Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-ba le Tumelo e sa Thekeseleng ’Musong

E-ba le Tumelo e sa Thekeseleng ’Musong

“Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.”—BAHEB. 11:1.

1, 2. Ke’ng e tla matlafatsa kholiseho ea rōna ea hore ’Muso o tla phethahatsa seo Molimo a neng a se reretse batho, hona hobane’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

RŌNA Lipaki Tsa Jehova, re atisa ho bolella batho hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla re rarollela mathata, ’me re chesehela ho bolella ba bang ’nete ena ea bohlokoa ea Mangolo. Hape, re tšelisoa haholo ke tšepo eo re nang le eona ka lebaka la ’Muso. Empa re kholisehile hakae hore ’Muso oo ke oa sebele le hore o tla phethahatsa morero oa oona? Re na le mabaka afe a ho ba le tumelo e sa thekeseleng ’Musong oo?—Baheb. 11:1.

2 Molimo ea Matla ’Ohle ke eena ea entseng tokisetso ea ’Muso oa Bomesia, e le hore a phethahatse morero oa hae ka pōpo. ’Muso oo o thehiloe motheong o tiileng, kaha ke Jehova feela ea nang le tokelo e feletseng ea ho busa. Molimo o ile a hlaba lilekane kapa a etsa litumellano tsa molao ho bontša hore na morena oa ’Muso oo, babusi-’moho le eena esita le bafo ba oona e tla ba bo-mang, ’me Mora oa hae Jesu Kreste o ile a hlaba tse ling. Ho hlahloba lilekane tsena ho tla ntlafatsa kutloisiso ea rōna tabeng ea hore ka sebele morero oa Molimo  o tla phethahala le ho re thusa ho bona kamoo tokisetso ena e tsitsitseng kateng.—Bala Baefese 2:12.

3. Re tla hlahloba eng sehloohong see le se latelang?

3 Bibele e bua ka lilekane tse tšeletseng tse ka sehloohong tse amanang le ’Muso oa Bomesia oo morena oa oona e tla ba Kreste Jesu. Tsona ke (1) selekane sa Abrahama, (2) selekane sa Molao, (3) selekane sa Davida, (4) selekane sa ho ba moprista ea joaloka Melkizedeke, (5) selekane se secha le (6) selekane sa ’Muso. A re ke re hlahlobeng kamoo selekane ka seng se amanang le ’Muso le ho phethahala ha seo Molimo a se rerileng ka lefatše le batho.—Sheba chate e reng, “ Kamoo Molimo a Tla Phethahatsa Morero oa Hae Kateng.”

TŠEPISO E SENOLANG KAMOO MORERO OA MOLIMO O TLA PHETHAHATSOA KATENG

4. Joalokaha ho bontšitsoe ho Genese, Jehova o ile a fana ka litaelo life?

4 Ka mor’a hore Jehova a lokise lefatše la rōna le letle hore e be lehae la batho, o ile a fana ka litaelo tse tharo: Molimo o ne a tla etsa batho ka setšoantšo sa hae, batho ba ne ba lokela ho etsa lefatše lohle Paradeise ’me ba le tlatse ka batho ba lokileng, hape ba ne ba sa lokela ho ja sefate sa tsebo ea botle le bobe. (Gen. 1:26, 28; 2:16, 17) Ho ne ho sa hlokahale letho le leng. Ka mor’a hore a bōpe batho, ho ne ho hlokahala hore ba mamele litaelo tse peli feela e le hore morero oa Molimo o phethahale. Joale, ho tlile joang hore ho hlokahale lilekane?

5, 6. (a) Satane o ile a leka ho senya morero oa Molimo joang? (b) Jehova o ile a etsa’ng ka mor’a hore Satane a phephetse bobusi ba hae Edene?

5 Ka lonya, Satane Diabolose o ile a hlohlelletsa borabele e le ha a leka ho senya morero oa Molimo. O ile a khetha taelo eo a neng a tseba hore ho tla ba bonolo ho susumetsa batho hore ba e tlōle. Kahoo, a eka mosali oa pele, Eva, a etsa hore a tlōle taelo ea hore ba se ke ba ja sefate sa tsebo ea botle le bobe. (Gen. 3:1-5; Tšen. 12:9) Ka tsela eo, Satane o ile a phephetsa tokelo ea Molimo ea ho busa batho bao a ba bōpileng. Hamorao, Satane o ile a qosa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ka hore ke baithati.—Jobo 1:9-11; 2:4, 5.

6 Jehova o ile a etsa’ng ka mor’a hore Satane a phephetse bobusi ba hae Edene? Ke ’nete hore ho timetsa marabele ao ho ne ho tla felisa borabele. Empa seo se ne se tla bolela hore morero oa Molimo oa ho tlatsa lefatše ka bana ba mamelang ba Adama le Eva o ne o sa tl’o phethahala. Ho e-na le ho timetsa marabele ao hang-hang, ’Mōpi ea bohlale o ile a bolela boprofeta ba bohlokoa—e leng tšepiso ea Edene—ho tiisa hore lintho tsohle tseo a li buileng li tla phethahala.—Bala Genese 3:15.

7. Tšepiso ea Edene e re tiisetsa hore ho tla etsahala’ng ka noha le peō ea eona?

7 Jehova o ile a etsa tšepiso Edene ’me ka eona a ahlola noha le peō ea eona, e leng Satane Diabolose le bohle ba khahlanong le tokelo ea Molimo ea ho busa. Molimo oa ’nete o ile a fa peō ea mosali oa leholimo matla a hore e timetse Satane. Kahoo, tšepiso ea Edene e ile ea bontša hore motho ea hlohlelelitseng borabele serapeng sa Edene o tla felisoa hammoho le liphello tsohle tse bohloko tse bakiloeng ke borabele ba hae le hore na seo se tla etsahala joang.

8. Mosali le peō ba hlalosoa joang?

8 Joale peō ea mosali e ne e tla ba mang? Kaha peō e tla khoba noha hlooho kapa e ‘etse lefeela’ sebōpuoa sa moea, e leng Satane Diabolose, peō eo e  lokela ho ba motho oa moea. (Baheb. 2:14) Kahoo, mosali ea hlahisang peō eo le eena e lokela ho ba oa moea. Le hoja peō ea noha e ile ea ata ka potlako, ho ile ha feta lilemo tse ka bang 4 000 ka mor’a hore Jehova a fane ka tšepiso ea Edene, peō le mosali e ntse e le sephiri. Ka nako e tšoanang, Jehova o ile a etsa lilekane tse ’maloa ho tsebahatsa peō le ho tiisetsa bahlanka ba hae hore Molimo o tla sebelisa peō eo ho etsolla tšenyo eo Satane a e bakileng.

SELEKANE SE KHETHOLLANG PEŌ

9. Selekane sa Abrahama ke eng, hona se qalile ho sebetsa neng?

9 Lilemo tse ka bang likete tse peli ka mor’a hore Jehova a ahlole Satane, o ile a laela mopatriareka Abrahama hore a tlohe motseng oa habo oa Ure, Mesopotamia ’me a ee naheng ea Kanana. (Lik. 7:2, 3) Jehova o ile a re ho eena: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona. Ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa ke hōlise lebitso la hao; u be tlhohonolofatso. Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ’me ke tla rohaka ea u rohakang, ’me ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena.” (Gen. 12:1-3) Lena ke lekhetlo la pele ho buuoa ka selekane sa Abrahama—selekane seo Jehova Molimo a ileng a se etsa le Abrahama. Ha re tsebe hore na Jehova o ile a etsa selekane seo le Abrahama neng. Empa se qalile ho sebetsa ka 1943 B.C.E., ha Abrahama ea lilemo li 75 a tloha Harane ’me a tšela Nōka ea Eufrate.

10. (a) Abrahama o ile a bontša tumelo e sa thekeseleng joang litšepisong tsa Molimo? (b) Jehova o ile a senola lintlha life butle-butle mabapi le peō ea mosali?

10 Jehova o ile a pheta tšepiso ea hae  ho Abrahama ka makhetlo a ’maloa, ’me a fana ka boitsebiso bo eketsehileng. (Gen. 13:15-17; 17:1-8, 16) Kaha Abrahama o ile a bontša tumelo e sa thekeseleng litšepisong tsa Molimo ka hore a ithaopele ho etsa mora oa hae ea mong sehlabelo, Jehova o ile a boela a tiisa selekane seo ka ho mo etsetsa tšepiso e tiileng. (Bala Genese 22:15-18; Baheberu 11:17, 18.) Ka mor’a hore selekane sa Abrahama se qale ho sebetsa, Jehova o ile a senola butle-butle lintlha tsa bohlokoa tse mabapi le peō ea mosali. Peō e ne e tla tsoa lelokong la Abrahama, e be le litho tse ngata, e phethe mosebetsi oa borena, e timetse lira tsohle ’me e tlisetse ba bangata tlhohonolofatso.

Abrahama o ile a bontša tumelo e sa thekeseleng litšepisong tsa Molimo (Sheba serapa sa 10)

11, 12. Mangolo a bontša joang hore selekane sa Abrahama se phethahala ka kutloisiso ea moea, ’me see se bolela’ng ho rōna?

11 Le hoja selekane sa Abrahama se ile sa phethahala ha litloholo tsa Abrahama li rua Naha e Tšepisitsoeng, Mangolo a bontša hore se boetse se phethahala ka kutloisiso ea moea. (Bagal. 4:22-25) Ha se phethahala ka kutloisiso ea moea, joalokaha moapostola Pauluse a hlalositse a le tlas’a pululelo, karolo e ka sehloohong ea peō ea Abrahama ke Kreste, ’me karolo ea bobeli ke Bakreste ba 144 000 ba tlotsitsoeng ka moea. (Bagal. 3:16, 29; Tšen. 5:9, 10; 14:1, 4) Mosali ea hlahisang peō ke “Jerusalema oa holimo”—e leng karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo, e entsoeng ka libōpuoa tsa moea tse tšepahalang. (Bagal. 4:26, 31) Joalokaha selekane sa Abrahama se tšepisitse, peō ea mosali e ne e tla tlisetsa batho litlhohonolofatso.

12 Selekane sa Abrahama se senola Morena le babusi-’moho le eena ’Musong oa Molimo, ’me se rala motheo oa ’Muso oa leholimo. (Baheb. 6:13-18) Se ne se tla sebetsa ho fihlela neng? Genese 17:7 e re ke “selekane ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Se tla lula se sebetsa ho fihlela ’Muso oa Bomesia o timelitse lira tsa Molimo, ’me malapa ’ohle a lefatšeng a hlohonolofatse. (1 Bakor. 15:23-26) Ha e le hantle, ba tla beng ba phela lefatšeng ba tla rua molemo ka ho sa feleng. Selekane sa Molimo le Abrahama se bontša hore Jehova o ikemiselitse ho phethahatsa morero oa hae oa hore batho ba lokileng ba “tlale lefatše.”—Gen. 1:28.

SELEKANE SE TIISANG HORE ’MUSO O TLA TŠOARELLA

13, 14. Selekane sa Davida se re tiisetsa eng ka puso ea Bomesia?

13 Tšepiso ea Edene le selekane sa Abrahama li tiisa ntlha ea bohlokoa ea hore bobusi ba Jehova, bo thehiloe melaong ea hae e lokileng, joalokaha bo bonahatsoa ke ’Muso oa Bomesia. (Pes. 89:14) Na puso ea Bomesia e tla ke e silafale ’me kahoo ho hlokahale hore e felisoe? Selekane se seng sa molao se netefatsa hore seo se ke ke sa etsahala.

14 Nahana ka seo Jehova a ileng a se tšepisa Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo ha a etsa selekane sa Davida. (Bala 2 Samuele 7:12, 16.) Jehova o ile a etsa selekane sena le Davida ha e ntse e le morena Jerusalema, ’me a mo tšepisa hore Mesia o tla hlaha lesikeng la hae. (Luka 1:30-33) Jehova o ile a boela a totobatsa leloko leo peō e neng e tla hlaha ho lona le hore mojalefa oa Davida o ne a tla ba le “tokelo ea molao” ea ho busa ’Musong oa Bomesia. (Ezek. 21:25-27) Jesu o ne a tla tiisa borena ba Davida ka thata “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Ha e le hantle, peō ea Davida “e tla ba teng ho  isa nakong e sa lekanyetsoang, le terone ea hae joaloka letsatsi.” (Pes. 89:34-37) Puso ea Bomesia e ke ke ea e-ba le bobolu, ’me litlhohonolofatso tsa eona e tla ba tsa ka ho sa feleng!

SELEKANE LE EA TLA ETSA MOSEBETSI OA BOPRISTA

15-17. Ho ea ka selekane sa ho ba moprista ea joaloka Melkizedeke, peō e tla sebeletsa boemong bofe bo bong, hona hobane’ng?

15 Le hoja selekane sa Abrahama le selekane sa Davida li tiisa hore peō ea mosali e tla phetha karolo ea borena ho boetse ho na le karolo e ’ngoe e hlokahalang ho tlisetsa batho ba lichaba tsohle litlhohonolofatso. E le hore ba hlohonolofatsoe, ho hlokahala hore ba lokolloe sebeng ’me ba amoheloe lelapeng la Jehova la bokahohleng. Ho finyella sena ho tla hlokahala hore peō e boele e etse mosebetsi oa boprista. ’Mōpi ea bohlale o ile a etsa sena a sebelisa tokisetso e ’ngoe ea molao, e leng selekane sa ho ba moprista ea joaloka Melkizedeke.

16 Jehova o ile a senola ka Morena Davida hore o tla etsa selekane le Jesu se tla phetha merero e ’meli: hore a ‘lule ka letsohong la Molimo le letona’ ho fihlela a felisa lira tsa hae le ho ba “moprista ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.” (Bala Pesaleme ea 110:1, 2, 4.) Hobane’ng “ka mokhoa oa Melkizedeke”? Hobane nako e telele pele litloholo tsa Abrahama li rua Naha e Tšepisitsoeng, Melkizedeke, morena oa Saleme, o ile a sebeletsa e le “moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Baheb. 7:1-3) O ne a khethiloe ke Jehova ka ho toba hore a etse mosebetsi oo. Ke eena feela ea boletsoeng ka Mangolong a Seheberu ea sebelelitseng e le morena le moprista. Ho feta moo, kaha ha ho ea bileng teng pele ho eena, kapa ka mor’a hae, a ka bitsoa “moprista ka ho sa feleng.”

17 Jehova ke eena ea khethileng Jesu hore e be moprista ka selekane seo a se entseng le eena, ’me o tla lula e le “moprista ka ho sa feleng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.” (Baheb. 5:4-6) Sena se bontša ka ho hlaka hore Jehova o tiisitse ka molao hore o tla sebelisa ’Muso oa Bomesia ho finyella seo a neng a se rerile qalong ka batho le lefatše.

LILEKANE LI RALA MOTHEO OA ’MUSO

18, 19. (a) Lilekane tseo re seng re li tšohlile ho tla fihlela joale li bontša eng ka ’Muso? (b) Re tl’o tšohla eng sehloohong se latelang?

18 Ha re nahana ka lilekane tseo re li hlahlobileng, re khona ho bona kamoo li amanang le ’Muso oa Bomesia le kamoo tokisetso ena ea ’Muso e thehiloeng litumellanong tsa molao kateng. Tšepiso eo Jehova a e entseng Edene e mo tlama hore a phethahatse morero oa hae ka lefatše le batho a sebelisa peō ea mosali. Peō ea mosali ke mang ’me e ne e tla etsa mosebetsi ofe? Selekane sa Abrahama se ile sa fana ka moralo.

19 Selekane sa Davida se ile sa totobatsa lesika leo karolo e ka sehloohong ea peō e neng e tla hlaha ho lona le ho e fa tokelo ea ho busa lefatšeng e le hore litlhohonolofatso tsa ’Muso e be tsa ka ho sa feleng. Selekane sa ho ba moprista ea joaloka Melkizedeke se ile sa rala motheo oa hore peō e etse mosebetsi oa boprista. Empa Jesu o tla be a sa sebetse a le mong ha a khutlisetsa batho phethehong. Ho na le ba bang ba tlotsitsoeng hore ba sebeletse e le marena le baprista. Ba tsoa hokae? Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.