Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Na ke ’nete hore Jesu o ile a tsosa bafu?

Jesu o ile a tsosa Lazaro, eo e neng e se e le matsatsi a mane a hlokahetse

Bibele e bontša ka ho hlaka hore Jesu o ile a tsosa bafu. Litlaleho tseo hase tšōmo; li etsahetse libakeng tsa sebele ka nako e tobileng. Ka mohlala, ka 31 C.E., letšoele le leholo la batho le ile la tsamaea le Jesu ho tloha Kapernauma ho ea Naine. Ha ba fihla moo, ba ile ba fumana batho ba bang ba bangata. Re ka lumela hore ka mor’a moo, Jesu o ile a tsosa motho kaha seo se ngotsoe ka Lentsoeng la Molimo Bibele, ’me se etsahetse ka pel’a letšoele leo.—Bala Luka 7:11-15.

Jesu o ile a boela a tsosa motsoalle oa hae Lazaro, eo e neng e se e le matsatsi a mane a hlokahetse. U ka kholoa tlaleho ena kaha ha Jesu a tsosa Lazaro ho ne ho e-na le batho ba bangata.—Bala Johanne 11:39-45.

Ke hobane’ng ha Jesu a ne a tsosa bafu?

Jesu o ne a tsosa bafu hobane a utloela beng ka bona bohloko. Ntle ho moo, o ne a ba tsosa e le hore a bontše hore Ntate oa hae e leng eena Mohloli oa bophelo, o mo file matla a ho hlōla lefu.—Bala Johanne 5:21, 28, 29.

Litlaleho tseo tsa tsoho li re kholisa hore Jesu o tla phetha litšepiso tsa hae. O tla tsosa batho ba bangata, ho akarelletsa le batho ba sa lokang ba hlokahetseng ba sa tsebe letho ka Molimo oa ’nete. Ba tla fuoa monyetla oa ho ithuta ka Jehova Molimo le hore ba bontše hore baa mo rata.—Bala Liketso 24:15.