Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Re Lokela ho Rapela Jesu?

Na Re Lokela ho Rapela Jesu?

MORAO tjena mofuputsi e mong o ile a botsa bacha ba ka holimo ho 800 ba kenang likereke tse fapaneng hore na ba nahana hore Jesu o araba lithapelo. Ba fetang 60 ho ba bang le ba bang ba 100 ba ile ba re baa lumela hore oa li araba. Leha ho le joalo, mocha e mong o ile a hlakola lebitso la Jesu potsong ea mofuputsi ’me a ngola “Molimo.”

U re’ng ka taba ee? Na re lokela ho rapela Molimo kapa Jesu? * E le hore re fumane karabo, a re tšohleng tsela eo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae ho rapela ka eona.

JESU O ILE A RE RUTA HORE RE RAPELE MANG?

Jesu o ile a re ruta a ba a re bontša hore na re lokela ho rapela mang.

Tsela eo Jesu a neng a rapela ka eona, ke mohlala oo re lokelang ho o latela

SEO A NENG A SE RUTA: Ha e mong oa barutuoa ba Jesu a mo kōpa a re, “Morena, re rute ho rapela,” o ile a araba a re: “Neng kapa neng ha le rapela, le re, ‘Ntate.’” (Luka 11:1, 2) Ho phaella moo, ha Jesu a ruta Thutong ea Thabeng o ile a phehella bamameli ba hae ho rapela ’me a re: “U rapele Ntat’ao.” O ile a boela a ba tiisetsa a re: “Ntat’a lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kōpa.” (Matheu 6:6, 8) Bosiung ba ho qetela Jesu a le lefatšeng, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Haeba le kōpa Ntate ntho leha e le efe o tla le fa eona ka lebitso la ka.” (Johanne 16:23) Kahoo, Jesu o ile a re ruta ho rapela Jehova Molimo e leng Ntate oa hae.—Johanne 20:17.

MOHLALA OA HAE: Jesu o ile a rapela tumellanong le seo a se rutileng ba bang a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše.” (Luka 10:21) Ketsahalong e ’ngoe, ‘Jesu o ile a lelaletsa mahlo nģ’a leholimong ’me a re: “Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile.”’(Johanne 11:41) Ha Jesu a e-shoa o ile a rapela a re: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.” (Luka 23:46) Ha Jesu a rapela Ntate oa hae ea leholimong e leng “Morena oa leholimo le lefatše,” o behile mohlala oo bohle re ka o latelang. (Matheu 11:25; 26:41, 42; 1 Johanne 2:6) Na eo ke tsela eo barutuoa ba Jesu ba pele ba neng ba utloisisa litaelo tsa hae ka eona?

BAKRESTE BA PELE BA NE BA RAPELA MANG?

Libeke tse seng kae ka mor’a hore Jesu a khutlele leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba hlekefetsoa le ho tšosoa ke bahanyetsi ba bona. (Liketso 4:18) Ntle ho pelaelo ba ile ba rapela, empa ba rapela mang? ‘Ba ile ba phahamisetsa mantsoe a bona ho Molimo,’ ba rapella hore a ’ne a ba thuse “ka lebitso la mohlanka oa [hae] ea halalelang Jesu.” (Liketso 4:24, 30) Ka hona, barutuoa ba ile ba latela tataiso ea Jesu e mabapi le thapelo. Ba ile ba rapela Molimo, eseng Jesu.

Lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a hlalosa tsela eo eena le bo-mphato oa hae ba neng ba rapela ka eona. Ha a ngolla Bakreste-’moho le eena o ile a re: “Re leboha Molimo Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste kamehla ha re le rapella.” (Bakolose 1:3) Pauluse o ile a boela a ngolla balumeli-’moho le eena hore ‘ka lebitso la Morena . . . Jesu Kreste ba fane ka liteboho kamehla bakeng  sa lintho tsohle ho Molimo.’ (Baefese 5:20) Mantsoeng ana re ithuta hore Pauluse o ne a khothalletsa ba bang ho rapela “Molimo le Ntate oa rōna” ba sebelisa lebitso la Jesu.—Bakolose 3:17.

Joaloka Bakreste bao ba pele, re ka bontša hore re rata Jesu ka ho mamela keletso ea hae e mabapi le tsela eo re lokelang ho rapela ka eona. (Johanne 14:15) Ha re rapela Ntate oa rōna ea leholimong, ’me re rapela eena feela, re tla lumellana le mantsoe a ho Pesaleme ea 116:1, 2 a reng: “Kea rata, hobane Jehova o utloa lentsoe la ka . . . ke tla hooa ka matsatsi ’ohle a ka.” *

^ ser. 3 Ho ea ka Mangolo, Molimo le Jesu ha ba lekane. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 4 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 11 E le hore Molimo a amohele lithapelo tsa rōna, re lokela ho ikitlaelletsa ho phela ka melao ea hae. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 17 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?