65:2) Re rata Molimo le ho feta ha re elelloa hore o araba lithapelo tsa rōna. Ka mohlala, mohlomong re hlokometse hore ha a lumelle hore re lekoe ho feta seo re ka se jarang. (1 Bakor. 10:13) Haeba re e-na le mathata ’me re rapela Jehova ka tieo, re ka ’na ra apareloa ke “khotso ea Molimo” e ke keng ea lekanngoa. (Bafil. 4:6, 7) Ka linako tse ling, re ka ’na ra rapella ka pelong—joaloka Nehemia—’me ra elelloa hore thapelo ea rōna e arabetsoe. (Neh. 2:1-6) Ha re ntse re ‘phehella thapelong’ ’me re elelloa hore Jehova o araba lithapelo tsa rōna, re tla mo rata le ho feta re be re tšepe hore o tla re thusa ho mamella liteko tse ling tsa tumelo tseo re tla tobana le tsona.—Bar. 12:12.

17. Haeba re rata Molimo, re tla ikutloa joang ka ho ba teng libokeng?

 17 Ka ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste, likopanong tse khōlō le tse nyenyane. (Baheb. 10:24, 25) Baiseraele ba ne ba bokana ho tla mamela le ho ithuta ka Jehova e le hore ba mo tšabe le ho phetha Molao oa hae. (Deut. 31:12) Ha ho thata ho phetha thato ea Molimo haeba re mo rata e le kannete. (Bala 1 Johanne 5:3.) Kahoo, a re se keng ra lumella ntho leha e le efe ho re sitisa ho ba teng libokeng. Ka sebele, ha re batle letho le ka fokolisang lerato leo re neng re rata Jehova ka lona qalong.—Tšen. 2:4.

18. Lerato leo re ratang Molimo ka lona le re susumelletsa ho etsa’ng mabapi le litaba tse molemo?

18 Ka ho bolella ba bang “’nete ea litaba tse molemo” ka cheseho. (Bagal. 2:5) Lerato leo re ratang Molimo ka lona le re susumelletsa ho bua ka ’Muso oa Bomesia oa Mora oa hae ea ratoang, ea tla “palama molemong oa ’nete” ka Armagedone. (Pes. 45:4; Tšen. 16:14, 16) Ruri hoa thabisa ho kopanela mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa ka hore re ba thuse ho ithuta ka lerato leo Molimo a ratang batho ka lona le ka lefatše le lecha leo a le tšepisitseng!—Mat. 28:19, 20.

19. Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela tokisetso eo Jehova a e entseng ho lisa mohlape oa hae?

19 Bontša hore u ananela tokisetso eo Molimo a e entseng ho lisa mohlape. (Lik. 20:28) Jehova ke eena ea lokiselitseng hore ho be le baholo ba Bakreste, ba lulang ba ikemiselitse ho re thusa. Baholo ba joaloka “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo, joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi, joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.” (Esa. 32:1, 2) Ka sebele, re ananela sebaka sa ho itšireletsa ha moea o foka ka matla kapa pula e na ka sefefo! Ha mocheso oa letsatsi o bataola, re ananela moriti oa lefika haholo. Papiso ena e re thusa ho bona hore baholo ba fana ka thuso ea moea le ho re khatholla ha ho hlokahala. Ha re mamela ba re etellang pele, re bontša hore re ananela ‘limpho tsena tseo e leng banna,’ ’me re fana ka bopaki ba hore re rata Molimo le Kreste, Hlooho ea phutheho.—Baef. 4:8; 5:23; Baheb. 13:17.

Jehova o fane ka balisa ba bontšang hore ba thahasella mohlape e le kannete (Sheba serapa sa 19)

TSOELA PELE HO RATA MOLIMO

20. Haeba u rata Molimo, u tla sebelisa mantsoe a ho Jakobo 1:22-25 joang?

20 Haeba u rata Jehova, u tla ba ‘mophethi oa lentsoe, eseng moutloi feela.’ (Bala Jakobo 1:22-25.) ‘Mophethi’ o na le tumelo e etsang hore a kopanele ka cheseho boboleling le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Kaha u rata Molimo e le kannete, u tla mamela ‘molao oa Jehova o phethahetseng,’ o akarelletsang sohle seo a batlang hore u se etse.—Pes. 19:7-11.

21. Lithapelo tsa hao tse tsoang pelong li ka tšoantšoa le eng?

21 Haeba u rata Jehova Molimo, seo se tla etsa hore u mo rapele khafetsa ho tsoa pelong. Ho bonahala eka mopesaleme Davida o ne a bua ka libano tse neng li chesoa letsatsi le letsatsi tlas’a selekane sa Molao, ha a bina, a re: “E se eka thapelo ea ka e ka lokisoa joaloka libano ka pel’a hao [Jehova], ho phahama ha liatla tsa ka ho lokisoe joaloka nyehelo ea lijo-thollo ea shoalane.” (Pes. 141:2; Ex. 30:7, 8) E se eka likōpo tsa hao tse matla le mantsoe a hao a thoriso le a teboho ho Molimo a ka ba joaloka libano tse lephoka le monate tse tšoantšetsang lithapelo tse amohelehang.—Tšen. 5:8.

22. Re tlil’o tšohla lerato la mofuta ofe sehloohong se latelang?

22 Jesu o ile a re re lokela ho rata Molimo le moahelani. (Mat. 22:37-39) Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, lerato leo re ratang Jehova ka lōna le melao-motheo ea hae le tla re thusa hore re sebelisane hantle le batho ba bang le hore re bontše baahelani ba rōna lerato.