Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | KAMOO U KA SEBETSANANG LE HO TŠOENYEHA

Ho Tšoenyeha ka Likotsi

Ho Tšoenyeha ka Likotsi

Alona o re: “Ha ke utloa likoloi tsa mapolesa li lla, kea tšoha ebe ke mathela mohahong oo batho ba ipatelang libomo ho oona. Empa leha ke le moo ke ntse ke tšoenyeha. Ke tšoha le ho feta ha ke se sebakeng seo. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke tsamaea seterateng ke ile ka qala ho lla ’me ke ne ke hema ka thata. Ke ile ka nka nako e telele ho theola maikutlo. Eaba ke boela ke utloa likoloi tsa mapolesa li lla.”

Alona

Ntoa ke e ’ngoe ea lintho tse behang bophelo ba batho kotsing. Ka mohlala, ha u qala ho utloa hore uena kapa mong ka uena eo u mo ratang o na le boloetse bo kotsi, u ka tšoha haholo. Ba bang baa tšoenyeha ha ba nahana ka bokamoso. Ba ipotsa lipotso tse kang: ‘Na bana ba rōna ba tla phela lefatšeng le tletseng ntoa, tlōlo ea molao, tšilafalo, ho fetoha ha maemo a leholimo le mafu a seoa?’ Re ka sebetsana le matšoenyeho a joalo joang?

Bibele e re ea masene o bona tlokotsi ’me oa ipata e le hore e se ke ea mo oela. (Liproverbia 27:12) Feela joalokaha re khona ho itšireletsa ’meleng, re ka leka ho itšireletsa kelellong le maikutlong. Boithabiso bo tletseng pefo le litlaleho tsa litaba tse bontšang litšoantšo tse tšosang li etsa hore rōna le bana ba rōna re tšoenyehe le ho feta. Ho qoba ho shebella litšoantšo tse mabifi ha ho bolele hore re iphapanyetsa ’nete. Molimo ha aa re etsetsa hore re lule re nahana ka lintho tse mpe. Ho e-na le hoo, re lokela ho lula re nahana ka “lintho life kapa life tsa ’nete, . . . tse lokileng, . . . tse hloekileng, . . . tse ratehang.” Haeba re etsa joalo, “Molimo oa khotso” o tla re thusa ho imoloha kelellong le ho ba le khotso.—Bafilipi 4:8, 9.

THAPELO KE EA BOHLOKOA

Ho ba le tumelo ea sebele ho re thusa ho sebetsana le ho tšoenyeha. Bibele e re khothalletsa hore re “falimehe mabapi le lithapelo.” (1 Petrose 4:7) Re ka kōpa Molimo hore a re thuse a be a re fe bohlale le sebete e le hore re sebetsane le mathata a rōna re kholisehile hore “oa re utloa mabapi le eng kapa eng eo re e kōpang.”—1 Johanne 5:15.

O na le monna oa hae Avi

Bibele e re hlalosetsa hore Satane ke eena “’musi oa lefatše lena” le hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a [hae].” (Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19) Ka hona, Jesu o ne a sa bue puo ea tšoantšetso ha a re ruta ho rapela a re: “Re lopolle ho ea khopo.” (Matheu 6:13) Alona o re: “Kamehla ha ke utloa likoloi tsa mapolesa li lla, ke kōpa Jehova hore a nthuse ke khobe matšoafo. Ntle ho moo, monna oa ka o ee a ntetsetse ’me a nthapelle. Ruri thapelo ea thusa.” Ke kahoo Bibele e reng: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete.”—Pesaleme ea 145:18.

TŠEPO EA RŌNA KA BOKAMOSO

Ha Jesu a ruta thutong ea hae ea thabeng, o ile a re balateli ba hae ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle.” (Matheu 6:10) ’Muso oa Molimo o tla felisa lintho tsohle tse re tšoenyang. Molimo o tla sebelisa Jesu e leng “Khosana ea Khotso,” ho “felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Esaia 9:6; Pesaleme ea 46:9) “[Molimo] o tla ahlola har’a lichaba tse ngata . . . Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. . . . Ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:3, 4) Malapa a thabileng a “tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.” (Esaia 65:21) “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.

Kajeno, le hoja re ka ba hlokolosi hase kamehla re ka khonang ho thibela “ketsahalo e sa lebelloang” kapa ra qoba ho ba sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. (Moeklesia 9:11) Feela joaloka lilemong tse ngata tse fetileng, batho ba lokileng ba tsoela pele ho bolaoa ke ntoa, pefo le ho kula. Batho bao ba na le tšepo efe?

Batho bana ba limilione, bao ha e le hantle palo ea bona e tsejoang ke Molimo feela, ba tla boela ba phele. Molimo o tla lula a ba hopola ho fihlela letsatsing leo ‘bohle ba mabitleng a khopotso ba tla tsoa.’ (Johanne 5:28, 29) Ha Bibele e bua ka tšepo ea tsoho, ea re tiisetsa e re: “Re na le tšepo ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng.” (Baheberu 6:19) Hape Molimo “o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse bafung.”—Liketso 17:31.

Hona joale, esita le batho ba lekang ho khahlisa Molimo ba tla ba le matšoenyeho. Paul, Janet le Alona ba atleha ho sebetsana le matšoenyeho a bona kaha ba nkile mehato e kang ho atamela haufi le Molimo ka thapelo hammoho le ho ba le tumelo e matla tšepisong ea Bibele mabapi le bokamoso. Feela joalokaha a ile a ba thusa, “e se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka le tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha lōna.”—Baroma 15:13.