Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Joale le Sechaba sa Molimo”

“Joale le Sechaba sa Molimo”

“Ka nako e ’ngoe le ne le se sechaba, empa joale le sechaba sa Molimo.”—1 PET. 2:10.

1, 2. Ke phetoho efe e ileng ea etsahala ka Pentekonta ea 33 C.E., hona ke bo-mang bao e bileng litho tsa sechaba se secha sa Jehova? (Sheba setšoantšo se qalong.)

PENTEKONTA EA 33 C.E. e bile ketsahalo e ikhethang historing ea batho ba Jehova lefatšeng. Ho bile le phetoho e khōlō. Letsatsing leo, Jehova o ile a sebelisa moea oa hae ho theha sechaba se secha—e leng Iseraele ea moea, kapa “Iseraele oa Molimo.” (Bagal. 6:16) Lena e ne e le lekhetlo la pele batho ba Molimo ba se ba sa khetholloe ka lebollo le neng le qalile mehleng ea Abrahama. Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a re ka setho ka seng sa sechaba seo se secha: “Lebollo la hae ke la pelo ka moea.”—Bar. 2:29.

2 Litho tsa pele tsa sechaba sena se secha sa Molimo e bile baapostola le barutuoa ba bang ba Kreste ba fetang lekholo ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo Jerusalema. (Lik. 1:12-15) Ba ile ba tšolleloa moea o halalelang, ’me seo sa etsa hore e be bara ba Molimo ba tsoetsoeng ka moea. (Bar. 8:15, 16; 2 Bakor. 1:21) Bona e bile bopaki ba hore selekane se secha se qalile ho sebetsa, seo Mokena-lipakeng oa sona e leng Kreste ’me se tiisitsoe ka mali hae. (Luka 22:20; bala Baheberu 9:15.) Kahoo barutuoa bana e bile litho tsa sechaba se secha sa Jehova. Moea o halalelang o ile oa ba nolofalletsa ho bua lipuo tse sa tšoaneng hore ba pakele Bajuda le basokolohi ba neng ba tlile Jerusalema, ba tsoa likarolong tsohle tsa ’Muso oa Roma ho tla keteka Mokete oa Bajuda oa Libeke, kapa oa Pentekonta. Batho bao ba ile ba utloa ba ba ba utloisisa ha Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba ba bolella ka puo ea bona “lintho tse hlollang tsa Molimo.”—Lik. 2:1-11.

SECHABA SE SECHA SA MOLIMO

3-5. (a) Petrose o ile a re’ng ho Bajuda ka letsatsi la Pentekonta? (b) Ke lintho life tse entseng hore sechaba se secha sa Jehova se hōle qalong?

3 Jehova o ile a sebelisa moapostola Petrose ho bulela Bajuda le ba sokolohetseng Bojudeng monyetla oa ho ba litho tsa sechaba se secha se sa tsoa tsoaloa, e leng phutheho ea Bokreste. Letsatsing leo la Pentekonta, ka sebete Petrose o ile a bolella Bajuda hore ba lokela ho amohela Jesu, eo ba ileng ba mo “khokhothela thupeng,” kaha “Molimo o mo entse Morena le Kreste.” Ha letšoele le botsa Petrose hore na le lokela ho etsa’ng, o ile a re: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste hore le tšoareloe libe, ’me le tla amohela mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.” (Lik. 2:22, 23, 36-38) Letsatsing leo batho ba bang ba ka bang 3 000 ba ile ba kenyelletsoa sechabeng se secha kapa ho Iseraele ea moea. (Lik. 2:41) Ka mor’a moo, ho bolela ha baapostola ka cheseho ho ile ha tsoela pele ho beha litholoana. (Lik. 6:7) Sechaba se secha se ile sa ’na sa hōla.

4 Hamorao, mosebetsi oa ho bolela o ile oa namela le ho Basamaria, ’me oa atleha haholo. Ba bangata ba ile ba kolobetsoa ke moevangeli Filipi, empa ha baa ka ba fumana moea o halalelang hang-hang. Sehlopha se busang se Jerusalema se ile sa romela moapostola Petrose le Johanne ho Basamaria bao ba sokolohileng, ba “beha matsoho holim’a bona, ’me ba qala ho amohela moea o halalelang.” (Lik. 8:5, 6, 14-17) Kahoo, Basamaria bao le bona e ile ea e-ba litho tse tlotsitsoeng ka moea tsa Iseraele ea moea.

Petrose o ile a pakela Korneliase le ba ntlo ea hae (Sheba serapa sa 5)

5 Ka 36 C.E., Petrose o ile a boela a sebelisetsoa ho memela ba bang hore e be karolo ea sechaba se secha sa Iseraele ea moea. O entse sena ha a pakela molaoli oa lebotho oa Moroma ea bitsoang Korneliase, le beng ka eena le metsoalle ea hae. (Lik. 10:22, 24, 34, 35) Bibele e re: “Ha Petrose a sa ntse a bua . . . , moea o halalelang oa theohela holim’a bohle [bao e seng Bajuda] ba utloang lentsoe. Ba tšepahalang ba neng ba tlile le Petrose bao e neng e le ba ba bolotseng ba makala, hobane mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang e ne e ntse e tšolleloa le holim’a batho ba lichaba.” (Lik. 10:44, 45) Joale monyetla o ne o se o bulehetse Balichaba ba sa bollang hore e be karolo ea sechaba se secha sa Iseraele ea moea.

“BATHO BAKENG SA LEBITSO LA HAE”

6, 7. Litho tsa sechaba se secha li ne li lokela ho etsa’ng ho bontša hore ke batho ba khethetsoeng lebitso la Jehova, hona li entse see ho isa bohōleng bofe?

6 Sebokeng sa sehlopha se busang sa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo se neng se tšoeroe ka 49 C.E., morutuoa Jakobo o ile a re: “Symeone [Petrose] o phetile ka ho phethahetseng kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Lik. 15:14) Sechaba sena se secha se jereng lebitso la Jehova se ne se tla akarelletsa balumeli ba Bajuda le bao e seng Bajuda. (Bar. 11:25, 26a) Hamorao, Petrose o ile a ngola a re: “Ka nako e ’ngoe le ne le se sechaba, empa joale le sechaba sa Molimo.” Petrose o ile a hlalosa morero oa sona ka ho re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Pet. 2:9, 10) Ba ne ba lokela ho phatlalatsa lithoriso tsa Molimo eo ba neng ba mo emela le ho tlotlisa lebitso la hae phatlalatsa. Hape e ne e lokela ho ba lipaki tse sebete tsa Jehova, e leng ’Musi oa Bokahohle.

7 Mantsoe ao Jehova a a buileng ho Iseraele ea nama ha a re ke ‘sechaba seo a iketselitseng sona hore se phete thoriso ea hae,’ aa sebetsa le ho Iseraele ea moea. (Esa. 43:21) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba phatlalatsa ka sebete hore Jehova ke eena Molimo a le mong oa ’nete, ’me ba pepesa melimo e meng ea bohata e neng e rapeloa ka nako eo. (1 Bathes. 1:9) Ba ile ba paka ka Jehova le Jesu “Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Lik. 1:8; Bakol. 1:23.

8. Moapostola Pauluse o ile a lemosa batho ba Molimo ba lekholong la pele la lilemo ka eng?

8 Moapostola Pauluse ke e mong oa batho ba sebete ba ileng ba khetheloa lebitso la Jehova lekholong la pele la lilemo. O ile a emela bobusi ba Jehova ka sebete ka pel’a bo-rafilosofi ba bahetene, kaha Jehova ke ‘Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, ’me ke Morena oa leholimo le lefatše.’ (Lik. 17:18, 23-25) Ho elella qetellong ea leeto la hae la boraro la boromuoa , Pauluse o ile a lemosa batho ba khethetsoeng lebitso la Molimo a re: “Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa, ’me har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Lik. 20:29, 30) Bokoenehi bona bo neng bo boletsoe esale pele bo ile ba bonahala ka ho hlaka ho elella qetellong ea lekholo la pele la lilemo.—1 Joh. 2:18, 19.

9. Ho ile ha etsahala’ng ka batho ba khethetsoeng lebitso la Jehova ka mor’a lefu la baapostola?

9 Ka mor’a lefu la baapostola, bokoenehi bo ile ba ata eaba bo hlahisa likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Ho e-na le hore Bakreste bana ba bakoenehi e be batho ba khethetsoeng lebitso la Jehova, ba tlositse lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona tse ngata tsa Bibele. Ba latetse lineano tsa bohetene ’me ba hlompholotse Molimo ka lithuto tsa bona tse sa thehoang Mangolong, “lintoa tse halalelang” le ka boitšoaro ba bona bo litšila. Kahoo ho theosa le makholo a lilemo Jehova o ’nile a ba le barapeli ba tšepahalang ba seng bakae lefatšeng, empa ba sa hlophisoa hore e be batho ba khethetsoeng lebitso la hae.

SECHABA SA MOLIMO SE TSOALOA BOCHA

10, 11. (a) Jesu o ile a bolela eng esale pele papisong ea hae ea koro le mofoka? (b) Papiso ea Jesu e ile ea phethahala joang ka mor’a 1914, hona ka phello efe?

10 Papisong ea hae ea koro le mofoka, Jesu o ile a bolela esale pele ka lefifi la moea le neng le tla ba teng ka lebaka la bokoenehi. O ile a re “ha batho ba ntse ba robetse,” Diabolose o ne a tla jalella mofoka tšimong eo Mor’a motho a jetseng koro ho eona. Li ne li tla hōla hammoho ho fihlela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Jesu o ile a hlalosa hore “peō e ntle” e emela “bara ba ’muso” ’me “mofoka” oona o emela “bara ba ea khopo.” Nakong ea bofelo, Mor’a motho o ne a tla romela “bakotuli,” e leng mangeloi ho arola mofoka le koro tsa tšoantšetso. Bara ba ’Muso ba ne ba tla bokelloa. (Mat. 13:24-30, 36-43) See se etsahetse joang, hona se amana joang le taba ea hore Jehova o na le batho lefatšeng?

11 “Qetello ea tsamaiso ea lintho” e qalile ka 1914. Nakong ea ntoa e ileng ea qhoma selemong seo, Bakreste ba likete tse seng kae ba batlotsuoa e leng “bara ba ’muso,” ba ne ba le botlamuoeng ba moea ba Babylona e Moholo. Ka 1919, Jehova o ile a ba lokolla, a bontša ka ho hlaka phapang pakeng tsa bona le “mofoka,” e leng Bakreste ba bohata. O ile a bokella “bara ba ’muso” a ba hlophisa hore e be sechaba tumellanong le boprofeta ba Esaia, bo reng: “Na naha e ka hlahisoa ka bohloko ba pelehi ka letsatsi le le leng? Kapa na sechaba se ka tsoaloa ka nako e le ’ngoe? Etsoe Sione e bile bohlokong ba pelehi ’me e tsoetse bara ba eona.” (Esa. 66:8) Sione, e leng mokhatlo oa Jehova oa libōpuoa tsa moea, e ile ea hlahisa bara ba tlotsitsoeng ka moea ’me ea ba hlophisa hore e be sechaba.

12. Batlotsuoa ba bontšitse joang hore ke batho ba khethetsoeng lebitso la Jehova kajeno?

12 Ho tšoana le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, “bara ba ’muso” ba batlotsuoa e ne e lokela ho ba lipaki tsa Jehova. (Bala Esaia 43:1, 10, 11.) Kahoo ba ne ba tla khetholloa ka boitšoaro ba bona ba Bokreste le ka ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:14; Bafil. 2:15) Ka tsela ena, ba thusitse batho ba limilione hore ba be le kamano e ntle le Jehova.—Bala Daniele 12:3.

“RE TLA TSAMAEA LE LŌNA”

13, 14. Batho bao e seng litho tsa Iseraele ea moea ba lokela ho etsa’ng e le hore ba rapele Jehova le ho mo sebeletsa ka tsela e amohelehang, hona see se ile sa boleloa joang esale pele ka Bibeleng?

13 Sehloohong se fetileng re bone hore Iseraeleng ea boholo-holo, batho ba lichaba tse ling ba ne ba ka rapela Jehova ka tsela e amohelehang, empa ba ne ba lokela ho kopanela le batho bao a entseng selekane le bona. (1 Mar. 8:41-43) Ka tsela e tšoanang le kajeno bao e seng litho tsa Iseraele ea moea ba lokela ho kopanela le sechaba sa Jehova, e leng “bara ba ’muso,” kapa Lipaki Tsa Jehova tse tlotsitsoeng.

14 Baprofeta ba babeli ba ile ba bolela esale pele hore batho ba bangata ba tla rapela Jehova hammoho le batho ba hae. Esaia o ile a profeta a re: “Lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: ‘Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.’ Etsoe molao o tla tsoa Sione, ’me lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.” (Esa. 2:2, 3) Ka ho tšoanang, moprofeta Zakaria o ile a bolela esale pele hore “batho ba bangata le lichaba tse matla li tla tla ho batla Jehova oa mabotho Jerusalema le ho nolofatsa sefahleho sa Jehova.” O ile a re ke “banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle” bao ka tsela ea tšoantšetso ba itšoareletsang ka seaparo sa Iseraele ea moea ’me ba re: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”—Zak. 8:20-23.

15. “Linku tse ling” li kopanela mosebetsing ofe le Iseraele ea moea?

15 “Linku tse ling” li “tsamaea” le litho tsa Iseraele ea moea ka hore li kopanele le tsona mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mar. 13:10) Li fetoha karolo ea sechaba sa Molimo, ’me e ba “mohlape o le mong” hammoho le batlotsuoa o tlas’a “molisa ea khabane,” Kreste Jesu.—Bala Johanne 10:14-16.

SIRELETSOA LE SECHABA SA JEHOVA

16. Jehova o tla tlisa karolo e qetellang ea “matšoenyeho a maholo” joang?

16 Ka mor’a hore Babylona e Moholo e timetsoe, batho ba Jehova ba tla hlaseloa ka mabifi ’me ka nako eo ho tla hlokahala hore ba be tlas’a tšireletso eo Jehova a e fang bahlanka ba hae. Kaha tlhaselo ena e tla qala “matšoenyeho a maholo,” ke Jehova ea tla tsamaisa lintho le ho khetha nako e loketseng ea ho bonahatsa matla a hae. (Mat. 24:21; Ezek. 38:2-4) Ka nako eo, Gogo o tla hlasela “batho ba bokeletsoeng ho tsoa lichabeng,” e leng sechaba sa Jehova. (Ezek. 38:10-12) Tlhaselo eo e tla tšoaea ho phethahala ha likahlolo tsa Jehova khahlanong le Gogo le mabotho a hae. Jehova o tla tlotlisa bobusi ba hae ’me a halaletse lebitso la hae, kaha o re: ‘Ka sebele ke tla itsebahatsa ka pel’a mahlo a lichaba tse ngata; ’me li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’—Ezek. 38:18-23.

Nakong ea “matšoenyeho a maholo,” re tla lokela ho lula haufi le liphutheho tsa habo rōna (Sheba serapa sa 16-18)

17, 18. (a) Batho ba Jehova ba tla fuoa litaelo life ha Gogo a ba hlasela? (b) Re lokela ho etsa’ng haeba re batla hore Jehova a re sireletse?

17 Ha Gogo a qala ho hlasela, Jehova o tla re ho bahlanka ba hae: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao. Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta.” (Esa. 26:20) Ka nako eo, Jehova o tla re fa litaelo tse tla re pholosa, ’me mohlomong ‘likamore tse ka hare’ e tla ba liphutheho tsa habo rōna.

18 Haeba re batla hore Jehova a re sireletse matšoenyehong a maholo, ho hlokahala hore re lumele hore Jehova o na le sechaba lefatšeng se hlophisitsoeng ka liphutheho. Re lokela ho tsoela pele ho se tšehetsa ’me re lule haufi le liphutheho tsa habo rōna. E se eka re ka etsisa mopesaleme ka lipelo tsohle tsa rōna ra re: “Poloko ke ea Jehova. Tlhohonolofatso ea hao e holim’a batho ba hao.”—Pes. 3:8.