Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | ’MUSO OA MOLIMO—O KA U ETSETSA’NG?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tseba ka ’Muso oa Molimo?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tseba ka ’Muso oa Molimo?

Batho ba bangata ba tšepile ’Muso oa Molimo. Ba rapela ka tsela eo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba rapele ka eona ba re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng.”—Matheu 6:10, Bibele ea Sesotho.

Hoa makatsa hore ebe le hoja batho ba bangata ba rata ho tseba ka ’Muso oa Molimo, malumeli a mangata ha a bue ka oona hakaalo. Ha rahistori H. G. Wells a bua ka taba ena o ile a bontša hore ha ho utloahale hore ebe le hoja moko-taba oa thuto ea Jesu e ne e le ’Muso oa Leholimo, likereke tse ngata tsa Bokreste ha li rute ka oona.

Ho fapana le likereke tseo, moko-taba oa thuto ea Lipaki Tsa Jehova ke ’Muso oa Molimo. Ka mohlala, makasine ena eo u e balang e hatisitsoe ka lipuo tse 220. Ho hatisoa limakasine tse ka bang limilione tse 46 khoeli le khoeli, kahoo, ke eona makasine e baloang ke batho ba bangata ka ho fetisisa. Moko-taba oa eona ke ofe? Sehlooho sa eona ke: Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.  *

Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li ikitlaetsa hakaale hore li bolelle batho ka ’Muso oa Molimo? Hobane re lumela hore ’Muso oa Molimo ke oona molaetsa o ka sehloohong ka Bibeleng, e leng eona buka ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng. Ho feta moo, re kholisehile hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o ka rarollang mathata ao batho ba nang le ’ona kajeno.

Lipaki Tsa Jehova li leka ka matla ho etsisa Jesu ha li bolela ka ’Muso oa Molimo. Ha Jesu a le lefatšeng, ’Muso oa Molimo e ne e le oona o ka sehloohong bophelong ba hae ’me e le moko-taba oa thuto ea hae. (Luka 4:43) Ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo e ne e le oa bohlokoa hakaale ho eena? Hona o ka u etsetsa’ng? Re kōpa u hlahlobe likarabo tse hlahang ka Bibeleng lihloohong tse latelang.

^ ser. 5 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.