Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Halalela?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Halalela?

“Le halalele.”—LEV. 11:45.

1. Buka ea Levitike e ka re thusa joang?

BUKENG ea Levitike ho buuoa ka ho halalela ka makhetlo a mangata ho feta bukeng leha e le efe e ’ngoe ea Bibele. Kaha barapeli bohle ba Jehova ba lokela ho ba le tšobotsi ena, ho utloisisa Levitike ho tla re thusa hore re bontše hore rea halalela.

2. Ke lintlha life tse hlahang ho Levitike?

2 Buka ea Levitike e ngotsoeng ke moprofeta Moshe, ke karolo ea “Lengolo lohle” le molemo bakeng sa ho ruta. (2 Tim. 3:16) Lebitso Jehova le hlaha ka makhetlo a ka bang leshome khaolong ka ’ngoe. Ho utloisisa Levitike ho tla re thusa ho qoba ntho leha e le efe e ka tlisang thohako lebitsong la Molimo. (Lev. 22:32) Mantsoe “ke ’na Jehova” a hlahang khafetsa bukeng ena, a lokela ho re hopotsa hore re mamele Molimo. Sehloohong sena le se latelang, a re hlahlobeng lintlha tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona bukeng ea Levitike, eo Molimo a re fileng eona e le hore re kopanele borapeling bo halalelang.

RE LOKELA HO HALALELA

3, 4. Ho itlhoekisa ha Arone le bara ba hae ho emela’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Bala Levitike 8:5, 6Jehova o ile a khetha Arone hore e be moprista ea phahameng oa Iseraele ’me bara ba hae e be baprista ba sechaba. Arone o emela Jesu Kreste ’me bara ba Arone ba emela balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng. Na joale ho itlhatsoa ha Arone ho bolela hore Jesu le eena o ne a lokela ho itlhoekisa? Che, kaha Jesu ha a na sebe ebile ‘ha a na sekoli,’ ha ho hlokahale hore a itlhoekise. (Baheb. 7:26; 9:14) Leha ho le joalo, ho hloeka ha Arone ho bontša hore Jesu o boemong bo hloekileng le bo lokileng. Joale ho itlhoekisa ha bara ba Arone ho tšoantšetsa’ng?

4 Ho itlhoekisa ha bara ba Arone ho ne ho tšoantšetsa ho itlhoekisa ha ba khethetsoeng ho ba baprista leholimong. Na ho kolobetsoa ha batlotsuoa ho amana le ho itlhoekisa hoo ha bara ba Arone? Che, kolobetso ha e tlose libe; ho e-na le hoo, e tšoantšetsa boinehelo bo feletseng ba motho ho Jehova Molimo. Batlotsuoa ba itlhatsoa “ka lentsoe,” e leng se bolelang hore ba lokela ho latela lithuto tsa Kreste ka botšepehi. (Baef. 5:25-27) Sena se etsa hore ba halalele ’me ba hloeke. Empa ho thoe’ng ka “linku tse ling”?—Joh. 10:16.

5. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore linku tse ling li itlhoekisa ka Lentsoe la Molimo?

5 Bara ba Arone ba ne ba sa emele “bongata bo boholo” ba linku tse ling tsa Jesu. (Tšen. 7:9) Empa na batho ba kolobelitsoeng ba halaletsoa le ho hloekisoa ke Lentsoe la Molimo? E! Ha ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba bala seo Bibele e se buang ka bohlokoa ba mali a Jesu a tšolotsoeng, ba bontša tumelo mantsoeng ao ’me ‘ba etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.’ (Tšen. 7:13-15) Batlotsuoa le linku tse ling ba bontša hore ba tsoela pele ho itlhoekisa ka hore ‘ba boloke boitšoaro bo botle.’ (1 Pet. 2:12) E tlameha ebe Jehova o oa thaba ha a bona bohloeki le bonngoe ba batlotsuoa le ba linku tse ling, ba mamelang Molisa oa bona Jesu le ho latela tataiso ea hae ka botšepehi!

6. Re lokela ho etsa’ng e le hore re rue molemo?

6 Bahlanka ba Jehova kajeno ba ithuta thuto ea bohlokoa tabeng ea hore baprista ba Iseraele ba ne ba lokela ho hloeka ’meleng. Batho bao re ithutang Bibele le bona ba atisa ho hlokomela kamoo libaka tsa rōna tsa borapeli li hloekileng kateng le kamoo re aparang ka makhethe kateng. Empa ho hloeka ha baprista ho re thusa ho lemoha hore motho leha e le ofe ea nyolohelang thabeng ea Jehova ea borapeli o lokela ho ba le ‘pelo e hloekileng.’ (Bala Pesaleme ea 24:3, 4; Esa. 2:2, 3.) Re lokela ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang ka likelello, lipelo le ’mele e hloekileng. Sena se bolela hore re lokela ho itlhahloba khafetsa, ’me ho ka ’na ha hlokahala hore ba bang ba etse liphetoho tse itseng e le hore e be ba halalelang. (2 Bakor. 13:5) Ka mohlala motho ea kolobelitsoeng eo ka boomo a shebang litšoantšo tse litšila o lokela ho ipotsa, ‘Na ketso ee e bontša hore kea halalela?’ Joale o lokela ho kōpa thuso e le hore a khaotse tloaelo eo e mpe.—Jak. 5:14.

BONTŠANG HORE LEA HALALELA KA HO MAMELA

7. Tumellanong le Levitike 8:22-24, Jesu o behile mohlala ofe?

7 Ha ho ne ho hlomamisoa baprista Iseraele, Moprista ea Phahameng Arone le bara ba hae ba ile ba tlotsoa ka mali a pheleu tsebeng e tona, monoaneng o motona oa letsoho le monoaneng o moholo oa leoto. (Bala Levitike 8:22-24.) Ho tlotsoa ha bona ka mali ho ne ho bontša hore baprista ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho phetha mosebetsi oa bona. Ka ho tšoanang, Moprista ea Phahameng Jesu o behetse batlotsuoa le linku tse ling mohlala o phethahetseng. O ile a latela tataiso ea Molimo. Jesu o ile a sebelisa matsoho a hae ho phetha thato ea Jehova, ’me ha ho mohla maoto a hae a kileng a kheloha tseleng e halalelang.—Joh. 4:31-34.

8. Barapeli bohle ba Jehova ba lokela ho etsa’ng?

8 Bakreste ba tlotsitsoeng le linku tse ling tsa Jesu ba lokela ho tšepahala joaloka Moprista oa bona ea Phahameng. Barapeli bohle ba Jehova ba lokela ho latela tataiso e ka Lentsoeng la Molimo ’me kahoo ba qobe ho soabisa moea o halalelang. (Baef. 4:30) Ba lokela ‘ho otlolla litsela tsa maoto a bona.’—Baheb. 12:13.

9. Barab’abo rōna ba bararo ba sebelitseng haufi le litho tsa Sehlopha se Busang ba itse’ng, hona mantsoe a bona a ka u thusa joang hore u tsoele pele u bontša hore u ua halalela?

9 Nahana ka se builoeng ke barab’abo rōna ba bararo ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ba qetileng lilemo tse mashome ba sebetsa haufi le litho tsa Sehlopha se Busang. E mong o ile a re: “Le hoja ka sebele ena e le tokelo e ikhethang, ho sebetsa haufi le bona ho ’nile ha mpontša hore le hoja bara bana babo rōna ba tlotsitsoe ka moea, ha baa phethahala. Leha ho le joalo, pakane eo esale ke ipehela eona ho theosa le lilemo e bile ea hore ke ikokobeletse ba etellang pele.” E mong eena o re: “Mangolo a kang 2 Bakorinthe 10:5 a buang ka ‘ho mamela Kreste,’ a nthusitse hore ke mamele ba etellang pele le ho sebelisana le bona. Hona ke ho mamela ho tsoa pelong.” Oa boraro eena o ile a re: “Ho rata seo Jehova a se ratang le ho hloea seo a se hloileng, esita le ho lula u batla tataiso ea hae le ho etsa se mo khahlisang, ho bolela ho ikokobelletsa mokhatlo oa hae le batho bao a ba sebelisang ho finyella morero oa hae lefatšeng.” Mora enoa oabo rōna o ne a utloile hore Nathan Knorr, eo e bileng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a amohela habonolo lintlha tse sehloohong se reng, “Ho Tsoaloa ha Sechaba,” Molula-Qhooeng (oa Senyesemane) oa 1925, le hoja ba bang ba ne ba thatafalloa ho li amohela. Boikokobetso ba hae bo ile ba khahla mor’abo rōna ka ho teba. Ho thuisa ka se builoeng ke barab’abo rōna ba bararo ba qotsitsoeng ka holimo ho ka u thusa hore u bontše hore u ua halalela ka ho ba ea mamelang.

HO MAMELA MOLAO OA MOLIMO TABENG EA MALI

10. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho mamela molao oa Molimo tabeng ea ho se je mali?

10 Bala Levitike 17:10. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba ja “mali a mofuta leha e le ofe.” Bakreste le bona ba laetsoe hore ba ile mali a liphoofolo le a batho. (Lik. 15:28, 29) Ha re batle hore Molimo a re halefele ’me a re tlose phuthehong ea hae. Rea mo rata ebile re batla ho mo mamela. Esita le haeba bophelo ba rōna bo le kotsing, re ikemiselitse ho se mamele batho ba sa tsebeng Jehova ba bileng ba sa batleng ho mo mamela. Ha e le hantle, rea tseba hore batho ba tla re soma ka lebaka la ho ila mali, empa re khetha ho mamela Molimo. (Juda 17, 18) Ke’ng e tla re thusa tabeng ee hore re “ikemisetse ka tieo” ho se je mali kapa ho amohela tšelo ea mali?—Deut. 12:23.

11. Ke hobane’ng ha lintho tse neng li etsoa ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe e ne e se tloaelo feela tjee e sa re’ng letho?

11 Taba ea hore ebe moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a sebelisa mali selemo le selemo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, e re thusa ho utloisisa tsela eo Molimo a talimang mali ka eona. Mali a ne a sebelisoa ka tsela e khethehileng. A ne a sebelisetsoa ho koahela libe tsa ba batlang tšoarelo ea Jehova. Mali a poho le a pōli a ne a lokela ho fafatsoa ka pel’a sekoahelo sa areka ea selekane. (Lev. 16:14, 15, 19) Sena se ne se bula monyetla oa hore Jehova a tšoarele Baiseraele libe. Ho phaella moo, Jehova o ne a laetse hore haeba motho a bolaea phoofolo e le hore a e je, o lokela ho tšolla mali a eona ’me a a koahele ka mobu, “etsoe moea oa nama ea mofuta o mong le o mong ke mali a eona.” (Lev. 17:11-14) Na ee e ne e le tloaelo feela e sa reng letho? Che. Ho sebelisoa ha mali ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe le taelo ea hore a tšolleloe fatše, ho tumellanong le taelo eo Jehova a neng a e file Noe le litloholo tsa hae pejana mabapi le mali. (Gen. 9:3-6) Jehova Molimo o ne a ba thibetse ho ja mali. See se ama Bakreste joang?

12. Lengolo la Pauluse le eang ho Bakreste ba Baheberu le amahanya mali le tšoarelo joang?

12 Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba Baheberu ka matla a hloekisang a mali, o ile a re: “Hoo e batlang e le lintho tsohle li hloekisoa ka mali ho ea ka Molao, ’me ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.” (Baheb. 9:22) Pauluse o ile a boela a bontša hore le hoja mahlabelo a liphoofolo e ne e le a bohlokoa bo itseng, a ne a mpa a hopotsa Baiseraele hore ke baetsalibe le hore ba hloka ho hong ho a fetang e le hore libe tsa bona li tlosoe ka ho feletseng. Ha e le hantle, Molao e ne e “le seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla, empa eseng boleng ba sebele ba lintho tseo.” (Baheb. 10:1-4) Ho ne ho hlokahala’ng hore ba tšoareloe libe?

13. U ikutloa joang ka taba ea hore ebe Jesu o hlahisitse ka pel’a Jehova bohlokoa ba mali a hae?

13 Bala Baefese 1:7. Lefu la Jesu Kreste la sehlabelo, eo ka ho rata a ileng ‘a inehela bakeng sa rōna,’ le ama bohle ba mo ratang le ba ratang Ntate oa hae. (Bagal. 2:20) Empa se hlileng se re lokollang le ho etsa hore re tšoareloe libe ke seo Jesu a ileng a se etsa ka mor’a hore a shoe a be a tsosoe. Jesu o ile a phethahatsa se neng se tšoantšetsoa ke Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe tlas’a Molao oa Moshe. Letsatsing leo, moprista ea phahameng o ne a nka mali a mang a liphoofolo tsa sehlabelo a kena ka ’ona ka Sehalalelisisong sa tabernakele, ’me hamorao ka tempeleng ea Solomone ho ea a hlahisa ka pel’a Molimo ka tsela ea tšoantšetso. (Lev. 16:11-15) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a kena leholimong a nkile bohlokoa ba mali a hae ’me a bo hlahisa ka pel’a Jehova. (Baheb. 9:6, 7, 11-14, 24-28) Ruri re ananela hore ebe ka lebaka la ho bontša tumelo maling a Jesu, re tšoareloa libe ’me matsoalo a rōna aa hloekisoa!

14, 15. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho utloisisa le ho mamela molao oa Jehova tabeng ea mali?

14 Na joale u ua utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a re laela hore re se ke ra ja “mali a mofuta leha e le ofe”? (Lev. 17:10) Na u ua utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo a nka mali a halalela? O nka mali e le bophelo. (Gen. 9:4) Na u lumellana le taba ea hore re lokela ho amohela tsela eo Molimo a talimang mali ka eona le ho mamela taelo ea hae ea hore re a ile? Tsela feela eo re ka bang khotsong le Molimo ka eona ke ka ho lumela sehlabelong sa Jesu sa thekollo le ho ananela hore mali ke a bohlokoa ho ’Mōpi oa rōna.—Bakol. 1:19, 20.

15 Re ka ’na ra tobana le boemo ba tšohanyetso bo amang tšelo ea mali. E mong ka lapeng kapa motsoalle a ka ’na a lokela ho etsa qeto ea ho amohela tšelo ea mali kapa ho se e amohele. Nakong eo e thata, ho ka ’na ha hlokahala hore motho a etse qeto mabapi le ho sebelisa likaroloana tsa mali le mekhoa e meng ea phekolo. Ka hona, ke habohlokoa hore re etse lipatlisiso ’me re itokiselletse maemo a tšohanyetso a ka ’nang a hlaha. Haeba re etsa sena re bile re rapella taba ena, seo se tla re thusa hore re lule re tšepahala. Ke ’nete hore ha re batle ho halefisa Jehova ka hore re etse seo Lentsoe la hae le se hanelang! Lingaka le batho ba buellang tšelo ea mali ba khothalletsa batho hore ba fane ka mali ka tebello ea ho pholosa ba bang. Empa batho ba Jehova ba halalelang baa tseba hore ’Mōpi o na le tokelo ea ho ba bolella hore na mali a sebelisoe joang. O nka “mali a mofuta leha e le ofe” a halalela. Re lokela ho ikemisetsa ho mamela molao oa hae tabeng ea mali. Ha re halalela boitšoarong, re bontša Jehova hore re ananela ka ho teba matla a pholosang a mali a Jesu—e leng ’ona feela a re bulelang monyetla oa ho tšoareloa libe le oa ho fumana bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.

Na u ikemiselitse ho mamela molao oa Jehova tabeng ea mali? (Sheba serapa sa 14 le 15)

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A BATLA HORE RE HALALELE?

16. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba lokela ho halalela?

16 Ha Molimo a ne a lokolla Baiseraele bokhobeng Egepeta, o ile a re ho bona: “Ke ’na Jehova ea le etellang pele ho tsoa Egepeta hore ke be Molimo ho lōna; le halalele, hobane kea halalela.” (Lev. 11:45) Sechaba sa Iseraele se ne se lokela ho halalela hobane Jehova o oa halalela. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, le rōna re lokela ho halalela. Buka ea Levitike e totobatsa sena.

17. U ikutloa joang ka buka ea Bibele ea Levitike?

17 Ha ho pelaelo hore re ruile molemo ka ho tšohla likarolo tse itseng tsa Levitike. Mohlomong, sehlooho sena se u thusitse hore u ananele haholoanyane buka ena e bululetsoeng ea Bibele. Ha ho pelaelo hore ho thuisa ka boitsebiso ba bohlokoa bo ho Levitike ho u hlakiselitse mabaka ao ka ’ona re lokelang ho halalela. Empa ke lintlha life tse ling tsa bohlokoa tseo re ka li fumanang bukeng ee e ka Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng? Re ka ithuta’ng hape ho eona tabeng ea ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang? Re tla tšohla lintlha tsena sehloohong se latelang.