Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NALANE EA RŌNA

Ho Khanya ha Leseli la ’Nete Japane

Ho Khanya ha Leseli la ’Nete Japane

Limemo tsa puo ea phatlalatsa tse ileng tsa sebelisoa Tokyo ’me tsa hasanngoa Osaka ka lifofane

KA LA 6 September, 1926, molebeli e mong ea tsamaeang oa United States eo e neng e le letsoalloa la Japane o ile a khutlela Japane ho ea sebeletsa e le moromuoa. O ile a khahlametsoa ke motho e mong ea neng a entse peeletso ea Molula-Qhooa, ’me a qalile sehlopha sa ho ithuta Bibele, Kobe. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa tšoara kopano ea tsona ea pele motseng oo ka la 2 January, 1927. Batho ba 36 ba ile ba ba teng, ’me ha kolobetsoa ba robeli. Lintho li ne li tšepisa, empa sehlopha seo se senyenyane se ne se tla finyella batho ba Japane ba limilione tse 60 joang ba neng ba lokela ho tseba ’nete ea Bibele?

Ka May 1927, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa matšolo a ho paka phatlalatsa e le hore li memele batho lipuong tsa Bibele tse neng li tla fanoa. E le ho memela batho puong ea pele e neng e tla fanoa Osaka, barab’abo rōna ba ile ba beha liboto likarolong tse sa tšoaneng tsa motse, ’me ba romela limemo tse 3 000 ho batho ba hlaheletseng. Ba ile ba aba limemo tse 150 000 ’me ba phatlalatsa memo eo likoranteng tse khōlō tsa Osaka le liteketeng tse 400 000 tsa terene. Ka letsatsi leo puo e tl’o fanoa ka lona, ba ile ba hasanya limemo tse 100 000 motseng oo ba sebelisa lifofane tse peli. Batho ba ka bang 2 300 ba ile ba tlala Holo ea Osaka Asahi, ho tla mamela puo eo sehlooho sa eona se reng, “’Muso oa Molimo o Atametse.” Ba ka bang sekete ba ile ba khutlisoa. Ka mor’a puo, batho ba fetang 600 ba ile ba sala e le hore ba botse lipotso. Likhoeling tse latelang, ho ile ha fanoa ka lipuo tsa phatlalatsa tsa Bibele Kyoto le metseng e meng e ka bophirimela, Japane.

Ka October 1927, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa lokisetsa hore ho fanoe ka lipuo Tokyo. Li ile tsa romela limemo ho batho ba hlaheletseng—ho akarelletsa tona-khōlō, litho tsa paramente, baeta-pele ba bolumeli le ba sesole. Li ile tsa sebelisa liboto le likoranta ’me tsa aba limemo tse 710 000, kahoo batho ba 4 800 ba tla ho tla mamela lipuo tse tharo motse-moholo oa Japane.

BO-PULA-MALIBOHO BA CHESEHANG

Katsuo le Hagino Miura

Bo-pula-maliboho ba ile ba phetha karolo ea bohlokoa, ba isa molaetsa oa ’Muso malapeng a batho. Matsue Ishii, e leng e mong oa bo-pula-maliboho ba pele Japane le monna oa hae, Jizo, ba ile ba koahela karolo e khōlō ea naha eo, ho tloha Sapporo e karolong e ka leboea ho ea Sendai, Tokyo, Yokohama, Nagoya, Osaka, Kyoto, Okayama le Tokushima. Morali’abo rōna Ishii le morali’abo rōna ea seng a hōlile ea bitsoang Sakiko Tanaka, ba ile ba apara likimono, e leng mese ea sehahabo bona ha ba il’o buisana le ba boholong ’musong. E mong oa bona o ile a kōpa libuka tse 300 tsa The Harp of God le tse 300 tsa Deliverance e le hore a li behe lilaebraring tsa chankana.

Katsuo le Hagino Miura ba ile ba nka libuka ho Morali’abo rōna Ishii ’me ba hlokomela hore seo ba ithutang sona ke ’nete. Ba ile ba kolobetsoa ka 1931 ’me ea e-ba bo-pula-maliboho. Haruichi le Tane Yamada le beng ka bona ba bangata, ba ile ba amohela molaetsa oa ’Muso nakoana pele ho 1930. Ba ha Yamada ba ile ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ’me morali oa bona Yukiko, a ea sebeletsa Bethele ea Tokyo.

“LIJEHU”—TSE KHŌLŌ LE TSE NYENYANE

Jehu e Khōlō e ne e nka bo-pula-maliboho ba tšeletseng

Mehleng eo, likoloi li ne li tura haholo, ’me litsela li le mpe. Kahoo, Kazumi Minoura le bo-pula-maliboho ba bang ba bacha ba ne ba sebelisa lik’haravene. Ba ne ba li bitsa Lijehu, ba li reheletse ka motho eo e ileng ea e-ba e mong oa marena a Iseraele, ea neng a tsejoa ka ho khanna koloi. (2 Mar. 10:15, 16) Lijehu Tse Khōlō tse tharo li ne li le bolelele ba limithara tse 2,2 le bophara le bophahamo ba limithara tse 1,9 ’me bo-pula-maliboho ba tšeletseng ba ne ba ka robala ka ho e le ’ngoe. Ho ekelletsa moo, lekala la Japane le ile la etsa Lijehu Tse Nyenyane tse 11 tse neng li huloa ka baesekele, ’me ka ’ngoe e nka batho ba babeli. Kiichi Iwasaki, ea ileng a thusa ho etsa Lijehu o re: “Jehu ka ’ngoe e ne e na le tente hammoho le beteri ea koloi bakeng sa ho khantša.” Bo-pula-maliboho ba ile ba khantša leseli la ’nete ho pholletsa le Japane, ba nyolosa le ho theosa lithaba ka Lijehu, ba tšela liphula ho tloha Hokkaido e ka leboea ho ea Kyushu e ka boroa.

Jehu e Nyenyane e ne e nka ba babeli

Mor’abo rōna Ikumatsu Ota oa pula-maliboho o re: “Ha re fihla motseng o itseng, re ne re hloma Jehu lebōpong la nōka, sebakeng se bulehileng. Re ne re qala ka ho etela batho ba hlaheletseng motseng, ba kang majoro, ebe ka mor’a moo re etela batho malapeng ’me re ba siela lingoliloeng. Ha re se re koahetse tšimo, re ne re fetela motseng o latelang.”

Lintho li qalile hanyenyane ha Liithuti Tsa Bibele tse 36 li ne li tšoara kopano ea tsona ea pele Kobe. (Zak. 4:10) Lilemo tse hlano feela hamorao—ka 1932—bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba 103 ba Japane ba ile ba tlaleha hore ba tsamaisitse libuka tse fetang 14 000. Kajeno, ho entsoe tlhophiso ea hore ho boleloe libakeng tse phetheselang tsa Japane, ’me bahoeletsi ba ka bang 220 000 ba khantša leseli la ’nete ho pholletsa le Japane.—Nalane ea rōna ea Japane.

Litšoantšo tse toroiloeng ke Kiichi Iwasaki, ea ileng a etsa Lijehu, Bethele ea Japane