Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Lokela ho Halalela Boitšoarong Bohle ba Rōna

Re Lokela ho Halalela Boitšoarong Bohle ba Rōna

“Le halalele boitšoarong bohle ba lōna.”—1 PET. 1:15.

1, 2. (a) Batho ba Molimo ba lokela ho itšoara joang? (b) Sehloohong see re tl’o tšohla lipotso life?

JEHOVA o ile a bululela moapostola Petrose hore a amahanye khalalelo e totobatsoang bukeng ea Levitike le taba ea hore re lokela ho halalela boitšoarong ba rōna re le Bakreste. (Bala 1 Petrose 1:14-16.) “Mohalaleli,” Jehova o lebeletse hore batlotsuoa le “linku tse ling” ba etse sohle seo ba ka se khonang hore ba halalele boitšoarong bohle ba bona—eseng linthong tse itseng feela.—Joh. 10:16.

2 Ho hlahloba lintlha tse ling tsa bohlokoa bukeng ea Levitike ho tla re ruisa molemo haholo, ’me ho sebelisa seo re ithutang sona ho eona ho tla re thusa hore re halalele boitšoarong bohle ba rōna. Re tla hlahloba lipotso tse kang: Re lokela ho ikutloa joang ka ho se tšepahale? Buka ea Levitike e re ruta eng mabapi le ho tšehetsa bobusi ba Jehova? Re ka ithuta’ng tabeng ea ho nyeheloa ha mahlabelo?

IKEMISETSE HO TŠEPAHALA

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho tšepahalla melao le melao-motheo ea Bibele? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho iphetetsa kapa ho jara ba bang ka pelo?

3 Haeba re batla ho thabisa Jehova, re lokela ho khomarela melao le melao-motheo ea hae le ho e tšepahalla, ’me re e nke e halalela. Le hoja re se tlas’a Molao oa Moshe, litaelo tsa oona li re bontša seo Molimo a se amohelang le seo a sa se amoheleng. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba fuoe taelo ena: “U se ke ua iphetetsa kapa ua jara bara ba batho ba heno ka pelo; ’me u rate oa heno joalokaha u ithata. Ke ’na Jehova.”—Lev. 19:18.

4 Jehova o lebeletse hore re se ke ra iphetetsa, ’me o batla hore re se ke ra jara ba bang ka pelo. (Bar. 12:19) Haeba re hlokomoloha melao le melao-motheo ea Molimo, re tla thabisa Diabolose, ’me sena se ka tlisa thohako ho Jehova. Esita le haeba motho a re utloisitse bohloko ka boomo, a re se keng ra itumella ho ba lijana tse jarang lehloeo. Molimo o re file tokelo ea ho ba ‘lijana tsa letsopa’ tse jereng letlotlo la tšebeletso. (2 Bakor. 4:1, 7) Lijana tse joalo ha lia lokela ho jara lehloeo le kotsi!

5. Re ka ithuta’ng tlalehong ea Arone ha a shoeloa ke bara? (Sheba setšoantšo se qalong.)

5 Ho Levitike 10:1-11 ho tlalehiloe phihlelo e utloisang bohloko e ileng ea hlahela ba lelapa la Arone. E tlameha ebe ba ile ba utloa bohloko haholo ha mollo o tsoang leholimong o chesa bara ba Arone, e leng Nadabe le Abihu, tabernakeleng. Ruri e bile teko e matla ea tumelo ho Arone le lelapa la hae hore ba se ke ba llela beng ka bona! Na u bontša khalalelo ka ho se itsoakanye le beng ka uena kapa batho ba bang ba khaotsoeng?—Bala 1 Bakorinthe 5:11.

6, 7. (a) Ha re memetsoe ho ea lechatong le il’o tšoareloa kerekeng, ke lintlha life tsa bohlokoa tseo re lokelang ho nahana ka tsona? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Re ka ’na ra re’ng ha re hlalosetsa beng ka rōna bao e seng Lipaki hore na re ikutloa joang ka ho ea lechatong le il’o tšoareloa kerekeng?

6 Re ka ’na ra se ke ra hlaheloa ke teko e matla joaloka e hlahetseng Arone le lelapa la hae. Empa re ka etsa’ng haeba mong ka rōna eo e seng Paki a re mema lechatong le il’o tšoareloa kerekeng? Ha ho na Mangolo a tobileng a re thibelang ho ea lechatong le tšoareloang kerekeng, empa na ho na le melao-motheo ea Bibele e ka re thusang ho etsa qeto maemong a kang aa? *

7 Beng ka rōna bao e seng Lipaki ba ka ’na ba makatsoa ke boikemisetso ba rōna ba ho bontša Jehova hore rea halalela boemong boo re sa tsoa bua ka bona. (1 Pet. 4:3, 4) Ke ’nete hore ha re batle ho ba khopisa, leha ho le joalo ho molemo hore re bue le bona ka mosa empa re sa hlathe koana le koana. Mohlomong re ka buisana le bona nako esale teng. Re ka ba leboha hore ebe ba re memme lechatong. Ka mor’a moo re ka ’na ra ba bolella hore kaha ho ameha bolumeli, ho ea ha rōna lechatong ho ka ’na ha senya thabo ea bona esita le ho soabisa ba bang moo. Ena ke tsela e ’ngoe eo re ka tšepahallang seo re se lumelang ka eona.

TŠEHETSA BOBUSI BA JEHOVA

8. Buka ea Levitike e totobatsa bobusi ba Jehova joang?

8 Buka ea Levitike e totobatsa bobusi ba Jehova. Melao e ngotsoeng ho Levitike, e bontša ka makhetlo a fetang 30 hore Jehova ke eena ea faneng ka eona. Moshe o ile a lumela sena ’me a etsa seo Jehova a mo laetseng sona. (Lev. 8:4, 5) Le rōna re lokela ho etsa seo ’Musi oa rōna Jehova, a batlang hore re se etse. Mokhatlo oa Molimo o oa re tšehetsa ntlheng ena. Empa re ka ’na ra lekoa tumelong ha re le bang, joalokaha Jesu a ile a lekoa lefeelleng. (Luka 4:1-13) Haeba re amehile ka bobusi ba Molimo ebile re mo tšepa, ha ho motho ea ka re lahlisang botšepehi ba rōna le ho etsa hore re inehele ke tšabo.—Liprov. 29:25.

9. Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba hloiloe lichabeng tsohle?

9 Kaha re balateli ba Kreste le Lipaki Tsa Jehova, rea hlorisoa lichabeng tse ngata. Re lokela ho lebella sena, kaha Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 24:9) Le hoja re hloiloe, re tsoela pele ho bolela ka ’Muso ’me re ipaka re halalela ka pel’a Jehova. Empa ke hobane’ng ha re hloiloe hakaale le hoja re le baahi ba tšepahalang, ba itlhomphang le ba hlomphang molao? (Bar. 13:1-7) Ke hobane re khethile ho mamela Jehova ’Musi Morena oa rōna! Re etsetsa “eena feela” tšebeletso e halalelang, ’me re tla lula re mamela melao le melao-motheo ea hae e lokileng.—Mat. 4:10.

10. Ho ile ha etsahala’ng ka lekhetlo le leng ha mor’abo rōna a nka lehlakore?

10 Hape ‘ha re karolo ea lefatše.’ Ka hona, ha re nke lehlakore lintoeng le lipolotiking tsa lefatše. (Bala Johanne 15:18-21; Esaia 2:4.) Batho ba bang ba inehetseng ho Molimo ba ile ba nka lehlakore. Ba bangata ba bona ba ile ba baka, ’me ba lokisa kamano ea bona le Ntate oa rōna ea mohau oa leholimo. (Pes. 51:17) Empa ba seng bakae ha baa ka ba baka. Ka mohlala, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ba boholong ba ile ba bokella barab’abo rōna ba 160 ba lilemo li ka tlaase ho tse 45, ba neng ba koaletsoe ka leeme literonkong tsa Hungary, ’me ba ba isa motseng o mong. Ba ile ba ba laela hore ba kenele bosole. Barab’abo rōna ba tšepahalang ba ile ba hana ba tiile, empa ba robong ba ikana ho ba masole ’me ba apara junifomo. Lilemo tse peli hamorao, e mong oa bona o ile a iphumana a le har’a masole a laetsoeng ho bolaea Lipaki tseo tse tšepahalang. Har’a tsona ho ne ho e-na le ngoan’abo oa letsoele! Leha ho le joalo, Lipaki tseo ha lia ka tsa bolaoa.

FA JEHOVA SE MOLEMOHALI

11, 12. Tsela eo Jehova a neng a laetse hore mahlabelo a etsoe ka eona Iseraeleng e ama Bakreste joang kajeno?

11 Ho ea ka Molao oa Moshe, Baiseraele ba ne ba lokela ho nyehela mahlabelo a khethehileng. (Lev. 9:1-4, 15-21) Ba ne ba lokela ho fana ka mahlabelo a se nang sekoli, kaha a ne a tšoantšetsa sehlabelo se phethahetseng sa Jesu. Ho feta moo, ba ne ba lokela ho latela litaelo tse tobileng ha ba etsa linyehelo kapa mahlabelo a mefuta e sa tšoaneng. Ka mohlala, nahana ka se neng se hlokoa ho ’mè ea sa tsoa ba le ngoana. Levitike 12:6 e re: “Joale ha matsatsi a tlhoekiso ea hae a phethahala bakeng sa mora kapa bakeng sa morali o tla tlisa pheleu e nyenyane e selemong sa eona sa pele bakeng sa nyehelo ea secheso le leebana kapa leebana-khoroana bakeng sa nyehelo ea sebe monyako oa tente ea pokano ho moprista.” Molimo o ne a fane ka litaelo tse tobileng, leha ho le joalo Molao oo o ne o totobatsa tsela e lerato eo a nahanelang ka eona. Haeba ’mè a sitoa ho nyehela ka nku, o ne a lumeletsoe hore a nyehele ka maebana-khoroana a mabeli kapa maeba a mabeli. (Lev. 12:8) Le hoja ’mè enoa a ne a futsanehile, o ne a ratoa a bile a ananeloa feela joaloka ea tlisitseng mpho ea boleng bo holimo. Re ithuta’ng ho see?

12 Moapostola Pauluse o ile a phehella balumeli-’moho le eena hore ba nyehele ho Molimo “sehlabelo sa thoriso.” (Baheb. 13:15) Re lokela ho phatlalatsa lebitso la Jehova le halalelang. Bara le barali babo rōna ba litholo ba sebelisa puo ea matsoho ho rorisa Molimo. Bakreste ba hlōlehang ho tloha malapeng ba mo rorisa ka ho ngola mangolo, ho paka ka thelefono le ho pakela batho ba ba thusang le ba ba etelang. Re lokela ho nyehela sehlabelo sa rōna sa thoriso, kapa ho rorisa Jehova ka ho tsebahatsa lebitso la hae le ho phatlalatsa litaba tse molemo, ho latela maemo a rōna a bophelo le matla a rōna. Re lokela ho mo fa se molemohali.—Bar. 12:1; 2 Tim. 2:15.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho tlaleha mosebetsi oa rōna oa tšimo?

13 Mahlabelo a rōna a thoriso ke linyehelo tsa boithaopo tseo re li etsetsang Molimo ka ho rata. (Mat. 22:37, 38) Empa re kōpuoa hore re tlalehe tšebeletso ea rōna. Joale, re lokela ho ikutloa joang ka tokisetso ee? Litlaleho tseo re fanang ka tsona khoeli ka ’ngoe li bontša boinehelo ba rōna ho Molimo. (2 Pet. 1:7) Ke ’nete hore ha rea lokela ho ikutloa re tlamehile ho qeta lihora tse ngata re le tšimong e le hore feela re tlalehe lihora tse ngata. Ke kahoo mohoeletsi oa ’Muso ea lehaeng la maqheku kapa ea holofetseng a ka ’nang a tlaleha tšebeletso ka metsotso e 15 ho e-na le ka lihora. Jehova o ananela metsotso eo mohoeletsi a fanang ka eona e le mpho e molemohali hape e le pontšo ea lerato la hae ho Eena le ea hore o ananela tlotla ea ho mo sebeletsa joaloka e mong oa Lipaki tsa Hae. Feela joaloka Baiseraele bao maemo a bona a neng a sa ba lumelle hore ba nyehele mahlabelo a boleng bo holimo, bahlanka bana ba Jehova ba ratehang ba fokolloang ke bophelo le bona ba ntse ba ka fana ka tlaleho. Litlaleho tsa rōna ka bomong li kenella tlalehong ea lefatše ka bophara, ’me li thusa mokhatlo ho hlophisa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Na joale rea tšoenngoa ha re kōpuoa hore re tlalehe mosebetsi oo re o entseng boboleling?

TSELA EO RE ITHUTANG KA EONA LE MAHLABELO A THORISO

14. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba tsela eo re ithutang ka eona.

14 Ka mor’a hore re tšohle lintlha tse seng kae tsa bohlokoa tse ho Levitike, u ka ’na ua re, ‘Joale kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha buka ena e le karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.’ (2 Tim. 3:16) Mohlomong joale u ikemiselitse le ho feta ho ipaka u halalela, eseng feela hobane Jehova a u laetse seo empa hobane u batla ho mo khahlisa. Mohlomong lintlha tseo u ithutileng tsona ho Levitike lihloohong tsena tse peli li matlafalitse takatso ea hao ea ho batlisisa ka Mangolong. (Bala Liproverbia 2:1-5.) Hlahlobisisa tsela eo u ithutang ka eona ’me u rapelle taba eo. Ha ho pelaelo hore u batla hore Jehova a amohele sehlabelo sa hao sa thoriso. Na u lumella mananeo a thelevishene, lipapali tsa video le lipapali tse ling kapa ntho leha e le efe ho u sitisa kapa ho kena-kenana le tsoelo-pele ea hao moeeng? Haeba ho joalo, u ka ’na ua fumana ho le molemo ho thuisa ka mantsoe a moapostola Pauluse a tlalehiloeng bukeng ea Baheberu.

Na u nka ho ithuta Bibele le ho tšoara Borapeli ba Lelapa e le tsa bohlokoa bophelong? (Sheba serapa sa 14)

15, 16. Ke hobane’ng ha Pauluse a sa ka a koekoetla taba ha a ngolla Bakreste ba Baheberu?

15 Pauluse o ile a toba taba ha a ngolla Bakreste-’moho le eena ba Baheberu. (Bala Baheberu 5:7, 11-14.) Ha aa ka a koekoetla letho! O ile a ba bolella hore ba “fetohile ba thotofetseng” ho utloeng. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bua le bona ka tsela e matla le e tobileng tjee? O ne a bonahatsa lerato le kameho eo Jehova a nang le eona ka Bakreste ba lekang ho phela ka lebese la moea feela. Ke habohlokoa ho tseba lithuto tsa motheo tsa Bokreste. Empa re hloka “lijo tse tiileng” e le hore re be Bakreste ba hōlileng moeeng.

16 Ho fapana le hore ebe Baheberu bao ba ne ba hatetse pele hoo ba ka rutang ba bang, ba ne ba hloka ho rutoa. Hobane’ng? Hobane ba ne ba sa iphepe ka “lijo tse tiileng.” Ipotse: ‘Na ke na le boikutlo bo nepahetseng ka lijo tse tiileng tsa moea? Na ke iphepa ka tsona? Kapa na ke tsoafa ho rapela le ho batlisisa lithuto tse tebileng tsa Bibele? Haeba ho joalo, na tsela eo ke ithutang ka eona e ka ’na eaba ke eona e mpakelang bothata?’ Re lokela ho pakela batho, re ba rute le ho ba etsa barutuoa.—Mat. 28:19, 20.

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re iphepa ka lijo tse tiileng tsa moea? (b) Ha ho tluoa tabeng ea liboka tsa Bokreste, re lokela ho talima tšebeliso ea lino tse tahang joang?

17 Boholo ba rōna re ka ’na ra thatafalloa ho ithuta Bibele. Ke ’nete hore Jehova ha a leke ho susumelletsa batho ba hae hore ba ithute ka ho etsa hore ba ikutloe ba le molato. Empa ebang ke khale re inehetse ho Molimo kapa re sa tsoa inehela ho eena, re lokela ho tsoela pele re iphepa ka lijo tse tiileng tsa moea. Ke habohlokoa ho etsa seo haeba re batla ho lula re halalela.

18 E le hore re be ba halalelang, re lokela ho hlahloba Mangolo ka hloko ’me re etse seo Molimo a re laelang sona. Nahana ka bara ba Arone, e leng Nadabe le Abihu, ba ileng ba bolaoa ka lebaka la ho nyehela “mollo oo e seng oa molao,” mohlomong hobane ba tahiloe. (Lev. 10:1, 2) Hlokomela seo Molimo a ileng a se bolella Arone ka mor’a moo. (Bala Levitike 10:8-11.) Na litemana tsee li bolela hore ha rea lokela ho noa lino tse tahang pele re ea libokeng tsa Bokreste? Nahana ka lintlha tsena: Ha re tlas’a Molao. (Bar. 10:4) Linaheng tse ling, balumeli-’moho le rōna ba noa ka tsela e itekanetseng nakong ea lijo, pele ba ea libokeng. Ho ne ho e-na le linoelo tse ’nè tsa veine ka Paseka. Ha Jesu a theha Sehopotso, o ile a fa baapostola ba hae veine e emelang mali a hae. (Mat. 26:27) Bibele e nyatsa ho noa haholo le botahoa. (1 Bakor. 6:10; 1 Tim. 3:8) Matsoalo a Bakreste ba bangata a ba susumelletsa hore ba se ke ba noa ho hang pele ba kopanela mofuteng leha e le ofe oa tšebeletso. Empa maemo a fapana ho ea ka libaka, ’me ntho ea bohlokoa ke hore Bakreste ‘ba khetholle pakeng tsa ntho e halalelang le e silafetseng’ e le hore ba itšoare ka khalalelo ’me ba khahlise Molimo.

19. (a) Re lokela ho hopola eng ha ho tluoa tabeng ea borapeli ba lelapa le thuto ea botho? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng e le hore u bontše hore u ua halalela?

19 U tla fumana lintlha tse ngata tsa bohlokoa haeba u batlisisa ka Lentsoeng la Molimo. Etsa lipatlisiso ka lithulusi tseo re nang le tsona ho ntlafatsa boleng ba borapeli ba lelapa le thuto ea hao ea botho. Ithute ka ho eketsehileng ka Jehova le merero ea hae. Atamela haufi le eena. (Jak. 4:8) Rapela Molimo joaloka mopesaleme ea ileng a bina, a re: “Tutubolla mahlo a ka, e le hore nka talima lintho tse hlollang tse tsoang molaong oa hao.” (Pes. 119:18) Lula u tšepahalla melao le melao-motheo ea Bibele. Ikokobeletse molao o phahameng oa “Mohalaleli” Jehova, ’me u kopanele ka cheseho “mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo tsa Molimo.” (1 Pet. 1:15; Bar. 15:16) Ipake u halalela matsatsing ana a ho qetela a thata. E se eka kaofela ha rōna re ka halalela boitšoarong ’me kahoo re tšehetse bobusi ba Jehova Molimo oa rōna ea halalelang.

^ ser. 6 Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooeng oa May 15, 2002.