Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Baetsi ba likepe ba mehleng ea khale ba ne ba kiba likepe tsa bona joang?

Lionel Casson, e leng setsebi sa likepe tsa mehleng ea khale, o hlalosa seo baetsi ba likepe ba Mehleng ea puso ea Roma ba neng ba se etsa ha ba ne ba bona matlere mapolankeng a likepe tsa bona. Ho ne ho tloaelehile hore “ba tlotse letlere leo kapa esita le lesoba ka sekontiri le boka ’me se ne se boetse se tšasoa le ka hare.” Nako e telele pele ho puso ea Roma, Maakkadi le Bababylona le bona ba ne ba sebelisa sekontiri ho kiba likepe tsa bona.

Sekontiri se ne se le sengata linaheng tseo Bibele e ngoletsoeng ho tsona

Mangolo a Seheberu a bua ka mokhoa o tšoanang ho Genese 6:14. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng mona e le “tere” ho hlakile hore e bolela sekontiri, e leng parafine ea tlhaho.

Sekontiri sa tlhaho se mefuta e ’meli—se seng se metsi ’me se seng se thata. Baetsi ba likepe ba mehleng ea khale ba ne ba sebelisa sekontiri se metsi; ba ne ba se tlotsa ka ho toba likepeng tsa bona. Hang ha se qeta ho tlotsoa se ne se oma ebe se ba thata e le hore se etse lek’hok’ho le thata le sa keneleng metsi.

Sekontiri se ne se le sengata linaheng tseo Bibele e ngoletsoeng ho tsona. Khohlo ea Sidime, e Leoatleng le Shoeleng, “e ne e tletse likoti tsa sekontiri se thata.”—Genese 14:10.

Ho ne ho sebelisoa mekhoa efe ho boloka litlhapi mehleng ea khale?

Haesale tlhapi ele sejo sa bohlokoa. Pele ba bang ba baapostola ba Jesu ba mo latela, e ne e le batšoasi ba litlhapi Leoatleng la Galilea. (Matheu 4:18-22) Bonyane karolo ea tse fumanoang moo li ne li lokisoa “lifekthering” tse neng li le pel’a moo.

Setšoantšo se etsoang ka lehong sa batšoasi ba litlhapi ba Baegepeta

Mokhoa oa ho boloka litlhapi o neng o sebelisoa Galilea ea boholo-holo o ntse o sebelisoa le libakeng tse ling. Litlhapi li ntšoa likahare pele ebe lia hlatsuoa. Buka ea Liphuputso Tsa Theknoloji ea Mehleng ea Khale e hlalosa mehato e latelang: “letsoai le sitsoeng le tšeloa ka hare ho tlhapi, molomong le makhekhephung. Litlhapi tse tšetsoeng ka letsoai li koaheloa ka lelapi le ommeng. Ka mor’a ho li beha matsatsi a mararo ho isa ho a mahlano li ea phetholoa ebe li behoa ka matsatsi a lekanang le a pele. Ka nako ena ha e ntse e oma maro a ’mele a a tsoa ’me letsoai le kenella ka hare ho tlhapi. Qetellong ea matsatsi ao li tsoa li omme li bile li le thata.”

Ha ho tsebahale hore na tlhapi e ka bolokoa nako e kae ka mor’a hore e etsoe tjena. Leha ho le joalo, taba ea hore Baegepeta ba mehleng ea khale ba ne ba romela litlhapi tse entsoeng joalo Syria e bontša hore mokhoa oona o ne o sebetsa hantle.