Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U “Hahamalla” Litokelo Tsa Tšebeletso?

Na U “Hahamalla” Litokelo Tsa Tšebeletso?

FERNANDO * o ne a tšohile. Baholo ba babeli ba ne ba kōpile ho bua le eena lekunutung. Ka mor’a liketelo tse ’maloa tsa molebeli oa potoloho, baholo ba ’nile ba mo hlalosetsa hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a tšoanelehele ho fumana litokelo tse eketsehileng ka phuthehong. Ha nako e ntse e ea, Fernando o ile a qala ho ipotsa hore na o sa tla ke a khethoe hore e be moholo. Joale molebeli oa potoloho o sa tsoa etela phutheho hape. Ebe baholo ba tl’o re’ng lekhetlong lee?

Fernando o ile a mamela ha moholo e mong a bua le eena. Mor’abo rōna o ile a qotsa 1 Timothea 3:1, eaba o mo bolella hore baholo ba phutheho ba fumane lengolo le ba tsebisang hore o khethiloe hore e be moholo. Fernando o ile a makala ’me a re, “Ke kōpa u phete?” Mor’abo rōna o ile a pheta seo a se buileng, eaba Fernando o qala ho bososela. Ka mor’a moo, ha ho phatlalatsoa phuthehong hore o khethiloe, batho bohle ba ile ba thaba.

Na ke phoso ho lakatsa ho ba le litokelo tsa tšebeletso ka phuthehong? Hase phoso. Ho ea ka 1 Timothea 3:1, “haeba motho leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.” Banna ba bangata ba Bakreste ba sebelisa khothatso ena ’me ba hatela pele moeeng e le hore ba ka tšoanelehela ho ba le litokelo tsa tšebeletso ka phuthehong. Ke kahoo batho ba Molimo ba hlohonolofalitsoeng ka baholo le bahlanka ba sebeletsang ba likete tse mashome. Empa ka lebaka la keketseho e bang teng liphuthehong, ho hlokahala hore barab’abo rōna ba eketsehileng ba hahamalle ho sebeletsa. Ba ka etsa see joang ka tsela e loketseng? Hona na ba lokela ho tšoenyeha ka taba ee, joaloka Fernando?

HO “HAHAMALLA” HO BOLELA’NG?

Lentsoe ho “hahamalla” le sebelisitsoeng ka Bibeleng le fetoletse leetsi la Segerike le nang le moelelo oa ho lakatsa ntho e itseng ka tieo kapa ho otlolla letsoho ho e finyella. Sena se ka ’na sa etsa hore u  nahane ka motho ea lekang ho kha tholoana e holimo sefateng. Empa ho hahamalla “boemo ba molebeli” ha ho bolele ho bo batla ka meharo. Hobane’ng? Hobane sepheo sa batho ba batlang ho sebeletsa e le baholo e lokela ho ba ho etsa “mosebetsi o motle,” eseng ho fumana maemo.

Ho 1 Timothea 3:2-7 le Tite 1:5-9 ho thathamisitsoe lintho tse ngata tse hlokahalang e le hore motho a etse mosebetsi ona o motle. Ha Raymond eo e leng khale e le moholo a bua ka litšoaneleho tseo o re: “Ke hlokometse hore ntho ea bohlokoa haholo ke hore na re batho ba mofuta ofe. Le hoja ho bua le ho ruta ho le bohlokoa, empa ha ho nke sebaka sa hore motho e be ea sa nyatseheng, ea itekanetseng mekhoeng, ea hlaphohetsoeng kelellong, ea hlophisehileng, ea amohelang baeti le ea nang le kahlolo e molemo.”

“Hahamalla” litokelo tsa tšebeletso ka ho sebetsa le phutheho likarolong tse fapa-fapaneng

Mor’abo rōna ea batlang ho sebeletsa o bontša hore ke ea sa nyatseheng ka hore a qobe liketso leha e le life tsa ho se tšepahale le ho se hloeke. Kaha o itekanetse mekhoeng, o hlaphohetsoe kelellong, o hlophisehile ebile o na le kahlolo e molemo, balumeli-’moho le eena ba mo tšepela hore a ka ba etella pele le ho ba thusa ka mathata a bona. O khothatsa bacha le ba sa tsoa kena ka phuthehong ka ho ba bontša kamohelo e mofuthu ea baeti. O boetse o khothatsa ba kulang le ba hōlileng ’me o oa ba thusa, kaha o rata molemo. O etsa lintho tsena hobane a batla ho thusa batho ba bang, eseng hobane a batla ho khethoa. *

Ke ’nete hore baholo ba thabela ho fana ka keletso le khothatso, empa motho ea hahamallang litokelo tsa tšebeletso ke eena ea lokelang ho finyella litšoaneleho tsa Mangolo. Moholo ea nang le phihlelo ea bitsoang Henry o re: “Ha u hahamalla litokelo tsa tšebeletso, u lokela ho sebetsa ka thata ho ipaka hore u ua tšoaneleha.” Ha a bua ka Moeklesia 9:10, o re: “‘Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao.’ Ha baholo ba u fa mosebetsi leha e le ofe, u etse ka pelo eohle. Thabela mosebetsi o mong le o mong oo u o fuoang ka phuthehong, esita le haeba ke oa ho fiela. Ha nako e ntse e ea, ba bang ba tla hlokomela mosebetsi le boiteko ba hao.” Haeba ka le leng u lakatsa ho sebeletsa u le moholo, sebetsa ka thata ’me u phethe likabelo tsohle ka  botšepehi ha u ntse u etsa tšebeletso e halalelang. U lokela ho ba motho ea ikokobelitseng, eseng ea ratang maemo.—Mat. 23:8-12.

QOBA MONAHANO LE LIKETSO TSE FOSAHETSENG

Batho ba bang ba lakatsang ho sebeletsa ka phuthehong ba ka ’na ba leka ho susumetsa baholo hore ba ba khethe kapa ba ba bolella seo ka tsela e sa tobang. Ba bang ba bontša ho teneha ha baholo ba ba eletsa. Batho ba joalo ba lokela ho ipotsa, ‘Na ke ichebile bonna kapa na ka boikokobetso ke batla ho hlokomela linku tsa Jehova?’

Barab’abo rōna ba batlang ho sebeletsa ba boetse ba lokela ho hopola hore baholo e lokela ho ba ‘mohlala ho mohlape.’ (1 Pet. 5:1-3) Motho ea behelang phutheho mohlala o lokela ho qoba monahano le liketso tse fosahetseng. Hape o lokela ho bontša mamello ho sa tsotellehe hore na o se a khethiloe kapa che. Ha motho e ba moholo, seo ha se etse hore ka mohlolo e be ea phethahetseng. (Num. 12:3; Pes. 106:32, 33) Ho feta moo, ho ka etsahala hore mor’abo rōna a se ke a bona letho le phoso ka eena, empa ho ka ’na ha e-ba le lintho tse ling tseo ba bang ba sa li rateng ka eena. (1 Bakor. 4:4) Kahoo, ha baholo ba u fa keletso e lerato e thehiloeng Bibeleng, leka ho ba mamela u sa fele pelo. Ebe u leka ho sebelisa keletso ea bona.

U KA ETSA’NG HAEBA U SE U EME NAKO E TELELE?

Barab’abo rōna ba bangata ba nka hore ba ema nako e telele pele ba khethoa. Haeba ho se ho fetile lilemo u “hahamalla boemo ba molebeli,” na ka linako tse ling u ee u tšoenyehe? Haeba ho joalo, hlokomela mantsoe ana a bululetsoeng: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo, empa ntho e lakatsehang ke sefate sa bophelo ha e tla.”—Liprov. 13:12.

Motho a ka ’na a utloa bohloko haeba a sa finyelle pakane eo a ipehetseng eona. Abrahama o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang. Jehova o ne a mo tšepisitse mora, empa ho ile ha feta lilemo eena le Sara ba se na bana. (Gen. 12:1-3, 7) Ha a se a tsofetse, Abrahama o ile a hooa a re: “’Musi Morena Jehova, u tla mpha eng, ha e le moo ke se na ngoana . . . Ha ua mpha peō.” Jehova o ile a mo tiisetsa hore tšepiso ea Hae ea hore o tla mo fa mora e tla phethahala. Empa ho ile ha feta lilemo tse 14 pele Molimo a phethahatsa tšepiso eo.—Gen. 15:2-4; 16:16; 21:5.

Ha a ntse a letile, na Abrahama o ile a felloa ke thabo tšebeletsong ea Jehova? Che. O ne a kholisehile hore tšepiso ea Molimo e tla phethahala. Kahoo o ile a lula a lebeletse hore e phethahale. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka mor’a hore Abrahama a bontše ho se fele pelo, o ile a fumana tšepiso ena.” (Baheb. 6:15) Qetellong, Molimo ea Matla ’Ohle o ile a hlohonolofatsa monna eo ea tšepahalang ho feta kamoo a neng a lebeletse kateng. U ka ithuta’ng mohlaleng oa Abrahama?

Haeba u rata ho sebeletsa u le moholo, empa ho se ho fetile lilemo tse ngata seo se sa etsahale, tsoela pele ho tšepa Jehova. U se ke ua felloa ke thabo ha u ntse u mo sebeletsa. Warren ea thusitseng barab’abo rōna ba bangata hore ba hatele pele moeeng o hlalosa lebaka, o re: “Ho hlokahala nako e le hore ho totobale hore na mor’abo rōna o se a tšoanelehela  ho khethoa. Ha nako e ntse e ea, bokhoni le boikutlo ba mor’abo rōna bo hlahella hanyane ka hanyane ka tsela eo a itšoarang ka eona le eo a phethang likabelo tsa hae ka eona. Batho ba bang ba nka hore katleho e tšetlehile ka hore ba khethoe kapa ba fumane tokelo e itseng ea tšebeletso. Monahano o joalo o fosahetse ebile motho e ka ba lekhoba la oona. Haeba u sebeletsa Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe hore na u hokae kapa u sebeletsa boemong bofe, u atlehile.”

Mor’abo rōna e mong o ile a leta lilemo tse fetang leshome pele a khethoa hore e be moholo. Ha a bua ka seo a ithutileng sona tlhalosong e tsebahalang ea lengolo la Ezekiele khaolo ea 1, o re: “Jehova o tsamaisa koloi ea hae, e leng mokhatlo oa hae, ka lebelo leo a le khethang. Habohlokoa hase hore na re leta nako e kae, empa ke nako ea Jehova. Ha ho tluoa tabeng ea ho ba moholo, hase hore na ’na ke bona lintho joang kapa ke batla eng. Jehova o tseba seo ke hlileng ke se hlokang, ho fapana le seo nka ’nang ka se batla.”

Haeba u lakatsa ho etsa mosebetsi o motle oa ho ba molebeli oa Mokreste ka le leng, leka ho tlatsetsa hore ho be le thabo ka phuthehong. U se ke ua tšoenyeha kapa ua fela pelo haeba u bona eka lintho li tsamaea butle. Raymond, ea boletsoeng pejana o re: “Motho ea ratang maemo ha a khotsofale. Batho ba lulang ba tšoenyehile ha ba latsoe thabo e tlisoang ke ho sebeletsa Jehova.” Hlaolela tholoana ea moea oa Molimo ka botlalo, haholo-holo mamello. Leka ho imatlafatsa moeeng ka hore u ithute Mangolo. Kopanela haholoanyane mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo le ho ithuta Bibele le batho ba thahasellang. Etella lelapa la hao pele moeeng ’me u tšoare borapeli ba lelapa. Thabela monyetla o mong le o mong oo u o fumanang oa ho ba le bara le barali beno. Ka tsela eo, u tla thabela tšebeletso ea hao ha u ntse u letile.

Ho tšoanelehela ho sebeletsa ka phuthehong ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova; kahoo, ha a rate hore batho ba hahamallang litokelo tsa tšebeletso ba ferekane kapa ba felloe ke thabo, ’me ho joalo le ka mokhatlo oa hae. Molimo o tšehetsa bohle ba mo sebeletsang ka sepheo se setle, ebile o oa ba hlohonolofatsa. ‘Ha a phaelle ka bohloko’ litlhohonolofatsong tsohle tsa hae.—Liprov. 10:22.

Esita le haeba ho se ho fetile nako u hahamalla litokelo tsa tšebeletso, u ntse u ka tsoela pele hantle moeeng. Ha u ntse u leka ka matla hore u be le litšoaneleho tse hlokahalang, ’me u sebetsa ka thata ka phuthehong ebile u sa hlokomolohe lelapa la hao, u tla iketsetsa tlaleho e ntle ea tšebeletso e ke keng ea lebaloa. E se eka u ka thabela ho sebeletsa Jehova kamehla ho sa tsotellehe hore na u na le kabelo efe.

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 8 Melao-motheo eo ho buuoeng ka eona sehloohong sena e ea sebetsa le ho ba lakatsang ho ba bahlanka ba sebeletsang. Lintho tseo ho hlokahalang hore ba li finyelle li thathamisitsoe ho 1 Timothea 3:8-10, 12, 13.