Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ke hobane’ng ha re rapella hore ’Muso oa Molimo o tle?

Na u batla ho tseba haholoanyane ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se finyella?

’Muso oa Molimo ke puso e leholimong. Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba rapele hore o tle hobane o tla khutlisetsa ho loka le khotso lefatšeng. Ha ho na ’muso oa motho o ka felisang lintoa, leeme kapa ho kula, empa ’Muso oa Molimo o ka li felisa ’me o tla li felisa. Molimo o khethile Mora oa hae Jesu, hore e be Morena oa ’Muso oo. Jehova o boetse o khethile sehlopha sa balateli ba itseng ba Jesu hore se buse le Jesu ’Musong ona.—Bala Luka 11:2; 22:28-30.

Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa bohle ba hanyetsang puso ea Molimo. Kahoo, thapelo ea hore ’Muso oa Molimo o tle ke kōpo ea hore ’muso oa Molimo o nke sebaka sa mebuso eohle ea batho.—Bala Daniele 7:13, 14; Tšenolo 11:15, 18.

Ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo o tla tsoela batho molemo?

Jesu ke Morena ea tšoanelehang hobane oa qenehela. Kaha ke Mora oa Molimo, o boetse o na le matla a ho thusa bohle ba kōpang thuso ho Molimo.—Bala Pesaleme ea 72:8, 12-14.

’Muso oa Molimo o tla thusa bohle ba o rapellang ka tieo hore o tle le ba etsang hore bophelo ba bona bo lumellane le thato ea Molimo. Ha ho mohla u tla ikoahlaela ho ithuta seo Bibele e se buang ka ’Muso oa Molimo.—Bala Luka 18:16, 17; Johanne 4:23.