Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le Lipaki Tsa Ka”

“Le Lipaki Tsa Ka”

“‘Le lipaki tsa ka,’ ho bolela Jehova.”—ESA. 43:10.

1, 2. (a) Ke’ng se boleloang ke ho ba paki, hona mecha ea litaba e hlōlehile ho etsa see ka tsela efe? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a sa itšetleha ka seo mecha ea litaba e se etsang?

PAKI ke motho ea joang? Dikishinari e ’ngoe e re: “Ke motho ea boneng ketsahalo ebe o tlaleha se etsahetseng.” Ka mohlala, koranta e ’ngoe eo hona joale e bitsoang The Witness ea motseng oa Pietermaritzburg, Afrika Boroa, e ’nile ea hatisoa ka lilemo tse fetang 160. Lebitso leo le loketse, kaha morero oa koranta eo ke ho tlaleha ka nepo lintho tse etsahalang lefatšeng. Mothehi oa koranta eo ea The Witness o ile a ikana hore e tla tlaleha “’nete feela, eseng ho hong.”

2 Empa ka bomalimabe, mecha ea litaba e iphapanyetsa liketsahalo tsa bohlokoa bophelong esita le ho khopamisa ’nete ha e li tlaleha. E iphapanyelitse le ho sotha seo Molimo ea matla ’ohle a se boletseng ka moprofeta Ezekiele oa boholo-holo, ha a re: “Lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezek. 39:7) Empa Morena ’Musi oa bokahohle ha a itšetleha ka seo mecha ea litaba e se etsang. O na le Lipaki tse ka bang limilione tse robeli tse bolellang batho ba lichaba tsohle ka eena le ka lintho tseo a li etselitseng batho nakong e fetileng le tseo a ba etsetsang tsona hona joale. Lebotho lena la Lipaki le boetse le phatlalatsa litlhohonolofatso tseo Molimo a tšepisang ho li tlisetsa moloko oa batho. Ha re etelletsa pele mosebetsi ona oa boboleli, re bontša hore re phelela lebitso leo Molimo a re fileng lona, joalokaha le hlaha ho Esaia 43:10: “‘Le lipaki tsa ka,’ ho  bolela Jehova, ‘eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.’”

3, 4. (a) Liithuti Tsa Bibele li amohetse lebitso le lecha neng, hona li ile tsa ikutloa joang ka lebitso leo? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re tlil’o tšohla lipotso life?

3 Ruri ke tlotla ho jara lebitso Jehova, kaha ke “Morena oa bosafeleng,” ea reng: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong”! (1 Tim. 1:17; Ex. 3:15; bapisa le Moeklesia 2:16.) Ka 1931, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa amohela lebitso Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a moo, makasineng ena ho ile ha hatisoa mangolo a mangata a bontšang hore li ananela lebitso leo. Phutheho e ’ngoe ea Canada e ile ea ngola, ea re: “Re thabetse hore ebe re se re bitsoa ‘lipaki tsa Jehova,’ ’me seo se re file boikemisetso bo matla ba hore re phelele lebitso leo.”

4 U ka bontša joang hore u ananela tlotla ea ho jara lebitso la Molimo? Hona na u ka hlalosa ka Mangolo hore na ho tlile joang hore re bitsoe Lipaki Tsa Jehova?

LIPAKI TSA MOLIMO MEHLENG EA BOHOLO-HOLO

5, 6. (a) Batsoali ba Baiseraele e ne e le lipaki tsa Jehova ka tsela efe? (b) Batsoali ba Baiseraele ba ne ba boetse ba laetsoe hore ba etse’ng, hona ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho etsa se tšoanang le kajeno?

5 Baiseraele ka bomong mehleng ea Esaia e ne e le “lipaki” tsa Jehova, ’me sechaba ka kakaretso e le “mohlanka” oa Molimo. (Esa. 43:10) Tsela e ’ngoe eo batsoali ba Baiseraele ba neng ba paka ka eona ke ka ho ruta bana ba bona ka litšebelisano tsa Molimo le baholo-holo ba bona. Ka mohlala, ha ba fuoa litaelo tsa hore na ba keteke Paseka joang selemo le selemo, ba ile ba bolelloa hore: “Etlare ha bara ba lōna ba re ho lōna, ‘Tšebeletso ee e bolela’ng ho lōna?’ joale le tla re, ‘Ke sehlabelo sa Paseka ea Jehova, ea fetileng matlo a bara ba Iseraele Egepeta ha a otla Baegepeta, empa a lopolla matlo a rōna.’”  (Ex. 12:26, 27) Mohlomong batsoali bao ba ne ba bile ba bolella bana ba bona hore ha Moshe a ne a qala ho ea ho Faro a mo kōpa hore a lokolle Baiseraele hore ba il’o rapela Jehova lefeelleng, ’musi eo oa Egepeta o ile a re: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee?” (Ex. 5:2) Ha ho pelaelo hore ba ne ba boetse ba ba bolella hore potso eo ea Faro e ile ea arajoa ka ho hlaka ka mor’a hore naha e otloe ka likotlo tse leshome, ’me Baiseraele ba sireletsoe lebothong la Egepeta ha ba le Leoatleng le Lefubelu. Jehova o ile a bontša hore ke ea Matla ’Ohle, ’me le kajeno o ntse a le joalo. Sechaba sa Iseraele e ne e boetse e le lipaki tse boneng hore Jehova ke Molimo oa ’nete le Mophethahatsi oa litšepiso tsa hae.

6 Ha ho potang hore Baiseraele ba ananelang tlotla ea ho jara lebitso la Jehova ba ne ba bolella bana ba bona le basele ba lulang le bona e le makhoba lintho tsena tse hlollang. Ba ne ba boetse ba laetsoe hore ba koetlise bana ba bona hore ba boloke melao ea Molimo e halalelang. Jehova o ile a re: “Le lokela ho halalela, hobane ’na Jehova Molimo oa lōna kea halalela.” (Lev. 19:2; Deut. 6:6, 7) Ruri ona ke mohlala o motle ho batsoali ba Bakreste kajeno, bao le bona ba lokelang ho koetlisa bana ba bona ka litsela tse halalelang, kahoo ba ba thuse hore ba tlotlise lebitso le phahameng la Molimo!—Bala Liproverbia 1:8; Baefese 6:4.

Ha re ruta bana ba rōna ka Jehova, re tlotlisa lebitso la hae (Sheba serapa sa 5 le 6)

7. (a) Ha Baiseraele ba ne ba tšepahala ho Jehova, seo se ne se ama lichaba tse ba potolohileng joang? (b) Bohle ba jarang lebitso la Molimo ba na le boikarabelo bofe?

7 Ka tsela eo, ha Baiseraele ba ne ba tšepahala, ba ne ba pakela lebitso la Molimo. Ba ne ba boleletsoe hore: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla lokela ho bona hore u bitsitsoe ka lebitso la Jehova, ’me ruri li tla u tšaba.” (Deut. 28:10) Empa ka masoabi, boholo ba nako Baiseraele ha baa ka ba tšepahala. Nako le nako ba ne ba khutlela borapeling ba melimo ea litšoantšo e entsoeng ke batho. Ho feta moo, ba ile ba etsisa melimo ea Bakanana eo ba neng ba e rapela, ba e-ba sehlōhō, ba etsa bana ba bona mahlabelo esita le ho hatella mafutsana. Ruri re ithuta thuto ea bohlokoa ntlheng ena ea hore re lokela ho ikitlaelletsa ho lula re halalela joaloka Ea Halalelang ka ho Fetisisa, eo re jereng lebitso la hae!

“BONANG! KE ETSA HO HONG HO HOCHA”

8. Jehova o ile a fa Esaia thōmo efe, hona o ile a arabela joang?

8 Jehova o ile a bolella Baiseraele esale pele ka ketsahalo e hlollang ea hore o tla ba lopolla botlamuoeng, ’me ba ne ba tla e bona. (Esa. 43:19) Likhaolo tse tšeletseng tse qalang tsa buka ea Esaia li lemosa ka tlokotsi e neng e tlela Jerusalema le metse e mabapi. Kaha Jehova o khona ho bona se ka pelong, o ile a bolella Esaia hore a tsoele pele ho phatlalatsa temoso eo, le hoja batho ba ne ba sa tl’o mo mamela. Taba ena e ile ea makatsa Esaia ’me a botsa hore na sechaba seo sa Molimo se tla tsoela pele halelele hakae borabeleng ba sona. Molimo o ile a mo araba joang? O ile a re: “Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloka baahi, le matlo a hloka motho oa lefatše, le naha e senngoa hore e be lesupi.”—Bala Esaia 6:8-11.

9. (a) Boprofeta ba Esaia bo mabapi le Jerusalema bo ile ba phethahala neng? (b) Ke’ng e re thusang hore re lule re falimehile kajeno?

9 Esaia o ile a fuoa thōmo ena selemong sa ho qetela sa puso ea Morena Uzia, kapa hoo e ka bang ka 778 B.C.E. O ile a tsoela pele ho profeta ka lilemo tse ka bang 46 ho fihlela ka mor’a 732 B.C.E., nakong ea puso ea Morena Ezekiase. E ne e le lilemo tse 125 pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Kahoo, batho ba Molimo ba ile ba bolelloa nako e telele esale pele hore na  sechaba sa habo bona se tlil’o etsahalloa ke eng. Le kajeno, Jehova o lemosa batho ba hae esale pele hore na ho tlil’o etsahala’ng. Ka lilemo tse 135 tseo Molula-Qhooa o ’nileng oa hatisoa ka tsona, haesale o khothalletsa babali ba oona hore ba ele hloko taba ea hore haufinyane puso ea Satane e khopo e tla felisoa, ’me e nkeloe sebaka ke Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo Tse Sekete.—Tšen. 20:1-3, 6.

10, 11. Baiseraele ba Babylona ba ile ba bona ho phethahala ha boprofeta bofe ba Esaia?

10 Bajuda ba bangata ba mamelang ba ile ba lumela hore Bababylona ba ba ise botlamuoeng Babylona, ’me ba pholoha ha Jerusalema e timetsoa. (Jer. 27:11, 12) Lilemo tse 70 hamorao, batho ba Molimo ba ile ba bona ha boprofeta bona bo phethahala ka tsela e hlollang: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli oa lōna, Mohalaleli oa Iseraele: ‘Molemong oa lōna ke tla romeletsa Babylona ke lihe mekoallo ea lichankana.’”—Esa. 43:14.

11 Tumellanong le boprofeta boo, ho ile ha etsahala ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa bosiung bo bong mathoasong a October 539 B.C.E. Mabotho a Bamede le Bapersia a ile a hapa Babylona nakong eo morena oa Babylona le matona a hae ba ntseng ba noella ka lijaneng tse halalelang tseo ba li hapileng tempeleng e Jerusalema, ’me ba tlotlisa melimo ea bona e entsoeng ke batho. Ka 538 kapa 537 B.C.E., Cyruse ea neng a hlōtse Babylona, o ile a laela Bajuda hore ba khutlele Jerusalema ’me ba tsosolose tempele ea Molimo. Esaia o ne a boletse sena sohle esale pele, ho akarelletsa tšepiso ea Jehova ea hore o tla hlokomela batho ba hae ba bakileng le ho ba sireletsa ha ba khutlela Jerusalema. Molimo o ile a re ke “sechaba seo ke iketselitseng sona, e le hore se phete thoriso ea ka.” (Esa. 43:21; 44:26-28) Hang ha Bajuda bana ba neng ba le botlamuoeng ba se ba khutlile ’me ba tsosolositse tempele ea Jehova e Jerusalema, ba ile ba bona hore Jehova ke eena Molimo a le mong feela oa ’nete ea phethahatsang seo a se tšepisitseng.

12, 13. (a) Ke bo-mang ba ileng ba fetoha karolo ea Baiseraele ha ho tsosolosoa borapeli ba Jehova? (b) “Linku tse ling” li lokela ho etsa’ng ho tšehetsa “Iseraele ea Molimo,” hona li na le tšepo efe?

12 Batho ba bang ba likete bao e seng Baiseraele e ile ea e-ba karolo ea sechaba seo se tsosolositsoeng, ’me hamorao Balichaba ba bang ba bangata ba sokolohela Bojudeng. (Esdr. 2:58, 64, 65; Esth. 8:17) Kajeno, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Jesu bo tšehetsa ka botšepehi Bakreste ba tlotsitsoeng, ba etsang “Iseraele ea Molimo.” (Tšen. 7:9, 10; Joh. 10:16; Bagal. 6:16) Bongata bo boholo le bona bo ipitsa ka lebitso lena leo Molimo a faneng ka lona la Lipaki Tsa Jehova.

 13 Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, ba bongata bo boholo ba tla thaba ka tsela e ke keng ea lekanngoa, ha ba hlalosetsa ba tsositsoeng bafung hore na ho ne ho le joang ho ba Paki ea Jehova matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Empa re tla khona ho etsa seo haeba feela hona joale re phelela lebitso la rōna ’me re lula re halalela. Hape ho sa tsotellehe hore na re ikitlaetsa hakae, re lokela ho lula re kōpa tšoarelo ka ntho leha e le efe e bontšang hore re haelloa ke khalalelo, re ntse re hopola hore re baetsalibe le hore ho jara lebitso la Molimo le halalelang ke tlotla e ke keng ea lekanngoa.—Bala 1 Johanne 1:8, 9.

SEO LEBITSO LA MOLIMO LE SE BOLELANG

14. Lebitso Jehova le bolela’ng?

14 Re lokela ho thuisa ka se boleloang ke lebitso la Molimo, e le hore re ananele ka botebo tlotla eo re e filoeng ea ho le jara. Lebitso la Molimo le atisang ho fetoleloa e le “Jehova,” le tsoa leetsing la Seheberu le ka fetoleloang e le “ho ba.” Kahoo, re utloisisa hore lebitso Jehova le bolela “O Etsa Hore ho be.” Tlhaloso ena e lumellana hantle le taba ea hore Jehova ke ’Mōpi oa bokahohle le oa libōpuoa tse bohlale hammoho le Mophethahatsi oa merero ea hae. Ha nako e ntse e ea, o tsoela pele ho phethahatsa thato ea hae le morero oa hae ho sa tsotellehe seo bahanyetsi ba kang Satane ba ka ’nang ba leka ho se etsa ho e nyopisa.

15. Jehova o ile a senola botho ba hae joang joalokaha lebitso la hae le bontša? (Sheba lebokose le reng “ Lebitso le Nang le Moelelo.”)

15 Ha Molimo a ne a roma Moshe hore a ntše batho ba hae Egepeta, Jehova o ile a senola ho hong ka botho ba hae, a sebelisa leetsi le hlalosang seo a leng sona. Tlaleho ea Bibele e re: ‘Molimo a re ho Moshe: “KE TLA BA SEO KE TLA BA SONA.” Eaba o oa eketsa: “Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, ‘KE TLA BA o nthomile ho lōna.’”’ (Ex. 3:14) Kahoo Jehova e tla ba sohle seo ho hlokahalang hore a be sona e le hore a finyelle morero oa hae. O ile a ipaka ho ba Molopolli, Mosireletsi, Motataisi le Mohlokomeli oa Baiseraele bao e neng e kile ea e-ba makhoba, ’me a ba fa sohle seo ba neng ba se hloka moeeng le nameng.

KAMOO RE KA BONTŠANG KANANELO

16, 17. (a) Re ka bontša joang hore re ananela tlotla ea ho jara lebitso la Molimo? (b) Re tl’o tšohla’ng sehloohong se latelang?

16 Kajeno, Jehova o tsoela pele ho phelela se boleloang ke lebitso la hae kaha o khotsofatsa litlhoko tsohle tsa rōna tsa moea le tsa nama. Empa lebitso la Molimo ha le bolele feela seo a khethang ho ba sona. Le boetse le bolela seo a etsang hore Lipaki tsa hae li se finyelle ho phethahatsa thato ea hae. Ho thuisa ka sena ho tla re susumelletsa ho tsoela pele re phelela lebitso la hae. Kåre ea lilemo li 84 ea qetileng lilemo tse 70 e le Paki e chesehang Norway, o re: “Ke nka hore ke tlotla e khōlō ho sebeletsa Jehova, Morena oa bosafeleng le ho ba e mong oa batho ba bitsoang ka lebitso la hae le halalelang. Kamehla kea thaba ha ke hlalosetsa batho ’nete ea Bibele ’me ke bona lifahleho tsa bona li ela ha ba e utloisisa. Ka mohlala, ke khotsofala haholo ha ke ba ruta kamoo sehlabelo sa Kreste sa thekollo se sebetsang kateng le kamoo ka sona re ka fumanang bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la khotso le la ho loka.”

17 Ke ’nete hore libakeng tse ling ho ntse ho e-ba thata ho fumana batho ba thahasellang ho ithuta ka Molimo. Empa na le uena joaloka Kåre, ha u thabe ha u fumana motho ea mamelang ’me u khona ho mo ruta se boleloang ke lebitso Jehova? Empa re ka ba Lipaki Tsa Jehova joang ha ka nako e tšoanang re le lipaki tsa Jesu? Re tla tšohla potso eo sehloohong se latelang.